Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 June leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ketsahalo e Tšoantšetsang” e Bolela’ng ho Rona?
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • “Ketsahalo e Tšoantšetsang” ea Bohlokoa ho Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lilekane Tse Amang Morero oa ka Mehla oa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 June leq. 31

LIPOTSO TSE TSOANG HO BABALI

Ke lilekane life tse peli tseo moapostola Pauluse a neng a bua ka tsona ho Bagalata 4:24?

Ka mor’a hore moapostola Pauluse a bue ka kamano eo Abrahama a neng a e-na le eona le Sara le Hagare, o ile a re: “Lintho tsena ke papiso. Basali bao ba babeli ba tšoantšetsa lilekane tse peli.” (Bagal. 4:​22-24) Nakong e fetileng, re ne re utloisisa hore lilekane tseo tse peli ke selekane sa Molao le selekane se secha. Leha ho le joalo, ka mor’a ho hlahlobisisa litemana tsena haholoanyane, re lumela hore li bolela taba e fapaneng. Ho bonahala eka Pauluse o ne a bua ka selekane sa Abrahama, eseng selekane se secha. Nahana ka lintlha tse seng kae tseo Pauluse a li boletseng.a

Pauluse o ile a tšoantša mosali oa lekhoba e leng Hagare le Thaba ea Sinai. (Bagal. 4:25) Hagare o ne a emela selekane sa Molao se entsoeng Thabeng ea Sinai selemong sa 1513 pele ho mehla ea Jesu. (Ex. 19:​5, 6) Batho ba sa phethahalang ba ne ba ke ke ba khona ho mamela Molao ka botlalo, kahoo Molao o ne o hopotsa Bajuda hore ke makhoba a sebe. Selekane sena se ne se tla thusa sechaba sa Iseraele hore se khone ho tseba Mesia, e leng eena feela motho ea neng a ka khona ho mamela Molao ka ho phethahetseng. Ha Mesia a fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo, o ile a bulela batho ba sa phethahalang monyetla oa hore ba lokolohe sebeng le lefung. (Bagal. 3:​19, 24, 25) Molao o ne o se o sa hlokahale ka mor’a hore Jesu a phethahatse morero oa Molimo.—Bar. 10:4.

Pauluse o ile a bontša hore Hagare ha a tšoane le Sara, e leng “mosali eo eseng lekhoba” ea neng a “tšepisitsoe” hore o tla ba le mora. (Bagal. 4:23) Tšepiso eo e ne e le selekane sa Abrahama. (Bagal. 3:29; 4:​28, 30) Ho Genese 22:​18, Jehova o se hlalosa tjena: “Lichaba tsohle tsa lefatše li tla hlohonolofatsoa ka lebaka la ngoana oa hao [Abrahama] hobane u mametse lentsoe la ka.”

Selekane seo se entsoeng le Abrahama, se ile sa fana ka lintlha tse eketsehileng ka tšepiso eo Jehova a ileng a e etsa serapeng sa Edene. (Gen. 3:15) Se ile sa senola hore “ngoana” eo ho builoeng ka eena e ne e tla ba setloholo sa Abrahama. Pauluse o ile a hlalosa hore karolo e ka sehloohong ea “ngoana” enoa ke Jesu Kreste. Leha ho le joalo, “balateli ba Kreste” e leng batlotsuoa ba 144 000 ba tla busa le eena ’Musong oa hae, le bona ke karolo ea ngoana enoa oa tšoantšetso. (Bagal. 3:​16, 29; Tšen. 14:​1-3) Ha Molimo a phethahatsa tšepiso eo a e etselitseng Abrahama, batho bohle ba amohelang Jesu le ho mo mamela ba tla fumana litlhohonolofatso tse ngata.

Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a sebelisa “papiso” ee? O ile a bontša hore haeba Bajuda ba mehleng ea hae ba tsitlella ho latela Molao, e ne e tla lula e le makhoba joaloka Hagare. Empa haeba ba ne ba ka lumela ho Jesu Kreste e leng “ngoana” oa Abrahama, ba ne ba tla lokoloha joaloka Sara, ba lokolohe sebeng le lefung. (Joh. 8:​32-34) Empa haeba ba ne ba ke ke ba lumela ho Jesu, ba ne ba tla be ba bontša hore ha ba utloisise hore morero o ka sehloohong oa selekane sa Molao, e ne e le ho ba tataisetsa ho Kreste.

Bagalata ba bangata bao Pauluse a neng a ba ngolla, e ne e se Bajuda ’me le ka mohla ba ne ba e-s’o ka ba e-ba tlas’a Molao. Bajuda ba bang ba ne ba hatella Bakreste ba balichaba hore ba latele Molao, ho akarelletsa le molao oa ho bolla. Pauluse o ile a bontša hore kaha Bakreste bana ba balichaba ba ne ba se ba ‘lokollotsoe’ bokhobeng hobane e le balateli ba Kreste, e ne e tla ba booatla hore e be “makhoba” hape ka ho mamela Molao.—Bagal. 5:​1, 10-14.

a Taba ena e lokisa kutloisiso ea khale e hlahang ho Molula-Qhooa oa March 15, 2006, maq. 10-12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela