Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w26 December maq. 8-13
  • “Re Lule re Nahana ka Lintho Tseo re sa li Boneng”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Re Lule re Nahana ka Lintho Tseo re sa li Boneng”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • TUMELO EA ABRAHAMA E ILE EA MO THUSA HO MAMELA
  • TUMELO EA MOSHE E ILE EA MO THUSA HORE A ETSE LIQETO TSE BOHLALE
  • TUMELO EA RONA E RE THUSA HORE RE MAMELLE MATHATA
  • TUMELO E RE THUSA HO ETSA LIQETO TSE BOHLALE
  • O ne a Ikemiselitse ho Etsa Ntho e Boima ka ho Fetisisa
    E-ba Sebete ha u Tsamaea le Molimo
  • Liqeto Tse Bontšang Hore re Tšepa Jehova
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Ithute Mantsoeng a ho Qetela a Banna ba Tšepahalang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Hopola Hore Jehova “ke Molimo ea Phelang”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2026
w26 December maq. 8-13

LA 8-14 FEBRUARY 2027

PINA EA 144 Re Lule re Nahana ka Moputso

“Re Lule re Nahana ka Lintho Tseo re sa li Boneng”

“Re lule re nahana ka lintho tseo re sa li boneng eseng tseo re li bonang.”—2 BAKOR. 4:18.

NTLHA-KHOLO

Kamoo ho ba le tumelo e matla litšepisong tsa Jehova tsa nakong e tlang ho ka re thusang hona joale.

1, 2. Ke hobane’ng ha Bakreste ba mehleng ea Pauluse ba ne ba lokela ho lula ba nahana ka ‘lintho tse sa bonoeng’? (2 Bakorinthe 4:18)

NA MOTHO a ka khona ho lula a nahana ka lintho tseo a sa li boneng? Ho ka bonahala eka ho ke ke ha khoneha. Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste-’moho le eena ba mehleng ea hae hore ba etse joalo. (Bala 2 Bakorinthe 4:18.) O ne a bolela’ng?

2 Bakreste bao ba ne ba mamelletse mathata a mangata. Pauluse o ile a re ba “petelitsoe,” ba “tsielehile” ebile baa “hlorisoa.” (2 Bakor. 4:8, 9) Ho ntse ho le joalo, o ile a ba bolella hore ba lule ba nahana ka tšepo ea bona, e leng ‘lintho tse sa bonoeng,’ ho e-na le ho nahana ka mathata a bona, e leng ‘lintho tse bonoang.’ Bakreste ba neng ba latela keletso ena, ba ne ba tla rua molemo ka litsela tse peli. Ea pele, ba ne ba tla nolofalloa ke ho mamella mathata a bona. Ea bobeli, ba ne ba tla nolofalloa ke ho etsa liqeto tse bohlale tse bontšang hore ba kholisehile hore litšepiso tsa Jehova li tla phethahala.—Baheb. 11:1.

3. Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re nahana ka lefatše le lecha leo Molimo a re tšepisitseng lona?

3 Le rona re boemong bo tšoanang le ba Bakreste ba mehleng ea Pauluse. Nakong ena e thata eo re phelang ho eona, ho bonolo hore re lule re nahana ka mathata a rona hobane a re hlahela letsatsi le letsatsi. Ke kahoo re hlokang ho lula re nahana ka ntho eo re ke keng ra khona ho e bona ka mahlo hona joale, e leng lefatše le lecha leo Molimo a re tšepisitseng lona. (Pes. 37:10, 11) Ha re etsa joalo, re tla hopola hore mathata a rona, ho sa tsotellehe hore na a boima hakae, ke a nakoana.—2 Bakor. 4:17.

4. Tumelo ea rona litšepisong tsa Jehova e lokela ho ama liqeto tseo re li etsang joang? Etsa mohlala.

4 Ntle le ho re thusa hore re be le pono e nepahetseng ka mathata a rona, ho sebeletsa Jehova re “lebeletse bophelo bo sa feleng” ho tla ama liqeto tseo re li etsang ka bophelo ba rona kajeno. (Juda 21) Ka mohlala, ’mè ea lebelletseng o na le tšepo ea hore lesea la hae le tla hlaha le phetse hantle. Letsatsi le leng le le leng, o nahana ka hore na bophelo bo tla ba joang ha e se e le ’mè. Empa ha hoa lekana hore feela a nahane ka bokamoso. O lokela ho etsa liqeto tse tla thusa hore eena le lesea la hae ba phele hantle. Ka tsela e tšoanang, re na le tšepo ea ho phela lefatšeng la Molimo le lecha. Empa re lokela ho etsa ho fetang feela hore re ipone re se re le moo. Haeba re e-na le tumelo e matla litšepisong tsa Jehova tsa nakong e tlang, sena se tla ama liqeto tsa bohlokoa tseo re li etsang bophelong hona joale. A re hlahlobeng mehlala e ka Bibeleng ea batho ba ileng ba lula ba nahana ka ho phethahala ha litšepiso tsa Molimo ’me ba etsa liqeto tse bohlale tse lumellanang le tšepo ea bona. Ka mor’a moo, re tla bona kamoo tumelo e ka re thusang kateng ho mamella mathata le ho etsa liqeto tse bohlale.

TUMELO EA ABRAHAMA E ILE EA MO THUSA HO MAMELA

5, 6. (a) Jehova o ile a tšepisa Abrahama eng? (b) Tumelo ea Abrahama le Sara e ile ea ama liqeto tsa bona joang? (Genese 17:1, 2, 6) (Sheba setšoantšo.)

5 Abrahama o ile a fumana tšepiso e ileng ea fetola bophelo ba hae. Jehova o ile a re ho eena: “Ke tla u etsa sechaba se seholo.” (Gen. 12:2) Le hoja Abrahama le mosali oa hae, Sara, ba ne ba tsofetse ebile ba se na bana, ba ne ba e-na le tumelo ea hore Jehova o tla phethahatsa tšepiso eo ea hae. Ba ile ba bontša tumelo ka ho mamela taelo ea Jehova ha a re: “Tloha naheng ea heno, ho ba leloko la hao . . . u ee naheng eo ke tla u bontša eona.”—Gen. 12:1.

6 Taelo eo e ne e bolela hore Abrahama le Sara, ba ne ba lokela ho siea bophelo boo ba neng ba bo tloaetse bo mabothobotho ’me ba e’o phela litenteng libakeng tse fapaneng. (Baheb. 11:8, 9) Ke’ng e ileng ea ba thusa hore ba bontše boitelo bo bokaalo? Ba ne ba lula ba nahana ka ntho eo ba neng ba e-s’o ka ba e-ba le eona, e leng mora eo ka eena ho neng ho tla ba le sechaba se seholo. (Bala Genese 17:1, 2, 6; Baheb. 11:11) Tšepo eo ea bona e ne e le ea sebele feela joaloka lintho tseo ba neng ba khona ho li bona le ho li tšoara naheng ea habo bona ea Ure. Ha nako e ntse e ea, Jehova o ile a qala ho phethahatsa tšepiso eo ka hore ebe ba ile ba e-ba le mora ea bitsoang Isaka.

Abrahama le Sara ba lutse mollong ka ntle ho tente ea bona ba shebile hojana mane.

Abrahama le Sara ba ile ba khona ho itela hobane ba ne ba lula ba nahana ka lintho tseo ba neng ba ke ke ba li bona ka nako eo (Sheba serapa sa 5 le 6)


7, 8. Ke hobane’ng ha Abrahama a ne a ikemiselitse ho mamela taelo ea Jehova ea hore a nyehele Isaka?

7 Lilemo hamorao, Jehova o ile a re Abrahama a etse sehlabelo ka Isaka, ea neng a le lilemo li ka bang 25 ka nako eo. Ke hobane’ng ha Abrahama a ne a ikemiselitse ho mamela taelo eo? Ke hobane o ne a lula a nahana ka ntho eo a neng a e-s’o e bone, e leng ho phethahala ha tšepiso eo Jehova a neng a mo etselitse eona. Jehova o ne a itse ho Abrahama: “U tla ba le litloholo ka Isaka.” (Gen. 21:12) Le hoja ka nako eo Isaka a ne a e-s’o be le bana, Abrahama “o ne a lumela hore Molimo a ka tsosa [Isaka] bafung.” (Baheb. 11:19) Tumelo ea Abrahama ea hore Molimo a ka khona ho tsosa mora oa hae e ne e hlolla, hobane ho fihlela ka nako eo, ho ne ho se na tlaleho ea mang kapa mang ea kileng a tsosoa bafung. Abrahama o ne a e-na le tumelo e matla mantsoeng a Jehova hoo e neng eka o se a ntse a bona litloholo tsa hae.

8 Jehova o ile a thibela Abrahama ho nyehela mora oa hae. (Gen. 22:11, 12) Leha ho le joalo, ho tšoana leha eka monna eo oa Molimo o ile “a nyehela Isaka.” (Baheb. 11:17, 18) Abrahama o ile a paka ka liketso hore o ne a lula a nahana ka lintho tse sa bonoeng, e leng ho phethahala ha tšepiso ea Jehova.

TUMELO EA MOSHE E ILE EA MO THUSA HORE A ETSE LIQETO TSE BOHLALE

9. (a) Boemo ba Baiseraele e ne e le bofe ha Moshe a ntse a hola? (b) Boemo ba Moshe bona e ne e le bofe?

9 Ho ka etsahala hore ebe batsoali ba Moshe ba ile ba mo ruta ka lintho tseo Jehova a neng a li tšepisitse Abrahama. Har’a tsona e ne e le tšepiso ea hore o tla fa batho ba hae naha ea Kanana “hore e be ea [bona] ka ho sa feleng.” (Gen. 13:15) Empa see se ne se tla etsahala joang? Baiseraele e ne e le makhoba Egepeta. Moshe o ne a sa angoe hakaalo ke maemo a boima ao Baiseraele ba neng ba phela ho ’ona. Ha e le lesea, o ile a holisoa ke morali oa Faro, ’me ha a ntse a hola “o ile a fumana thuto ea boleng bo phahameng ka ho fetisisa Egepeta.” (Lik. 7:22) Leha ho le joalo, Moshe o ile a bontša hore ha aa lebala tšepiso eo Jehova a neng a e entse.

10. Ha Moshe a le lilemo li 40 o ile a etsa qeto efe, hona hobane’ng? (Baheberu 11:24-26) (Sheba setšoantšo.)

10 Bala Baheberu 11:24-26. Moshe o ile a etsa qeto ea bohlokoa ha a le lilemo li 40. “O ile a khetha ho tšoaroa hampe hammoho le sechaba sa Molimo.” Hobane’ng? Bibele e re: “O ne a letetse moputso ka pelo eohle.” Moshe o ne a lula a nahana ka ntho eo a ke keng a e bona ka mahlo, e leng ho phethahala ha tšepiso ea Jehova ea hore Baiseraele ba ne ba tla fuoa naha ea Kanana. Ho ba le karolo ho phethahaleng ha tšepiso ena ho ne ho le bohlokoa ho Moshe ho feta maruo le botumo boo e ka ’nang eaba o ne a e-na le bona Egepeta. Hamorao, Jehova o ile a bolella Moshe, a re: “U tla ntša sechaba sa ka sa Baiseraele Egepeta.”—Ex. 3:10.

Moshe o shebelletse a utloile bohloko ha makhoba a Baheberu a sebelisoa ka thata a bile a shapuoa ke Baegepeta.

Moshe o ile a etsa qeto ea bohlokoa ha a le lilemo li 40. “O ile a khetha ho tšoaroa hampe hammoho le sechaba sa Molimo” (Sheba serapa sa 10)


11. Banna le basali ba ka Bibeleng ba ile ba bontša joang hore litšepiso tsa Molimo e ne e le tsa sebele ho bona? (Baheberu 11:39, 40)

11 Bibele e na le mehlala e mengata ea banna le basali ba neng ba e-na le tumelo litšepisong tsa Molimo. (Baheb. 11:31, 32) Tumelo ea bona litšepisong tsa Jehova e ne e le matla hoo e kang litšepiso tseo li se li phethahetse. Leha ho le joalo, ba tla bona ha litšepiso tseo li phethahala ka ho feletseng lefatšeng le lecha ha ba se ba tsositsoe bafung. (Bala Baheberu 11:39, 40.) Empa hona joale re ka bala ka hore na tumelo ea bona e matla e ile ea ba susumelletsa joang ho phela ka tsela e thabisang Jehova. Tumelo ea rona e ka re thusa joang hore re mamelle mathata le hore re etse liqeto tse bohlale?

TUMELO EA RONA E RE THUSA HORE RE MAMELLE MATHATA

12. Tumelo ea rona litšepisong tsa Jehova tsa nakong e tlang e ka re thusa joang ho sebetsana le mathata a rona kajeno?

12 Re tšepisitsoe ntho eo re sa e boneng hona joale, e leng lefatše le lecha leo ho lona re tla thabela ho phela ka ho sa feleng. (2 Pet. 3:13) Tumelo ea rona tšepisong ena e ka re thusa ho sebetsana le mathata a rona. Ka mohala, le hoja qalong re ka nyahamisoa ke ho kula, re ka boela ra khothala. Hobane’ng? Hobane re lumela tšepiso ea Molimo ea hore lefatšeng le lecha “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esa. 33:24) Joaloka Abrahama, Sara, Moshe le ba bang, re ka nka litšepiso tsa Jehova joalokaha eka li se li phethahetse.

13. (a) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho ipona re se re le Paradeiseng? (b) Re ka etsa eng hore re matlafatse tumelo ea rona litšepisong tsa Molimo?

13 Tsela e ’ngoe ea ho matlafatsa tumelo ea rona litšepisong tsa Jehova ke hore re ipone re se re le Paradeiseng. Ebe bophelo bo tla ba joang ha re se re sa kule, re thabela ho phela ka khotso re bile re amohela baratuoa ba rona ba tsositsoeng bafung? Litšoantšo tse hlahang lingoloeng le livideo tsa rona li ka re thusa hore re ipone re le lefatšeng la Molimo le lecha. Leha ho le joalo, ha hoa lekana hore feela u ipone u se u le moo. U boetse u hloka bopaki bo tsoang ka Bibeleng e le hore tumelo ea hao e be matla. Re nahanne ka taba eo, na ho na le boprofeta ba Bibele kapa tlaleho e matlafatsang tumelo ea hao litšepisong tsa Molimo? Na ebe ho na le litemana tsa Bibele tse matlafatsang kholiseho ea hao ea hore morero oa Jehova o tla phethahala? Nahanisisa ka litemana tseo. Ha u etsa joalo, u tla haha tumelo ea hao holim’a motheo o tiileng oa litšepiso tsa Molimo.—Baheb. 6:17, 18.

TUMELO E RE THUSA HO ETSA LIQETO TSE BOHLALE

14. Tumelo ea rona litšepisong tsa Molimo e lokela ho ama liqeto tsa rona mabapi le boithabiso joang?

14 Tumelo ea rona litšepisong tsa Molimo e re thusa ho etsa liqeto tse bohlale. Nahana ka boithabiso boo u bo khethang. Lintho tse litšila tse hlahang lifiliming, ’minong le mananeong a thelevishene, li tla be li le sieo lefatšeng le lecha la Molimo. Re tseba sena hobane Jehova o hloile ntoa, boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano le bodemona. (Pes. 11:5; Tšen. 21:8) Kahoo, ke hobane’ng ha u ka ithabisa ka lintho tseo? Hape haeba re thabisoa ke lintho tse joalo, na kannete re tla be re nahana ka tšepiso ea Jehova ea lefatše le lecha?

15. Bakreste ba bang ba ile ba khetha ho sebelisa nako ea bona ea ho ikhatholla joang, hona hobane’ng? (Sheba setšoantšo.)

15 Mokreste ka mong o lokela ho iketsetsa qeto ea hore na o tla sebelisa nako ea hae ea ho ikhatholla joang. Batsoali ba bang ba thusa bana ba bona hore ba nke litšepiso tsa Jehova e le tsa sebele, ka hore ha ba ikhatholla ba kenyelletse lintho tse tla ba thusa ho ananela Jehova le mokhatlo oa hae. Ka mohlala, banyalani ba bang ba holiselitseng barali ba bona ba bararo ka phuthehong ba re: “Hangata re ne re chakela liphutheho tse ling kapa liofisi tsa makala ha re etile, e le hore bana ba rona ba bone hore re lelapa le le leng le momahaneng.” Banyalani ba bang bona ba re: “Re ne re thabela ho qeta nako re ithuta ka popo. Re ne re mema malapa a mang ho ea limusiamong le rona le ho e’o sheba liphoofolo tse phelang metsing.” Malapa ana a ile a sebelisa nako ea ho ikhatholla ho ithuta ka popo ea Jehova le ho tseba mokhatlo oa hae haholoanyane. Ho etsa joalo ho ile ha a thusa hore a lule a nahana ka lintho tse sa bonoeng.

Batsoali ba na le mora oa bona e monyenyane musiamong o Bethele.

Na lintho tseo ke li etsang li bontša hore ke lula ke nahana ka litšepiso tsa Jehova? (Sheba serapa sa 15)


16. Tšepiso ea Molimo ea lefatše le lecha e lokela ho ama lintho tseo re li nkang e le tsa bohlokoa joang? (1 Bakorinthe 7:29-31) (Sheba setšoantšo.)

16 Bala 1 Bakorinthe 7:29-31. Tumelo ea rona litšepisong tsa Molimo e ka re thusa hore re etse liqeto tse bohlale mabapi le lintho tse bonahalang. Ho hlakile hore re hloka ho iphelisa. Leha ho le joalo, sepheo sa rona ha se ho ipokella ka maruo. Hobane’ng? Hobane Bibele e re: “Lefatše le lintho tsohle tse ho lona tseo batho ba li lakatsang li tla fela empa ea etsang thato ea Molimo o tla phela ka ho sa feleng.” (1 Joh. 2:17) Re lumela temana ena ’me re bontša ka liqeto tseo re li etsang. Ha re lula re nahana ka lefatše le lecha la Molimo, re qoba ho “nkeha” ke lintho tsa lefatše lena ka hore re behe ’Muso oa Molimo pele bophelong ba rona.—Mat. 6:33.

Banyalani ba eme pel’a teroli tseleng e phetheselang.

Na lintho tseo ke li nkang e le tsa bohlokoa li bontša hore ke lula ke nahana ka litšepiso tsa Jehova? (Sheba serapa sa 16)


17. Batho ba bang ba entse liqeto life ka lebaka la tumelo ea bona litšepisong tsa Molimo? (Sheba setšoantšo.)

17 Tumelo ea rona litšepisong tsa Molimo e ka boela ea ama liqeto tseo re li etsang ka bokamoso ba rona. Ka mohlala, ha mocha a ntse a hola, a ka ’na a ipotsa: ‘Ke tla etsa mosebetsi ofe? Na ke tla kena lenyalong? Na ke tla ba le bana?’ Motho e mong le e mong o lokela ho iketsetsa liqeto litabeng tsena, ’me qeto e ’ngoe le e ’ngoe e tla le litlhohonolofatso le mathata. (1 Bakor. 7:28, 37, 38) Potso eo re lokelang ho ipotsa eona ke hore na liqeto tseo re li etsang li bontša hore re kholisehile hore lefatše lena le ea fela le hore ke hona ho tlang lefatše le lecha le tl’o ba teng ka ho sa feleng. (1 Tim. 6:19) Bacha ba bangata ba bontšitse hore ba kholisehile ka sena ka hore ba kenele tšebeletso ea nako e tletseng. Ha ba ikoahlaee ho hang. Ho e-na le hoo, ba hlokometse hore “motho o tla fumana melemo e mengata ha a sebeletsa Molimo a bile a khotsofaletse lintho tseo a nang le tsona.”—1 Tim. 6:6.

Mor’abo rona e mocha lilemong o sebelisa sakha ea motlakase mosebetsing oa kaho.

Na liqeto tseo ke li etsang li bontša hore ke lula ke nahana ka litšepiso tsa Jehova? (Sheba serapa sa 17)


18. Ho ba le tumelo litšepisong tsa Jehova ho tla re thusa joang hona joale?

18 Joalokaha re ithutile, tumelo eo re nang le eona litšepisong tsa Jehova ka bokamoso e ka re tlisetsa litlhohonolofatso le hona joale. Tumelo ea rona ea hore ho tla ba le lefatše le lecha e ka re thusa ho mamella mathata ao re thulanang le ’ona kajeno. E ka boela ea re thusa ho etsa liqeto tse bohlale ka hore na re sebelisa nako ea rona joang le hore na ke lintho life tse tlang pele bophelong ba rona. Re lebeletse ka tjantjello letsatsi leo re tla bona litšepiso tsohle tsa Jehova li phethahetse. Hona joale, a re ikemisetseng ho lula re nahana ka “lintho tseo re sa li boneng.”

U KA RE’NG?

  • Banna le basali ba tšepahalang ba nakong e fetileng ba ile ba bontša joang hore ba ne ba lula ba nahana ka lintho tse sa bonoeng, e leng litšepiso tsa Jehova?

  • Ho matlafatsa tumelo ea hao litšepisong tsa Jehova ho ka u thusa joang hore u sebetsane le mathata?

  • Ho matlafatsa tumelo ea hao litšepisong tsa Jehova ho ka u thusa joang hore u etse liqeto tse bohlale?

PINA EA 156 Ka Tumelo

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela