Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 February leq. 32
  • Obadia​—⁠Hlaolela ho Tšaba Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Obadia​—⁠Hlaolela ho Tšaba Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho ba Sebete ka Lebaka la Tumelo le ho Tšaba Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Hlompha Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Buka ea Bibele ea 31—Obadia
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Obadia, ea Jonase le ea Mikea
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 February leq. 32

MOTHO EA HLAHANG KA BIBELENG

Obadia—Hlaolela ho Tšaba Molimo

Obadia e ne e le mohlokomeli oa lelapa la Morena Akabe ea khopo, ’musi ea ileng a lumella hore borapeli ba Baale bo tlale naheng eohle ea Iseraele. Leha ho le joalo, Obadia o ile a ithuta ho hlompha Jehova haholo ‘ho tloha a sa le mocha’ e le hore a tšabe ho halefisa Jehova. (1 Mar. 18:​1-13) Kahoo, ha Mofumahali Jezebele a ne a laela hore baprofeta bohle ba Jehova ba bolaoe, Obadia o ne a tseba hore o lokela ho ba sebete e le hore a thibele morero oo o khopo. Ho ne ho le kotsi ho pata moprofeta a le mong feela. Leha ho le joalo, Obadia o ile a pata baprofeta ba 100 le ho ba fa lijo nakong eo ea tlala e kholo. Nahana hore na ho ne ho le thata hakae ho etsa joalo ntle le hore baprofeta ba bohata ba makholo ba sebeletsang morena le mofumahali ba bone.—1 Mar. 18:19.

Re ithuta’ng ho monna eo ea tšabang Molimo? Obadia o ne a tšaba Akabe empa o ne a tšaba Molimo le ho feta. O ile a ba le sebete sa ho beha bophelo ba hae kotsing e le hore a sireletse bana babo. Le rona re lokela ho tšaba le ho hlompha Jehova haholo, haholo-holo haeba borapeli ba rona bo thibetsoe moo re lulang teng. Haeba re tšaba Jehova, re tla ba le matla a ho tšehetsa Bakreste-’moho ha ba tobane le maemo a boima.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela