Na u ne u Tseba?
Balebeli ba Moemphera ba ne ba apara joang?
BALEBELI ba Moemphera e ne e le sehlopha se ikhethang sa masole a neng a lebela moemphera oa Roma ho tloha qalong ea puso ea Sesare Augustase ka 27 B.C.E. Lebotho lena le ne le sireletsa moemphera le ba lelapa la hae.
E mong oa Balebeli ba Moemphera o apere seaparo sa ka hare
Ha Molebeli oa Moemphera a le Roma, o ne a atisa ho ikaparela feela liaparo tse tloaelehileng. Liaparo tseo li ne li akarelletsa seaparo sa ka hare le sa ka ntle, ’me li lumella motho ho tsamaea ka bolokolohi. E ka ’na eaba molebeli o ne a apara seaparo se neng se thatela ’mele ’me se pota lehetleng ha a ne a lebetse moemphera motseng oa Roma, kaha bo-ntate ba ne ba se apara ha ba ea liketsahalong tse hlomphehang.
Balebeli ba Moemphera ba ne ba bonahala ka libetsa. Brill’s New Pauly: Encyclopaedia of the Ancient World e re: “Ha masole ana a le Roma, a ne a apara joaloka batho ba bang ’me a nka libetsa tsa ’ona le lithebe.” Libetsa tsena tse neng li lula ka mahlakoreng, e ne e le sabole le thipa. Sebetsa se seng le se seng se ne se e-na le lebanta la sona, se seng se le ka lehlakoreng le letona ha se seng se le ka lehlakoreng le letšehali.
Molebeli oa Moemphera o ne a apara seaparo se neng se thatela ’mele ’me se pota lehetleng ha a ne a ea liketsahalong tse hlomphehang, joaloka ho lebela bahlanka ba ’muso
Ho ka etsahala hore e be ba bang ba Balebeli ba Moemphera ke bona ba neng ba lebela moapostola Pauluse ka lilemo tse peli tseo a li qetileng Roma a emetse ho hlaha ka pel’a lekhotla. Ka nako eo, Pauluse o ne a tšoeroe ntlong ea hae eo a e hirileng, ’me batho ba ne ba khona ho mo etela. O ile a pakela baeti ba hae a sebelisa Mangolo ho hlalosa hore Jesu e ne e le Mesia le hore ’Muso oa Molimo o tla rarolla mathata a batho.—Lik. 28:16, 23, 30, 31.
Pauluse o ile a re: “Balebeli bohle ba Moemphera . . . baa tseba hore ke teronkong hobane ke le molateli oa Kreste.” (Bafil. 1:12, 13) Polelo ena ea hlolla hobane Balebeli ba Moemphera e ne e le sehlopha sa masole a likete. Jehova o ile a bula tsela ea hore moapostola Pauluse a fane ka bopaki ha a tšoeroe, ’me o ile a sebelisa monyetla ona ho phatlalatsa litaba tse monate.