Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 November maq. 26-28
  • U ka Etsa’ng Hore u Khotsofale le ha u E-na le Mathata a Lichelete?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Etsa’ng Hore u Khotsofale le ha u E-na le Mathata a Lichelete?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ITHUTE HO KHOTSOFALA
  • MELEMO EA HO KHOTSOFALA
  • Na Hoa Khoneha Hore Motho a Khotsofale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Na u se u “Ithutile Seo Batho ba Bangata ba sa se Tsebeng” ka ho Khotsofala?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Khotsofalla Seo U Nang le Sona
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Ke Joang U ka Lulang U E-na le Pono e Leka-lekaneng ka Chelete?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 November maq. 26-28
Mor’abo rona o shebile ka ntle ka fensetere a tšoere Bibele e butsoeng. Leboteng le ka mor’a hae ho behiloe linepe tsa lelapa la hae. Holim’a tafole e ka pel’a hae ho na le mochini oa lipalo le fono.

U ka Etsa’ng Hore u Khotsofale le ha u E-na le Mathata a Lichelete?

MOR’ABO rona Samuela o re: “Ka lebaka la ho phahama ha theko ea lintho le ho se tsebe hantle hore na ho tla etsahala’ng ka moso, ’na le mosali oa ka re ile ra etsa qeto ea ho fallela naheng e ’ngoe e le hore re fumane mosebetsi o patalang hantle. Re ne re ikemiselitse ho lata bana ba rona hamorao. Leha ho le joalo, bophelo ba rona bo ile ba e-ba boima ho feta ka moo re neng re lebeletse, ’me ha rea ka ra khona ho ba lata joalokaha re ne re rerile. Bara ba bo rona ba neng ba setse hae ba ile ba re bolella hore ke ka seoelo bana ba rona ba bang teng libokeng kapa tšimong.”

Bahlanka ba bangata ba Molimo ba phela libakeng tseo ho se nang mesebetsi kapa moo batho ba bangata ba futsanehileng. Ka lebaka la maemo ao, ba bang ba entse liqeto tseo ba neng ba lumela hore li tla ntlafatsa bophelo ba bona, ntle le ho nahana ka litla-morao tsohle. Ba bang ba ile ba siea balekane ba bona kapa bana ba bona ba banyenyane ba fallela linaheng tse ling ba ntse ba leka ho fumana makhulo a matala. Ba bang ba ile ba kena mekhatlo e ba tšepisang ho rua kapele, eo qetellong e entseng hore maemo a bona a lichelete a mpefale le ho feta. Haeba u na le mathata a lichelete, u ka etsa’ng ho qoba ho etsa liqeto tse seng bohlale?

ITHUTE HO KHOTSOFALA

Moapostola Pauluse o ile a re o “ithutile seo batho ba bangata ba sa se tsebeng,” e leng ho khotsofala ho sa tsotellehe maemo. O ile a ngola, a re: “Kea tseba hore na ho joang ho ba le lintho tse seng kae le ho ba le lintho tse ngata. Ke ithutile seo batho ba bangata ba sa se tsebeng: Hore na ho khora le ho lapa ho joang le hore na ho ba le lintho tse ngata le ho hloka ho joang.”—Bafil. 4:​11, 12.

Hlokomela hore Pauluse o ile a lokela ho ithuta ho khotsofala. A re hlahlobeng melao-motheo e mene e ka re thusang ho etsa se tšoanang.

Molao-motheo oa pele: “Le se ke la rata chelete empa le khotsofalle lintho tseo le nang le tsona hobane Molimo o itse: ‘Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.’”—Baheb. 13:5.

Molao-motheo oo o ka u thusa joang? Ho rata chelete ho ka etsa hore u bapise maemo a hao le a batho ba bang. Ho ka etsa hore re se ke ra thaba le ho khotsofala. Haeba re loanela hore re se ke ra rata chelete ebile re ithuta ho ananela lintho tseo re nang le tsona, re tla khotsofala ebile re tla ba le khotso ea kelello.

Seo u ka se etsang. Amohela lintho tseo u nang le tsona le tseo u ka khonang ho li reka, ho e-na le ho sheba tsela eo batho ba bang ba phelang ka eona e bonahalang e le monate. Hopola hore Jehova o tšepisa ho fa batho ba behang lintho tsa moea pele lintho tseo ba li hlokang. (Mat. 6:​24, 33) Ha aa etsa tšepiso e joalo bakeng sa batho ba lelekisang chelete bophelong ba bona. Kamehla ananela lintho tseo Jehova a u fang tsona tseo u li hlokang. Pauluse o ile a ngola a re: “Ha re e-na le lijo le liaparo re tla khotsofala.”—1 Tim. 6:8.

Banyalani ba eme haufi le teroli k’honeng ea seterata. Mor’abo rona o bua le motho ea fetang ka tsela.

Etsa hore ho sebeletsa Jehova ebe ntho e tlang pele bophelong ba hao

Molao-motheo oa bobeli: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ’me la re: ‘Re tla ja’ng?’ ‘Re tla noa’ng?’ kapa ‘Re tla apara’ng?’ Tsena tsohle ke lintho tseo batho ba lichaba ba phathahanang ka tsona. Ntate oa lona ea leholimong oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle.”—Mat. 6:​31, 32.

Molao-motheo oo o ka u thusa joang? Haeba re tšepa Jehova ebile re kholisehile hore o tla re thusa ka lintho tseo re li hlokang, re ke ke ra tšoenyeha haholo ka hore na ho ka ’na ha etsahala’ng hosane. Kapa ra ipotsa lipotso tseo re se nang likarabo tsa tsona tse kang “Ke tla etsa’ng haeba lintho li mpefala le ho feta?” kapa “Ke tla etsa’ng haeba ke se na chelete e lekaneng hore ke hlokomele ba lelapa la ka?” Mor’abo rona Eric oa Ghana, o re ka linako tse ling le eena o ne a tšoenyeha ka lintho tse kang tsena. Leha ho le joalo, hona joale o fetotse tsela eo a bonang lintho ka eona. O re: “Ho khotsofala ha ho bolele hore re iphapanyetsa mathata ao re nang le ’ona. Empa ho bolela hore re khetha ho sheba lintho tseo re ka khonang ho li laola le ho ananela lintho tseo re nang le tsona le nakong eo ho leng boima.”

Seo u ka se etsang. Rapela Jehova ’me u mo bolelle lintho tseo u li hlokang ka ho toba, u be u mo kope hore a u fe bohlale. (Jak. 1:5) Bua le Mokreste ea holileng ka boemo ba hao ’me u ithute hore na eena o ile a sebetsana le boemo bo tšoanang joang. (Liprov. 20:18) Ela hloko tsela eo Jehova a u thusang ka eona letsatsi le letsatsi. Sena se tla u thusa hore u se ke oa tšoenyeha haholo ka bokamoso le ho u thusa hore u shebane le lintho tseo u li hlokang haholo hona joale. (Mat. 6:​25-30, 34) U se ke oa lebala mantsoe a mopesaleme Davida, ea ileng a re: “Mathata a ea lokileng a mangata empa Jehova o mo pholosa ho ’ona kaofela.”—Pes. 34:19.

Molao-motheo oa boraro: “Ea bohlale o bona kotsi ebe oa ipata empa ba se nang kelello ha ba ipate ebe ba fumana litholoana tse bosula.”—Liprov. 27:12.

Molao-motheo oo o ka u thusa joang? Lipapatso le lintho tse behoang marangrang li ka hlahisa menyetla ea ho rua kapele e ka re hohelang haeba re e-na le mathata a lichelete. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ileng ba kena mekhatlo ena ba ile ba soetseha haholo. (Liprov. 18:11; 1 Tim. 6:9) Ho ba bohlale ho ka re thusa hore re qobe maraba a joalo.

Seo u ka se etsang. Bibele e re: “Ea se nang tsebo o lumela lentsoe le leng le le leng empa ea bohlale o nahana ka mohato o mong le o mong oa hae.” (Liprov. 14:15) Kahoo, haeba motho e mong a u tšepisa hore u ka etsa chelete e ngata habobebe feela, u be hlokolosi haholo. Etsa lipatlisiso tse kenelletseng pele u etsa qeto leha e le efe. Ho hang u se ke oa lumella pelo ea hao hore e hoheloe ke mekhatlo e tšepisang hore u ka rua kapele kapa oa kenella linthong tse ka etsang hore u fumane chelete ka bolotsana.—Liprov. 28:​6, 20; Jer. 17:9.

Ntate ea apereng junifomo ea mosebetsi o koropa litepisi.

U se ke oa soabela ho etsa mesebetsi e tlasana

Molao-motheo oa bone: “Ho lona moo, ke mang eo e reng ha a batla ho haha tora, a sa luleng fatše pele ebe o bala litšenyehelo ho bona hore na o tla hloka thepa e kae hore a e qete?”—Luka 14:28.

Molao-motheo oo o ka u thusa joang? Mosebetsi o mocha o ka rarolla mathata a hao a mang empa o ka boela oa hlahisa a mang. Ha u bala litšenyehelo ka hore u shebe melemo le likotsi tsa mosebetsi oo o u fumanang, u ka etsa qeto e bohlale e tla u qobisa litla-morao tse bohloko tse ka tlisoang ke ho etsa qeto ka lepotlapotla.

Seo u ka se etsang. Nahanisisa ka monyetla o mong le o mong oo o u fumanang. Ka mohlala, mohlomong u ka fumana chelete e eketsehileng ha u sebetsa naheng e ’ngoe, empa u ka boela oa hloka chelete e ngata hore u phele naheng eo. Hape nahana hore na molekane oa hao le bana ba hao ba tla ikutloa joang ha u ba siea le hore na seo se tla ama kamano ea bona le Jehova joang. Ho ekelletsa moo, nahana hore na sena se tla ama tšebeletso ea hao ho Jehova joang, na u ntse u tla khona ho sebeletsa Jehova “ka moea oa hao oohle”?—Luka 10:27.

Mor’abo rona ea hlahileng setšoantšong se qalang o etsa borapeli ba lelapa le mosali oa hae le bana ba hae.

Sireletsa lelapa la hao ka hore le lule ’moho

MELEMO EA HO KHOTSOFALA

Haeba re ithuta ho khotsofala, re tla kholiseha le ho feta hore Jehova oa re rata ebile oa re tsotella kaofela. (Pes. 34:8) Re tla ananela haholoanyane hore ebe o re fa lintho tseo re li hlokang letsatsi le letsatsi le hore o re hlokomela ka lerato.

Mor’abo rona Samuel, ea qotsitsoeng qalong ea sehlooho sena, o ile a bona hore taba eo ke ’nete. O re: “Ka mor’a hore ke rapelle hore Jehova a mphe bohlale, ’na le mosali oa ka re ile ra etsa qeto ea ho khutlela hae, ra khutlela mesebetsing eo re neng re e etsa pele eaba re hlokomela bana ba rona. Hona joale re na le lenaneo le tsitsitseng la ho ithuta Bibele le bona, ho ea le bona libokeng le tšimong. Ho lula ke nahana ka lintho tsa moea ho nthusitse hore ke se ke ka tšoenyeha haholo. Ha re ikoahlaele qeto eo re e entseng ea ho khutlela hae.”

Le ka mohla u se ke oa lebala hore re sebeletsa “Molimo ea thabileng” le hore moea oa hae o halalelang o ka re thusa hore re thabe ho sa tsotellehe maemo a rona. (1 Tim. 1:11; Bagal. 5:​22, 23) Haufinyane, o tla tlisa lefatše leo ho lona re tla thabela lintho tse ngata tse molemo.—Pes. 72:16; 145:16.

a Mabitso a mang a fetotsoe.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela