Leqephe la Bahatisi
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2001
E Nang le Tlaleho ea Selemo sa Tšebeletso ea 2000
‘Le eme le feletse le ka kholiseho e tiileng thatong eohle ea Molimo.’—Bakol. 4:12.
Lengolo lena, e leng temana ea rōna ea selemo bakeng sa 2001, le nkiloe thapelong e tiileng ea Epafrase, morutuoa oa lekholong la pele la lilemo, eo a ileng a e etsa molemong oa Bakreste-’moho le eena. Le rōna re lokela ho rapela ka tieo molemong oa ba bang. Hape, ka thuso ea Molimo re lokela ho ikemisetsa hore ka bomong re itšoare joaloka Bakreste ba hōlileng tsebong, ba kholisehileng ka ho feletseng hore joang kapa joang litšepiso tsa Jehova li tla phethahala ha re ntse re sebetsa ka moea oohle ho etsa thato ea Molimo.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 2]
COVER: Luanda Harbor in Angola: © Giacomo Pirozzi/Panos Pictures; globes on back cover and pages 43, 47, 51, 56, 61, and map on page 81: Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.; page 90: Kuito, Angola: AP Photo/Nicky de Blois