Uruguay
HA BATHO ba Spain ba ne ba qala ho fihla Uruguay ka 1516, ha baa ka ba fumana khauta kapa silevera, leha e le hore ba ile ba fumana tsela ea ho ea Bochabela eo ba neng ba e batla. Empa ka mor’a nako ba ile ba hlokomela hore naha ena e masabasaba le boemo ba eona bo botle ba leholimo li ne li loketse bakeng sa ho rua mehlape. Oo e ne e le monyetla oa ho etsa chelete. E sebelisa mekhoa eo hangata, ka masoabi e leng litšobotsi tse khethollang mebuso ea bokolone, Spain e ile ea qala phutuho ea sesole e mabifi ho hlasela le ho felisa Maindia a Charrua ao e leng matsoalloa a moo le ho a amoha naha ea ’ona. Lekholong la bo17 le la bo18 la lilemo, ba ile ba batla ba nkela baahi ba sebaka seo ba Maindia sebaka ka ho feletseng. Hamorao, bajaki ba likete-kete ba tsoang Italy le linaheng tse ling le bona ba ile ba fihla. Kahoo, boholo ba batho ba Uruguay kajeno ke litloholo tsa bajaki ba Europe, ’me Sepanishe ke puo ea molao.
Ho sa tsotellehe tšusumetso ea Europe e ka sehloohong ea baahi ba fetang limilione tse tharo, hoo e ka bang karolo ea 10 lekholong e na le mali a Maindia a tsoaletsoeng moo ’me karolo e ka tlaase ho 3 lekholong ke ea litloholo tsa makhoba a ileng a latoa Afrika. Bolumeli hase ntho eo boholo ba batho ba Uruguay ba amehileng ka eona haholo. Kereke e K’hatholike ha e na tšusumetso e matla ho baahi joaloka eo e nang le eona linaheng tse ling tsa Amerika Boroa. Ha e le hantle, ho tloha qalong ea lekholo la bo20 la lilemo, ho bile le karohano e hlokomelehang pakeng tsa Kereke le Naha. Leha ho le joalo, le hoja ho e-na le batho ba bangata ba inahanelang ka tsela ea bona, ba belaellang boteng ba Molimo le ba latolang boteng ba Molimo, palo e khōlō ea batho e ntse e lumela ho Molimo. Polelo e atisang ho utluoa e senola boemo ba bona: “Ke lumela ho Molimo. Ke mpa ke sa lumele bolumeling.”
Batho ba joalo ba ne ba tla itšoara joang haeba ho e-na le hore ba rutoe melao ea Bokreste-’mōtoana, ba ithuta ka Molimo oa ’nete, eo morero oa hae o lerato le litšebelisano tsa hae tse mosa le batho li boletsoeng ka Bibeleng? Na ba ne ba tla ipaka ba le har’a “tse lakatsehang” tseo Molimo a li amohellang ka tlung ea hae ea moea ea borapeli?—Hag. 2:7.
Qalo e Nyenyane
Ka 1924 monna ea bitsoang Juan Muñiz, oa Spain, o ile a tla batla batho ba lipelo li tšepahalang bao e neng e tla ba barapeli ba Jehova. O ile a kōpuoa ke J. F. Rutherford, eo e neng e le mookameli oa Watch Tower Bible and Tract Society, hore a fallele Amerika Boroa ’me a hlokomele ho boleloa ha litaba tse molemo Argentina, Chile, Paraguay le Uruguay. Kapele ka mor’a hore a fihle Argentina, o ile a tšelela Río de la Plata ka sekepe ho ea bolela ho batho ba Uruguay.
Ka lilemo tse latelang tse 43, ho fihlela a e-shoa ka 1967, Juan Muñiz e ne e le mosuoe ea sa tšabeng letho oa Lentsoe la Molimo ’me o ne a sebelisoa ho haseng litaba tse molemo ho pholletsa le linaha tse ’maloa tsa Amerika Boroa, ho akarelletsa le Uruguay. Lipaki tsa Jehova tse ngata tsa nako eo lia hopola hore o ne a ka hapa tlhokomelo ea bamameli ka lihora tse peli ho isa ho tse tharo a sa sebelise lintlha leha e le life tse ngotsoeng, a itšebelisetsa Bibele feela.
Kōpo ea Basebeletsi ba Eketsehileng ea Arajoa
Nakoana ka mor’a hore a fihle Amerika Boroa, Juan Muñiz o ile a hlokomela hore ho na le monyetla o moholo oa ho etsa barutuoa le hore ho hlokahala basebetsi. E tlameha ebe o ile a ikutloa joaloka Jesu: “Kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona, le kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Mat. 9:37, 38) Kahoo tumellanong le lithapelo tsa hae ho Jehova, “Mong’a kotulo,” Mor’abo rōna Muñiz o ile a fetisetsa ngongoreho ea hae ho Mor’abo rōna Rutherford.
Ha a araba kōpo ea hae, kopanong ea 1925 Magdeburg, Jeremane, Mor’abo rōna Rutherford o ile a kōpa pula-maliboho e mong oa Mojeremane hore na a ka ithaopela ho ea thusa Amerika Boroa. Lebitso la hae e ne e le Karl Ott. Mor’abo rōna Ott o ile a amohela kabelo eo ’me o ile a tsejoa e le Carlos Ott har’a barab’abo rōna ba buang Sepanishe. Ka mor’a hore a sebeletse Argentina ka nakoana, o ile a abeloa ho ea Montevideo, motse-moholo oa Uruguay, ka 1928. O ile a sebeletsa Uruguay ka lilemo tse latelang tse leshome.
Carlos o ile a kena khabong hang-hang. O ile a ipaka a le mafolofolo a bile a le bohlale. Kapelenyana o ile a fumana sebaka Seterateng sa Río Negro moo a ka lulang le ho tšoarela liboka tsa kamehla tsa thuto ea Bibele teng le batho ba seng bakae ba thahasellang. O bile a lokisetsa hore lipuo tsa Bibele li hasoe ka seea-le-moea. Seteishene se seng sa seea-le-moea se bile sa lumela ho hasa lipuo tseo kantle ho tefo.
Ka linako tse ling, Carlos o ne a ee a kene ntlong ea lijo ’me a atamele batho litafoleng tsa bona ha ba ntse ba e-ja. Ka letsatsi le leng, ha a ntse a tšoarehile ka ho paka litafoleng, o ile a kopana le José Gajek, ralebenkele oa Mojeremane ea ileng a amohela ’nete ea Bibele kapelenyana. Kapele José o ile a ikopanya le Carlos e le e mong oa baboleli ba pele ba litaba tse molemo Uruguay.
A ikemiselitse ho kopanela ho haseng litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka nako e tletseng, Mor’abo rōna Gajek o ile a rekisa lebenkele la hae la korosari ’me a nka bopula-maliboho. Eena le Mor’abo rōna Ott ba ile ba koahela karolo e khōlō ea naha, ba bolela ka ntlo le ntlo le ho fana ka lipuo tsa Bibele metseng le litoropong tse ngata. Mor’abo rōna Gajek o ile a jala peō ka bongata lipelong tsa batho ba bangata ba Uruguay ho fihlela a e-shoa ka 1953. Ba bangata ba neng ba ithuta le eena e ile ea e-ba litho tsa phutheho ea Bokreste ’me ba ntse ba tšepahala ho fihlela lena le holimo.
Marussia a Amohela ’Nete
Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, malapa a mangata a Marussia a ile a fallela Uruguay ’me a lula ka leboea. A ile a lula moo e le lihoai tse atlehang. A boela a lula a ntse a hlompha Bibele ho ea ka tloaelo ea ’ona, a e bala kamehla. Ka lebaka la botho ba ’ona ba ho sebetsa ka thata le ho ba batho ba lihlong, a ile a iketsa khokanyana-phiri ’me a batla a sa ikopanye le sechaba sa Uruguay. Ke mona moo mohoeletsi e mong oa pele oa litaba tse molemo Uruguay a ileng a ikopanya le sehlopha sa Lipaki tsa pele. Lebitso la hae e ne e le Nikifor Tkachenko.
Ha a le moo a tsoaletsoeng teng Bessarabia, Nikifor e ne e le Lekomonisi le hlooho e thata. Leha ho le joalo, ka mor’a hore a fallele Brazil, o ile a fumana bukana e neng e e-na le sehlooho se reng Where Are the Dead? e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower. Kapele-pele o ile a hlokomela hore hona ke ’nete ’me ea e-ba seithuti se chesehang sa Bibele. Kapelenyana o ile a qala ho bolela har’a batho ba buang Serussia sebakeng sa São Paulo sa Brazil. A susumelitsoe ke takatso ea ho ea bolela ka puo ea ha habo ho batho ba ha habo Uruguay, o ile a nka leeto la lik’hilomithara tse ka bang 2 000. Kahoo, ka 1938, Mor’abo rōna Tkachenko o ile a fihla motseng oa Marussia o bitsoang Colonia Palma ka leboea ho Uruguay ’me a sebetsa ka cheseho hoo kapele a ileng a qeta lingoliloeng tsa Bibele ka Serussia tseo a neng a e-na le tsona.
Lihoai li ile tsa arabela ka cheseho. Litho tsohle tsa malapa li ile tsa qala ho ithuta le ho amohela ’nete. Li ile tsa ipaka li le har’a “tse lakatsehang” tse memetsoeng ka tlung ea Jehova. Tkachenko, Stanko, Cotlearenco, Gordenko, Seclenov le Sicalo ke malapa a seng makae feela ao litloholo le litloholoana tsa ’ona e bileng motheo oa liphutheho tse ka leboea tse kang Bella Unión, Salto le Paysandú. Ba bang malapeng ana e bile bo-pula-maliboho ba khethehileng, baholo, balebeli ba potoloho le baromuoa. Ha e le Mor’abo rōna Tkachenko, o ile a lula a tšepahala ho fihlela lefung ka 1974.
Majeremane a Tšeletseng
Ka lebaka la mahloriso a mabifi khahlanong le Lipaki tsa Jehova Jeremane ea Bonazi, bo-pula-maliboho ba bangata ba Majeremane ba ile ba tloha ha habo bona ho ea sebeletsa Amerika Boroa. Mathoasong a 1939, ba tšeletseng ba bo-pula-maliboho bana ba ile ba fihla Montevideo, ba se na chelete ho hang ’me ba e-na le lintho tse fokolang. Ba ile ba thabela ho kopana le Carlos Ott, ea neng a le teng ho tla ba amohela. Bana ba tšeletseng e ne e le Gustavo le Betty Bender, Adolfo le Carlota Voss, Kurt Nickel le Otto Helle. Matsatsi a mararo feela ka mor’a hore ba fihle, ba ne ba se ba ntse ba bolela ka ntlo le ntlo. Kaha ba ne ba sa tsebe Sepanishe, ba ne ba sebelisa karete ea ho paka ea Sepanishe. Sohle seo ba neng ba ka se bua ka Sepanishe e ne e le hore “Por favor, lea esto” (“Ke kōpa hore u bale mona”). Ho sa tsotellehe ho se tsebe puo ha sona, sehlopha sena sa Majeremane se ile sa siuoa Uruguay hore se hlokomele mosebetsi oa ’Muso naheng eo ha Mor’abo rōna Ott a abeloa ho ea Argentina.
Likhoeling tse seng kae tse qalang ho ne ho se bonolo. Ho ithuta puo e ne e le phephetso. Ho ne ho tloaelehile ho bona ho memela batho riñones (liphieong) ho e-na le reuniones (libokeng); ba ne ba bua ka abejas (linotši) ho e-na le ovejas (linku); ’me ba ne ba kōpa arena (lehlabathe) ho e-na le harina (phofo). E mong oa bona oa hopola: “Ho bolela ka ntlo le ntlo le ho khanna lithuto tsa Bibele le liboka re sa tsebe puo e ne e le mosebetsi o thata. Ho feta moo, re ne re hloka thuso ea lichelete. Re ile ra khona ho sebelisa menehelo e fumanoang ha re tsamaisitse lingoliloeng tsa rōna hore re koahele litšenyehelo tsa ho phela le lipalangoang. Ho thabisang ke hore qetellong ea 1939, re ne re tsamaisitse lipeeletso tse 55 tsa limakasine, libuka tse fetang 1 000 le libukana tse 19 000.”
Libaesekele le Litente
Majeremane ana a tšeletseng ha aa ka a nyahama habonolo. Ka mor’a nakoana ba ile ba qala ho koahela naha ena ka litaba tse molemo ka tsela e baballang chelete ka ho fetisisa eo ba ka e khonang—ba ile ba reka libaesekele tse tšeletseng. Otto Helle le Kurt Nickel ba ile ba tsamaea ka libaesekele matsatsi a ’maloa—lik’hilomithara tse 615—ho ea fihla Colonia Palma ho ea tšehetsa Mor’abo rōna Tkachenko. U ka inahanela hore na ba ile ba makala hakaakang ha ba fumana hore ha a tsebe Sepanishe kapa Sejeremane, ’me ba ne ba sa utloisise le lentsoe le le leng la Serussia! Ba utloa liphello tsa se etsahetseng Toreng ea Babele, ba ile ba etsa qeto ea ho bolela ka Sepanishe sa bona se fokolang metseng e haufi ea Salto ha Mor’abo rōna Tkachenko a ile a tsoela pele ho sebetsa le Marussia.—Gen. 11:1-9.
Ho sa le joalo, e le hore ba ka hasa molaetsa oa Bibele metseng le litoropong tse ka boroa, ba ha Bender ba ile ba kena leetong la lik’hilomithara tse makholo litseleng tsa kerabole le tse lerōle. Libaesekeleng tsa bona ba ne ba laetse tente, setofo se senyenyane, lijana, lingoliloeng, keramafono e nang le lipuo tsa Bibele tse lirekotong, hammoho le liphahlo tse hlokahalang bakeng sa likhoeli tse ’maloa. Thepa e neng e le holim’a baesekele ka ’ngoe e ne e lekana le boima ba motho e mong! Ka thepa ena e fokolang, ba ile ba tobana le serame, mocheso le pula. Makhetlong a mang ha ba ne ba tšela metsing a meroallo, ba ile ba tlameha ho jara ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le hore ba ka boloka lingoliloeng le keramafono li omme.
Karolo e ’ngoe ea bohlokoa ea thepa e ne e le tente ea bona. Ba ha Bender ba ne ba entse hore tente e se ke ea kenela metsi, ba e tlotsa ka oli le konofolo ho leleka tšoele. Hoseng ho hong ha ba tsoha ba ne ba sitoa ho lumela seo ba se bonang ha ba bona leholimo ka masoba a mangata marulelong a tente eo. Bosiu maroana a ile a sitoa ho iphapanyetsa lijo tsena tsa tente e tlotsitsoeng ka oli le konofolo! Banyalani bana ba Majeremane ba ne ba ile ba khella tlaase takatso ea lijo e matla ea maroana.
“Lihloela Tsa Manazi”?
Kaha e ne e le Majeremane, e ile ea e-ba bothata bo boholohali ho Gustavo le Betty Bender ha ba ntse ba bolela ho kenella ka hare ho naha. Hobane’ng? Ntoa ea II ea Lefatše e ne e ntse e kupa, ’me seea-le-moea sa Uruguay le likoranta tsa teng li ile tsa fana ka litlaleho tse susumetsang maikutlo ka ho kenella ha Jeremane Europe. Lekhetlong le leng ha ba ha Bender ba ne ba hlomme tente ea bona mathokong a motse, seea-le-moea se ile sa tsebisa hore Majeremane a lahletse litsebi tse hlometseng tsa ho fofa ka pharachuti li e-na le libaesekele hore li etelle pele litheko tsa ba lireng. Hang-hang, batho ba tšohileng ba motse ba ile ba etsa qeto ea hore banyalani ba Majeremane ba hlommeng tente ka ntle ho motse e ne e le lihloela tsa Manazi! Ka ho panya ha leihlo, mapolesa a moo a ile a leba liahelong tsa ba ha Bender ho ea fuputsa boemo, a tšehelitsoe ke sehlopha se seholo sa banna ba hlometseng.
Gustavo le Betty ba ile ba hlongoa lipotso. Mapolesa a ile a hlokomela hore lintho tse ling li ne li koahetsoe ka seile. Kahoo a ile a botsa a tšohile: “Le koahetse’ng ka seile eo?” Gustavo o ile a arabela: “Libaesekele tsa rōna tse peli le lingoliloeng tsa Bibele.” E bonahala e sa kholoe, ofisiri e ’ngoe ea sepolesa e ile ea mo laela hore a tlose seile eo. Ho ne ho se na lithunya—empa ho ile ha hlaha libaesekele tse peli le libuka tse ’maloa, ’me ha ba ha re kokololo ho liofisiri tseo. Liofisiri tseo li ile tsa atolosetsa memo ea botsoalle ho ba ha Bender ho ea lula sebakeng se batlang se le setle—seteisheneng sa sepolesa—ha ba ntse ba bolela motseng oo!
Majeremane ao a tšeletseng a ile a bolela ka botšepehi ka lilemo tse mashome Uruguay. Ka mor’a hore Gustavo Bender a shoe ka 1961, mosali oa hae o ile a khutlela Jeremane, moo a ileng a ntšetsa pele tšebeletso ea hae ea bopula-maliboho. O ile a shoa ka 1995. Adolfo le Carlota Voss ba ile ba sebeletsa e le baromuoa Uruguay ho fihlela lefung la bona ka 1993 le 1960 ka ho latellana. Kurt Nickel le eena o ile a lula Uruguay ho fihlela lefung la hae ka 1984. Nakong ea ha ho ngoloa sena, Otto Helle, a le selemong sa hae sa bo92, o ntse a sebeletsa Uruguay.
Peō e Beha Litholoana
Baboleli bana ba pele ba litaba tse molemo Uruguay ka cheseho ba ile ba batla bao e tlang ho ba bafo ba ’Muso oa Molimo. Ka 1944 ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 20 le bo-pula-maliboho ba 8 ba tlalehang tšebeletso Uruguay. E ne e le qalo e nyenyane. Tse ling “tse lakatsehang” e ne e le hona li tla fumanoa.
María de Berrueta le bana ba hae ba bane—Lira, Selva, Germinal le Líber—ba ile ba qala ho ea libokeng tsa Bokreste ka 1944. Nakoana ka mor’a moo, Lira le Selva ba ile ba qala ho bolela ’me ka likhoeli tse seng kae, ba kenela tšebeletso ea bopula-maliboho. Ba ile ba ikopanya le Aida Larriera, e mong oa bahoeletsi ba pele le ba chesehang haholo naheng eo. Leha ho le joalo, lelapa la ha Berrueta le ne le e-s’o tšoantšetse boinehelo ba lona ka kolobetso ea metsing. Ho le leng la maeto a hae ha a tsoa Argentina, Juan Muñiz o ile a hlokomela ntho ena e sa tloaelehang. Kahoo, likhoeli tse tšeletseng ba se ba le tšebeletsong ea bona ea nako e tletseng, Lira le Selva ba ile ba kolobetsoa hammoho le khaitseli ea bona Líber le ’mè oa bona, María.
Lira o re: “Re tšehelitsoe ke mosa o sa tšoanelang oa Jehova, ha ho mohla re kileng ra tsoa boinehelo boo tlaase.” Ka 1950 o ile a memeloa Sekolong sa Gileade. O ile a abeloa Argentina e le moromuoa, moo a ileng a sebeletsa ka lilemo tse 26. Ka 1976 o ile a khutlela Uruguay. Selva le eena o ile a ea Sekolong sa Gileade, ka 1953, le monna oa hae. Ba ile ba abeloa Uruguay, moo monna oa hae a ileng a sebeletsa e le molebeli oa potoloho. Selva o ile a tsoela pele a tšepahala ho fihlela lefung la hae ka 1973. Líber o ile a nyala ’me a ba le lelapa. Le eena o ile a thabela litokelo tse ngata tsa tšebeletso. Ho fihlela lefung la hae ka 1975, e ne e le mookameli oa mokhatlo oa molao o sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova Uruguay, Sociedad La Torre del Vigía. Ho ile ha etsahala’ng ka Germinal? O ile a khaotsa ho kopanela le batho ba Jehova. Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse ka bang 25, peō ea ’nete e ile ea boela ea tsoha pelong ea hae. Kajeno, ke moholo ho e ’ngoe ea liphutheho tsa Montevideo.
Baromuoa ba Tsoang Gileade Baa Fihla
Ka March 1945, Nathan H. Knorr le Frederick W. Franz ba tsoang ntlo-khōlō ea lefatše ea Mokhatlo ba ile ba etela Uruguay ka lekhetlo la pele. E ne e le mohloli oa khothatso ho bohle. Ho ne ho boetse ho e-na le mor’abo rōna e mong, Russell Cornelius, ea ileng a fihla Uruguay ka nako e batlang e tšoana. Mor’abo rōna Cornelius o ne a sa eta feela. Ho ileng ha thabisa barab’abo rōna ke hore e ne e le eena seithuti sa pele sa Gileade se abetsoeng Uruguay. Ka nako eo o ne a bua mantsoe a seng makae feela a Sepanishe, empa o ne a ikemiselitse ho ithuta. Ka libeke tse tšeletseng o ile a khona ho fana ka puo ea hae ea phatlalatsa ea pele ka Sepanishe! O ile a ipaka e le thuso e khōlō mosebetsing oa ’Muso Uruguay.
Hona selemong seo, Mokhatlo o ile oa romela baromuoa ba eketsehileng ba 16. Kaofela e ne e le baralib’abo rōna ba bacha. Boteng ba bona Montevideo bo ile ba bonahala kapele, ’me koranta e ’ngoe e ile ea re “mangeloi a moriri oa khauta a itlotsitseng ka litlolo” a theohile leholimong a tlile Montevideo! Baralib’abo rōna ba ile ba qala ho bolela kapele-pele ka cheseho le ka mafolofolo. Liphello tsa tšebeletso ea bona li ile tsa bonahala. Palo ea ba bileng teng Sehopotsong e ile ea eketseha ka potlako e khōlō ho tloha ho ba 31 ka 1945 ho fihla ho ba 204 selemong se latelang. Hamorao, ba ’maloa ba baromuoa bana ba ile ba romeloa metseng e kenellang ka hare ho naha. Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba bona ha ba ntse ba bolela libakeng tseo ho neng ho se mohla li kileng tsa finyelloa ka litaba tse molemo.
Ha lilemo li ntse li feta, baromuoa ba fetang 80 ba sebelelitse Uruguay. Ba ntseng ba le likabelong tsa bona ke Ethel Voss, Birdene Hofstetter, Tove Haagensen, Günter Schönhardt, Lira Berrueta le Florence Latimer. Kaofela ha bona ba qetile lilemo tse fetang 20 likabelong tsa bona. Monna oa morali’abo rōna Latimer, William, o ile a shoela kabelong ea hae ka mor’a lilemo tse 32 tsa tšebeletso ea boromuoa, tseo tse ngata tsa tsona a ileng a li qeta mosebetsing oa ho tsamaea.
Seboka se Sirelelitsoeng Hantle
Jack Powers, seithuti sa sehlopha sa pele sa Gileade, o ile a qala ho sebeletsa Uruguay ka la 1 May, 1945. Eena le mosali oa hae, Jane, ba ile ba sebetsa ba sa khathale, ba ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso mona ho fihlela ka 1978, ha ba tlameha ho tloha naheng eo ho ea hlokomela batsoali ba bona ba kulang United States. Jack o hopola ketsahalo e ’ngoe e sa lebaleheng e ileng ea etsahala ha a ntse a le Uruguay. Ka 1947, Jack o ile a fihla Rivera, motse o ka leboea ho naha haufi le moeli oa Brazil. Le hoja ho ne ho se na bahoeletsi ba sebaka seo, ka thuso ea mor’abo rōna oa Brazil, o ile a qeta khoeli a bolela motseng oo kaofela, a tsamaisa likopi tse fetang 1 000 tsa bukana ea One World, One Government, ka Sepanishe.
Eitse ha tšebeletso ea khoeli eo e fihla sehlohlolong, o ile a etsa qeto ea ho tšoarela seboka sa phatlalatsa Plaza Internacional (Lepatlelo la Machaba). Joalokaha lebitso le bontša, Lepatlelo lena le ne le lutse hantle bohareng ba moeli oa machaba pakeng tsa Brazil le Uruguay. Ka mor’a hore seboka seo se phatlalatsoe matsatsi a ’maloa, barab’abo rōna ba ile ba ema libakeng tsa bona Lepatlelong ba lebeletse matšoele ao ba neng ba nahanne hore a tla tla a nyeunya ho tla utloa puo. Nakoana, ha fihla mapolesa a hlometseng a 50 ho tla boloka taolo nakong ea seboka. Ba bileng teng ba ile ba e-ba bakae? Kakaretso ea ba 53—barab’abo rōna ba babeli, motho a le mong ea ileng a tla ka lebaka la ho thahasella sehlooho sa puo, le mapolesa a 50. Seboka seo se ne se laolehile ’me ka sebele se sirelelitsoe hantle!
Selemong se latelang, Mokhatlo o ile oa abela baromuoa ba bahlano ho ea Rivera. Nakoana ka mor’a hore baromuoa ba fihle, Nathan H. Knorr le Milton G. Henschel, ba tsoang ntlo-khōlō ea Mokhatlo, ba ile ba tšoara seboka Rivera le bamameli ba 380. Ha lilemo li ntse li feta, ho ile ha fumanoa batho ba bangata ba amohelang molaetsa oa ’Muso Rivera. Hona joale, ho na le liphutheho tse peli tse mafolofolo sebakeng seo.
Baahisani ba Babeli ba Bohelehele
O mong oa metse e meholohali ho kenella ka hare ho Uruguay ke Salto, o lebōpong le ka bochabela la Nōka ea Uruguay. Sena ke sebaka sa temo ea litholoana se tummeng ka lilamunu le litholoana tse ling tsa mofuta oa lamunu. Salto e ’nile ea boela ea beha litholoana le ka kutloisiso ea moea, ka liphutheho tse hlano sebakeng seo. Leha ho le joalo, ka 1947 baromuoa Salto ba ne ba sa tsoa qala ho batla “tse lakatsehang” tsa Jehova.
Selemong seo, Mabel Jones, e mong oa baralib’abo rōna ba 16 ba baromuoa ea neng a fihlile ka 1945, o ile a ea Salto hammoho le baromuoa ba bang ka libeke tse ’maloa ho ea haha thahasello kopanong e neng e tla tšoareloa moo. Baahelani ba babeli, Carola Beltramelli le motsoalle oa hae Catalina Pomponi, ba ile ba shebella Mabel ka bohelehele. Ka Moqebelo o mong thapama ha Mabel a khutlela hae ka mor’a ho kopanela tšebeletsong ea tšimo, baahelani ba babeli ba bohelehele ba ile ba mo atamela ’me ba mo botsa lipotso tsa Bibele. Catalina Pomponi oa hopola: “Kamehla ke ne ke tšoenyehile ka lintho tse ngata tsa bolumeli. Ke ka lebaka leo ke ileng ka qala ho ipalla Bibele ke le mong. Ke ile ka ithuta lintho tse ngata. Ka mohlala, ke ile ka ithuta hore lithapelo tse eang ho Molimo li lokela ho etsoa lekunutung, eseng hore u bonoe ke ba bang. Ka mor’a moo hangata ke ne ke khumama ’me ke rapele Molimo bakeng sa kutloisiso. Ha Mabel Jones a bua le rōna ka lekhetlo la pele, re ile ra utloa eka ho tlosoa lesira mahlong a rōna. Ke ile ka ea hae, ’me ka khumama ho leboha Molimo. Letsatsing le latelang ’na le Carola re ile ra ba teng sebokeng sa phatlalatsa kopanong.”
Ho sa tsotellehe khanyetso eo ba ileng ba e fumana ho banna ba bona, baahelani ba babeli ba Mabel ba ile ba tsoela pele ka potlako ’me ba kolobetsoa. Ka mor’a nako Catalina Pomponi o ile a khethoa e le pula-maliboho ea khethehileng. Nako eohle ea tšebeletso ea hae e behang litholoana ka lilemo tse fetang 40 tšebeletsong ea nako e tletseng, o thusitse batho ba 110 hore e be Lipaki tse kolobelitsoeng tsa Jehova. Carola Beltramelli le eena o ile a ipaka e le ’moleli ea chesehang oa ’Muso, a thusa batho ba fetang 30 hore ba kolobetsoe. Bara ba babeli ba Carola e ile ea e-ba bo-pula-maliboho. E moholo, Delfos, o bile le tokelo ea ho ea Sekolong sa Gileade, ’me o thusitse ka bolebeli ba lekala ho tloha ka 1970.
Lefatšeng la Maté
Ha baromuoa ba ntse ba akaretsa libaka tsa mahaeng, ba ile ba etela li-estancia tse ’maloa, e leng metebo e meholo ea likhomo le linku. Batho ba phelang ho li-estancia tsena ke batho ba itekanetseng le ba amohelang baeti ka mofuthu. Ba tloaetse ho amohela Lipaki ka ho li fa seno sa moo sa setso, e leng maté. Maté ke tee e chesang e nooang ka mohope o kentsoeng bombilla, lehlakana la tšepe le nang le sefe qetellong. Ho batho ba Uruguay, ho pheha le ho fepa batho maté e batla e le mokete. Ka mor’a hore tee e loke, hoa khaolisanoa, kaofela ha bona ba noa ka bombilla e le ’ngoe.
U ka inahanela hore na baromuoa ba ile ba itšoara joang ha ba qala ho memeloa hore ba noe maté e kopanetsoeng. Ha baromuoa ba e-noa motsoako ona o motala o babang, lifahleho tsa bona li ne li hloenya ka litsela tse sa tšoaneng, e leng ho ileng ha qabola batho ba ba amohetseng. Ba bang ka mor’a hore ba e leke ka lekhetlo la pele, ba ile ba etsa qeto ea hore ebile ke la ho qetela. Limemo tse latelang tsa ho ea phoka maté li ne li hanoa ka mokhoa o motle.
‘Haeba le na le Litšoantšo, Nke ke ka Khutlela’
Sehlopha sa baromuoa se ile sa abeloa ho ea motseng oa Tacuarembó, ka leboea ho Uruguay. Motse ona o pota-potiloe ke li-estancia tse khōlō le libaka tsa mapolasi. Ka 1949, Gerardo Escribano, sehoai se secha se nang le lipotso tse ngata mabapi le bophelo, o ile a amohela memo ea hore a be teng puong ea phatlalatsa Holong ea ’Muso. O ile a amohela memo eo tlas’a maemo ana feela: “Haeba le na le litšoantšo kapa haeba ho hlokahala hore ke phete lithapelo, nke ke ka khutlela.”
Gerardo o ile a thabela ho fumana ho se na litšoantšo le litšebeletso tsa kereke ka Holong ea ’Muso. Ho e-na le hoo, o ile a thabela puo ea Mangolo e ileng ea tsosolosa thahasello ea hae Bibeleng. O ile a tsoela pele ho ea libokeng ’me ka mor’a nako e ile ea e-ba mohlanka ea inehetseng le ea kolobelitsoeng oa Jehova. Ha lilemo li ntse li feta, o ’nile a thabela litokelo tse ngata tsa tšebeletso, tse kang bopula-maliboho bo khethehileng, mosebetsi oa potoloho le mosebetsi oa setereke. Mor’abo rōna Escribano le mosali oa hae, Ramona, ba bile tšebeletsong ea nako e tletseng ka lilemo tse fetang 83 ha li kopane. Ho tloha ka 1976, Mor’abo rōna Escribano e bile setho sa Komiti ea Lekala hammoho le Delfos Beltramelli le Günter Schönhardt, moromuoa ea tsoang Jeremane eo ka lilemo tse ngata a tlatselitseng haholo kahong ea moea ea liphutheho tse tikolohong eo ea lekala.
Kotulo ea Eketseha
Jesu o ile a re: “Kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae.” (Mat. 9:37, 38) Mantsoe ana a ile a ba le moelelo o khethehileng bophelong ba baromuoa ba Uruguay, ba neng ba e-na le tšimo e khōlōhali eo ba lokelang ho e koahela. Ha lilemo li ntse li feta, ho ile ha totobala hore Jehova o tšehetsa le ho hlohonolofatsa boiteko ba basebetsi ba hae.
Ka 1949, ha Barab’abo rōna Knorr le Henschel ba ne ba etile ka lekhetlo la bobeli, batho ba 592 ba ile ba kopana Montevideo ho tla mamela puo ea Mor’abo rōna Knorr e neng e re “Nako e Ile ho Feta Kamoo U Nahanang Kateng!” Ketsahalong eo ho ile ha kolobetsoa ba 73. Mehleng eo ho ne ho e-na le liphutheho tse 11 ka har’a naha. Lilemo tse leshome hamorao, ketelong ea hae ea bone, Mor’abo rōna Knorr o ile a bua le bamameli ba fetang 2 000 Montevideo. Ka nako eo, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 1 415 le liphutheho tse 41 Uruguay.
Lilemo tse leshome tsa bo-1950 li ile tsa tšoauoa ka khōlo palong ea liphutheho ho pholletsa le naha. Ho ntse ho le joalo, tse ngata li ne li lokela ho kopanela malapeng a batho. Ketsahalong e ’ngoe, mong’a ntlo o ile a kenya mabili ka bohlale thepeng eohle ea ka tlung ea kamore ea hae ea ho phomola. Kahoo, ha nako e fihla ea ho suthela seboka sa phutheho, seo a neng a lokela ho se etsa feela e ne e le ho khanna thepa eo ea ntlo ka mabili hore e tlohe tseleng. Ketsahalong e ’ngoe, phutheho e ne e kopanela kamoreng e nyenyane ho elella ka pel’a ntlo ea motho. Ha phutheho e ntse e hōla, ho ile ha tlosoa lintho tse e arotseng e le hore ho ka fella sehlopha se seholoanyane. Qetellong, boholo ba mabota ao bo ile ba tlosoa, ’me lelapa leo le ile la lumela ho lula sebakeng se senyenyane ho elella ka morao ho ntlo.
Thulusi e ikhethang e ileng ea ipaka e le molemo ho tloaelanya batho ba Uruguay le mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova e bile filimi ea The New World Society in Action. Filimi ena e ile ea fihla Uruguay ka 1955. Selemong seo Líber Berrueta o ile a kenella ka hare ho naha ’me a bontša batho ba fetang 4 500 filimi eo. E ile ea susumetsa ba bangata bao pele ba neng ba bontša thahasello e fokolang mosebetsing oa rōna, ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova.
Ofisi e Ncha ea Lekala
Ha palo ea bahoeletsi e ntse e hōla ka potlako, ho ile ha totobala hore ho hlokahala mehaho e tšoanetseng bakeng sa ofisi ea lekala le lehae la baromuoa. Ka lilemo, ho ne ho ’nile ha hiroa mehaho e sa tšoaneng ho khotsofatsa tlhoko ena. Empa nako e ne e fihlile ea hore ho rekoe setša seo ho tla hahoa mehaho ea Mokhatlo ho sona. Leha ho le joalo, setša se bohareng ba motse-moholo, Montevideo, se ne se le theko e phahameng haholo. Ho ile ha bonahala eka ha ho na boikhethelo haese ho reka setša se hōle le moo, ho ea mathokong a motse. Ka lebaka leo, ho ile ha fumanoa setša se seholo ka 1955. Lipolane tsa kaho li ile tsa amoheloa, ’me basebetsi ba ne ba le malala-a-laoetsoe ho qala ho sebetsa setšeng. Joale, barab’abo rōna ba ile ba tšoha ha ba fumana hore ’muso oa sebaka seo o ne o entse qeto ea ho etsa katoloso ea tsela e khōlō e parolang ka lehare setšeng seo se sa tsoa fumanoa!
Ba ne ba tla etsa joang? Ho ile ha latela lipuisano le ba boholong. E le tharollo, ba boholong ba ile ba re ba ka reka setša seo sa Mokhatlo. Leha ho le joalo, chelete eo ba neng ba utloisisa ho e lefa e ne e le nyenyane ho eo barab’abo rōna ba neng ba e lefile qalong. Chelete eo e ne e ke ke ea lekana ho fumana setša se tšoanang.
Jack Powers oa hopola: “Ka lekhetlo le leng, re ile ra fihlela qeto ea hore e ne e se nako ea Jehova bakeng sa kaho. Empa kapelenyana re ile ra utloisisa mantsoe a Pauluse a ho Baroma 11:34: ‘Ke mang ea tsebang kelello ea Jehova, kapa ke mang eo e bileng moeletsi oa hae?’ E mong oa ba boholong o ile a etsa tlhahiso ea hore mohlomong re ka fapanyetsana setša seo ka sa ’muso se neng se sa sebelisoe. O ile a re fa setša se batlang se lekana le seo ka boholo ’me se le botleng bohareng ba Montevideo, Seterateng sa Francisco Bauzá. Re ile ra se amohela kantle ho tikatiko. Ho feta moo, setša seo se ne se phahametse seo re se rekileng pele ka makhetlo a mangata ka theko—’me ha hoa ka ha hlokahala hore re lefe letho ka holimo! Ka sebele, letsoho la Jehova le ile la tsamaisa litaba molemong oa batho ba hae!”
Setsebi sa Meralo ea ho Haha se Etsa Qeto
Ho hahuoa ha ofisi ea lekala ho ile ha tsoela pele tlas’a tataiso ea Justino Apolo, setsebi sa meralo ea ho haha se tsebahalang haholo. Justino o ne a sa tsoa qala ho ithuta Bibele le e mong oa baromuoa. Justino oa hopola: “Kamehla ke ne ke batla ho fumana ’nete mabapi le Molimo. Ke hōlisitsoe ke le Mok’hatholike, empa ha lilemo li ntse li feta, ke ile ka ’na ka nyahama le ho feta. Ke sa ntse ke hopola hantle letsatsi leo ka lona ke ileng ka ea kerekeng ho ea etsa litokisetso tsa lechato la ka. Moprista o ile a mpotsa: ‘U batla hore ho bonesoe mabone a makae ka kerekeng moketeng oa hao oa lechato? Ha ho bonesitsoe mabone a eketsehileng, u tla lefa haholoanyane, empa u ka kholiseha hore u tla khahlisa metsoalle ea hao.’ Ke ’nete, ke ne ke batla lechato le letle. Kahoo ke ile ka kōpa mabone a mangata. Joale moprista a botsa: ‘U batla k’hapete e khubelu kapa e tšoeu?’ Phapang ke efe? O ile a hlalosa, ‘Taba ke hore k’hapete e khubelu e etsa hore mose oa monyaluoa o hle o bonahale haholoanyane, empa litšenyehelo tsa eona li mena tsa e ’ngoe ka makhetlo a mabeli.’ Joale ha latela taba ea sefela sa ‘Ahe Maria.’ ‘U batla se binoe ke motho a le mong, kapa u batla k’horase?’ Moprista eo o ile a tsoela pele ho nthekisetsa litšebeletso tsa mokete ka mefuta ea tsona.
“Ke ile ka fela ka nyalla kerekeng. Empa ke ne ke halefisitsoe haholo ke khoebo eohle e etsoang bolumeling. Ha ke qala ho ithuta le Lipaki tsa Jehova, phapang e ne e totobetse. Kapelenyana ke ile ka hlokomela hore ke fumane ’nete.”
Ka mor’a likhoeli tse ngata a ithuta Bibele ha a ntse a sebetsa kahong ea Bethele ’me a kopanela le Lipaki, Justino o ile a hlokomela hore o tlameha ho etsa qeto. Ka mor’a hore mohaho o fele, ho ea bofelong ba 1961, setsebi seo sa meralo ea ho haha se ile sa etsa qeto e nepahetseng ’me sa kolobetsoa. Hona joale Justino o sebeletsa e le moholo ’me o thusitse ho haha Liholo tsa ’Muso tse fetang 60 Uruguay.
Katoloso ea Lekala e Tsoela Pele
Ka la 28 October, 1961, e bile ho thabisang ho nehela mohaho oo o mocha o motle. Mokato oa pele o ne o e-na le sebaka se seholo sa liofisi, setsi sa lingoliloeng le Holo ea ’Muso e ntle. Mokatong o ka holimo ho ne ho e-na le likamore tse robong tseo ho tsona ho neng ho lula baromuoa le basebetsi ba ofisi.
Bakeng sa bahoeletsi ba 1 570 ba mafolofolo naheng eo ka nako eo, ho ne ho bonahala eka Bethele e tla khona ho hlokomela khōlo leha e le efe e neng e lebeletsoe lilemong tse latelang. Leha ho le joalo, khōlo e ile ea potlaka ho feta kamoo ho neng ho lebeletsoe kateng. Ka 1985 ho ile ha eketsoa ka mekato e ’meli e ileng ea etsa hore lekala leo le imene habeli ka boholo.
Haufinyane tjena Mokhatlo o sa tsoa fumana setša se seng se setle mathokong a Montevideo. Kaho ea mehaho e mecha ea lekala hammoho le Holo ea Kopano li ntse li tsoela pele. Ka thuso ea sehlopha sa basebetsi sa machaba, ho lebeletsoe hore morero oo o tla phethoa ka 1999.
Koetliso ea Balebeli
E le ho hlokomela keketseho ea “tse lakatsehang” Uruguay, ho ne ho sa hlokahale feela mehaho ea lekala empa ho ne ho boetse ho hlokahala le balisa ba tsotellang. Pakeng tsa selemo sa 1956 le 1961, palo ea bahoeletsi e ile ea imena habeli ’me ho ile ha thehoa liphutheho tse ncha tse 13. Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso se ile sa ipaka e le tokisetso e lerato le e nakong hakaakang! Ha Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso se qala ka 1961, barab’abo rōna ba bangata ba maemong a boikarabello ka liphuthehong ba ile ba etsa litokisetso tsa ho ba teng lithupelong tseo tse nkang khoeli. Ba bangata ho bona ba ne ba tlameha ho tsamaea libaka tse telele, ’me ba bang ba ile ba beha mesebetsi ea bona kotsing hore ba be teng thupelong e feletseng ea sekolo.
Ka mohlala, Horacio Leguizamón o ne a lula Dolores lik’hilomithara tse 300 ho tloha Montevideo, e leng moo Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso se neng se tšoaretsoe teng. Ha a kōpa tumello ea ho ba sieo mosebetsing ka khoeli e le ’ngoe, o ile a bolelloa hore hase ntho e ka etsahalang. Mor’abo rōna Leguizamón o ile a hlalosa kamoo koetliso ena e leng ea bohlokoa kateng ho eena le hore o batla ho ea ho eona esita le haeba a ka lahleheloa ke mosebetsi. Matsatsi a seng makae hamorao, o ile a makala ha a utloa hore mohiri oa hae o entse qeto ea hore e be mokhelo, e leng ho ileng ha mo nolofalletsa ho ea sekolong a sa lahleheloa ke mosebetsi.
Na thupelo eo e ne e le ea bohlokoa hoo motho a ka fetang mathateng a makaalo? E mong oa liithuti tsa pele oa hopola: “Ha re e-s’o latsoe ntho e tjena. Ho ba har’a barab’abo rōna ba hōlileng tsebong ba tsoang naheng eohle ho ile ha re etsa hore re ikutloe eka ka khoeli e le ’ngoe re ne re phela lefatšeng le lecha. Sekolong re ile ra hlomelloa ka ho lekaneng hore re tobane le phephetso ea ho lisa mohlape hantle, ka tšehetso e lerato ea mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang oa Jehova.”
Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso se ile sa thusa Bakreste ba hōlileng tsebong ba makholo-kholo hore e be ba hlomeletsoeng hantle, ’me hona ho ile ha fella ka hore liphutheho li matlafatsoe, haholo-holo nakong eo ka eona mathata a tsamaiso ea lintho ea khale a neng a ntse a mpefala.
Ba Futsanehile—Empa ba Ruile Moeeng
Ho latela bo-rahistori ba Uruguay, lilemo tse leshome tsa bo-1960 li ile tsa tšoaea qaleho ea ho nyotobela ha moruo oa naha. Lihlahisoa tse romeloang ka ntle ho naha tse tloaelehileng, tse kang nama ea khomo, letlalo le boea ba nku, li ile tsa ’na tsa theoha ka theko butle-butle ’marakeng oa machaba. Libanka tse ngata le lik’hamphani tse khōlō tse etsang lintho li ile tsa oa, li siea ba likete ba se na mesebetsi. Batho ba ne ba khathatsehile ka ho phahama ha theko ea lintho ho sa laoleheng, ho felloa ke matla ha chelete ka tšohanyetso, ho phahama ha lekhetho, le mathata a ho fumana lijo le lintho tse ling tsa motheo tse hlokahalang bophelong.
Mathata a moruo a ile a ba le liphello tse mpe haholo sechabeng. Ho futsaneha ha karolo e khōlō ea batho ba bohareng sechabeng ho ile ha fella ka ho phahama ha tlōlo ea molao. Ho se khotsofale ho ile ha lebisa lipontšong tsa boipelaetso tse ngata, ’me ka linako tse ling e le tse mabifi, khahlanong le ba boholong. Batho ba likete ba Uruguay, haholo-holo bacha, ba ile ba ea linaheng tse ling ka boiteko ba ho baleha mathata a neng a mpefala ka potlako.
Ka lehlakoreng le leng, ka hare ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova lilemo tse leshome tsa bo-1960 li ile tsa hlahisa khōlo ea moea e re hopotsang mantsoe a Esaia 35:1, 2: “Naha e tšehla e tla thaba, le lona lefatše le omeletseng; mahalaopa a tla nyakalla, a mele lipalesa joalo ka leshoma. A tla mela lipalesa ka ho fetisa, a nyakalle, a thabe, a phokole lifela tsa hlōlo.” Ho ile ha thehoa liphutheho tse ncha tse 15 pakeng tsa 1961 le 1969, ’me palo e akaretsang ea bahoeletsi naheng eo e ile ea fihla tlhōrōng ea ba 2 940.
Ka la 9 December, 1965, ’muso o ile oa amohela melao ea mokhatlo oa rōna oa molao o tsejoang ka hore ke Sociedad La Torre del Vigía. Kofuto ena e ile ea re nolofalletsa ho fumana mangolo a tumello a khethehileng le ho se lefisoe lekhetho bakeng sa ho hatisa, ho kenya lintho ka har’a naha le ho aba Libibele le lingoliloeng tse amanang le Bibele. Hape, boemo bona ba molao bo ile ba re nolofalletsa ho fumana litša le ho haha Liholo tsa ’Muso.
“Kopano e Khōlō”
Kamehla selemo sa 1967 se tla hopoloa e le selemo sa “kopano e khōlō.” Baeti ba Lipaki ba ka bang 400 ba tsoang United States le Europe, ho akarelletsa le F. W. Franz le M. G. Henschel, ba ile ba fihla ba tlile kopanong. Bamameli ba 3 958 ba ile ba thabela ka lekhetlo la pele nehelano ea tšoantšiso e aparetsoeng joaloka mehleng ea Bibele. Hape e le ka lekhetlo la pele, barab’abo rōna ba ile ba khona ho sebelisa Palacio Peñarol, lebala la lipapali le leholo le koahetsoeng moo liketsahalo tsa bohlokoa tsa Montevideo tsa sechaba, tsa bonono le lipapali li neng li tšoareloa teng.
Barab’abo rōna ba sebakeng seo ba bangata ba ile ba etsa boiteko bo fetang bo tloaelehileng ho tšehetsa leeto leo ka lichelete le libaka tsa bona tsa marobalo. Morali e mong oabo rōna o ile a etsa mosebetsi oa ho hlatsoetsa batho liaparo ka matsoho ka likhoeli tse tšeletseng e le hore a ka boloka chelete e lekaneng bakeng sa leeto la hae. Morali e mong oabo rōna, eo monna oa hae a neng a le khahlanong le hore ebe ke e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ile a bokella chelete e hlokahalang ka ho etsa lino-mapholi le ho li rekisetsa baahelani.
Kopano eo e ile ea siea batsamaisi ba lebala leo ba e-na le maikutlo a mofuta ofe? E mong oa bona o ile a bolela hore “Palacio Peñarol pele ho moo, e ne e e-s’o ka e hloeka ka tsela ena ebile e sa nkhe hampe!” Batsamaisi ba ile ba khahloa haholo ke taolo le tlhophiso e ntle ea Lipaki hoo ba ileng ba fa barab’abo rōna liofisi tsa bona bakeng sa tsamaiso ea kopano. Ka mor’a moo, lebala leo le ile la sebelisetsoa likopano tse ngata tsa setereke ho fihlela ka 1977. Leha ho le joalo, selemong seo, ’muso o ile oa fetola maikutlo a ’ona ka Lipaki tsa Jehova, ’me ka lilemo tse ngata ka mor’a moo, Lipaki li ile tsa thibeloa ho tšoara likopano.
“Le le Seli Joaloka Linoha”
Mathoasong a bo-1970, moruo o ile oa mpefala Uruguay. Liketso tsa sechaba tsa ho se mamele li ile tsa ata haholoanyane. Lipontšo tsa boipelaetso tsa basebetsi le liithuti li ile tsa fetoha phutuho e mabifi le e senyang. Lihlopha tse hlometseng tsa likhukhuni tsa metseng ea litoropo li ile tsa qala ho ba teng metseng e meholo. Tšabo e ile ea aparela hohle ha lihlopha tsena li utsoa ka likhoka, li sebelisa libomo, li hlasela le ho koetela. Har’a moferefere oo, mabotho a hlometseng a ile a ipha matla ’me a nka puso ka 1973.
Sesole se ile sa busa ka lere la tšepe. Litšebeletso tsohle tsa lipolotiki le tsa mekhatlo ea basebetsi li ile tsa thibeloa. Ho hlahlojoa ho thata-thata ha phatlalatso ea litaba ho ile ha sebelisoa. Ho ne ho ke ke ha tšoaroa liboka tsa phatlalatsa ntle le hore ho fumanoe tumello pele ho ba boholong. Batho ba ne ba e-na le bolokolohi bo fokolang haholo. Barab’abo rōna ba ne ba khona joang ho ‘bolela lentsoe,’ esita le nakong ee e likhathatso?—Bapisa le 2 Timothea 4:2.
Mor’abo rōna Escribano oa hopola: “Mehleng eo, re ile ra tlameha ho sebelisa mantsoe a Jesu a ho Matheu 10:16 ho feta leha e le neng pele: ‘Bonang! Ke le romela le le joaloka linku har’a liphiri; ka hona ipakeng le le seli joaloka linoha ’me leha ho le joalo le le ba hlokang molato joaloka maeba.’ Ka lebaka leo, Mokhatlo o ile oa fa baholo tataiso kapele e le hore bahoeletsi ba ka fumana koetliso e hlokahalang hore ba ’ne ba tsoele pele ka cheseho mosebetsing oa ho bolela—empa joale e le ka hloko le ka kahlolo e molemo.”
Litho tse ling tsa baruti le lihlopha tsa bolumeli li ne li tšehetsa marabele. Kahoo, ’muso o mocha oa sesole o ile oa belaella mekhatlo eohle ea bolumeli haholo, ho akarelletsa le Lipaki tsa Jehova. Ka lebaka leo, tse ngata li ile tsa tšoaroa ho pholletsa le naha ha li tšoarehile tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Leha ho le joalo, mabakeng a mangata li ne li lokolloa hang-hang ka mor’a hore li hlahise lingoliloeng tsa tsona tsa Bibele le ho hlalosa sebōpeho sa mosebetsi oa tsona. Ka mor’a hore barab’abo rōna ba tšoaroe letšolong lena la pele, ba ile ba nahana hore ke bohlale ho se iponahatse haholo ka hore ba tsoe ka lihlopha tse nyenyane.
Maemong a mang masole a ne a lumella Lipaki ho etsa mosebetsi oa ho ea ka ntlo le ntlo leha a ne a sa bolele. Ketsahalong e ’ngoe, a bile a leka le ho thusa—ka tsela ea ’ona. Sehlopha sa masole se ne se lebetse sebaka se seng moo morali e mong oabo rōna a neng a bolela teng. Ntlong e ’ngoe ka mor’a hore morali’abo rōna a letse tšepe ea monyako, mong’a ntlo o ile a hlaha le fensetereng e mokatong oa bobeli ’me ka mokhoa o tala haholo a bolella morali’abo rōna hore a tsamaee. Le leng la masole a boneng se etsahetseng le ile la nka bohato kapelenyana ka ho supa mong’a ntlo ka sethunya ’me la mo laela hore a theohe ’me a tl’o amohela morali’abo rōna ka tsela e loketseng. Mong’a ntlo o ile a fela a etsa joalo.
Sebaka sa Likopano
Ka June 1974 ofisi ea lekala e ile ea fumana lengolo le tsoang ’musong le hlokang hore barab’abo rōna ba ikarabellang ba itlhahise ho mongoli oa Lekhotla le ka Holimo-limo la Toka. Mor’abo rōna Beltramelli e ne e le e mong oa bona. Oa hopola: “Re ne re tšohile. Re ne re tseba hore ’muso oa sesole o ne o e-na le matla a ho thibela mosebetsi oa rōna kapele-pele, haeba o lakatsa joalo. Empa re ile ra imoloha hakaakang ha mohlanka eo oa ’muso a re hlalosetsa hore ’muso o ne o thahasella ho reka mohaho o neng o sebelisoa e le Holo ea ’Muso! Ba bile ba ithaopela ho re thusa ho fumana sebaka se seng se loketseng sa Holo ea ’Muso. Ka lebaka leo, re ile ra khona ho reka sebaka sa libaesekopo sa Lutecia se Montevideo. Se ne se le sebakeng se setle ho e ’ngoe ea litsela tse khōlō. ’Me chelete eo re ileng ra e fumana ’musong e ne e le ngata haholo hore re ka fetola holo eo ea libaesekopo hore e be Holo e ncha ea ’Muso.”
Mor’abo rōna Beltramelli oa hopola: “Re ne re kholisehile hore Jehova o ne a kenelletse ka tsela e itseng. Holong e khōlō sebakeng sena sa libaesekopo ho ne ho ka lula batho ba ka bang 1 000. E ne e ke ke ea sebeletsa feela e le Holo ea ’Muso bakeng sa sebaka seo empa hape e le Holo ea Kopano, e neng e hlokahala haholo ka lebaka la lithibelo tse ncha likopanong tse nyenyane le tse khōlō.”
Kahoo, ka lilemo tse ngata sebaka sena seo e neng e le sa libaesekopo, ha e le hantle se ne se sebelisetsoa likopano tsa potoloho beke le beke, le hoja ka molao e ne e le Holo ea ’Muso ea phutheho ea moo. Bakeng sa liboka tsena tse khōlō, barab’abo rōna ba ile ba ithuta ho ba seli. Ba ne ba kena le ho tsoa mohahong oo ka tsela e sa bonahaleng ka hohle kamoo ho ka khonehang ’me ba ne ba paka likoloi tsa bona libakeng tse qalikaneng ho pholletsa le tikoloho eo.
Nako ea ho Haha
Esita le nakong ena ea moferefere, khōlo e sa khaotseng ea bahoeletsi ba ’Muso, hammoho le keketseho ea liphutheho tse ncha, e ne e le mohloli oa thabo e khōlō. Ka 1976 palo ea bahoeletsi e ne e eketsehile ka karolo e fetang 100 lekholong ka lilemo tse ka tlaase ho tse leshome. Empa sena le sona se ile sa hlahisa phephetso e khōlō: Batho ba bangata hakaalo ba bacha re ne re tla ba amohella hokae Liholong tsee tsa ’Muso tsa khale, tseo boholo ba tsona e neng e le tse hiriloeng? Tlas’a pululelo Morena Solomone o ile a re: “Bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho na le nako e behiloeng.” Kaha ne re e-na le liphutheho tse 85 le Liholo tsa ’Muso tse 42 feela, ho ne ho hlakile hore “nako ea ho haha” Liholo tsa ’Muso e fihlile.—Moek. 3:1-3, NW.
Leha ho le joalo, naha eohle e ne e le ka har’a mathata a lichelete, ’me liphutheho li ne li se na chelete e lekaneng ea ho haha. Chelete e ne e tla tsoa hokae? Delfos Beltramelli, mohokahanyi oa lekala, oa hopola: “Nakong eo re ile ra utloa letsoho la Jehova le lerato la batho ba hae ha li sebetsa. Menehelo e fanoang ka seatla se bulehileng e tsoang ho barab’abo rōna lefatšeng ka bophara e ile ea lumella lekala ho alima liphutheho tse Uruguay chelete eo li e hlokang.”
Ho ne ho boetse ho hlokahala basebetsi ba tšoanelehang, ’me Lipaki tsa Uruguay li ile tsa arabela tlhokong eo. Ba bangata ba ’nile ba tsoela pele ho iketsa ba fumanehang bakeng sa ho thusa ho haha Liholo tsa ’Muso libakeng ka ho latellana. Avelino Filipponi e ne e le e mong oa baithaopi ba sa khathaleng. Ka mor’a ho kopanela kahong ea lekala ka 1961, Mor’abo rōna Filipponi le mosali oa hae, Elda, ba ile ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba khethehileng, ’me ho tloha ka 1968 o sebelelitse e le molebeli oa potoloho. Ka lilemo tse ngata, o ile a boela a abeloa ho thusa kahong ea Liholo tsa ’Muso ka ho fana ka litšebeletso tsa botsebi le tataiso mererong ea kaho.
“El Plomito”
Mor’abo rōna Filipponi o hopola liphihlelo tse ling mabapi le kaho ea Liholo tsa ’Muso: “Sebakeng se seng le se seng moo re neng re haha Holo ea ’Muso, kamehla baahelani le batho ba fetang ka tsela ba ne ba hlolloa haholo ke mafolofolo le cheseho tse bontšoang ke basebetsi ba Lipaki. Setšeng se seng sa kaho, moshemane e mong ea lilemo li tšeletseng eo e seng Paki oa tikolohong eo o ne a re etela letsatsi le leng le le leng, a kōpa hore a lumelloe ho sebetsa morerong oo. O ne a le leqhoophe hoo a ileng a tsejoa e le el plomito, polelo ea sebaka seo e bolelang ‘motšoenyi e monyenyane.’ Ho ile ha feta lilemo re sa utloe letho ka moshemane eo. Empa kopanong e ’ngoe mor’abo rōna e mong o ile a nkatamela ’me a botsa: ‘Mor’abo rōna Filipponi! Na u sa hopola “el plomito”? Ke ’na! Ke kolobelitsoe lilemong tse peli tse fetileng.’” Ka ho totobetseng, peō ea ’nete e ne e jetsoe ho mohlankana enoa nakong ea kaho ea Holo ea ’Muso.
Hona joale ho na le Holo ea ’Muso e le ’ngoe bakeng sa bahoeletsi ba bang le ba bang ba 129—Liholo tsa ’Muso tse 81 ka kakaretso. Ha ho pelaelo, Jehova o hlohonolofalitse ho hahuoa ha libaka tse loketseng tsa borapeli bakeng sa batho ba hae Uruguay.
Likopano Bakeng sa ho Thusa Baahelani ba Rōna
Puso ea sesole e ne e boetse e thehiloe le Argentina, naha ea boahisani ka bophirimela. Moo, ’muso o ile oa koala ofisi ea lekala ea Mokhatlo le Liholo tsa ’Muso. Kahoo, barab’abo rōna Argentina ba ile ba qala ho tšoara liboka tsa bona ka lihlopha tse nyenyane. Leha ho le joalo, nakong eo ba ne ba khona ho tšoara likopano phatlalatsa ’muso o sa ba khathatse. Ho ile ha khoneha joang? Ka ho tšela moeli ’me ba il’o tšoarela likopano tsa bona Uruguay! Liboka tsena tse khōlō li ne li hlophisoa ke barab’abo rōna ba Uruguay, empa lipuo tse ngata tsa lenaneo li ne li fanoa ke barab’abo rōna ba Argentina. E ne e le tokelo e khethehileng ho fana ka marobalo ho barab’abo rōna ba likete ba tsoang Argentina. Hona ho ile ha fella ka “phapanyetsano ea khothatso” e matlafatsang tumelo.—Baroma 1:12.
Kopano e ’ngoe e sa lebaleheng ke e bileng teng Palacio Peñarol ho tloha ka la 13 ho ea ho la 16 January, 1977. Ho ne ho e-na le bara le barali babo rōna ba tsoakaneng ba Uruguay le Argentina ba ka bang 7 000. Qetellong ea kopano eo, bohle ba neng ba le teng ba ile ba kopanela ho bineleng Jehova lithoriso. Bamameli ba ne ba bina ka ho fapanyetsana—Maargentina a ne a bina temana e le ’ngoe ha Mauruguay a thotse, ebe joale le bona ba etsa se tšoanang. Qetellong, e mong le e mong o ile a kopanela ho bineng temana ea ho qetela. Maikutlo a kopakaneng a thabo a hore ebe ba ne ba le ’moho kopanong eo le ho hlomohela taba ea hore ba salisane hantle le barab’abo bona ba ratehang ho ile ha llisa ba bangata.
Leha ho le joalo, ka la 13 January, 1977, ha ho ntse ho tšoeroe kopano eo e khōlō Palacio Peñarol, koranta e tummeng e nang le tšekamelo ea ho rata Kereke e K’hatholike e ile ea hatisa sehlooho leqepheng la pele tlas’a sehlooho se reng: “Lipaki Tsa Jehova: Ho Hlahlobisisoa Tumello ea Tsona.” Sehlooho seo se ile sa nyatsa boemo ba Lipaki mabapi le litšoantšo tsa bochaba. Se ile sa hatisa hore Argentina ’muso o ne o thibetse mosebetsi oa rōna le hore se tšoanang se ne se ka ’na sa etsahala Uruguay. Hang ka mor’a ho hatisoa ha sehlooho seo, ’muso o ile oa khaotsa ho fana ka mangolo a tumello bakeng sa likopano tsa rōna tse khōlō le tse nyenyane.
Lithibelo li Eketseha ka Matla
Ka 1975 ’muso oa sesole o ne o ile oa thakhola letšolo le reretsoeng ho phahamisa moea oa lerato la naha le bochaba. Thabo ena e khaphatsehang ea bochaba e ile ea tlisetsa barab’abo rōna ba bangata mathata ha ba ntse ba loanela ho boloka ho se nke lehlakore ha bona ha Bokreste. Ba ne ba ikemiselitse ho ‘lefa lintho tsa Sesare ho Sesare, empa lintho tsa Molimo ho Molimo.’ (Mar. 12:17) Lipaki tse ’maloa tse nyenyane li ile tsa lelekoa sekolong hobane ka lebaka la letsoalo li ne li hana ho lebisa tlhompho litšoantšong tsa sechaba. Barab’abo rōna ba bangata ba ile ba mamella ho nyefoloa le ho tšoaroa hampe moo ba sebetsang teng. Lipaki tse ling li bile tsa lahleheloa ke mesebetsi ea tsona ka lebaka la ho se nke lehlakore ha tsona.
Metseng e menyenyane le litoropong tse ka hare ho naha, ba boholong libakeng tseo ba ne ba beile Lipaki leihlo haufi-ufi. Maemong a mang, lihloela tsa ’muso li ne li etela Liholong tsa ’Muso, li etsa eka ke batho ba thahasellang. Ka lebaka lena barab’abo rōna ba ile ba bona ho hlokahala hore ba be hlokolosi ka ho eketsehileng. Ha ba le libokeng, ba ne ba qoba ho buisana ka taba ea ho se nke lehlakore, kahoo ba qoba ho hohlana hofe kapa hofe le ba boholong.
Ketsahalong e ’ngoe sehloela se seng se joalo se ile sa etela Holong ea ’Muso pejana feela seboka se qala. Se ile sa botsa e mong oa barab’abo rōna: “Phutheho e tla bina sefela neng kajeno?” Lentsoe la Sepanishe himno le ka bolela pina ea sechaba kapa pina ea bolumeli. Mor’abo rōna ka ho tseba hore monna eo ke sehloela, o ile a araba: “Ka makhetlo a mararo—qalong ea seboka, bohareng le qetellong.” Ha e le hantle, mor’abo rōna o ne a bua ka lipina tsa rōna tsa ’Muso. Sehloela seo se ile sa tsamaea hang-hang, se khotsofetse ka ho feletseng ka ho nka hore barab’abo rōna ba tla bina pina ea sechaba ka makhetlo a mararo nakong ea seboka.
Ba Tšoeroe—Empa ba Thabile
Ka linako tse ling mapolesa a ne a ee a hlasele Liholo tsa ’Muso seboka se ntse se tsoela pele, ebe ho tšoaroa bohle ba leng teng. Joale ebe mora le morali e mong le e mong oabo rōna o hlongoa lipotso. Sena se ile sa ipaka e le monyetla o babatsehang oa hore barab’abo rōna ba fane ka bopaki ho liofisiri tse ngata tsa sepolesa. Ka mor’a hore e mong le e mong a hlongoe lipotso—e leng ketsahalo eo ka tloaelo e neng e nka lihora tse ’maloa—bohle ba ne ba lokolloa.—Bapisa le Liketso 5:41.
Phuthehong ea Florida, e ka leboea ho Montevideo, Morali’abo rōna Sely Assandri de Núñez o ne a le kemisong ea ho ea fana ka puo ea seithuti Sekolong sa Puso ea Molimo. O ile a mema moahelani oa hae Mabel hore a tl’o mamela puo ea hae. Mabel o ne a e-s’o ka a etela Holong ea ’Muso pele ho moo. Bosiung boo mapolesa a ile a hlasela seboka seo ’me e mong le e mong a tšoaroa, ho akarelletsa le Mabel. Ka mor’a hore Mabel a tšoaroe ka lihora tse ’maloa, monna oa hae o ile a lokisetsa hore a lokolloe. Phihlelo ena e makatsang e ile ea tsosa ka ho eena thahasello ea sebele lithutong tsa Lipaki tsa Jehova. Kapele ka mor’a moo, o ile a qala ho ithuta Bibele le ho ea libokeng. Hona joale Mabel ke Paki ea Jehova e inehetseng le e kolobelitsoeng.
Ho sa tsotellehe lithibelo ka lilemo tse ka bang 12 tsa puso ea sesole, batho ba lipelo li tšepahalang ba ’nile ba tsoela pele ho phalla ka ho sa khaotseng ba kena ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova. Ka 1973 ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 3 791 naheng eo. Ka 1985, ha nako ena ea mathata e fela, palo eo e ne e nyolohetse ho 5 329, keketseho ea karolo e fetang 40 lekholong! Ha ho pelaelo hore Jehova o ile a ’na a hlohonolofatsa batho ba hae nakong eo ea tsieleho.
Likopano Ntle ho Lithibelo
Ka March 1985 ho ile ha thehoa ’muso oa puso ea sechaba ka sechaba, ’me ho ile ha tlosoa lithibelo tsohle. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, batho ba Jehova ba ne ba ka bolela le ho ruta ka ’Muso ka bolokolohi. Joale barab’abo rōna ba ne ba lokolohile hore ba ka tšoara likopano tsa bona tsa potoloho le tsa setereke. Bara le barali babo rōna ba ne ba tletse thabo ka monyetla oa ho kopana hape le barapeli-’moho le bona ba tsoang likarolong tse hōle tsa naha. E bile ho khothatsang hakaakang ho bona hore barab’abo bona le bona ba ne ba lutse ba tiile ’me ba ntse ba sebeletsa Jehova ka botšepehi!
Empa ke hokae moo re neng re ka fumana libaka tsa kopano tse ka nkang batho ba fetang 10 000 bao ho neng ho lebeletsoe hore ba be teng? Ha ho sebaka le se seng ho tse ileng tsa sebelisoa pele se neng se ka lokela hona joale. Jehova o ile a arabela lithapelo tsa rōna hape. Lilemong tsa puso ea sesole, ho ne ho ile ha hahuoa lebala le lecha la bolo ea maoto, Estadio Charrúa, le leng Parque Rivera, se seng sa lirapa tse khōlōhali Montevideo. Le hoja lebala leo le ne le sebelisetsoa liketsahalo tsa lipapali ka ho khetheha, re ile ra khona ho le hira bakeng sa kopano ea sechaba ka December 1985. Ho tloha ka nako eo, ba boholong sebakeng seo ba ’nile ba sebelisana le rōna hantle haholo ka ho re lumella ho sebelisa lebala leo selemo le selemo bakeng sa likopano tsa rōna, tseo hangata li bang le batho ba fetang 13 000.
Ho ile ha fanoa ka bopaki bo ikhethang kopanong e ’ngoe ea potoloho e neng e tšoaretsoe lebaleng la lipapali le motseng oa Treinta y Tres ka December 1990. Ha u le ka hare ho kereke ea K’hatholike, u ne u bona ka ho feletseng lebala la lipapali le tletseng tsoete! ka Lipaki tsa Jehova. Hoseng ho hong moprista o ile a supa ka fensetere ’me a re ho litho tsa pharishe ea hae: “Na lea bona hore na ke batho ba bangata hakae ba bokelloang ke Lipaki tsa Jehova? Li fumana batho ba bangata hakaalo joang? Ba na le ho hong hoo lōna Mak’hatholike le se nang hona—moea oa ho bolela evangeli! Letsatsi le leng le le leng palo ea rōna ea fokotseha kahobane ha re tsoe ho ea bolela joaloka tsona. Ntho li peli, ke hore re qaleng ho bolela evangeli joalokaha Lipaki li etsa kapa ho seng joalo Kereke ea rōna e tla shoa.”
Ho Sebetsa Tšimo e ka Thōko
Ka bo-1980 ho ile ha etsoa boiteko bo khethehileng ba ho finyella libaka tse hōle tsa naha ka litaba tse molemo. Ketelong e ’ngoe ea selemo le selemo sebakeng se seng se karolong e ka leboea bochabela ho naha, sehlopha sa barab’abo rōna se ile sa tsamaisa libuka tse ngata motseng o bitsoang Cuchilla de Caraguatá. Selemong se latelang, Lipaki li ile tsa etela monna e mong moo ea neng a sa batle ho mamela molaetsa oa tsona, a bolela hore o na le ’nete. O ile a re: “Ke e mong oa Lipaki tsa Jehova!” O ne a le sieo motseng oo ha Lipaki li ne li tlile selemong se ka pele. Empa ka mor’a hore a khutlele hae o ile a bala lingoliloeng tse neng li siiloe ’me a etsa qeto ea hore ke ’nete. O ile a tsamaea a bolella e mong le e mong motseng oo hore joale e se e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Kajeno motseng oo, ho na le phutheho e nyenyane.
Le hoja Berta de Herbig a ne a lula motseng o hōle oa Dolores, o ne a ananela bohlokoa ba ho ba teng libokeng kamehla. O ne a tsamaea lik’hilomithara tse 11 le bana ba hae ba tšeletseng ho ea Holong ea ’Muso. Boholo ba nako o ne a fihla hoo e ka bang hora pele seboka se qala. Mohlala oa hae o motle oa mamello le boikemisetso joaloka ’mè o bile le phello e matla baneng ba hae. Hona joale ka mor’a lilemo tse ngata tsa ho tšepahala ha hae tšebeletsong, ba bane ho bana ba hae ba mafolofolo ’neteng. E mong oa bona, Miguel Ángel, eo hamorao e ileng ea e-ba pula-maliboho, o ne a ee a tsamaee ka baesekele lik’hilomithara tse 58 e le hore a fihle sehlopheng se ka thōko La Charqueada-Cebollatí. Mora e mong, Daniel, hona joale o sebeletsa e le pula-maliboho ea khethehileng motseng oa Treinta y Tres.
Kamano e Molemo Haholoanyane
Ka lilemo tse ngata litsebi tsa bophelo bo botle Uruguay li ne li khella Lipaki tsa Jehova tlaase ka lebaka la ho se utloisise boikutlo ba tsona ka ho hana tšebeliso ea mali. (Lik. 15:28, 29) Lipetlele tse ngata naheng eo li ne li hana ho amohela Lipaki tsa Jehova. Tse ling li ne li ee li amohele Lipaki bakeng sa ho buuoa ’me joale kahobane li ke ke tsa amohela mali, ebe lia li leleka pejana feela ho tšebetso ea ho buuoa. Leha ho le joalo, lilemong tse seng kae tse fetileng, kamano pakeng tsa litsebi tsa bongaka le Lipaki e ntlafetse haholo.
Ka 1986 Hospital Central de las Fuerzas Armadas e ile ea hlophisa kopano ho tla buisana ka liphekolo tse sa tšoaneng bakeng sa Lipaki tsa Jehova ’me ea bokella batho ba bohlokoa ba bangata mafapheng a bongaka le ho buuoa, hammoho le babuelli ba molao ba sebetsanang ka ho khetheha le lefapha la bongaka. Lipaki tsa Jehova li ile tsa fana ka boitsebiso le litlhahiso ho ba boholong sepetleleng seo. Ka lebaka la seboka sena se khethehileng, lingaka tse ngata Uruguay li ile tsa fetola boikutlo ba tsona ka Lipaki ’me hona joale li ikemiselitse ho phekola Lipaki ’me li hlompha pono ea tsona e thehiloeng Bibeleng mabapi le mali.
Ka morao ho moo, ho ile ha tšoaroa liboka tse ngata tse ileng tsa phatlalatsoa haholo, pele e bile Montevideo ’me ha latela metse e meng. Litsebi tse ka sehloohong li ile tsa lumela hore ka thuso ea Lipaki tsa Jehova, li ithutile mekhoa e mecha bakeng sa ho phekola ntle ho mali. Moprofesa e mong oa phekolo ea tšelo ea mali o ile a bolela: “Re ithutile ho hongata ’me re fetotse menahano ea rōna, ka lebaka la Lipaki tsa Jehova. Nakong e fetileng re ne re qabana le tsona hangata kahobane feela re ne re sa li utloisise. Joale rea bona hore libakeng tse ngata kamehla li ne li nepile. Kamoo ho bonahalang kateng, li iphemisitse mathata a mangata ka ho hana tšelo ea mali.”
Mosebetsi oa Bona Hase oa Lefeela
Ka sebele ho ka boleloa hore mosebetsi o thata o entsoeng ke baboleli ba chesehang ba ’Muso Uruguay ka bo-1920 ho fihlela ho bo-1940 e ne e se oa lefeela. Baboleli ba ’Muso ba seng bakae ba chesehang ba tsoang linaheng lisele ba ile ba bokella le ho ruta ba likete ba “tse lakatsehang” naheng ena e ntle ea maralla a tsoelipaneng. (Hag. 2:7) Uruguay hona joale ho na le bahoeletsi ba ’Muso oa Molimo ba fetang 10 000. Liphuthehong tse fetang 135 ka karolelano ho na le baholo ba ka bang ba bahlano phuthehong ka ’ngoe. Sekolong sa Tšebeletso sa ’Muso sa haufinyane tjena, se neng tse tšoeroe ka March 1998, baholo ba 656 le bahlanka ba sebeletsang ba 945 ba ile ba e-ba teng. Hoo e ka bang liphutheho tsohle li na le Liholo tsa tsona tsa ’Muso, tseo tse ngata tsa tsona li hahiloeng ke barab’abo rōna, ka tšehetso ea lichelete ea Mokhatlo.
Lilemong tse 20 tse fetileng, palo ea bahoeletsi e se e imenne ho feta habeli, ’me ho na le litebello tse ntle bakeng sa khōlo nakong e tlang. Hafeela Jehova a ntse a tšoere meea ea matšoenyeho a maholo a ntseng a atamela, Lipaki tsa Jehova Uruguay li tla tsoela pele ho mema ba bang: “Tloong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona.”—Esa. 2:3; Tšen. 7:1.
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 224]
[Setšoantšo se leqepheng la 227]
Juan Muñiz
[Setšoantšo se leqepheng la 229]
Ba ne ba lula litenteng tseo ba iketselitseng tsona ’me ba ile ba tsamaea ho pholletsa le Uruguay ka libaesekele ba paka (ho tloha ho le letšehali ho ea ho le letona): Kurt Nickel, Gustavo le Betty Bender, Otto Helle
[Setšoantšo se leqepheng la 235]
Bahoeletsi ba pele ba Uruguay (ho tloha ho le letšehali ho ea ho le letona): María de Berrueta, Carola Beltramelli, Catalina Pomponi
[Setšoantšo se leqepheng la 237]
Baromuoa ba ntseng ba sebeletsa Uruguay: (1) Florence Latimer, (2) Ethel Voss, (3) Birdene Hofstetter, (4) Lira Berrueta, (5) Tove Haagensen, (6) Günter Schönhardt
[Setšoantšo se leqepheng la 243]
Mehaho e mecha ea lekala e ntseng e hahuoa ka 1998
[Setšoantšo se leqepheng la 245]
Komiti ea Lekala (ho tloha ho le letšehali ho ea ho le letona): Günter Schönhardt, Delfos Beltramelli, Gerardo Escribano