Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 June leq. 32
  • Mefuta ea Matlooa Mehleng ea Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mefuta ea Matlooa Mehleng ea Bibele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sebeletsa Joaloka Batšoasi ba Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Barutuoa ba Bane e Tla ba Batšoasi ba Batho
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ho Bitsoa Barutuoa ba Bane
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Ho Bitsoa Barutuoa ba Bane
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 June leq. 32

LINTLHA TSE THAHASELLISANG TSE HLAHANG KA BIBELENG

Mefuta ea Matlooa Mehleng ea Bibele

Barutuoa ba bang ba Jesu ba ne ba iphelisa ka ho tšoasa litlhapi. (Mar. 1:​16-20) Ba ne ba sebelisa matlooa ho tšoasa litlhapi Leoatleng la Galilea.

Matlooa a ne a etsoa ka likhoele tse lohiloeng e le hore ho sale masoba a lekaneng bakeng sa ho tšoasa litlhapi. Masoba a matlooa a ne a itšetleha ka hore na batšoasi ba batla ho tšoasa litlhapi tse kholo kapa tse nyenyane. Hangata matlooa a manyenyane a ne a e-na le majoe e le hore a khone ho teba ka har’a metsi. Matlooa a maholo a huloang ’ona a ne a e-na le lintho tse boima ka tlase le mapolanka a manyenyane ka holimo a etsang hore karolo e ’ngoe e phaphamale ka holim’a metsi.

Matlooa a ne a le turu. A ne a ka taboloa ke majoe a botlaseng ba leoatle kapa ke ho tšoasa litlhapi tse ngata haholo. (Luka 5:6) Bibele e bua ka Jakobo le Johanne “ba lokisa matlooa a bona.” Mohlomong ba ne ba sebelisa nalete le khareng. (Mat. 4:21) Ho ka etsahala hore batšoasi ba litlhapi ba ne ba lokisa matlooa kamehla ha ba qeta ho tšoasa litlhapi. Luka o boetse o hlalosa batšoasi ba litlhapi “ba hlatsoa matlooa” a bona e le hore ba tlose seretse. (Luka 5:2) Ka mor’a moo, batšoasi ba litlhapi ba ne ba aneha matlooa a bona e le hore a ome. E ka ’na eaba ba ne ba etsa joalo e le hore a se ke a bola.—Ezek. 47:10.

Jesu o ile a bitsa banna ba neng tloaetse ho tšoasa litlhapi ba sebelisa matlooa hore e tl’o ba “batšoasi ba batho.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela