LA 29 JUNE–LA 5 JULY 2026
PINA EA 131 ‘Molimo o ba Kopantse’
Tsoela Pele u Matlafatsa Setsoalle sa Hao le Molekane oa Hao
“Ho na le motsoalle ea tšepahalang haholo ho feta ngoan’abo motho.”—LIPROV. 18:24.
NTLHA-KHOLO
Monna le mosali ba ka ba le lenyalo le thabileng ha e le metsoalle ea hlooho ea khomo ebile ba rata Jehova ka tsela e tšoanang.
1. Ke hobane’ng ha metsoalle e molemo e le mpho e tsoang ho Jehova?
METSOALLE e molemo ke mpho e tsoang ho Jehova. (Jak. 1:17) E rata Molimo ebile ea re rata. E thaba le rona ha re thabile, ea re tšelisa ha re nyahame ebile e re fa keletso e sa hlathe koana le koana ha re e hloka. Ea tšepahala ’me re ka e tšepa. Kannete metsoalle e joalo e “thabisa pelo.”—Liprov. 27:9.
2. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore banyalani ba tsoele pele ho matlafatsa setsoalle sa bona? (Matheu 19:6)
2 Ke habohlokoa hore monna le mosali e be metsoalle ea hlooho ea khomo. Ha baa lokela ho nka setsoalle sa bona hanyenyane. Ba lokela ho tsoela pele ba sebetsa ka thata ho se matlafatsa. Ho seng joalo, ba ka ikutloa ba le bang, ba ferekane ebile ba ka halefa. Empa haeba ba lula ba matlafatsa setsoalle sa bona, ba ka thabela kamano e matla eo batho ba babeli ba ka bang le eona. (Bala Matheu 19:6.) Sehloohong sena, re tl’o bona hore na banyalani ba ka tsoela pele ho matlafatsa setsoalle sa bona joang. Empa pele ho moo, a re hlahlobeng hore na Mokreste ea seng lenyalong a ka khetha molekane joang eo e tla ba motsoalle oa hae oa hlooho ea khomo bophelo bohle.
U KA KHETHA MOTSOALLE OA BOPHELO BOHLE JOANG?
3, 4. Ke eng e ka thusang motho hore a fumane molekane ea molemo? (Liproverbia 18:22)
3 Pele re etsa qeto leha e le efe e kholo, re lokela ho nahana ka likotsi tse ka ’nang tsa e-ba teng, melemo le litla-morao. Liqeto tse kholo tseo re li etsang li ka re ama bophelo bohle. Kahoo, ke habohlokoa hore re nahanisise ka tsona ka hloko.
4 Ha u khetha motho eo e tla ba motsoalle oa hao oa bophelo bohle, e leng molekane oa lenyalo, u etsa e ’ngoe ea liqeto tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong. Joalokaha Jehova e le eena ea entseng tokisetso ea lenyalo, hoa utloahala hore re batle tataiso ea hae ha re batla ho khetha molekane. O batla hore monna a fumane mosali ea molemo, ’me o batla hore mosali le eena a fumane monna ea molemo. Jehova o lula a tseba se tla re tsoela molemo. (Bala Liproverbia 18:22; Esa. 48:17, 18) Melao-motheo e fumanoang Lentsoeng la Molimo e ka thusa Mokreste ho fumana motho ea mo tšoanelang.
5. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho khetha motho ea kolobelitsoeng hore e be molekane oa hao?
5 Ha re ne re kolobetsoa, re ile ra ba metsoalle ea Molimo. (Pes. 25:14) Haeba u ka thabela ho ba le molekane, u lokela ho khetha molekane ea u tšoanelang har’a metsoalle ea Jehova. (1 Bakor. 7:39) Ha u etsa joalo, u tla be u bontša hore u ananela melao ea Jehova ea boitšoaro ’me u tla nka molekane oa hao e le tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova. (Liprov. 19:14) Hape u tla qoba mathata a tlisoang ke ho “kena jokong” le motho eo eseng molumeli. (2 Bakor. 6:14) E ne e tla ba booatla ho ratana le motho eo eseng Paki, mohlomong u ipehela lebaka la hore ha ho na Mokreste eo u ka thabelang ho ratana le eena. Hape u se ke oa ipehela lebaka la hore haeba u ratana le motho eo eseng Paki, e ka ’na ea e-ba Paki hamorao.
6, 7. Ke lipotso life tseo u ka ipotsang tsona nakong ea lefereho?
6 Ke ’nete hore ha se motho e mong le e mong ea kolobelitsoeng eo e tla ba molekane ea u tšoanelang. Haeba ho na le motho eo u ratanang le eena, ipotse: ‘O tšoara ba lelapa labo joang? Na ke motho ea nahanelang le ea hlomphang? Metsoalle ea hae ke bo-mang? Ha ho e-na le ho se utloisisane, o itšoara joang? Na o tsitlella maikutlong a hae kapa ke motho ea ikemiselitseng ho tenyetseha ha ho se na molao-motheo oa Mangolo mabapi le taba e itseng? O sebelisa chelete joang?’
7 U ka boela oa ipotsa: ‘Na motho eo ke ratanang le eena o rata Jehova haholo? Na o ntse a apara “botho bo bocha”? Na o tla nthusa hore ke sebeletse Jehova haholoanyane? Na re na le lipakane tse tšoanang tsa moea? Na ke khona ho bona re se metsoalle feela e molemo empa re se re le metsoalle ea hlooho ea khomo?’ (Bakol. 3:9, 10) Haeba u morali oa bo rona, na mor’abo rona eo u ratanang le eena e tla ba motsoalle ea molemo le hlooho ea lelapa e molemo? (1 Bakor. 11:3) Haeba u mor’abo rona, na morali oa bo rona eo u ratanang le eena o ikemiselitse ho u hlompha joaloka hlooho ho sa tsotellehe mefokolo ea hao? Ho hloka nako e le hore u fumane likarabo tsa lipotso tsena. Ka hona, sebelisa nako ea lona ea lefereho e le hore u tsebe motho eo u batlang hore e be molekane oa hao hantle.
8, 9. Ke eng e ka thusang motho ea leferehong ho etsa qeto e nepahetseng? (Sheba setšoantšo.)
8 Nakong ea lefereho, u na le monyetla o motle oa ho etsa qeto e nepahetseng haeba u leka ho ithuta hore na ha e le hantle motho eo u ratanang le eena ke motho ea joang. Batla hore na batho ba bang ba nka motsoalle oa hao joang. U ka botsa ka botumo ba hae le makhabane a hae. Ka mohlala, na o tsebahala e le motho ea ikokobelitseng, ea mosa le ea nang le teka-tekano? Morali oa bo rona Sarah oa French Guiana, ea nyalaneng le Mor’abo rona Daniel, o re: “Ke ile ka botsa mor’abo rona ea neng a lula le Daniel ebile ba sebetsa hammoho e le bo-pula-maliboho, moholo ho tsoa phuthehong ea ha bo Daniel, metsoalle ea rona re le babeli le barali ba bo rona ba tsoang phuthehong ea hae hore na ke motho ea joang.” Ka mosa, u ka botsa motho eo u ratanang le eena hore na ho na le ntho leha e le efe e kileng ea etsahala bophelong ba hae nakong e fetileng kapa e etsahalang hona joale eo u lokelang ho e tseba, etsoe ho na le lintho kapa mekhoa eo hamorao e ka bakang mathata a tebileng lenyalong.
9 U se ke oa iphapanyetsa lipelaelo tseo u ka ’nang oa ba le tsona kapa lintho tseo metsoalle ea hao e holileng moeeng e u hlokomelisang tsona ka motho eo. Ha u etsa joalo, u tla khona ho etsa qeto e molemo ea hore na le lokela ho tsoela pele le ratana kapa che.a Hona joale a re bueng ka batho ba seng ba nyalane.
Nakong ea lefereho, leka ho ithuta hore na ha e le hantle motho eo u ratanang le eena ke motho ea joang (Sheba serapa sa 8 le 9)
QETANG NAKO HAMMOHO LE MATLAFATSA SETSOALLE SA LONA
10. Ke hobane’ng ha ho le molemo hore banyalani ba qete nako ba le hammoho?
10 Banyalani ba ka tsoela pele ho matlafatsa setsoalle sa bona le lenyalo la bona ka hore ba qete nako ba le hammoho, ho sa tsotellehe hore na ba phathahane hakae. Sena se tla ba fa monyetla oa hore ba bue ka lintho tse etsahalang letsatsi le letsatsi, ba arolelane maikutlo a bona a ka hare-hare, ba bontšane lerato le ho thabela nako ba le hammoho.
11. Ke eng e ka ’nang ea lematsa setsoalle sa lona joaloka monna le mosali?
11 Banyalani bao e leng metsoalle ea hlooho ea khomo ba khetha ho qeta nako ba le hammoho. Ke ’nete hore ka linako tse ling, ho ka ba le mabaka a etsang hore ba se ke ba e-ba hammoho ka nakoana. Empa ho qeta nako e telele ba se hammoho ho ka ba kotsi. Ka mohlala, ba bang ba ile ba amohela mosebetsi naheng e ’ngoe, e leng se etsang hore ba be hole le ba malapa a bona ka nako e telele. Ke ’nete hore ho etsa joalo ho ka etsa hore ho be le chelete, empa ho qeta nako e ngata u le hole le molekane oa hao ho ka ba kotsi lenyalong la lona.
12, 13. (a) Banyalani ba bang ba Bakreste ba entse eng e le hore ba qete nako hammoho? (Sheba setšoantšo.) (b) Ke mang ea lokelang ho tla pele bophelong ba hao? (Sheba lebokose le reng “Ke Mang ea Lokelang ho Tla Pele Bophelong ba Ka?”)
12 Hlokomela seo banyalani ba bang ba ileng ba se etsa ho netefatsa hore ba qeta nako ba le hammoho kamehla. Morali oa bo rona Leah oa Guam, o re: “’Na le monna oa ka re thabela ho etsa lintho tse fapa-fapaneng re le hammoho. Ha se hangata re sieanang ha re ea meketeng kapa boithabisong.” Morali oa bo rona Roxanne oa Amerika, o re: “Ha re ntse re phathahana le ho feta, re hlokometse hore re hloka ho etsa kemiso ea ho qeta nako re le hammoho, joalokaha re etsa ka lintho tse ling tsa bohlokoa.” (Bapisa le Amose 3:3.) Mor’abo rona Damien oa Fora, o re: “Re ithutile hore re rate seo molekane e mong a se ratang haholo.” (Mat. 7:12) Morali oa bo rona Katie ea lulang Amerika le eena o re: “Ka linako tse ling re beha lifono tsa rona hole e le hore li se ke tsa re sitisa.”
13 Ka holim’a tsohle, qetang nako hammoho le etsa lintho tsa moea. Morali oa bo rona Myriam ea lulang Fora, o re: “Re qala letsatsi la rona ka ho bala Bibele ebe re buisana ka lintho tseo re li ratileng le kamoo re ka li sebelisang kateng bophelong ba rona. Ke thabela linako tsena tse monate.” O boetse o re: “Ke boetse ke rata ha re rapela hammoho ’me ke utloa lerato le tebileng leo monna oa ka a ratang Jehova ka lona.” Morali oa bo rona Katie eo re buileng ka eena pejana, o re: “Nako eo re e ratang haholo re le hammoho ke ea ha re le mosebetsing oa boboleli. Hoa khatholla ho utloa ha e mong a hlalosa tumelo ea hae ’me ke ithuta lintho tse ncha ho molekane oa ka ’me le eena o ithuta tse ncha ho tsoa ho ’na.”—Liprov. 27:17.
Matlafatsang lenyalo la lona ka hore kamehla le qete nako le le hammoho joaloka metsoalle (Sheba serapa sa 12 le 13)
HA LE E-BA LE MATHATA, KHOMARELANANG
14, 15. Ke hobane’ng ha banyalani ba lokela ho etsa sohle seo ba ka se khonang ho sebetsana le mathata a ka ’nang a hlaha lenyalong la bona? Fana ka mohlala.
14 Joaloka batho ba sa phethahalang, banyalani ba tla ba le mathata lenyalong la bona. Bibele e re banyalani “ba tla ba le mathata a mangata.” (1 Bakor. 7:28) Study note se temaneng ena Bibeleng ea Senyesemane se re polelo ena e bua ka “mathata le liteko tse tloaelehileng tseo banyalani ba bang le tsona.” Ha ba e-ba le mathata, ke hobane’ng ha ba lokela ho etsa sohle seo ba ka se khonang ho lula ba khomarelane le ho sebetsana le ’ona?
15 Nahana ka mohlala ona. Haeba mohaho o moholo o tsebahalang kapa ntho e itseng e ntle e tsebahalang e senyeha, beng ba eona ba tla etsa qeto ea ho e lokisa. Ba ka ’na ba sebelisa chelete e ngata haholo le thepa e turang ho e lokisa, ’me ba ke ke ba tela le haeba ho ka nka lilemo hore e loke. Hobane’ng? Hobane mohaho oo kapa ntho eo e bohlokoa haholo ho bona. Ka ho tšoanang, manyalo kaofela a bohlokoa. Le manyalong a atlehileng, likhohlano li tla ’ne li be teng. Leha ho le joalo, feela joalokaha mohaho kapa ntho e senyehileng e ka lokisoa, lenyalo le nang le mathata le lona le ka loka. Ho ka ’na ha hlokahala nako e ngata le hore banyalani ba sebetse ka thata hore ba lokise lenyalo la bona, ’me Jehova o tla thaba haeba ba sebetsa ka thata ho matlafatsa lenyalo la bona le ho lula ba le hammoho. (Mal. 2:16) Ha ba etsa joalo, ba bontša hore baa ratana le ho hlomphana, hape ba rata le ho hlompha Jehova, e leng Moqapi oa lenyalo.
16. Ho ea ka 1 Bakorinthe 13:4-8a, ke eng e ka thusang banyalani ba nang le mathata a tebileng lenyalong? (Sheba setšoantšo le lebokose le reng “Ntho e ka re Thusang ho Matlafatsa Setsoalle sa Rona.”)
16 Haeba le e-ba le mathata lenyalong, le se ke la potlakela ho arohana. (1 Bakor. 7:10, 11) Ho e-na le hoo, ipotse, ‘Nka etsa’ng hore ke matlafatse setsoalle sa rona?’ Nahana ka hore na Bibele e re’ng ka ho bontšana lerato ’me u ipotse hore na u ka ntlafatsa hokae tabeng ea ho bontša makhabane ao ho builoeng ka ’ona ho 1 Bakorinthe 13:4-8a. (E bale.) Ho e-na le hore u batle tsela ea ho tsoa, etsa sohle seo u ka se khonang hore u batle tsela ea ho etsa hore molekane oa hao a u rate hape. Tsepamisa kelello ho seo u khonang ho se etsa e le hore u matlafatse kamano ea lona. Kopa Jehova hore a u tataise. Batla thuso ho tsoa lingoloeng le livideong tsa rona hammoho le ho baholo le Bakreste ba bang ba holileng moeeng. Ha u itšetleha ka Jehova, e leng thapo ea boraro le e matla ka ho fetisisa ‘thapong e meloho e meraro’ ea lenyalo la lona, lenyalo la lona ‘le ke ke la khaoha habonolo.’—Moek. 4:12.
Khomarelanang ha le e-ba le mathata lenyalong (Sheba serapa sa 16)
17. Batho ba ntseng ba nahana ka ho kena lenyalong le ba seng ba le lenyalong ba ka thaba joang?
17 Jehova o batla hore bahlanka bohle ba hae ba thabe, ho akarelletsa le ba ntseng ba batla ho kena lenyalong le ba seng ba le lenyalong. Kahoo, haeba ha u e-s’o kene lenyalong ’me u ka thabela ho kena lenyalong, khetha motsoalle oa bophelo bohle ka hloko. Haeba u se u kene lenyalong, tsoela pele ho matlafatsa setsoalle sa hao le molekane oa hao. Sebetsa ka thata ho hlola mathata a ka ’nang a hlaha lenyalong. Tšepang thuso eo Jehova a le fang eona. Ha u etsa lintho tsena, u tla ‘phela hamonate’ le molekane oa hao ea ratehang.—Moek. 9:9.
PINA EA 132 Joale re Nama e le ’Ngoe
a Bakeng sa lintlha tse eketsehileng ka hore na le ka tsebana joang, bala sehlooho se reng “Batho ba Ratanang ba ka Etsa Qeto e Nepahetseng Joang?” ho Molula-Qhooa oa May 2024, sehloohoaneng se reng “Tsebanang Hantle.”