LINTHO TSE KA U THUSANG HA U ITHUTA
Utloisisa Lipapiso Tse Hlahang ka Bibeleng
Bibele e na le lipapiso tse ngata. Empa batho ba bangata ba balang Bibele ba hloleha ho li utloisisa. (Mat. 13:13) U ka thusoa ke’ng ho utloisisa hantle se boleloang ke lipapiso tse sebelisitsoeng ka Bibeleng? Leka mehato e latelang:
Nahana ka ntlha-kholo ea sehlooho le setšoantšo se sebelisitsoeng. Lipapiso li bapisa ntlha-kholo ea sehlooho le setšoantšo. Ka mohlala, Tšenolo 3:3 e bapisa ho tla ha Jesu (e leng ntlha-kholo ea sehlooho) le ho tla ha lesholu (e leng setšoantšo).
Nahana kamoo ntlha-kholo ea sehlooho le setšoantšo li tšoanang kateng. Leka ho nahana hore na ke hobane’ng ha taba e itseng e bapisoa le ntho e itseng le hore na li tšoana joang.
Etsa bonnete ba hore seo u ithutang sona ke seo papiso e sebelisitsoeng e se rutang. Ka linako tse ling, motho a ka thatafalloa ke ho utloisisa papiso e sebelisitsoeng. Papiso e ho Tšenolo 3:3, ha e rute hore ho tla ha Jesu joaloka lesholu, ho bolela hore ho na le ntho eo a tl’o e utsoa. Ho e-na le hoo, litemana tse potolohileng taba ena li bontša hore ho tla ha hae joaloka lesholu ho bolela hore o tla tla ka nako e sa lebelloang.