Liketso Tsa Lipaki Tsa Jehova Mehleng ea Kajeno
Japane
Japane ke e ’ngoe ea linaha tse nang le tšubuhlellano ea baahi ba bangata ka ho fetisisa lefatšeng. E tsebahala ka hore batho ba eona ba na le mekhoa e metle. E boetse e tsebahala e le senatla litabeng tsa indasteri. ’Me har’a Lipaki tsa Jehova, e na le botumo ba hore e na le e ’ngoe ea likarolelano tse khōlōhali tsa Lipaki tseo e leng basebeletsi ba bo-pula-maliboho. Ithute lebaka ha u bala tlaleho ena e thahasellisang.
Martinique
Liketane tsa bokhoba li bile le phello e tebileng historing ea Martinique. Empa ka lilemo tse 50, ho ’nile ha tsebahatsoa molaetsa oa tokoloho mono ka matla a eketsehileng. Ha u bala tlaleho ena, u tla tseba batho ba Martinique—monahano oa bona, meetlo ea bona, le tsela ea bona ea bophelo. Ithute hore na ’nete ea Bibele e amme batho bana kaofela joang.
Paraguay
Ka mashome a lilemo, ho paka Paraguay ho ’nile ha akarelletsa ho tobana le tšusumetso e matla ea baruti ba Roma e K’hatholike. Boemo boo boa fetoha. Bok’hatholike ba Roma ha e sa le bolumeli ba Naha. Puo e buuoang hase kamehla e leng Sepanishe. Boholo ba batho bo bua Seguarani. Ba bang ba bua lipuo tsa Europe kapa tsa Asia. Litaba tse molemo li fihla ho bona joang?