MOTHO EA HLAHANG KA BIBELENG
Manaene—Beha Lintho Tsa Moea Pele Bophelong ba Hao
Manaene e ne e le e mong oa ba neng ba etella pele phutheho ea lekholong la pele la lilemo e Antioke. ‘O kene sekolo le Heroda ’musi oa setereke.’ (Lik. 13:1) Kahoo, Manaene o ne a rutehile haholo ebile e ka ’na eaba o holetse lelapeng le ruileng.
Ho sa tsotellehe maemo a hae, Manaene o ile a khetha ho ba Mokreste le ho tšehetsa phutheho. Ha aa ka a nka monyetla ka hore o rutehile kapa o tsebana le batho ba hlahelletseng e le hore a itsoele molemo. Ho e-na le hoo, o ile a sebeletsa bana babo.
Mohlala oa Manaene o re ruta hore ho sebeletsa Jehova ho bohlokoa ho feta ho ipatlela maruo kapa botumo lefatšeng lena. Joaloka Manaene, re lokela ho beha lintho tsa moea pele bophelong ba rona, ho e-na le hore re leke ho hlahella lefatšeng lena. (Mat. 6:33) Ho ekelletsa moo, le hoja re nka thuto e le ea bohlokoa, rea “lemoha hore na lintho tsa bohlokoa haholo ke life” ’me re etsa bonnete ba hore lintho tse ling ha li re sitise ho sebeletsa Jehova.—Bafil. 1:9, 10.