Na u ne u Tseba?
Ho ne ho etsoa’ng likeiting tsa motse mehleng ea Bibele?
LIKEITI tsa motse e ne e se feela moo ho kenoang teng. Kaha batho ba bangata ba ne ba feta ho tsona, e ne e le libaka tse lulang li phethesela. Bibele e bua ka likeiti tsa motse ka makhetlo a ka holimo ho 50, ebile e hlalosa lintho tse neng li etsoa libakeng tseo.
Batho ba ne ba bokana likeiting tsa motse. Lentsoe la Seheberu le bolelang “keiti” ha le bolele feela sebaka se ka pele seo ho neng ho kenoa ka sona motseng, empa le bolela sebaka se hahiloeng hantle moo ho kenoang teng motseng kapa toropong. Libakeng tse ling ho ne ho e-na le mabala a maholo likeiting moo batho ba bangata ba neng ba ka kopana teng.—Neh. 8:1.
Bo-rakhoebo ba ne ba rekisa haufi le likeiti tsa motse. Ho ka etsahala hore likeiti tse ling Jerusalema, joaloka Keiti ea Litlhapi le Keiti ea Linku, li rehelletsoe ka lintho tse neng li rekisoa libakeng tseo.—Sof. 1:10; Joh. 5:2.
Likeiti tsa motse e ne e le sebaka se lulang se phethesela
Batho ba ne ba phetha mabaka a bona, ba reka le ho rekisa likeiting tsa motse. Abrahama le Boase ba ile ba etsa litumellano tsa molao ka pel’a lipaki likeiting tsa motse. (Gen. 23:10-15, 17, 18; Ruthe 4:1, 10) Batho ba tsamaeang ba ne ba ka robala lebaleng la motse haufi le keiti ea motse haeba ho ne ho se na motho ea ba amohelang. (Baahl. 19:15-21) Batho ba ne ba boetse ba ea likeiting tsa motse hore ba utloe litaba tsa morao-rao.—2 Sam. 18:24, 25.
Baahloli ba ne ba tšoarela linyeoe haufi le likeiti tsa motse. Ba ne ba tšoara linyeoe moo batho ba ntseng ba shebile e le hore batho ba ka ikutloela ha ho fanoa ka bopaki le kahlolo nyeoeng eo. (Deut. 21:18-20) Ho tšoara linyeoe phatlalatsa ho ne ho susumetsa baahloli hore ba ahlole ka toka le ka nepo. Ka mor’a hore baahloli ba lihe kahlolo, basebeletsi ba lekhotla ba ne ba e phethahatsa hang-hang. (Deut. 25:2) Likeiting tsa motse, ho ne ho lebeletsoe hore baahloli ba tšoare batho ka toka le ho ba khothalletsa hore ba itšoare hantle.—Deut. 16:18-20; Jobo 29:7, 11-17.
Banna ba tšepahalang ba ile ba khothalletsa batho ba Iseraele ba neng ba le likeiting tsa motse hore ba tšepe Jehova. Baprofeta le batho ba bang ba ne ba bua likeiting hobane ba ne ba tseba hore batho ba kopana moo. (1 Mar. 22:10; Jer. 17:19, 20) Ka mohlala, Jehu o ile a phatlalatsa ka pel’a batho bohle hore Jehova o phethahalitse mantsoe a hae ka hore a fe lelapa la Akabe kotlo. (2 Mar. 10:8-10) Morena Ezekiase o ile a bokella balaoli ba hae ba sesole keiting ea motse ho ba khothalletsa hore ba tšepe Jehova.—2 Likron. 32:6-8.
Bibele e re “bohlale ba ’nete” bo hoeletsa “bo le likeiting tsa motse.” (Liprov. 1:20, 21) Mehleng ea Baiseraele, banna ba tšepahalang ba ne ba fana ka likeletso tse bohlale ebile ba etsa qeto ka toka likeiting tsa motse. Kajeno, bohlale ba Jehova bo tlalehiloe ka Bibeleng ’me bahlanka ba hae hohle lefatšeng ba thusa batho hore ba fumane mohloli ona oa bohlale ba ’nete.