LA 30 NOVEMBER–LA 6 DECEMBER 2026
PINA EA 22 ’Muso o se o Hlonngoe
Itšireletse Khahlanong le Moea oa Lefatše
“Lintho tsohle tse lefatšeng . . . ha li tsoe ho Ntate.”—1 JOH. 2:16.
NTLHA-KHOLO
Kamoo re ka qobang litsela tse tharo tse poteletseng tseo lefatše le re susumetsang ka tsona.
1. Satane o sebelisa moea oa lefatše joang? (1 Johanne 2:15, 16)
RE PHELA lefatšeng le busoang ke Satane. (Joh. 14:30; 1 Joh. 5:19) Ka ho khetheha, Satane o loana e mahlo-mafubelu khahlanong le balateli ba Kreste. (Tšen. 12:12, 13, 17) Sena ha se bolele hore Satane o hohle ka linako tsohle. Ha e le hantle, ha ho na moo Bibele e buang ka hore ho na le lengeloi le nang le bokhoni boo, ebang le khopo kapa le lokile. Empa Satane o na le mangeloi a mangata a khopo a ka lehlakoreng la hae. (Tšen. 12:9) Hape Satane o na le ntho e ’ngoe eo a ka e sebelisang, e hohle ka linako tsohle, e leng moea oa lefatše. Batho ba bangata ba susumetsoa ke moea ona, ba hlokomela kapa ba sa hlokomele. (Bala 1 Johanne 2:15, 16.) Le haeba batho ba sa lumele hore Satane o teng, baa mo thabisa ha ba etsa lintho tumellanong le moea oa lefatše. Ka tsela e itseng “o ba tšoasitse ba phela e le hore ba etse thato ea hae.”—2 Tim. 2:26.
2, 3. (a) Batho ba Jehova ba fapane joang le batho ba itumellang ho susumetsoa ke moea oa lefatše lee? (b) Ke kotsi efe eo re lokelang ho e ela hloko?
2 Ho na le nako eo ka eona boholo ba rona re neng re etsa lintho tumellanong le moea oa lefatše. Leha ho le joalo, re ile ra etsa’ng ha re ithuta hore na moea oo ke eng le hore na ke mang ea o hlohlelletsang? Re ile ra latela keletso ea Bibele ea “ho hana lintho tse mpe tseo batho ba lefatše lena ba li lakatsang le tsohle tse khahlanong le thato ea Molimo.” (Tite 2:11, 12) Taba ea hore re ile ra etsa joalo ho sa tsotellehe tšusumetso ea Satane e hohle lefatšeng le hore o matla hakae, e bontša hore re batla hore Jehova a re thuse. (Jak. 4:7, 8) Kannete, batho ba Jehova ba hloka ho babatsoa ka hore ba eme ba tiile khahlanong le moea oa lefatše.
3 Ho ntse ho le joalo, re lokela ho ba hlokolosi. Re sa hlokomele, re ka qala ho nahana le ho etsa lintho joaloka batho ba lefatše lena. Kahoo, batho ba bang ba ileng ba loana ka thata hore ba be le tumelo e matla, hamorao ba ile ba tšoaetsoa ke moea oa lefatše lena. (Baef. 6:11; Bafil. 3:18) Sehlooho sena se tla re fa litlhahiso tse ka re thusang hore re qobe ho etsahalloa ke ntho e tšoanang. Empa pele ho moo, re tla hlahloba hore na moea oa lefatše ke eng.—1 Bakor. 2:12.
MOEA OA LEFATŠE KE ENG?
4. Moea oa lefatše ke eng, hona batho ba o bonahatsa joang mehleng ee?
4 Ka Bibeleng, poleloana “moea oa lefatše” e bolela tsela eo batho bao eseng metsoalle ea Molimo ba nahanang le ho itšoara ka eona. Batho ba hahlametsoeng ke moea ona oa lefatše, hangata ba icheba bobona. Hape ba ka hana ho phela ka melao ea Jehova ea boitšoaro. Ka mohlala, ba bangata kajeno ba nka ho etsa lintho tse mpe e se phoso. Ba “etsa lintho tse etsoang ke batho ba lefatše,” eseng thato ea ’Mopi oa bona.—1 Pet. 4:3.
5. Ke ka litsela life moea oa lefatše o tšoanang le “moea” o fokang ka ntle? (Baefese 2:1, 2) (Sheba setšoantšo.)
5 E ’ngoe ea litsela tseo Satane a li sebelisang tse atlehang ho ‘khelosa lefatše lohle’ ke moea oa lefatše. (Tšen. 12:9) Moapostola Pauluse o ile a o bapisa le “moea” o fokang ka ntle. (Bala Baefese 2:1, 2.) Eo ke papiso e ntle e le kannete. Joaloka moea o silafalitsoeng ke lintho tse kotsi, moea oa lefatše o kotsi. Ho ka ba bonolo hore re o heme. Joalokaha ho boletsoe pejana, o hohle. A re hlahlobeng litsela tse ’maloa tse potelletseng tseo moea oa lefatše o ka re hahlamelang ka tsona le hore na re ka etsa’ng ho o qoba.
Ho bonolo ho hema moea oa lefatše (Sheba serapa sa 5)
QOBA PUO E SA HLOEKANG
6. Tsela eo batho ba buang ka eona e bontša moea oa lefatše lee joang?
6 Bibele e ile ea bolela esale pele hore mehleng ea bofelo, batho ba tla ‘ithorisa, ba ikhohomose,’ e be “ba sa batleng ho lumellana le batho ba bang ka ntho efe kapa efe.” (2 Tim. 3:1-3) Mehleng ena, hangata batho ba bontša mekhoa eo lipuong tsa bona. Ka mohlala, re bala le ho utloa litaba tse buang ka batho ba ileng ba qala ho neheletsana ka mantsoe ebe ho felella ka ntoa. Puo e hlabang eona ke papa le moroho malapeng a mangata. Joale ha re sa bua ka puo e litšila, re e utloa ho tsoa melomong ea batho ba baholo le bana. (Baef. 5:3, 4) Kannete lipuo tse joalo, li bontša moea oa lefatše lena.
7. Re ka hlahloba lipuo tsa rona joang?
7 Joaloka Bakreste, re tlameha ho beha mohlala ha re buisana re shebane kapa re sebelisa marangrang. (Jak. 1:26, 27) E le hore re hlahlobe lipuo tsa rona, re ka ipotsa lipotso tse latelang: ‘Na ke sebelisa puo e sa hloekang ha ke halefile kapa ha ke e-na le batho ba sa tsebeng hore ke Paki ea Jehova? Ha ke e-na le bara le barali ba bo rona, na ke bua lintho tse seng mosa kapa ke etsa mesoaso e sa hlompheng ka batho ba bang? Na ke bua le ba lelapa hampe? Ba ka re’ng ha ba bua ka lipuo tsa ka?’
8. Re ka qoba puo e sa hloekang joang? (Bakolose 3:8-10)
8 Re ka etsa’ng haeba re hlokomela hore lipuo tsa rona li bontša moea oa lefatše? Re lokela ho etsa ho fetang feela ho fetola mantsoe a rona. Hopola hore na Jesu o ile a re’ng. O ile a re: “Lintho tse tsoang molomong li tsoa pelong ’me lintho tseo li silafatsa motho.” (Mat. 15:18) Joalokaha Jesu a ile a bontša, hangata lipuo tsa rona li bontša kamoo re ikutloang kateng. Ke kahoo Bibele e amahanyang “lipuo tse hlabang” le mekhoa e mebe a kang lehloeo le bohale. (Baef. 4:31) Haeba u hlokomela hore u lokela ho tlohela mekhoa e joalo, kopa Jehova hore a u thuse ho hlaolela “botho bo bocha” haholoanyane. (Bala Bakolose 3:8-10.) U ka boela oa etsa lipatlisiso e le hore u fumane lihlooho tse ka u thusang. Ikemisetse hore u se ke oa lumella moea oa lefatše ho ama boikutlo ba hao kapa ho silafatsa lipuo tsa hao.—Baef. 4:29.
QOBA BOITŠOARO BO BOBE
9. Moea oa lefatše o bonahala joang tseleng eo batho ba nkang melao ea Jehova ea boitšoaro ka eona?
9 Mehleng ena, moea oa lefatše o bonahala tseleng eo batho ba bangata ba sa hlompheng melao ea Jehova ea boitšoaro ka ho feletseng ka eona. Bongata ba bona bo nka ho ntša mpa, ho ratana ha batho ba bong bo tšoanang le ho etsa thobalano pele ho lenyalo, e se lintho tse fosahetseng ebile boa e khothalletsa. (Esa. 5:20) Haeba re se hlokolosi, hanyane ka hanyane moea oa lefatše o ka etsa hore re se ke ra hlola re hloea se sebe. (2 Bakor. 11:3) Re ka ba ra qala ho nahana hore tsela eo lefatše le etsang lintho ka eona e tsoetse pele, ha melao ea Bibele eona e siiloe ke nako. Leo ke leshano lena la popota! Litsela tsa Jehova li lula li re tsoela molemo. Li phahametse litsela tsa motho ’me ha ho mohla li felloang ke nako.—Esa. 48:17, 18; 55:9.
10. Re ka itlhahloba joang ho bona hore na re hloile lintho tseo Jehova a li hloileng?
10 Batho bohle ba batlang ho thabisa Jehova ba lokela ho hloea seo a se hloileng. (Pes. 97:10) Re ntse re nahanne ka taba eo, re ka ipotsa lipotso tse latelang: ‘Na ke utloa eka melao ea Jehova ea boitšoaro e ntšitisa ho phela ka tsela eo ke neng nka thabela ho phela ka eona? Na boithabiso boo ke bo khethang bo bontša hore ke hloile lintho tseo Jehova a li hloileng? Na ke lakatsa eka Jehova a ka fetola melao ea hae ka tsela e itseng e le hore e lumellane le litakatso tsa ka?’
11. Re ka etsa eng ho hloea lintho tseo Jehova a li hloileng?
11 Ho thoe’ng haeba u lekeha ho etsa ntho eo Jehova a e hloileng? U se ke oa etsa qeto ea hore u ke ke oa khona ho phela ka melao ea Jehova. Hopola hore batho bohle ha baa phethahala ebile ba sekametse ho etseng sebe. (Pes. 51:5; 103:14) Leha ho le joalo, u ka khetha ho etsa lintho tse nepahetseng ’me u qobe ho “etsa lintho ho ea ka litakatso tsa [hao] tse fosahetseng.” (Baef. 2:3) Hape ha oa lokela ho lula u ntse u nahana ka litakatso tse fosahetseng. Haeba ka nako e ’ngoe u utloa eka u tleloa ke litakatso tse fosahetseng, qoba ho sheba le ho nahana ka lintho tseo Jehova a li hloileng. (Gen. 39:9, 12) Hape nahana ka hore na lintho tseo li ka senya kamano ea hao le Jehova le batho ba bang joang. Ikemisetse hore u se ke oa lumella seo ho etsahala. (Baef. 5:5) Jehova a ka u thusa hore u hloee se sebe.
QOBA LIKOTSI TSA INTHANETE
12. Batho ba bontša moea oa lefatše joang Inthaneteng?
12 Boholo ba rona re sebelisa Inthanete bophelong ba rona ba letsatsi le letsatsi, ho akarelletsa le ho e sebelisa borapeling ba rona. Leha ho le joalo, lintho tse ngata tse Inthaneteng li hlohlelletsa moea oa lefatše. Ka mohlala, pornography e tletse hohle Inthaneteng. Bana le batho ba baholo ba ka khona ho e shebella habonolo. Hape batho ba bangata, haholo-holo bacha, ba romellana melaetsa, litšoantšo le livideo tse litšila. Ho boetse ho na le litaba tse ngata tsa leshano Inthaneteng tse khelosang batho ba bangata. Hangata batho ba sebelisa mecha ea phatlalatso ho beha litšoantšo le livideo tse bontšang bophelo boo ba bo phelang. Litšoantšo tse joalo, lintho tse buuoang moo le livideo tse khutšoanyane tse hlahang mecheng eo ea phatlalatso, li ka etsa hore re khalle ho qeta nako e ngata re ithabisa le ho hahlaula, le hoja ho etsa joalo ho ka etsa hore re se ke ra ea libokeng le tšimong.—Baheb. 10:24, 25.
13. Re ka ipotsa lipotso life ho hlahloba tsela eo re sebelisang Inthanete ka eona?
13 Re lokela ho ba hlokolosi ka ntho leha e le efe e ka re jellang nako Inthaneteng kapa ea ama monahano oa rona ka tsela e fosahetseng. Tabeng eo, re ka ipotsa: ‘Ke qeta nako e kae ke ntse ke sheba lintho Inthaneteng ntle ho lebaka?’ (Baef. 5:15, 16) ‘Ke lintho tsa mofuta ofe tseo ke li shebang? Ho nkuka nako e kae ho tlosa mahlo a ka linthong tse belaetsang tse hlahang moo?’ (Pes. 119:37) ‘Na ke potlakela ho lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e balang Inthaneteng kapa ke etsa bonnete ba hore litaba tseo ke ’nete?’—Liprov. 14:15.
14. Re ka qoba likotsi tsa Inthanete joang?
14 E le hore u itebele khahlanong le moea oa lefatše, u se ke oa qeta nako e ngata u le Inthaneteng, ’me u qobe ho sheba lintho tse sa lokelang Bakreste. Hape batsoali ba lokela ho tseba hore na bana ba bona ba sebelisa mecha ea phatlalatso joang. (Baef. 6:4) Bafuputsi ba bangata ba fumane hore bacha ba qetang nako e ngata ba le mecheng ea phatlalatso hangata ba jeoa ke bolutu, baa tšoenyeha ebile ba ba le khatello ea maikutlo ho feta ba sa etseng joalo. Ha u sebelisa keletso e hlahang Lentsoeng la Molimo, u tla khona ho qoba likotsi tsa Inthanete.
U KA ATLEHA!
15. U ithuta eng phihlelong ea Morali oa bo rona Gloria? (Sheba setšoantšo.)
15 Haeba u hlokomela hore u tšoaelitsoe ke moea oa lefatše, u lokela ho etsa ho hong ka taba eo. Nahana ka phihlelo ea Morali oa bo rona Gloria,a ea ileng a ithuta ’nete a sa le monyenyane empa hamorao a susumetsoa ke takatso ea ho batla botumo le ho ba le chelete. O re: “Ke ne ke batla ho ba morui. Kahoo, ke ile ka khaotsa ho ea libokeng, ’me ho e-s’o ee kae ke ne ke se ke sa batle ho ba Paki ea Jehova.” Ha nako e ntse e ea, Morali oa bo rona Gloria o ile a hlokomela hore lipakane tsa hae li susumetsoa ke moea oa lefatše. O ile a etsa’ng? O re: “Ke ile ka eketsa nako eo ke e qetang ke rapela le ho ithuta Bibele ’me ka khaotsa setsoalle le batho ba neng ba sa sebeletse Jehova. Hona joale ke ruile moeeng, kaha Jehova oa ntlhohonolofatsa. Hape ke thabela ho tseba hore ha se lefatše la Satane le susumetsang bophelo ba ka empa ke Jehova.”
U ka etsa’ng e le hore u qobe moea oa lefatše? (Sheba serapa sa 15)
16. U ithuta eng phihlelong ea Mor’abo rona Robert?
16 Nahana hape ka phihlelo ea Mor’abo rona Robert. Ka lebaka la tšusumetso e mpe ea bana bao a neng a kena sekolo le bona le boithabiso bo sa hloekang boo a neng a bo thabela, o ile a qala ho tsuba, ho tahoa le ho ratana le banna ba bang. O re: “Ke ne ke utloa eka ke na le bolokolohi ba ho iketsetsa borata.” Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea, o ile a hlokomela hore o ne a se na bolokolohi ho hang, e ne e mpa feela e le lekhoba la lefatše. (2 Pet. 2:19) O ile a etsa’ng? O re: “Ke ile ka theha setsoalle le batho ba ratang Jehova. Ka etsa liphetoho tseleng eo ke neng ke itšoara ka eona, ke apara le ho itlhopha ka eona. Ke ile ka ba ka fetola le mokhoa oa ka oa ho bua.” Mor’abo rona Robert o ikutloa joang hona joale? O re: “Letsatsi le leng le le leng ke tsoha ke tseba hore ke phela bophelo bo hloekileng, bo fapaneng hole le boo ke neng ke bo phela pele. Ena ke tlhohonolofatso e etsang hore ke utloe ke ruile e le kannete.”
17. Ke hobane’ng ha u ka kholiseha hore u ka khona ho hana ho susumetsoa ke moea oa lefatše? (1 Johanne 4:4)
17 Re ithutile eng sehloohong see? Ho hlakile hore re lokela ho qoba moea oa lefatše. Seo se akarelletsa ho qoba puo e sa hloekang, boitšoaro bo bobe le likotsi tsa Inthanete. Le hoja moea oa lefatše o le matla, u se ke oa inehela. U ka khona ho hana tšusumetso ea oona. Etsoe, Jehova o matla ho feta Satane le lefatše lena la hae le khopo. (Bala 1 Johanne 4:4.) Ho ekelletsa moo, Jehova o tla u fa moea oa hae o halalelang, e leng matla a maholo ka ho fetisisa ho u thusa ho qoba tšusumetso ea lefatše lena. (Luka 11:13) E se eka bohle re ka ikemisetsa ho tsoela pele re “tataisoa ke moea o halalelang” le ho itebela khahlanong le moea oa lefatše.—Bagal. 5:16.
PINA EA 124 A re Tšepahaleng Kamehla
a Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.