Lintho Tse Tharo Tse Tla u Thusa ho Nka Nako ha u Rapela
Ke tokelo e kholo hore ebe re khona ho bua le Jehova ka thapelo. Molimo oa rona ea lerato oa re kholisa hore lithapelo tsa rona lia “mo khahlisa.” (Liprov. 15:8) Leha ho le joalo, na u ka rata ho qeta nako e eketsehileng u rapela Jehova? Ke ntho e ntle ho etsa joalo. Lithapelo tse ling li lokela ho ba telele e le hore re ka khona ho hlalosa hantle hore na re ikutloa joang le hore na re nahanne eng. (Luka 6:12) Sehloohong sena, re tl’o bua ka lintho tse tharo tse ka re thusang ho qeta nako re ntse re rapela. Boiteko ba hao bo tla ba le liphello tse molemo. Hobane’ng? Hobane thapelo ke e ’ngoe ea “lintho tsa bohlokoa haholo” tse re thusang ho atamela haufi le Jehova.—Bafil. 1:10.
1 BEHELLA NAKO KA THOKO
Bophelo bo maphathaphathe. Kahoo, maemong a mangata lithapelo li ba khutšoanyane, ’me seo ha se phoso. Ha ho hlokahale hore thapelo e be telele e le hore Jehova a e mamele. Leha ho le joalo, haeba u ka rata ho qeta nako e eketsehileng u rapela, u tla lokela ho behella nako ka thoko. Nako eo e lokela ho ba neng?
Khetha nako eo ho se nang lintho tse ka ’nang tsa u sitisa. Ka mohlala, u ka tsoha esale hoseng kapa oa lieha ho robala e le hore u rapele. Ka linako tse ling, Jesu o ne a rapela hoseng, ka linako tse ling a rapela bosiu. (Mat. 14:23; Mar. 1:35) Mohlala o mong ke oa Anna, ’mè oa moprofeta Samuele. Ka mor’a hore eena le ba lelapa la hae ba je, Anna o ile a rapela nako e telele. (1 Sam. 1:9, 12) O ile a khetha sebaka se se nang litšitiso.
2 NAHANA ESALE PELE KA LINTHO TSEO U BATLANG HO LI BOLELLA JEHOVA
Kaha joale u se u khethile nako eo u tla rapela ka eona, u tla rapella eng? Na u se kile oa rapela eaba oa lebala hore na u ne u batla ho re’ng ho Jehova? Kapa na u kile oa iphumana u ntse u pheta-pheta lintho tse tšoanang? Kaofela ha rona re ka etsahalloa ke ntho e joalo. Ke eng e ka re thusang ho hlola bothata boo?
Nahana esale pele ka lintho tseo u batlang ho li bolella Jehova. Ha u ntse u nahana ka tsona, li ngole fatše. Pele u rapela, sheba lethathamo leo ho ikhopotsa hore na u ne u batla ho rapella’ng. Ho etsa joalo, ho tla u thusa hore u khone ho bolella Jehova lintho tsohle tseo u li nahanang le maikutlo a hao.—Pes. 19:14.
3 KHETHA SEBAKA SE LOKETSENG
Ha u se u khethile hore na u tla rapela neng le hore na u tla re’ng ho Jehova, nahana ka hore na u tla rapella hokae. Khetha sebaka seo u tla ba mong. Jesu o ile a etsa ntho e tšoanang. Hangata o ne a ea moo a leng mong. (Luka 5:16) U ka ea hokae moo u tla khona ho bolella Jehova hore na u ikutloa joang?
U ka khetha sebaka se thotseng lapeng. Ka mohlala, morali’abo rona ea bitsoang Keirsten o re: “Ke lula haufi le fensetere moo ke khonang ho bona khoeli le linaleli. Ha ke le moo ke ee ke utloe eka Jehova o pel’a ka mona. Seo se nthusa hore ke bue le eena ka bolokolohi.”
Kapa u ka ’na oa rata ho rapella ka ntle. Morali’abo rona ea bitsoang Elizabeth o re: “Ke rata ho nka nako ke rapela ha ke ntse ke tsamaea ka ntle.” Ebang ke ka tlung kapa ke ka ntle, ho khetha sebaka se nepahetseng ho tla etsa hore u thabele ho rapela Jehova haholoanyane.