Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 August maq. 26-30
  • ’Mopi oa ka e Moholo o Ile a Mpona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Mopi oa ka e Moholo o Ile a Mpona
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KE ILE KA BATLA MAKHULO A MATALA MORUNG OA FRENCH GUIANA
  • KE ITHUTA KA NTATE OA KA EA SEATLA SE BULEHILENG
  • NTATE OA KA EA LEHOLIMONG O NTLHOHONOLOFALITSE KA HO ENNENG
  • KE LOANTŠA MEFOKOLO
  • “Ke Ithutile Lintho Tse Ngata ho Batho ba Bang”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • Bibele e Fetola Bophelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Bibele e Fetola Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 August maq. 26-30
Stéphane Landeroin.

PALE EA BOPHELO

’Mopi oa ka e Moholo o Ile a Mpona

JOALOKAHA HO BOLETSE STÉPHANE LANDEROIN

HA KE ntse ke le sekolong, ke ne ke sa se rate, hape ke ne ke sa sebetse hantle. Ke ne ke thabela ho etsa lintho ke le mong, ho se na motho ea mponang. Ha e le hantle ke ne ke se na lebaka la ho lumela hore Molimo a ka mpona. Hobane’ng ha ke ne ke nahana joalo?

Ke holetse Paris, Fora ’me batsoali ba ka le batho ba moo ba ne ba sa lumele ho Molimo. Kahoo, le ’na ke ne ke sa lumele ho Molimo. Ho e-na le hoo, ke ne ke lumela thuto ea ho iphetola ha lintho. Joaloka batho ba bang ba bangata, ke ne ke lumela thuto ena ke nka hore ke ’nete kaha e ne e rutoa sekolong. Ke ne ke utloa thuto ena e utloahala. Kahoo, ke ne ke se na lebaka la hore ke e phenya-phenye e le hore ke fumane bopaki ba hore na ha e le hantle bophelo bo bile teng joang.

Stéphane Landeroin ha a le monyenyane.

Ke holetse lelapeng le sa lumeleng ho Molimo Paris, Fora

Batsoali ba ka ba ne ba sa rate bolumeli. Ba ne ba re haeba ho na le Molimo, lefatše le ne le ke ke la tlala mathata le ho hloka toka hakana. Hape kaha ke ne ke bona boikaketsi bolumeling, le ’na ke ile ka nahana hore ke booatla ho lumela hore ho na le Molimo ea lerato. Ke ne ke boetse ke tšeha batho ba lumelang ho Molimo.

Leha ho le joalo, hona joale ke kholisehile hore ho na le ’Mopi le hore oa ntsotella, ho sa tsotellehe mefokolo ea ka. E re ke le phetele hore na ke eng e ileng ea fetola tsela eo ke nahanang ka eona le hore na ho kholiseha ka sena ho fetotse bophelo ba ka joang.

Ha ke le lilemo li 19, ke ile ka isoa bosoleng ’me ke ile ka romeloa French Guiana e Amerika Boroa selemo kaofela. Ke ne ke sa tsebe hore sebaka sena se hole le se setle e ne e tla ba sa bohlokoa ho ’na hamorao bophelong.

Ha ke le lilemo li 20, ke ile ka khutlela Paris. Beke e ’ngoe le e ’ngoe ke ne ke etsa ntho e tšoanang, har’a beke ke ne ke sebetsa ka thata ’me mafelo-beke ke ne ke kopana le metsoalle ea ka re ithabisa le ho noa joala haholo. Empa ke ne ke sa thaba e le kannete. Ke ne ke thaba ka nakoana ’me ke ne ke sa tsebe hore na ke phelela’ng. Bobolu, khethollo le bofutsana li ile tsa etsa hore ke hloke tšepo. Batho ba se nang molato ba ne ba e-na le mathata. Batho ba ne ba senya tikoloho. Ke ne ke batla ho thusa empa ke sa tsebe hore na ke etse’ng. Ke ne ke lula ke nahana ka ho khutlela Amerika Boroa.

KE ILE KA BATLA MAKHULO A MATALA MORUNG OA FRENCH GUIANA

Ke ile ka khutlela ho o mong oa metse e hole ea French Guiana moo nkileng ka sebetsa teng ke le lesole. Ke ne ke nahana hore bophelo ba ka bo tla ba le morero haeba ke ne ke pota-potiloe ke tlhaho, ke tsuba matekoane ebile ke thabela bophelo. Empa ka mor’a nako ke ile ka khutlela linthong tsa ka. Ke ne ke se ke sebetsa beke kaofela e le hore mafelo-beke ke ee monateng.

Motho e mong o ile a mpha Bibele hona nakong eo. Ke ile ka e bala, ke tšepa hore e tla mpha likeletso tse tla nthusa hore ke phele bophelo bo betere. Empa ke ne ke sa utloisise seo ke se balang.

Metsoalle ea ka e meng eo le eona e neng e ntse e batla ho tseba hore na ha e le hantle re phelela’ng, e ile ea re ke tl’o lula le eona sebakeng sa baipehi se ka morung se bitsoang Momahano.

Litšoantšo: 1. Ka har’a moru ho na le lephephe le leholo la joang le motopo le nang le mealo o fanyehiloeng. 2. Stéphane Landeroin ha e se e le abuti.

(Ka letsohong le letšehali) Lephephe le leholo la joang le sebakeng se neng se bitsoa Momahano

(Ka letsohong le letona) Ha ke ntse ke lula ka morung

Ka morung ka moo, re ne re se na lintho tse ngata ’me re iphelela ka bolokolohi. Re ne re iketsetsa borata, ho se na motho ea ka re bolellang hore na re etse’ng. Re tsoha ha letsatsi le chaba, re robala ha le likela. Re ne re itemela lijo, re bapala ’mino re bile re tsuba matekoane. Re ne re hlokomela sebaka seo re leng ho sona ebile re arolelana ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Re ne re sa je nama hobane re ne re sa batle ho lematsa liphoofolo. Ba boholong pusong re ba nka e se letho ebile re sa tšabe ho tlola molao haeba ho etsa joalo ho ne ho tla re tsoela molemo ebile ho sa ntše motho e mong kotsi.

Re ne re batla ho etsa hore lefatše le be ka tsela eo re neng re nahana hore le lokela ho ba ka eona. Ho ne ho se na motho motseng oa rona ea neng a e-na le matla a ho laola ba bang, ’me kaofela ha rona re ne re hlomphana ho sa tsotellehe litso tsa rona. Leha ho le joalo, ke ile ka hlokomela hore qetellong motho e mong le e mong o ichebile boeena feela le hore re na le mefokolo ’me mathata ao batho ba kopanang le ’ona le rona re kopana le ’ona. Batho ba bang ba ne ba lula le rona matsatsi a ’maloa ’me ba bang ba ne ba lula libeke kapa likhoeli. ’Na ke ile ka lula lilemo tse ka holimo ho tse peli.

Ha ke ntse ke lula morung, ke bone kamoo lefatše le re fang lintho tse ngata tseo re li hlokang kateng. Ka le leng, ke ile ka etsa qeto ea ho bala lipeo tsa tholoana e bitsoang phopho. Li ne li le ngata haholo, hoo ke ileng ka khathala ke ho li bala. Ke ile ka ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha lefatše le re fa lintho tse ngata hakaale? E ne eka ke lehae le lokisitsoeng ka hloko hore motho e mong a fihlele ho lona.’ Ke ile ka hlokomela hore lintho tsena ha lia qhoma lejoeng. Empa ke mang ea lokiselitseng hore ho be le lintho tsee? E tlameha ebe ho na le ’Mopi. Empa ke ne ke le lefifing, ke sa tsebe letho ka eena.

Ke ile ka tsoela pele ho bala Bibele. Empa lekhetlong lena ke ne ke batla ho tseba hore na Molimo o batla hore ke etse’ng. Ke ile ka qalella ho rapela le ho etsa pontšo ea sefapano, ke sa tsebe hore na seo se bolela’ng. Ke ne ke ipotsa hore na lebitso la ’Mopi ke Jah, joalokaha le ne le hlaha lipineng tseo re neng re li bina motseng oa rona.

KE ITHUTA KA NTATE OA KA EA SEATLA SE BULEHILENG

Ke hopola ha ke qala ho rapela, ke ile ka lemoha hore ’Mopi o hlokometse hore ke ne ke batla ho mo tseba haholoanyane. E mong oa metsoalle ea ka motseng moo re neng re lula teng, o ile a kopana le Lipaki Tsa Jehova eaba li mo fa buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng.a Ha ke ntse ke e bala, ke ile ka hlolloa ke seo ke neng ke ithuta sona. Ke ile ka rata taba ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. Ke eona ntho eo e leng khale ke ntse ke e batla, ho phela lefatšeng le se nang likhathatso le ho phela ka khotso le batho bao ke ba ratang re se re sa shoe. Ke ne ke batla ho ba le kamano e haufi le ’Mopi ea seatla se bulehileng, ea re fileng bokamoso bona bo babatsehang.

Ke ne ke utloisisa hore ke lokela ho etsa liphetoho bophelong ba ka, empa ke ne ke boetse ke hlokomela hore ke hloka thuso. Kahoo, ka kopa motsoalle oa ka e mong hore a nkopanye le Michel, e leng Paki ea morumuoa eo a neng a ithuta le eona.

Ha re kopana, Michel o ile a ’memela kopanong Matoury, haufi le toropo e kholo ea Cayenne, e bohole ba lik’hilomithara tse ka holimo ho 240. Ke ne ke e-na le moriri o molelele le litelu tse bohlasoa tse kang tsa phooko. Ke ne ke apere borikhoe bo ’mala o pherese le o pinki bo neng bo otliloe ke jiki hohle mona, ke apere hempe e habuhabu. Ho sa tsotellehe tsela eo ke neng ke shebahala ka eona, bara le barali ba bo rona ba ile ba etsa bonnete ba hore ke fihla kopanong, ke na le lijo le bolulo. Lerato le ho ba seatla se bulehileng ha Lipaki, ho ile ha nkholisa hore ke fumane ’nete.

Kopanong eo, ho ne ho tšohloa 1 Timothea 5:8. Temana ena e hlalosa kamoo hlooho ea lelapa e hlokomelang ba lelapa la eona kateng. Ke ile ka ithuta hore Jehova o sebelisa molao-motheo ona ho eena le hore o lula a hlokometse lelapa la hae. Kahoo, ke ile ka re haeba ke beha Jehova pele bophelong ba ka, ha ke hloke ho tšoenyeha ka letho hobane o ne a tla ntlhokomela. Ha nako e ntse e ea, ke ile ka kholiseha hore sena ke ’nete ha ke bona mohlala oa Michel. O ne a nka ho sebeletsa Jehova e le eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa, ’me a sa hloke letho ebile a thabile.

Ha ke ntse ke tsoela pele ho ithuta, ke ile ka etsa liphetoho. Ke ile ka etsa qeto ea ho tlohela ho tsuba koae le matekoane. Hang ka mor’a ho etsa qeto eo, ke ile ka chesa koae le matekoane a neng a setse ’me ha kea ka hlola ke tsuba hape. Ke ile ka qala ho ea libokeng tse ling. Ka le leng ha ke le libokeng, ke ile ka kopa mor’abo rona hore a nkute moriri, ’me a nkutela hona moo Holong ea ’Muso.

Ka mor’a libekenyana, ke ile ka tloha moo ke neng ke lula teng French Guiana ’me ka khutlela Fora. Ke ile ka fumana Holo ea ’Muso eaba ke qalella ho ithuta Bibele hape. Le hoja bophelo ba ka bo ne bo ntlafetse, ba lelapa leso ba ne ba makalletse tsela eo ke fetohileng ka eona. Ke ne ke tlohetse ho tsuba, ho tahoa le ho ea liphathing tse lerata. Leha ho le joalo, ha baa ka ba ’mamela ha ke ne ke ba bolella litaba tse monate hobane ke ne ke bua ke sa ba nahanele. Hamorao ke ile ka ithuta hore ke hloka ho bua ka tsela e mosa le e bontšang hore ke hlompha maikutlo a bona.

Ke kolobelitsoe ka 1996. Ke ile ka rapela Jehova ke mo kopa hore ekare nka ba moromuoa joaloka Michel. Ena e ne e bonahala eka ke tsela e molemo ka ho fetisisa eo nka bontšang Jehova hore kea leboha.

NTATE OA KA EA LEHOLIMONG O NTLHOHONOLOFALITSE KA HO ENNENG

Phuthehong ea heso ho ne ho e-na le morali oa bo rona oa seponono ea ileng a etsa hore ke che mpa le seatla ea bitsoang Claudine. Ke ile ka hlokomela hore o chesehela tšimo hape likarabo tsa hae libokeng li ne li bontša hore o rata Jehova haholo. Ke ne ke mo rata empa ke ne ke batla ho netefatsa hore pakane ea hae ke ho ba moromuoa. Athe ehlile ho joalo! Re ile ra nyalana ka April 2000.

Litšoantšo: 1. Stéphane le Claudine lechatong la bona. 2. Stéphane o fana ka puo.

(Ka letsohong le letšehali) Ka letsatsi la rona la lechato

(Ka letsohong le letona) Ha ke ne ke fana ka puo sehlopheng sa Sechaena ka 2006

Selemong se latelang, re ile ra ba bo-pula-maliboho. Hamorao, re ile ra etsa qeto ea hore re ithute puo ea Semandarine e le hore re tšehetse sehlopha sa Sechaena se phuthehong e haufi le habo rona. Ke ne ke thatafalloa ke ho ithuta puo ena. Ke ile ka tlameha ho ithuta ho nahana ka tsela eo batho ba buang puo eo ba nahanang ka eona le ho ba bolella litaba tse monate ka tsela eo ba tla e thabela. ’Nete ke hore ha kea ka ka qetella ke khonne ho ithuta ho bua Semandarine hantle. Empa ke ile ka etsa sohle seo nka se khonang ’me nke ke ka lebala lilemo tse monate tseo ke li qetileng le bara le barali ba bo rona ba Machaena. Ena e ne e le tlhohonolofatso e babatsehang hape e le koetliso e ntle e tla nthusa nakong e tlang ha ke fuoa likabelo.

KE LOANTŠA MEFOKOLO

Ho na le lintho tse neng li nthatafalla ka lilemo-lemo. Ka mohlala, ke ne ke lumela hore boiteko ba ka ba ho etsetsa Jehova le bara le barali ba bo rona sohle seo nka se khonang, ho ne ho se mohla bo lekaneng. Kahoo, ke ne ke qeta nako e ngata ho feta tekano ke lokisetsa lipuo e le hore ho se ke ha e-ba le phoso le e nyenyane feela. Ho ntse ho le joalo, ke ne ke nyahama hobane ke ne ke lula ke sa finyelle pakane eo ea ka e neng e sa utloahale. (Moek. 7:16) Ke ne ke lokela ho hopola hore Jehova ke Ntate ea lerato ea sa batleng phetheho empa o ananela sohle seo re se khonang.

Ha ke le Paris, ke ile ka khethoa hore ke be molebeli oa potoloho ea tšoereng molepo. Ke ne ke utloa eka ke sa le monyenyane ebile ha ke na phihlelo ea ho etsa mosebetsi ona. Empa ke ile ka ithuta hore moea oa Jehova o halalelang o re thusa hore re finyelle se fetang seo re ka se etsang ka borona.

Ho na le bothata bo bong boo ke neng ke sebetsana le bona. Haesale ke e-na le bothata ba ho fufuleloa ho feta tekano ho tloha ha ke sa le ngoana. Ke ne ke fufuleloa haholo matsohong, ’me ke fufuleloa le ho feta ha ke tšoenyehile joalokaha ke fana ka puo kopanong. Empa ke khona hore ke behe boemo bona taolong ka hore ke rapele Jehova hore a mphe khotso ea kelello. Bothata bona bo ntse bo e-s’o ee moriting empa ha ke itšetleha haholoanyane ka Jehova, ke lula ke khobile matšoafo le ho fufuleloa hoa fokotseha.

Ka 2011, ka mosa Jehova o ile a arabela thapelo eo esale re e etsa ka nako e telele. Re ile ra qala mosebetsi oa boromuoa New Caledonia, e leng sehlopha sa lihleke-hleke tse ka boroa-bophirimela ho Leoatle la Pacific, e bohole ba lik’hilomithara tse fetang 16 000 ho tloha Paris. Kabelo ena e ncha e ile ea e-ba le mathata a eona. Re ile ra tlameha ho tloaele lijo tsa moo, tse kang cassava, taro le yam. Hape re ile ra tlameha ho tloaela lerata la mekoko le lintja tse neng li re tsosa re robetse. Re ile ra boela ra tlameha ho tloaela tsela eo batho ba moo ba buang ka eona. Hangata ha ba u araba, ha ba arabe ka mantsoe empa ba phahamisa lintši feela.

’Mapa o hlahisitseng French Guiana ka leboea bochabela ho lebopo la leoatle la Amerika Boroa, Fora Europe e ka bophirimela le New Caledonia, sehlekehleke se ka bochabela ho Australia.

Ke ile ka ithuta ’nete French Guiana, ka kolobetsoa Fora, ’me hona joale ke sebetsa le mohats’a ka New Caledonia

Jehova o ile a boela a re thusa hore re tloaele likabelo tse ncha tseo re ileng ra li fuoa. Re ile ra sebetsa re le baromuoa ’me ra sebetsa Bethele ka lilemo tse seng kae. Re ile ra ea Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso ’me hona joale re etsa mosebetsi oa potoloho. Re bone ha Jehova a re tšehetsa a sebelisa moea oa hae o halalelang kabelong e ’ngoe le e ’ngoe eo re bileng le eona. O nthutile hore mefokolo ea ka ha e nketse motho ea se nang thuso ho eena. Kahoo, ke rapela hangata le ka tieo hore a nthuse ke finyelle lintho tseo ke lokelang ho li etsa. Le hoja ke ntse ke sa phutholohe ho fana ka lipuo, ka thuso ea Molimo haesale ke ntse ke khona hore ke khothatse liphutheho tseo re li etelang le ho li fa tataiso.

Haesale mohats’a ka Claudine a oa a tsoha le ’na mathateng ana kaofela. Oa ’mamella, oa ntšehetsa mosebetsing oo re o etsang ’me o lula a ikemiselitse ho bolela ka cheseho. Ha ho mohla a tletlebang ka mocheso oa moo le mathata ao re kopanang le ’ona mosebetsing oa potoloho.

Stéphane le Claudine.

Hona joale mosebetsing oa potoloho, New Caledonia

Kopanong ea ka ea pele, ke ile ka ithuta hore Jehova, ’Mopi oa ka e Moholo, o lula a tsotella barapeli ba hae. Kahoo, ke bile le litlhohonolofatso tse ngata. Jehova o nthusitse hore ke hlomphe ba boholong pusong le hore ke ikokobetse. Ke ile ka khaotsa setsoalle sa ka le batho bao eseng Bakreste, e le hore nka phela ka melao ea Jehova, empa Jehova o mphile metsoalle ea ’nete e mengata ho feta kamoo ke neng ke lebeletse. O mphile mosali ea motle hape ke na le tšepo e babatsehang ea ho thabela lintho tseo Jehova a tla mpha tsona ka ho sa feleng.—Mar. 10:29, 30.

a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova empa hona joale ha e sa hatisoa.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela