Tahiti
Ha motho a li talima a le ka sefofaneng, lihlekehleke tsa French Polynesia, tse kang Tahiti, Mooréa le Bora Bora, li shebahala joaloka mahakoe a qhalakaneng bohareng ba Leoatle la Pacific le boputsoa bo loileng. Matangoana a tsona a phatsimang, a khabileng ka likorale a bileng a nang le litlhapi tse ngata ka mebala-bala ea tsona, a seheloa moeli ke mabōpo a ’mala o bosehla ba khauta kapa o mothokoa. Lifate tsa palema tse behang litholoana tse ngata tsa kokonate li ntse li tsukutloa ke moea. ’Me lithaba tse matsutla-tsutla, tse koahetsoeng ke botalana li bile li aparetsoe ke maru, li etsa hore sebaka seo sohle e be se hlollang ka botle.
Ke ho utloahalang hore ebe baetsi ba litšoantšo le bangoli ba ’nile ba hlahisa lihlekehleke tsena eka ke paradeise e lefatšeng. ’Me e tlameha ebe li ile tsa bonahala eka ke paradeise ho basesisi ba boholo-holo ba likepe ba qalileng ho li bona le ho lula ho tsona mohlomong lilemong tse sekete kapa ho feta tse fetileng. Bo-pula-maliboho bana ba tsotehang, bao ho bonahalang eka ba ne ba tsoa ka Boroa-bochabela ho Asia, ke ba bang ba baholo-holo ba batho bao hona joale re ba tsebang ka hore ke batho ba Polynesia. Ha makholo a lilemo a ntse a feta, ba ile ba qhalakana ho tloha sehlekehlekeng seo ba neng ba lula ho sona ba leba likarolong tse ling ’me ba kenella hare ho Pacific e sabaletseng, ba ntse ba hloma puso ea bona lihlekehlekeng tsa eona tse ngata-ngata, tse khōlō le tse nyenyane.
Sebaka seo kajeno se bitsoang Polynesia, e leng lentsoe le bolelang “Lihlekehleke Tse Ngata,” se na le likhutlo tse tharo tse inahaneloang tse tlohang Hawaii ka leboea ho ea Sehlekehlekeng sa Easter se hare-hare ka boroa-bochabela ho tšekalla ho ea New Zealand ka boroa-bophirimela bo hōle. Tlaleho ena e bua ka karolo e le ’ngoe feela ea Polynesia—e leng French Polynesia—’me Tahiti ke sona sehlekehleke se seholo moo.a French Polynesia e na le lihlopha tse hlano tsa lihlekehleke: Lihlekehleke Tsa Tubuaï (Austral), Lihlekehleke Tsa Gambier, Lihlekehleke Tsa Marquesas, Lihlekehleke Tsa Society le Sehlopha sa Lihlekehleke Tsa Tuamotu. Bafuputsi ba Maeurope ba ile ba sibolla libaka tsena tsa Pacific ka tšohanyetso lilemong tsa bo-1500.
Ho Fihla ha Maeurope
Lesepanishe Álvaro de Mendaña de Neira o ile a sibolla tse ling tsa Lihlekehleke Tsa Marquesas ka 1595. Pedro Fernandes de Queirós, ea neng a sebelitse tlas’a bolaoli ba Mendaña de Neira, o ile a sibolla lihlekehleke tse ling tse Sehlopheng sa Lihlekehleke Tsa Tuamotu ka 1606. Mohlahlobi oa Ledache Jacob Roggeveen o ile a sibolla Bora Bora, Makatéa le Maupiti ka 1722. Ka 1767, Motsamaisi Samuel Wallis, ea neng a palame sekepe sa Mabrithani sa ntoa se bitsoang Dolphin, o ile a fihla lebōpong la Tahiti, e leng sona sehlekehleke se seholo ka ho fetisisa French Polynesia. Selemong se latelang seo, mosesisi oa Lefora, Motsamaisi Louis-Antoine de Bougainville le eena o ile a fihla Tahiti.
Buka e bitsoang Cook & Omai—The Cult of the South Seas e re kaha Bougainville o ne a khahliloe ke botle ba sehlekehleke seo a bile a hloletsoe ke tsela eo baahi ba moo ba bontšang maikutlo a lerato ka eona, o ile a reha Tahiti “Nouvelle Cythère, a e rehella ka Sehlekehleke sa Peloponnesus sa Kithira se haufi le Aphrodite [molimotsana oa lerato le botle] eo ho thoeng o tsoa leoatleng.” Mofuputsi oa Lebrithani James Cook o ile a etela Tahiti ka makhetlo a mane, pakeng tsa 1769 le 1777. O ile a reha Lihlekehleke Tsa Society lebitso, e leng sehlopha sa lihlekehleke seo Tahiti e leng karolo ea sona.
Ka mor’a bafuputsi ho ile ha tla baromuoa. Ba ileng ba atleha ka ho fetisisa ke ba neng ba rometsoe ke London Missionary Society, e leng mokhatlo o tšehelitsoeng ke Maprostanta. Baromuoa ba oona ba babeli, e leng Henry Nott le John Davies, ba ile ba finyella mosebetsi o moholohali oa ho qala ho ngola puo ea Setahiti le ho fetolela Bibele ka puo eo. Le ho tla fihlela kajeno, Bibele ea Setahiti e ntse e sebelisoa ka ho pharaletseng French Polynesia, haholo-holo lihlekehlekeng tse ngata tseo Kereke ea Prostanta e ntseng e le matla ho tsona. Baromuoa ba Masabatha, Mak’hatholike le Mamomone le bona ba ile ba atleha ho isa bohōleng bo itseng. Ka mohlala, Kereke ea K’hatholike e sa itsetsepetse lihlekehlekeng tsa Marquesas, tsa Gambier le ho tse ka bochabela sehlopheng sa lihlekehleke tsa Tuamotu.
Ho tlile joang hore lihlopha tseo tse hlano tsa lihlekehleke e be karolo ea sebaka se busoang ke Fora? Ho qala ka 1880, Fora e ile ea ’na ea hapa butle-butle lihlekehleke tse ling, ea hloma puso e ncha ea bokolone ea Fora. Papeete e Tahiti, e ile ea etsoa motse-moholo, ’me batho ba sebaka seo ba ile ba fuoa litokelo tsa baahi ba Fora. Ka 1946, Fora e ile ea re lihlekehleke tseo ke sebaka sa eona se mose ho maoatle, ’me ka 1957 sebaka seo se ile sa rehoa French Polynesia.
Ho Fihla ha Molaetsa oa ’Muso
Paki ea pele e ileng ea etela Tahiti ke Sydney Shepherd, ea ileng a fihla moo ka 1931. Sydney o ile a qeta lilemo tse peli a ea lihlekehlekeng tse ’maloa tsa Pacific ka sekepe ho ea pakela batho ba moo. O ile a lateloa ke Frank Dewar oa New Zealand. Le hoja bara bana babo rōna ba sa ka ba qeta nako e telele moo, ba ile ba siea lingoliloeng tse ngata. Ha e le hantle, lilemo tse ka bang mashome a mabeli hamorao, molebeli e mong oa potoloho, e leng Leonard (Len) Helberg, oa Australia, o ile a tlaleha sena: “Ke ne ke tsamaea ka koloi le mohlanka oa phutheho re le Papeete ha a ema ho palamisa monna e mong eo a mo tsebileng ha a le ka thabeng—monna-moholo oa Leamerika. Ha a utloa hore ke Paki, monna-moholo eo o ile a re: ‘Ke sa hopola ha ba bang ba heno ba ne ba tlile mona lilemong tse fetileng ’me ba ntšiela qubu ea libuka tsa Moahloli Rutherford.’ Ona e ne e le o mong oa mehlala e mengata ea tšebetso e entsoeng ke bo-pula-maliboho ba tlileng moo pele ho rōna. E tlameha ebe pula-maliboho ea ileng a li siea ke Sydney Shepherd kapa Frank Dewar.”
Baboleli ba bang ba pele ba ’Muso ba ileng ba fana ka bopaki bo feletseng French Polynesia ke Jean-Marie le Jeanne Félix, e leng banyalani ba ileng ba ithuta ’nete ha ba le Algeria, eo e neng e le kolone ea Fora ka nako eo. Ba ile ba kolobetsoa ka 1953. Ka 1955 ho ile ha etsoa memo e khothalletsang bahoeletsi ba ’Muso hore ba sebeletse moo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane, ho akarelletsa le French Polynesia. Ba ha Félix le mora oa bona ea tlaase lilemong, Jean-Marc, ba ile ba amohela memo eo ka hore ba fallele Tahiti ka 1956. Empa Jean-Marie, eo e neng e le moenjiniere, o ne a sa khone ho fumana mosebetsi. Kahoo lelapa la hae le ile la fallela sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse 230 ka leboea-bochabela ho Tahiti sehlekehlekeng sa Makatéa, se sehlopheng sa lihlekehleke tsa Tuamotu, moo Jean-Marie a ileng a fumana mosebetsi teng k’hamphaning ea phosphate.
Banyalani bao ba ile ba qalisa hang-hang ho pakela baahelani ba bona le basebetsi-’moho le Jean-Marie. Jeanne oa ngola o re: “Baahi ba sehlekehlekeng seo ba ne ba hlompha Bibele ka ho tebileng, ba mamela molaetsa oa ’Muso ka hloko ba bile ba khothaletse ho ithuta Bibele. Seo se ne se re khothatsa. Empa baruti ba teng bona ba ile ba re bontša hore ha ba re amohele. Ba bile ba lemosa ba mehlape ea bona ka ‘baprofeta ba bohata’ ba har’a bona, ba re batho ba se ke ba re buisa kapa hona ho feta pel’a ha rōna!”
Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea batho ba bangata ba ile ba ikutloa ka tsela e fapaneng ka banyalani bana ba Bakreste. Baahi ba bangata ba sehlekehlekeng ba ne ba bile ba hlompha Jean-Marie le Jeanne ka ho tebileng kaha ba ne ba sa khelle batho ba Polynesia tlaase, joalokaha Maeurope a mang a Makatéa a ne a ba khella tlaase.
Leha ho le joalo, motho o ne a lokela ho ba sebete hore a ntšetse pele mosebetsi moo, kaha motsamaisi oa k’hamphani ea phosphate o ne a ka leleka mohiruoa leha e le neng feela. Ho feta moo, ka linako tse ling mapolesa a mang a mabeli sehlekehlekeng moo a ne a ba etela lapeng, a botsa ka seo ba se etsang. Butle-butle, mapolesa ana a Mafora a ile a hlokomela hore Jean-Marie le Jeanne ha ba na kotsi ea letho. Mapolesa ao a ile a qetella e le metsoalle.
Motho oa pele oa ho ithuta Bibele ea ileng a hatela pele hantle moeeng ke Maui Piirai, ea neng a sebetsa le Jean-Marie ebile e le moahi oa Polynesia. Ha ’nete e fihla pelong ea Maui, o ile a etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba hae. Ka mohlala, o ile a khaotsa ho tsuba le ho noa haholo, ’me a nyala mosali eo a neng a qetile lilemo tse 15 a phela le eena. Maui ea kolobelitsoeng ka October 1958, e ile ea e-ba eena motho oa pele sebakeng sa Polynesia ea ileng a nehela bophelo ba hae ho Jehova. Joalokaha ho ka lebelloa, le eena o ile a bolella ba bang litaba tse molemo, e leng se ileng sa halefisa baruti. Moruti e mong o ile a ba a loha leano la hore Maui a lelekoe mosebetsing. Empa leqheka leo le ile la hlōleha kaha Maui e ne e le mosebetsi ea khothetseng ea bileng a nang le botumo bo botle.
Motho oa bobeli Makatéa ea ileng a amohela Lentsoe la Molimo ke Germaine Amaru, e leng mosuoetsana ea ileng a utloa ’nete ka e mong oa liithuti tsa hae, e leng mora oa ba ha Félix, Jean-Marc. Le hoja a ne a le lilemo li supileng feela, Jean-Marc o ile a khahla mosuoetsana oa hae ka tsela eo a tsebang Bibele ka eona hoo a ileng a letsetsa batsoali ba hae. Ba ile ba qala ho ithuta Bibele le eena. Empa taba ena ha ea ka ea fella moo, kaha Germaine le eena o ile a thusa mosuoetsana-’moho le eena, ea bitsoang Monique Sage le monna oa hae, Roger, hore ba ithute ka Jehova.
Ba ha Félix le Maui Piirai le bona ba ile ba qala ho ithuta le Manuari Tefaatau, modiakone e mocha kerekeng ea Prostanta e Makatéa, hammoho le motsoalle oa hae Arai Terii. Qalong liithuti tsena tse peli li ile tsa tsoela pele ho ea kerekeng li ntse li buisana le ba bang ba pharishe eo ka linnete tsa Mangolo mabapi le Boraro-bo-bong, mollo oa lihele, ho se shoe ha moea le lintlha tse ling tse joalo. Joalokaha u ka inahanela, sena se ile sa tsosa morusu ka har’a Maprostanta. Leha ho le joalo, ho tšoana le batho ba Berea ea boholo-holo, batho ba bangata ba tšepahalang ba ile ba fuputsa Libibeleng tsa bona ho netefatsa hore seo ba se utloang se fela se le joalo.—Lik. 17:10-12.
Ho hlakile hore moruti ha aa ka a thabela seo. O ile a ba a ba tšosa ka hore o tla leleka motho leha e le mang ea tsoelang pele ho mamela Lipaki. Seo se ile sa tšosa ba bang eaba baa ikhula, empa ba bang ba ile ba hatela pele moeeng ba tlohela kereke. Har’a ba ileng ba tlohela kereke ke Manuari le Arai hammoho le mosali oa Maui Piirai, Moea le Taina Rataro, eo ho tla buuoa ka eena hamorao tlalehong ena.
Qalong, sehlopha se hōlang sa bahoeletsi le liithuti tsa Bibele se ne se kopanela lapeng ha Félix, ’me Jean-Marie o ne a fana ka lipuo teng ka Sefora ’me li tolokoa ke Maui ka Setahiti. Ha ba ha Félix ba tloha Makatéa ka 1959, sehlopha seo se ile sa fallela lapeng ha Maui, ’me ka nako eo Maui e ne e se e le mor’abo rōna ea kolobelitsoeng. Jean-Marie le Jeanne ba ne ba ikutloa joang ka ho sebeletsa ha bona moo lihlekehlekeng? Jeanne, ea seng a lula Italy ebile e le mohlolohali, o re ha a buella le monna oa hae ea seng a hlokahetse: “Ha rea ka ra ikoahlaea ka letho. Ha e le hantle, ho sebeletsa ha rōna Makatéa e ne e le e ’ngoe ea lintho tse thabisang ka ho fetisisa tseo re li hopolang bophelong ba rōna.”
Litaba Tse Molimo li Fihla Tahiti
Ka 1955, nakoana pele ba ha Félix ba ea Makatéa, lekala la Australia le ile la abela Len Helberg ho ea qalisa mosebetsi oa potoloho Pacific Boroa. Kabelo ea hae e ne e akaretsa lisekoere-k’hilomithara tse limilione, ho tloha New Caledonia ho ea French Polynesia. ’Me tšimong ena e khōlōhali ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka tlaase ho 90 ebile ho se na mohoeletsi Tahiti. Len o ne a e-na le lipakane tse tharo tsa sehlooho: ho etela phutheho e ’ngoe le e ’ngoe le sehlopha se seng le se seng ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse tšeletseng; ho kopana le mohoeletsi e mong le e mong ea ka thōko le motho e mong le e mong ea thahasellang; le ho qala masimo a macha hohle moo ho khonehang, a sebelisa filimi ea The New World Society in Action.
Len o ile a ea Tahiti ka lekhetlo la pele ka December 1956, ’me a qeta likhoeli tse peli teng. O ne a ithutile Sefora sekolong empa a se a se lebetse boholo. Kahoo o ile a qala ka ho sebetsa tšimo e sebakeng sa khoebo ka sepheo sa hore a fumane batho ba buang Senyesemane. Ha a ntse a sebetsa moo o ile a kopana le e mong oa baruihali ba Tahiti. Monna eo o ile a hloaea tsebe ka tjantjello ’me a kōpa hore Len a khutle. Moqebelong o latelang, ka mor’a ho ja lijo tsa motšehare le Len, monna eo o ile a mo memela ha hae, ba tsamaea ka koloi ea hae e khannoang ke motho ea hiriloeng. Len oa ngola: “Joale ho makaleng ha ka, eitse ha e e-ba thapama, monna eo a nka khetla e khōlō a hlaba mokhosi. Ke ile ka hlokomela hore eo e ne e le tsela eo a bitsang bahlomphehi bohle ba motse ka eona hore ba phuthehele holong eo ho kopaneloang ho eona e haheletsoeng ntlong ea hae.
“Ho ile ha tla batho ba ka bang 12, ho akarelletsa ramotse, mookameli oa mapolesa le badiakone ba ’maloa ba kereke ea Prostanta. Ka mor’a ho ba tsebisa hore ke ’na moemeli oa Lipaki Tsa Jehova, e leng ‘bolumeli bo bocha lihlekehlekeng moo,’ motho ea nkamohetseng o ile a re, ‘Monghali Helberg o tla araba lipotso leha e le life tsa Bibele tseo le nang le tsona.’ Ke ile ka khona ho araba lipotso tsohle tse ileng tsa botsoa.” Sena se ile sa etsahala Moqebelo o mong le o mong ka likhoeli tse peli tse latelang. Le hoja morui eo a sa ka a amohela ’nete, o ile a lokisetsa hore Len a bapale filimi ea The New World Society in Action sepetleleng sa balepera. Ho ile ha e-ba teng batho ba fetang 120.
Na ho na le ea ileng a amohela molaetsa oa ’Muso? Mor’abo rōna Helberg o re, “Letsatsing la Keresemese ka 1956, ha ke ntse ke ea ka ntlo le ntlo seterekeng sa Arue, ke ile ka kena lapeng la ba ha Micheli le ileng la amohela molaetsa ka cheseho.” Ba ha Micheli ba ne ba tseba Molula-Qhooa le Tsoha! tseo mong ka bona ea lulang United States a neng a ba lokiselitse hore ba li fumane e le peeletso. Hamorao morali oa Micheli, e leng Irene le monna oa hae ba ile ba amohela ’nete. Len o ile a boela a khona ho qalisa thuto ea Bibele le Monghali Garnier, e leng ho ileng ha etsa hore litho tse ling tsa lelapa la hae li amohele ’nete. Ha ho ne ho thehoa Phutheho ea Papeete ka 1959, ba ha Micheli le ba ha Garnier e ne e le tse ling tsa litho tsa eona tsa pele.
Ka 1957 ha Mor’abo rōna Helberg a e-ea Gileade, lekala la Australia le ile la kōpa molebeli oa potoloho, Paul Evans le mosali oa hae, Frances, hore ba etele Tahiti. Ka nako e seng kae eo ba e qetileng sehlekehlekeng seo, ba ile ba tsamaisa Libibele le libuka tse fetang 70, ’me ba fumana lipeeletso tse ngata tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Mor’abo rōna Evans o ile a ngola a re: “Hona joale batho ba ’maloa ba Tahiti ba se ba tseba Bibele ka ho lekaneng ’me ba thahasella hoo ba labalabelang ho qalisa ho bolela tlas’a tataiso ea mokhatlo o hlophisitsoeng.” Na batho baa ba bacha ba ne ba tla fumana tšehetso le tataiso eo ba e hlokang?
Morali’abo Rōna oa Motahiti o Khutlela ha Habo
Agnès, e leng mosali e mocha oa Motahiti, o ile a tloha Tahiti a ea United States ka 1936 ha a nyaloa ke Earl Schenck, oa Leamerika. Banyalani bao ba ile ba kopana le Lipaki Tsa Jehova, ba amohela ’nete, ’me ba kolobetsoa ka 1954, San Diego, California. Ka 1957 ba ne ba lutse hammoho le metsoalle ea bona Clyde le Ann Neill kopanong ea setereke e neng e tšoaretsoe Los Angeles ha Nathan Knorr, ea neng a tsoa ntlo-khōlō, a bolela libaka tse ’maloa tseo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane ho tsona. Tahiti e ne e le se seng sa tsona.
Mor’abo rōna Neill o re: “Agnès o ile a raoha setulong ke thabo ’me a lla. Ka ntan’o retelehela ka ho eena le Earl ka ba bolella hore ke tla etsa sohle se matleng a ka ho ba thusa hammoho le mora oa bona ea lilemo li 11, hore ba fihle Tahiti. Ha a utloa seo, Earl, ea neng a holofetse, le eena a qala ho lla. O ne a qetile lilemo tse 17 a lula Pacific Boroa, e le moetsi oa litšoantšo ebile e le mongoli, ’me o ne a labalabela ho khutlela teng. Ho feta moo, mosali oa hae, Agnès, o ne a ntse a e-na le tokelo ea ho ba moahi oa Fora.”
Clyde o re ha a tsoela pele: “Ka mor’a ho rapela halelele ka taba ena, ’na le Ann re ile ra etsa qeto ea ho ea Tahiti le bara ba rōna ba bararo, ba neng ba le lilemo li 12, 8 le 3. Metsoalle e meng ea rōna, e leng David le Lynne Carano le mora oa bona, David e monyenyane, ba ile ba etsa qeto ea ho tsamaea le rōna. Kahoo ha re tsoa kopanong ea machaba ea 1958, e neng e tšoaretsoe New York City, re ile ra kena sekepeng ra ea Tahiti.
“Lekala la United States le ne le re file mabitso a batho ba itseng ba thahasellang, kahoo re ile ra qala ho ba etela hang feela ha re fihla. Agnès ea neng a fihlile pele ho rōna, o ne a se a ntse a sebetsa ka thata tšebeletsong. Kaha ’na le Ann re ne re sa khone ho bua Sefora le Setahiti, re ne re tsamaea le Agnès boboleling ha ho khoneha. Ha re ne re sebetsa re le bang, re ne re nka buka ea ‘’Nete e be ea Molimo’ ka Senyesemane le ka Sefora, kaha ke eona buka e neng e ithutoa mehleng eo.”
Ka lebaka la boiteko bona hammoho le motheo o neng o raliloe ke Mor’abo rōna Helberg le Mora le Morali oabo rōna Evans, ka mor’a libeke li se kae feela, batho ba 17 ba ile ba qala ho ithuta Lentsoe la Molimo. Clyde o re: “Seithuti se seng se sa lebaleheng ke eo e neng e le moruti oa Prostanta, e leng Teratua Vaitape. O ile a lahleheloa ke mosebetsi ka lebaka la ho botsa lipotso tse ngata ka lithuto tsa kereke. Teratua o ne a lula le ba lelapa la hae ka tlung e nang le kamore e le ’ngoe e nyenyane e bileng e se nang metsi le motlakase. O ile a mpolella hore ka libeke tse seng kae tseo a ithutileng le rōna ka tsona o ithutile ho hongata Bibeleng ho feta seo a ithutileng sona lilemong tse ’nè tseo a li qetileng a le seminari le tse supileng tseo a li qetileng e le moruti.”
Clyde o re ha a tsoela pele: “Ka mor’a ho qeta libeke tse ’maloa re le sehlekehlekeng moo, ‘mohala oa cheche’ o ile oa jala litaba, ’me batho ba qala ho utloela ka rōna. Eo e ile ea e-ba thuso e khōlō kaha batho ba Tahiti ba botsoalle ebile ba rata Bibele.”
Qalong sehlopha sa bahoeletsi ba seng bakae se ne se tšoarela liboka lapeng la Schenck. Ho ne ho tla batho ba babeli feela ba thahasellang. Mor’abo rōna Neill o re: “Empa e e-s’o be neng, re ne re se re kopanela kamehla le ba bang ba ka bang 15. ’Mè e mong eo re neng re ithuta le eena o ne a ile a thusa Len Helberg ha a robehetsoe ke baesekele ka pel’a ha hae lilemong tse peli kapa tse tharo pejana. Len o ne a ile a mo siela lingoliloeng, kahoo o ne a thabile haholo ha a utloa hore re bolumeling bo le bong le eena. Ha hae ho ne ho le hōle le moo re lulang, kahoo o ne a re ngoathela lijo tsa motšehare ha re mo etetse—a atisa ho re ngoathela tlhapi e sa tsoa tšoasoa e monate e phehiloeng paoleng.”
Pele ba ha Neill le ba ha Carano ba tloha ka December 1958, Clyde o ile a fana ka puo ea kolobetso, e le lekhetlo la bobeli ho fanoa ka puo e joalo French Polynesia, la pele e ne e fanoe ha Maui Piirai a kolobetsoa Makatéa, ka October. Ho ne ho le teng batho ba 60, ’me ha kolobetsoa ba robeli. Har’a bona e ne e le mora oa Neill, e leng Steven, le Auguste Temanaha, e leng moahi oa Tahiti eo hamorao a ileng a thusa ha ho thehoa phutheho sehlekehlekeng sa Huahine.
Nako ea ho Matlafatsoa
John Hubler le mosali oa hae, Ellen, ba tsoang Australia, ba ile ba fallela Tahiti ka 1959, e le ha ba kōpiloe ke lekala la Fiji hore ba thuse Phutheho e ncha ea Papeete. John o ile a sebeletsa e le mohlanka oa phutheho ka likhoeli tse supileng tseo a khonneng ho li qeta Tahiti le Ellen. Kaha John o hlahetse Switzerland, o ne a khona ho bua Sefora hantle. Ellen le eena o ne a khona ho se bua, kaha o ne a qetile lilemo tse ’maloa a sebeletsa le monna oa hae New Caledonia. Ba ha Hubler ba ile ba thusa ho koetlisa bahoeletsi ba bacha tšebeletsong ea ntlo le ntlo, e leng seo ba neng ba hlile ba se hloka, kaha ba bangata ba bona ba ne ba paka feela ka tsela e sa reroang.
Ka 1960, John le Ellen ba ile ba qalisa mosebetsi oa potoloho. Tšimo ea bona e ne e le French Polynesia, e leng ho ileng ha ba lumella hore ba tsoele pele ba thusa bahoeletsi ba moo. John o re: “Joale, ka 1961, ke ile ka memeloa Sekolong sa Gileade. Ha ke qeta ho fumana lengolo, ke ile ka abeloa ho ba molebeli oa potoloho lihlekehlekeng tsohle tseo ho buuoang Sefora ho tsona Leoatleng la Pacific.”
Holo ea Pele ea ’Muso
Mor’abo rōna Hubler o re: “Ha re etetse Tahiti lekhetlong la bobeli, ke ile ka thabela ho qalla Marcelle Anahoa, eo e neng e le tichere, thuto ea Bibele. Ka nako eo re ne re batla ka mahlo a matšo setša seo re ka hahang Holo ea rōna ea ’Muso ho sona. Empa ho ne ho e-na le lintho tse peli tse re sitisang. Ea pele, ho ne ho sa bonahale eka ho na le motho ea ikemiselitseng ho rekisa setša; ea bobeli, phutheho e ne e se na chelete e lekaneng. Leha ho le joalo, re ile ra tsoela pele ho sheba, re tšepile hore Jehova o tla re tataisa.
“Ha ke ntse ke khannela Marcelle thuto, ke ile ka mo bolella taba ena. O ile a re, ‘Ke batla ho u bontša ntho e ’ngoe ke ena.’ A tsoela ka ntle le ’na, eaba oa ntšupisa, o re: ‘Ua se bona setša see? Ke sa ka. Ke ne ke nahanne ho haha lifolete ho sona, empa kaha joale ke se ke ithuta ’nete, ke fetotse maikutlo. Ke tla se seha ka lehare ke nehelane ka karolo e ’ngoe ea sona bakeng sa Holo ea ’Muso.’ Eitse ha ke utloa seo, ka rapella ka pelong hona hoo, ka leboha Jehova ka thapelo e tsoang botebong ba pelo.”
Hang feela ha lipampiri tsa molao li se li lokisitsoe, Phutheho ea Papeete e ile ea haha Holo ea eona ea pele ea ’Muso, ea e qeta ka 1962. E ne e ikahetsoe ka tsela feela tjee e tloaelehileng moo sehlekehlekeng, e bulehile ka mahlakoreng ’me e ruletsoe ka makhasi a phaene. Leha ho le joalo, ka bomalimabe likhoho tsa baahelani li ile tsa iketsetsa lirobe litulong le likalana marulelong. Ka hona, ha barab’abo rōna ba tla libokeng ba ne ba fumana mahe le bohlasoa bo bong ba bo-’malitšibana fatše le holim’a litulo. Leha ho le joalo, holo eo e ile ea sebetsa ka ho loketseng ho fihlela barab’abo rōna ba haha mohaho o mong o moholoanyane o bileng o tšoarellang.
Ho Hlakisoa Litaba Tsa Molao
Qalong, barab’abo rōna ba ne ba sa tsebe hantle hore na boemo ba Lipaki Tsa Jehova ba molao ke bofe French Polynesia. Makasine ea Molula-Qhooa e ne e thibetsoe Fora ho tloha ka 1952, empa mosebetsi oona o sa thibeloa. Na boemo bo ne bo le joalo le sebakeng see se laoloang ke Fora? Ka nako eo, lenane la bahoeletsi le ne le ntse le eketseha, e leng ho neng ho etsa hore Lipaki Tsa Jehova li hlokomelehe. Ha e le hantle, ka lekhetlo le leng ho elella qetellong ea 1959, mapolesa a ile a kena seboka se ntse se tsoela pele a tlil’o bona hore na ho etsahala’ng.
Ka lebaka leo, barab’abo rōna ba ile ba eletsoa hore ba thehe mokhatlo oa molao. Ho ngolisoa ka molao ho ne ho tla hlakisa lintlha tse sa hlakang le ho felisa lipelaelo. Barab’abo rōna ba ile ba thaba hakaakang ha ka la 2 April, 1960, ba tiisetsoa hore ba ngolisitsoe ka molao e le Mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova!
Leha ho le joalo, Molula-Qhooa o ne o ntse o thibetsoe Fora. Kaha barab’abo rōna ba ne ba lumela hore thibelo eo e ne e sebetsa le French Polynesia, ba ile ba fumana lihlooho tsa Molula-Qhooa makasineng e bitsoang La Sentinelle (Molebeli), e neng e tsoa Switzerland. Ka lekhetlo le leng, mapolesa a ile a bolella eo e neng e le mopresidente oa mokhatlo oo oa molao ka nako eo, e leng Michel Gelas, hore a hlokometse hore La Sentinelle e nketse Molula-Qhooa sebaka. Empa mapolesa ha aa ka a thibela hore makasine eo e romeloe. Barab’abo rōna ba ile ba tseba lebaka la seo ha ho tlosoa thibelo e khahlanong le Molula-Qhooa Fora ka 1975.
Ha ho tlosoa thibelo eo, barab’abo rōna Tahiti ba ile ba batla tumello ea hore ba fumane Molula-Qhooa moo. Eaba hoa hlaka hore ha ho mohla thibelo eo e kileng ea hatisoa ho Official Journal of French Polynesia. Ka hona, ho ne ho se mohla Molula-Qhooa o kileng oa thibeloa French Polynesia, e leng se ileng sa makatsa ba bangata.
Ka lehlakoreng le leng, ba boholong moo ba ne ba fana ka li-visa ka thata kapa ba sokolisa ho eketsa nako ea tsona. Kahoo, batho bao e seng baahi ba Fora, joaloka Clyde le Ann Neill, bao ho builoeng ka bona pejana, ba ne ba atisa ho lumelloa ho lula likhoeli tse seng kae feela. Ho ne ho le joalo le ka ba ha Hubler. Empa kaha John e ne e boetse e le setho sa mokhatlo oa molao, ’me molao oa Fora o ne o lumella hore ho be le motho a le mong ea tsoang naheng e ’ngoe botong ea botsamaisi, ha hoa ka ha e-ba thata hakaalo hore a fumane visa.
Sena se ile sa thusa John kabelong ea hae ea potoloho. Ha e le hantle, ka letsatsi le leng mokomishinara oa mapolesa o ile a bitsetsa John ofising ea hae, a batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha John a etela sehlekehlekeng moo khafetsa. John o ile a hlalosa hore kaha ke setho sa mokhatlo, o tlameha ho ba teng libokeng tsa boto. Mokomishinara o ile a khotsofalla tlhaloso eo. Empa leo ha ea ka ea e-ba lona feela lekhetlo leo ka lona John a ileng a tlameha ho hlaha ka pel’a mokomishinara.
Mathoasong a 1963, baahi ba bangata ba French Polynesia, bao har’a bona ho neng ho e-na le bonyane moruti a le mong ea tummeng, ba ile ba halefisoa ke ha ho etsetsoa liteko tsa libetsa tsa nyutlelie Leoatleng la Pacific. Mokoenehi e mong o ile a sebelisa monyetla oo ho ipelaetsa ho mapolesa ka hore Mor’abo rōna Hubler ke e mong oa ba fehlang merusu, empa ha e le hantle seo e ne e le leshano. Leha ho le joalo, John o ile a boela a bitsetsoa ho mokomishinara. Ho e-na le hore John a nyatse monģosi, o ile a hlalosa ka mosa boemo ba rōna ba ho se nke lehlakore bo thehiloeng Bibeleng le hore re hlompha ba boholong pusong. (Bar. 13:1) A ba a fa mokomishinara lingoliloeng tse ling. Qetellong, ofisiri ena e ile ea etsa qeto e nepahetseng ea hore ho na le motho ea mpang a leka ho bakela Lipaki likhathatso.
Leha ho le joalo, qetellong ba ha Hubler ha baa ka ba hlola ba khona ho fumana li-visa. Ka hona, ba ile ba khutlela Australia moo ba ileng ba tsoela pele ka mosebetsi oa potoloho ho fihlela ka 1993, ha ba emisa ka lebaka la ho kula.
Ha ba ha Hubler ba ntse ba le moo lihlekehlekeng, ba ile ba bona batho ba ’maloa ba etsa liphetoho tse tsotehang bophelong e le hore ba khahlise Jehova. E mong oa bona e ne e le mosali-moholo e mong ea lilemo li 74 ea nang le bana ba 14, bao kaofela ha bona a bileng le bona a sa nyaloa. John o re: “Re ne re tloaetse ho mo bitsa ’Mè Roro. Ha ’Mè Roro a ithuta ’nete, o ile a nyalana le monna eo a neng a lula le eena ’me a ngolisa bana bohle ba hae ka molao, le hoja ba ne ba e-na le bo-ntate ba sa tšoaneng. E le hore a thathamise bana bohle ba hae, ramotse oa moo o ile a tlameha ho matahanya liforomo tse peli hore e be foromo e le ’ngoe e telele. ’Mè Roro o ile a tsitlella hore lintho li etsoe ka tsela ea Jehova.” Ka mor’a hore a kolobetsoe, morali enoa oabo rōna ea tšepahalang o ile a qala ho bula maliboho, a ipabola tabeng ea ho tsamaisa limakasine. Eena hammoho le bahoeletsi ba bang, ba bile ba bolela le lihlekehlekeng tse ling tse hōle.
Bibele ea Setahiti—Tlhohonolofatso
Lilemong tsa bo-1960, ho ne ho tloaelehile hore ho be le batho ba buang Setahiti feela. Empa bafetoleli ba kang Nott le Davies ba ile ba thusa hore Bibele e fumanehe ka puo eo ka mor’a 1835.b Ntho e ’ngoe e ikhethang ka eona ke hore e sebelisa lebitso la Molimo, e leng Iehova ka Setahiti, likarolong tsohle, ho akarelletsa le Mangolong a Segerike a Bakreste.
Bibele ea Setahiti e abuoeng ka ho pharaletseng lihlekehlekeng tseo, e thusitse ba bangata ho fumana tsebo e nepahetseng ea ’nete. E mong oa bao e ba thusitseng ke Taina Rataro. Taina ea hlahileng ka 1927, e ne e le e mong oa ba sehlopheng sa pele sa liithuti tsa Bibele Makatéa. ’Me o qalile a sa tsebe ho bala Setahiti le ho se ngola, e leng puo eo a e antseng letsoeleng. Empa o ile a ikitlaetsa ’me a hatela pele hantle. O ile a ba a ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ’me hamorao a khetheloa ho ba mohlanka ea sebeletsang.
Elisabeth Avae, ea lilemo li 78, o hlahetse sehlekehlekeng sa Rimatara se ka thōko, Lihlekehlekeng Tsa Tubuaï, lik’hilomithara tse ka bang 600 ho tloha Tahiti. Morao koana lilemong tsa bo-1960, o ne a sa tsebe Sefora ho hang, empa o ne a khona ho bala Setahiti le ho se ngola. Ka mor’a hore a nyaloe, o ile a fallela Papeete le monna oa hae. Ha a le moo o ile a ithuta ’nete ea Bibele ho morali oa hae e moholo, Marguerite, ea neng a se a qalile ho ea libokeng tsa Bokreste. Elisabeth le eena o ile a qala ho ea libokeng, hammoho le bana ba bang ba hae ba robong. O ne a ea le hoja monna oa hae a ne a mo hanyetsa ka matla, a lahlela liaparo tsohle tsa hae ka ntle ha a ile libokeng.
Ka nako eo, liboka li ne li tšoaroa ka Sefora, ’me ka linako tse ling lipuo tse ling li tolokoa ka Setahiti. Elisabeth o ne a fumana lijo tsa moea lenaneong leo ka hore a tsamaisane le sebui ka ho bala litemana tse boletsoeng Bibeleng ea hae ea Setahiti. Morali’abo rōna ea neng a ithuta le eena o ne a sebelisa bukana ea “Litaba Tsena Tse Molemo Tsa ’Muso,” a e toloka ka Setahiti ho e tlosa Seforeng ha Elisabeth eena a bala litemana tsa Mangolo Bibeleng ea hae. Ka hona, o ile a hatela pele hantle ’me a kolobetsoa ka 1965. Le eena o ile a ithuta le batho ba bang ba buang Setahiti feela. Hape o ile a ruta bana ba hae, ba tšeletseng ba bona ba ile ba nehela bophelo ba bona ho Jehova hammoho le litloholo tse ling tsa hae, tseo tse ’maloa tsa tsona li hōlisitsoeng ke eena.
Setloholo sa hae se seng, e leng Diana Tautu, se sebelelitse lekaleng la Tahiti e le mofetoleli ka lilemo tse 12 tse fetileng. Diana o re: “Ke leboha Nkhono ka hore o nthusitse hore ke tsebe Setahiti hantle. Hona joale ke thabela ho phetha karolo e nyenyane ho thuseng ba bang hore ba fumane lijo tsa moea tse pholosang bophelo ka puo eo ba e antseng letsoeleng.”
Machaena a Ithuta ka Jehova
Lilemong tsa bo-1960, hoo e ka bang karolo ea 10 lekholong ea baahi ba Tahiti e ne e le Machaena. Lechaena la pele le ileng la amohela ’nete ea Bibele ke Clarisse Lygan, eo e neng e le mocha ka nako eo. Clarisse o ne a tsoa lelapeng le futsanehileng. E le hore a thuse ka lichelete, o ne a etsa mosebetsi oa boipheliso ka Laboraro le leng le le leng, ha a sa ee sekolong. O ne a hiriloe lelapeng la Lipaki. Ka hona, Clarisse o ile a tseba ’nete, ’me le hoja batsoali ba hae ba ne ba mo hanyetsa ka matla, o ile a kolobetsoa ka 1962 a le lilemo li 18.
Alexandre le Arlette Ly Kwai le Ky Sing Lygan le bona e bile a mang a Machaena a pele a ileng a sebeletsa Jehova, Tahiti. Ka letsatsi le leng Alexandre, ea neng a khanna tekesi, o ile a kopana le Jim le Charmian Walker, e leng banyalani ba Lipaki ba neng ba tlohile New Zealand ka 1961 ho tla thusa ka mosebetsi oa boboleli. Alexandre o ile a ba bolella hore o lakatsa ho ithuta Senyesemane. Charmian o re: “Ka nako eo ke ne ke le pula-maliboho. Kahoo Jim o ile a bolella Alexandre hore nka mo ruta. O ile a amohela seo. Thuto ea hae e ne e nka metsotso e 30 a ithuta Senyesemane le metsotso e 30 a ithuta Bibele, re ithuta buka ea Ho Tloha Paradeising e Lahlehileng ho ea Paradeising e Fumanehileng Hape.”
Ka nako eona eo, moena oa Alexandre, e leng Ky Sing, le eena o ile a fumana ’nete. Empa banna bao ka bobeli ba ne ba sa tsoa sokolohela Bok’hatholikeng ’me ba ne ba tsamaea lithupelo tsa bolumeli boo. Ka hona, qetellong ba ile ba qala ho bona phapang pakeng tsa se rutoang ke Bibele le se rutoang ke kereke eo. Joale qetellong ea thupelo, moruti o ile a botsa tlelase, ea batho ba ka bang 100, hore na ba na le lipotso. Alexandre o ile a phahamisa letsoho eaba o kōpa hore a fuoe bopaki ba Mangolo bo bontšang hore moea ha o shoe. Moruti o ile a mo araba ka bohale a re: “Ke tseba lebaka leo u botsang potso ena ka lona. Akere u ne u ntse u buisana le Lipaki Tsa Jehova?” A ntan’o soma mohlankana eo ka pel’a tlelase.
Ketsahalo ena e ile ea tiisetsa Alexandre le Ky Sing hore Kereke e K’hatholike ha e rute ’nete. Qetellong bona le basali ba bona ba ile ba nehela bophelo ba bona ho Jehova, ’me hamorao, bara bana ba motho ba babeli ba khetheloa ho ba baholo ka phuthehong. Alexandre o ile a ba a qeta nako e itseng a sebeletsa e le setho sa Komiti ea Lekala Tahiti. Ka mor’a moo, eena le mosali oa hae ba ile ba fallela Raïatéa, e leng se seng sa Lihlekehleke Tsa Society, ho ea tšehetsa mosebetsi oa ’Muso moo ba ntan’o ea Bora Bora, moo Alexandre a sebelelitseng teng ka botšepehi ho isa lefung.
Ho Fetola Tsela ea Bophelo Leoatleng
Antonio Lanza e ne e le theknishiene fekthering e ’ngoe ea thelevishene Milan, Italy. Ka 1966 k’hamphani e ile ea kōpa motho ea ka ithaopelang ho ea Tahiti ho ea tsamaisa mosebetsi oa ho lokisa thepa e rekisitsoeng. Antonio o ile a amohela mosebetsi oo, o neng o lokela ho nka lilemo tse tharo. O ne a rerile ho siea mosali oa hae Anna le bara ba bona ba babeli ba banyenyane. Anna o ile a qeta libeke a lla, a leka ho kholisa monna oa hae hore a fetole monahano, empa ha se ke ha thusa ka letho.
Ho tsamaea ka sekepe ho tloha Marseilles, Fora, ho ea Papeete ho ne ho nka matsatsi a 30. Antonio e ne e le motho ea botsoalle ea ratang ho qoqa le batho ba bang, empa hoo e ka bang motho e mong le e mong sekepeng seo o ne a bua Sefora, ’me o ne a sa se utloisise. Leha ho le joalo, ha a tsoela ka ntle ka letsatsi la bobeli o ile a kopana le masistere a mabeli a Mak’hatholike, ao e neng e le Mataliana. Empa a ne a etsa litšebeletso tsa ’ona tsa letsatsi le letsatsi, kahoo a se na nako ea ho qoqa. Leha ho le joalo, a ile a bolella Antonio hore sekepeng moo ho na le mosali e mong oa Lefora ea khonang ho bua Setaliana. Mosali eo e ne e le Lilian Selam, ’me e le Paki. Lilian o ne a e-ea Tahiti le bana a il’o kopana le monna oa hae, ea neng a fumane mosebetsi moo.
Antonio o ile a fumana Lilian ’me a thabela ho buisana le eena. Lilian o ile a mo fa sengoliloeng sa Setaliana se thehiloeng Bibeleng. Ka mor’a moo, ba ile ba buisana ka makhetlo-khetlo ka litaba tsa moea. Ka lekhetlo le leng ha ba ntse ba buisana, Lilian a hopotsa Antonio ka likotsi tsa boitšoaro tseo a ipehang ho tsona ka ho siea mosali le bana ka lilemo tse tharo ha a ntse a sebetsa Tahiti. A boela a mo bontša pono ea Molimo ka khalalelo ea lenyalo, a mo bontša ka Bibeleng litemana tse kang Baefese 5:28, 29 le Mareka 10:7-9.
Ka mor’a hore Antonio a nahanisise ka sena, a qala ho ikoahlaela qeto eo a e entseng. Ha e le hantle, o ile a ngolla mosali oa hae a le Panama, a mo bolella hore hang ha a se a e-na le chelete, o tla etsa hore a tle Tahiti le bana ba bona ba babeli ka sefofane. A boela a ngola, lekhetlong lena a kōpa Anna hore a kōpe Bibele ho moruti oa hae ’me a tle le eona. Moruti o ile a re’ng ha a utloa seo? O ile a bolella Anna hore monna oa hae o tlameha a fapane hlooho, haeba o batla ho bala buka e thata joalo.
Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng Antonio a le Tahiti, lelapa la hae le ile la fihla. Kaha Anna e ne e le motho ea chesehelang bolumeli, letsatsing le hlahlamang leo a fihlileng ka lona o ile a kōpa Antonio hore a ise lelapa la bona kerekeng e le hore ba e’o leboha Molimo ha a boetse a ba kopantse. Antonio o ile a re: “Ho lokile, re tla ea kerekeng.” Empa ho e-na le hore a ise ba lelapa la hae kerekeng ea K’hatholike o ile a ba isa Holong ea ’Muso! Anna o ile a makala haholo ke seo. Leha ho le joalo, o ile a thabela lenaneo a ba a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele. Ke mang ea ileng a mo khannela thuto? Ke Lilian Selam, eena morali’abo rōna ea neng a ile a pakela Antonio ka sekepeng.
Lilemo tse tharo tseo Antonio a neng a lokela ho li qeta a le mong Tahiti li fetohile lilemo tse 35 tseo a li qetileng a e-na le lelapa lohle la hae. Ho feta moo, hona joale Antonio, Anna le bara ba bona ba bane kaofela ba kopane hammoho borapeling ba ’nete, ’me Antonio o sebeletsa e le moholo ka phuthehong.
Malapa a Sebeletsa Moo ho Nang le Tlhokahalo e Khōloanyane Teng
Ha lilemo li ntse li feta, bara le barali babo rōna ba bangata ba ’nile ba fallela lihlekehlekeng tse ka thōko ho ea thusa moo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane teng ea bahoeletsi ba ’Muso. Bona ba akarelletsa ba lelapa la ha Mara, la ha Haamarurai le la ha Terii, hammoho le Ato Lacour, eo lelapa la hae le neng le se linneteng. Lelapa la ha Mara—e leng Vaieretiai, Marie-Medeleine le bana ba bona ba bahlano—le ile la tloha Tahiti la fallela Raïatéa. Banyalani bao e neng e le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba neng ba sebeletsa moo ba ne ba sa tsoa fuoa kabelo e ’ngoe. Ho ne ho setse feela baralib’abo rōna ba babeli le bahoeletsi ba seng bakae ba sa kolobetsoang sehlekehlekeng seo.
Vaieretiai e ne e le ’metli oa litšoantšo tsa lehong, ’me hamorao ea e-ba ’metli oa litšoantšo tsa korale, e leng mosebetsi o neng o mo lumella hore a falle empa a sa tlamehe ho fetola mosebetsi. Kaha e ne e le eena feela moholo, o ile a qeta lilemo tse hlano a hlokomela sehlopha se senyenyane sa Raïatéa ho fihlela ho tla mor’abo rōna e mong ea tšoanelehang. Ka mor’a moo ba ha Mara ba ile ba fallela Tahaa, moo ba ileng ba qeta lilemo tse ’nè teng.
Ba ha Mara ba ile ba fumana ho le thata ho iphelisa lihlekehlekeng tseo. Vaieretiai o re: “Ke ne ke tlameha ho ea Tahiti ho ea rekisa litšoantšo tsa ka. Ka linako tse ling ke ne ke hloka chelete ea ho lefella sefofane. Maemong a joalo, ke ne ke ee ke kōpe monna e mong ea okametseng sefofane se seng se senyenyane hore a mphe tekete ka mokitlane, ke mo tšepise ho e lefa ka ho feletseng ha ke khutla. Ke ’nete hore ka linako tse ling re ne re haelloa ke chelete, empa ha ho mohla re kileng ra hloka lintho tsa motheo bophelong.” Mohlala oa Vaieretiai le Marie-Medeleine oa boitelo o ile oa e-ba le tšusumetso e ntle ho morali oa bona Jeanne, eo hona joale a seng a qetile lilemo tse 26 a le tšebeletsong ea nako e tletseng ebile e le setho sa lelapa la Bethele, Tahiti.
Ka 1969, Ato Lacour le ba lelapa la hae ba ile ba fallela sehlekehlekeng sa Rurutu, e leng se seng sa Lihlekehleke Tsa Tubuaï, kaha o ne a kōpile hore a isoe moo ka mosebetsi. O ne a qetile lilemo tse tharo feela a kolobelitsoe, ’me e le eena feela lapeng la hae ea linneteng ebile e le eena feela mohoeletsi lihlekehlekeng tseo. Letsatsing le hlahlamang leo a fihlileng ka lona, o ile a tsoa ho ea paka. O ile a ngola tjena bukaneng eo a ngollang lintlha ho eona: “Ke qalile ho bolela—ke le mong. Ho thata. Babylona e Moholo e itsetsepetse mona.”
Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana batho ba thabelang ba ile ba qala ho amohela litaba tse molemo, ’me ha thehoa sehlopha. Qalong, ba ne ba kopanela ka kamoreng ea ho phomola lapeng la ha Lacour. Ato o re: “Kaha re ne re le litho tsa bolumeli bo bocha sehlekehlekeng seo, sehlopha sa rōna se ne se bitsoa ‘kereke ea Lacour.’ Empa Jehova ‘o ile a ’na a se hōlisa,’ ’me sehlopha sa rōna se ile sa fetoha phutheho ka 1976.” (1 Bakor. 3:6) Pele Mor’abo rōna Lacour a hlokahala selemong sa 2000, litho tse ’maloa tsa lelapa la hae, ho akarelletsa le mosali oa hae, Perena, li ile tsa kopanela le eena borapeling ba ’nete.
Rudolphe le Narcisse Haamarurai ba ile ba fallela Bora Bora. Rudolphe o ile a itokolla mosebetsing oa ho ba mookameli oa lebatooa k’hamphaning ea motlakase Tahiti, ’me a batla mosebetsi oa ho kha likokonate le ho li omisa ho etsa oli, Bora Bora. O ile a qeta lilemo tse peli a sa fumane mosebetsi o mong. Empa Jehova o ile a mo hlohonolofatsa hakaakang eena le mosali oa hae, kaha ka mor’a nako ba ile ba bona ha phutheho e thehoa sehlekehlekeng seo! Phutheho eo e ile ea qeta lilemo tse fetang 25 e kopanela lapeng la ha Haamarurai. Joale, selemong sa 2000, e ile ea fallela Holong ea eona e ncha ea ’Muso, e haufi le letangoana le letle la Bora Bora.
Taaroa le Catherine Terii, hammoho le bana ba bona ba 7 ba ntseng ba le tlas’a tlhokomelo ea bona baneng ba bona ba 15, ba ile ba fallela sehlekehlekeng se senyenyane sa Maupiti, seo le sona se leng Lihlekehlekeng Tsa Society. Ha ba ha Terii ba fihla ka 1977, e ne e le bona feela bahoeletsi Maupiti. Ba ne ba lula sebakeng se bitsoang motu, e leng sehlekehleke se senyenyane se nang le limela se lintšing tsa letangoana. Boholo ba nako ba ne ba e-ja tlhapi le kokonate e sitsoeng. Lelapa le ne le boetse le bokella likhofu tse jeoang, tseo le neng le li rekisa. Ha ba ha Terii ba il’o paka, ba ne ba qaputsa ka metsing a letangoana ba tšelela sehlekehlekeng se seholo, ba le hlokolosi hore ba se ke ba hata tlhapi leha e le efe e nang le metsu e chefo.
Ka 1980, Taaroa le Catherine ba ile ba abeloa ho ea Bora Bora, lekhetlong lena e le bo-pula-maliboho ba khethehileng. Ka mor’a ho qeta lilemo tse 5 e le bo-pula-maliboho ba khethehileng, ba ile ba qeta tse 15 e le bo-pula-maliboho ba kamehla. Joalokaha re tla bona, ba bang ba batho bao ba ileng ba ithuta Bibele le bona qalong ke banyalani ba bang ba ileng ba mamella khanyetso e matla ka lebaka la litaba tse molemo.
Masea a Moea aa Lekoa
Batho ba pele ba ileng ba ithuta Bibele le ba ha Terii ’me ba amohela ’nete Bora Bora ke Edmond (Apo) le Vahinerii Rai. Ba ha Rai ba ne ba lula ha ’mè oa Edmond. Ka mor’a hore banyalani bao ba qete hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng ba ithuta, ’mè oa Edmond o ile a re ba mo tsoele ka ntlo, e le ha a susumelitsoe ke moruti oa hae. Edmond, Vahinerii le mora oa bona ea lilemo li peli ba ile ba tlameha ho lula ntlong ea joang sekhoeng. Moruti eo o ile a boela a qophella mohiri oa Edmond hore a mo leleke—ha e le hantle, moruti eo o ile a ba a ea bohōleng ba hore a bolelle batho ba bang ba neng ba ka ’na ba mo hira hore ba se ke ba hira Edmond! Lelapa leo le lenyenyane le ile la qeta likhoeli tse robeli le phela ka ho tšoasa litlhapi.
Eaba ka letsatsi le leng mosali e mong ea neng a batla ho haha ntlo o buisana le eo e neng e le mohiri oa Edmond. Mosali eo o ne a khahliloe ke tsebo ea Edmond ’me a batla hore e be eena ea mo hahelang ntlo. Ha mosali eo a utloa hore Edmond o lelekiloe hobane a ne a kopanela le Lipaki Tsa Jehova, o ile a bolella rakonteraka eo hore o tla mo fa mosebetsi oo hafeela Edmond a mo sebeletsa. Ka lebaka leo, Edmond o ile a boela mosebetsing oa hae. Ho sa le joalo, ’mè oa hae o ile a nolofala ’me a re Edmond le Vahinerii ba khutlele lapeng. Kajeno, Edmond o sebeletsa e le moholo Phuthehong ea Bora Bora.
Huahine e Amohela Litaba Tse Molemo
E mong oa sehlopha seo se qalang sa liithuti tsa Bibele tse ileng tsa kolobetsoa Tahiti ka 1958 ke Auguste Temanaha. Auguste o ile a fallela United States ha a qeta ho kolobetsoa, ’me eena le mosali oa hae, Stella le bana ba bona ba bararo, ba ile ba khutlela Tahiti ho elella lilemong tsa bo-1970. Ha a le moo o ile a ba le khoebo e atlehang. Ka 1971, ka mor’a hore ba ha Temanaha ba khothatsoe ke molebeli oa potoloho le ke mohlala oa ba ha Mara bao ho builoeng ka bona pejana, ba ile ba rekisa khoebo ea bona ’me ba fallela sehlekehlekeng sa Huahine, se bohōle ba lik’hilomithara tse fetang 160 ho tloha Tahiti.
Ka nako eo, morali e mong oabo rōna le batho ba bang ba thahasellang ba ne ba lula sehlekehlekeng seo. Nako feela eo ka eona ba neng ba kopana le mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng e ne e e-ba mohla ba etetsoeng ke bo-pula-maliboho le molebeli oa potoloho. Kahoo ba ne ba thabile ha ba ha Temanaha ba fihla. Hang-hang Auguste o ile a hlophisa hore liboka li tšoaroe, li kenela ka kichineng ha hae. Ho ne ho e-ba teng batho ba ka bang 20.
Qalong, Auguste o ne a sa khone ho fumana mosebetsi. Leha ho le joalo, eena le ba lelapa la hae ba ile ba tšoareha tšebeletsong, ba tšepile hore Jehova o tla ba hlokomela. ’Me o ile a fela a ba hlokomela. Ka mohlala, ha ba ha Temanaha ba le boboleling, Auguste o ne a atisa ho siea koloi a e pakile kae-kae moo tšimong. Ha ba khutlela koloing, ba ne ba atisa ho e fumana e tletse lijo. Ba ne ba sa tsebe hore na ke mang ea li tlisitseng. Ba ne ba nahana hore ke batho ba tšimong eo ba mosa ba neng ba hlokometse boemo ba bona. Sena se ile sa ’na sa etsahala ka libeke tse ’maloa ho fihlela boemo ba lelapa la bona ba lichelete bo ntlafala.
Ka lebaka la cheseho le mamello ea ba ha Temanaha le ba bang ba kang bona, haesita le mosa oa baahi ba sehlekehlekeng moo, ha ho makatse hore ebe kajeno Huahine e na le phutheho e atlehang. Ha e le hantle, ho batho ba bang le ba bang ba 53 moo sehlekehlekeng a le mong ke mohoeletsi. ’Me lilemong tsa morao tjena, hoo e ka bang motho a le mong ho ba bang le ba bang ba 12 o bile teng Sehopotsong!
Malapa a mang a mangata a Lipaki le ’ona a bontšitse moea o tšoanang oa boitelo. Ka mohlala, Jean-Paul le Christiane Lassalle ba ile ba qala ho sebeletsa Lihlekehlekeng Tsa Marquesas ka 1988, ’me ba qeta lilemo tse peli. Jean-Paul e ne e bile setho sa boto ea batsamaisi Tsamaisong ea Thuso ea Sechaba, Tahiti, empa a itokolla mosebetsing oo oa maemo a holimo e le hore a atolose tšebeletso ea hae. Ka 1994 ba ha Lassalle ba ile ba boela ba falla, lekhetlong lena ba fallela Rangiroa, e sehlopheng sa lihlekehleke tsa Tuamotu, moo ba ileng ba qeta lilemo tse tharo teng. Hona joale, Jean-Paul o sebeletsa ka botšepehi Fora.
Morao tjena, ka mor’a hore Colson Deane a tlohele mosebetsi e le motlatsi oa motsamaisi oa teronko, Tahiti, eena le mosali oa hae, Lina, ba ile ba fallela sehlekehlekeng sa Tubuaï, se sehlopheng sa lihlekehleke tsa Tubuaï. Ka bobeli ke bo-pula-maliboho ’me ba fana ka thuso e ntle phuthehong e nyenyane e sehlekehlekeng seo, e sebakeng se ntseng se e-na le khaello e khōlō ea baholo.
Malapa a Falla Fora ho ea Thusa
Malapa a mang a ile a tloha Fora ho tla thusa ka mosebetsi mona. Nahana ka lelapa la ha Sicari—Francis, Jeannette le barali ba bona ba babeli, e mong a le lilemo li tšeletseng ha e mong a le lilemo li robong. Francis o re: “Re ne re emetse monyetla oa ho atolosa tšebeletso ea rōna. Eaba re bala Bukeng ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1971 (ea Senyesemane) memo ea hore bahoeletsi ba e’o sebeletsa Pacific Boroa.” Le hoja metsoalle le beng ka bona ba bang ba ile ba leka ho nyahamisa ba ha Sicari, ba ile ba thula thaba ka phatla ’me ba fihla Papeete ka April 1972.
Kaha Francis e ne e le moholo, ha a fihla ho ile ha thehoa phutheho ea bobeli Tahiti, motseng oa Punaauia. Francis le Jean-Pierre Francine, eo ka nako eo e neng e le molebeli ea okamelang phuthehong e ’ngoe, ba ile ba ba le tokelo ea ho ba litho tsa Komiti ea pele ea Lekala, Tahiti, ha tokisetso eo e qala ka 1976 . O ile a ba komiting eo ka lilemo tse 12.
Na metsoalle le beng ka lelapa la Sicari ba ne ba e-na le lebaka le utloahalang la ho tšoenyeha? Francis o re: “Ho fapana le seo ba bang ba neng ba se bua, ho falla ha rōna ho ile ha tsoela barali ba rōna molemo. Ha e le hantle, hona joale ka bone ba rōna re qetile lilemo tse 105 re le tšebeletsong ea nako e tletseng ’me re thabetse litlhohonolofatso tse ngata, feela joalokaha Jehova a tšepisitse.—Mal. 3:10.”
Ka 1981, lekala la Fora le ile la phatlalatsa Tšebeletsong ea ’Muso hore ho hlokahala baholo sehlekehlekeng sa Mooréa, se bohōle ba leeto la metsotso e 30 ka sekepe ho tloha Papeete. Barab’abo rōna ba babeli le basali ba bona ba ile ba amohela memo eo, banyalani ba bang e ne e le Alain le Eileen Raffaelli. Ba ile ba thusa ho theha phutheho Mooréa, moo ba qetileng lilemo tse robeli ba sebeletsa teng. Alain o ile a boela a sebeletsa Komiting ea Lekala ho tloha ka 1987 ho fihlela ka 1994.
Ka 1997 lekala la Fora le ile la khothalletsa barab’abo rōna ba pensheneng hore ba fallele lihlekehlekeng tse ka thōko ’me ba nke lilemo tse peli kapa ho feta ba thusa moo baholo ba hlokahalang ka potlako. Gérard Balza, eo e leng mohokahanyi oa Komiti ea Lekala Tahiti, o re: “Re ne re lebeletse hore mohlomong ho tla ithaopa banyalani ba bane kapa ba tšeletseng. Re ile ra makala hakaakang ha ho ithaopa banyalani ba 22! Banyalani ba bane ba ile ba ba ba khetha ho lula moo. Ka lebaka la khōlo ea bara le barali bana babo rōna moeeng le phihlelo eo ba nang le eona, e bile thuso e khōlō ho bahoeletsi bao re nang le bona moo. Le hoja e se baromuoa, ba ithutile hore na bophelo ba ho ba moromuoa bo joang le mathata a ho phela sehlekehlekeng se hōle joalo.”
Ho Thehoa Lekala
Ha mosebetsi o ntse o hatela pele Pacific, ho ile ha e-ba le liphetoho tseleng eo lintho li hlophisoang ka eona. Australia e ile ea tsamaisa mosebetsi o etsoang French Polynesia ho fihlela ka 1958, ’me ka mor’a moo oa tsamaisoa ke Fiji, e batlang e le haufi. Phetoho e ’ngoe e tlile ka 1975 ha Nathan Knorr le Frederick W. Franz ba tsoang ntlo-khōlō ea lefatše ba etetse Tahiti. Ba ile ba fana ka lipuo tse khothatsang ho batho ba fetang 700, ’me Mor’abo rōna Knorr a fana ka puo ea li-slide ho batho ba fetang 500 Holong e ’ngoe ea ’Muso.
Ka mor’a lenaneo leo, Mor’abo rōna Knorr o ile a kopana le baholo ’me a etsa tlhahiso ea hore ho buloe lekala Tahiti. Barab’abo rōna ba ile ba thabela khopolo eo. Alain Jamet, e leng molebeli oa potoloho ea neng a bua Senyesemane, o ile a khetheloa ho ba molebeli oa lekala. Tokisetso eo e ncha e qalileng ho sebetsa ka la 1 April selemong sona seo, e ile ea ipaka ho ba khato e nepahetseng. Ke ’nete hore Fiji e ne e le haufi ho feta Australia, empa ho se tšoane ha lipuo e ne e ntse e le bothata. Empa joale barab’abo rōna ba French Polynesia ba ne ba ka khona ho buisana ka ho toba le lekala la bona ba bile ba buisana le lona le le haufi.
Ofisi ea lekala e ne e le nyenyane bakeng sa bahoeletsi ba ka tlaasenyana ho 300 sebakeng seo sohle. Ha e le hantle, e ne e le kamore e le ’ngoe feela e haheletsoeng Holong ea ’Muso, Papeete. Ka lehlakoreng le leng e ne e le deske, ka ho le leng e le setoko sa libuka. Qalong, molebeli oa lekala o ne a sebetsa ka nako e itseng, e leng se neng se lumella Alain le mosali oa hae, Mary-Ann, hore ba tsoele pele ka mosebetsi oa potoloho le oa boboleli lihlekehlekeng tse hōle tse se nang bahoeletsi.
Ho Bolela Sehlopheng sa Lihlekehleke Tsa Tuamotu le Tsa Gambier
Ha lekala la Tahiti le thehoa, ho ile ha hatelloa haholo taba ea ho finyella lihlekehleke tse hōle ka litaba tse molemo. Ka linako tse ling, barab’abo rōna ba ne ba lokisetsa ho ea libakeng tsena tse hōle ka lihlopha. Axel Chang, ea qetileng nakoana a le Komiting ea Lekala, o re o hopola ka nako e ’ngoe bara le barali babo rōna ba 20 ba hirile sefofane ho ba isa Rangiroa, e leng sehlekehleke se seholo ka ho fetisisa sehlopheng sa lihlekehleke tsa Tuamotu. O re: “Ka mor’a ho pakela motho e mong le e mong sehlekehlekeng moo, re ile ra lokisetsa puo ea phatlalatsa. Ramotse oa moo o ile a re lumella ho sebelisa sebaka se ruletsoeng. Qalong, ho ne ho bonahala eka bamameli e tla ba ba sehlopheng sa rōna feela! Re ne re nahana hore ‘mohlomong batho ba tšaba baeta-pele ba bona ba bolumeli.’ Empa ha puo e ntse e tsoela pele, batho ba ile ba qala ho fihla ka bomong, ’me qetellong sebaka seo sa tlala.”
Mor’abo rōna Chang o tsoela pele o re: “Ha puo e ntse e tsoela pele, re ile ra bona moruti oa K’hatholike a tla a soaela baesekele ea hae ka matla, a lebile moo re tšoaretseng seboka teng. Ha a atamela a fokotsa lebelo, a penya mahlo ho shebisisa hore na ke bo-mang ba mohlape oa hae ba teng moo. O ile a etsa seo ka makhetlo a ’maloa, a re qeta ka litšeho.”
Alain Raffaelli o ile a hlophisa hore ho eteloe Lihlekehlekeng Tsa Gambier ka 1988 ka boboleli. Sehlopha sena sa lihlekehleke tseo boholo ba tsona li leng tlas’a taolo ea K’hatholike se bohōle ba lik’hilomithara tse fetang 1 600 ho tloha Tahiti, ke sona se senyenyane le se ka thōko ka ho fetisisa French Polynesia. Nako feela eo ka eona ho neng ho kile ha fanoa ka bopaki lihlekehlekeng tsena ke ka 1979, ha Alain Jamet a ne a qeta matsatsi a mararo moo.
Barab’abo rōna ba ile ba qala ka ho ea ho ramotse ba mo hlalosetsa mosebetsi oo ba o etsang ba ba ba kōpa sebaka seo ba ka tšoarelang Seboka sa Phatlalatsa ho sona. O ile a ba fa holo e sebelisetsoang manyalo ’me a ikōpela tšoarelo ka hore ha a na ho khona ho felehetsa barab’abo rōna ha ba ntse ba mema batho, kaha o tšoarehile ka letšolo la likhetho. Barab’abo rōna ba ile ba re a se ke a tšoenyeha. Batho ba 30 ba ile ba tla puong, ho akarelletsa ramotse le lepolesa le leng.
Ha puo ea phatlalatsa e ntse e tsoela pele, e neng e bua ka boemo ba bafu, Alain o ile a bontša hore lihele tseo Bibele e buang ka tsona ke lebitla feela le tloaelehileng le hore Kreste le eena o ile a ea teng. E mong oa bamameli o ile a phasoloha a re: “Jesu o ne a ke ke a ea moo!” Alain a ntan’o qotsa mantsoe a Tumelo ea Baapostola, a reng Kreste “o ile a theohela Liheleng.” Karabo ena e ile ea makatsa bamameli, kaha ba ile ba qala ho elelloa hore ke khale ba bua mantsoe ana empa ba sa nahane ka seo a se bolelang. Lelapa le leng le neng le le teng sebokeng seo hona joale le amohetse ’nete.
Balebeli ba tsamaeang ba ne ba atisa ho qeta libeke tse itseng pele ba etela phutheho e latelang ba bula maliboho libakeng tseo ho se nang bahoeletsi ho tsona. Ke seo banyalani ba bang ba Tahiti, e leng Mauri le Mélanie Mercier, ba ileng ba se etsa. Ke bona ba qalileng ho bolela litaba tse molemo sehlopheng sa lihlekehleke tsa Tuamotu, e leng Ahe, Anaa, Hao, Manihi, Takapoto le Takaroa. Nako le nako ha ho ne ho khoneha, Mauri o ne a boetse a fana ka puo ea phatlalatsa kapa a bontša li-slide. O re: “Ba bangata ba baahi ba lihlekehlekeng tseo ba botsoalle, haese ba sehlekehlekeng sa Anaa, seo e leng khubu ea Bok’hatholike. Ha re ntse re bontša li-slide, ba bang ba ile ba qala ba etsa lerata, ha ba bang bona ba ne ba batla ho re otla. Empa re ile ra utloa le litsebeng qetellong ha re khona ho ba kokobetsa.”
Baromuoa ba Fihla Lihlekehlekeng
Ho tloha ka 1978, ho ile ha romeloa baromuoa ba ’maloa lihlekehlekeng tse ka thōko ba tsoa Fora. Michel le Babette Muller ba ile ba fihla ka August 1978 ’me ba isoa Nuku Hiva, e leng sona sehlekehleke se seholohali le se nang le baahi ba bangata ka ho fetisisa lihlekehlekeng tsa Marquesas. Barab’abo rōna ba ne ba ile ba etela ka makhetlo lihlekehleke tsena tse laoloang ke kereke e K’hatholike, empa ho ne ho se ea kileng a khona ho qeta nako a le moo. Kaha ho ne ho se litsela moo, Michel le Babette ba ne ba tsamaea ka maoto kapa ka pere. Baahi ba moo ba ne ba atisa ho ba fa marobalo. Bosiung bo bong ba ile ba ba ba robala holim’a linaoa tse anehiloeng tsa kofi!
Ba ha Muller ba ile ba qeta likhoeli tse 18 ba le lihlekehlekeng tsa Marquesas pele ba qalisa mosebetsi oa potoloho. Ba bangata ba ne ba ananela ho eteloa ke bona ba bile ba amohela libuka. Ha e le hantle, Michel le Babette ba ile ba tsamaisa libuka tse sekete tsa Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ka selemo se le seng! Ka lebaka la boiteko bo entsoeng ke baromuoa bao ba molemo, hammoho le bo entsoeng ke bo-pula-maliboho le bahoeletsi ka kakaretso, mosebetsi o ile oa tsoela pele hantle lihlekehlekeng tsa Marquesas hammoho le libakeng tse ling tsohle tse tlas’a lekala. Ha e le hantle, litlaleho li senola hore ho ile ha e-ba le litlhōrō tse 69 tse latellanang tsa bahoeletsi!
Ke ’nete hore batho bana bohle ba bacha ba ne ba hloka ho koetlisoa. Empa ka linako tse ling ho ne ho se na barab’abo rōna ba lekaneng ba nang le phihlelo ba ka ba thusang ka bomong. Ba ha Muller ba ile ba hlōla bothata bona ka hore ba sebetse le bahoeletsi ba bacha ba babeli ka nako e le ’ngoe. E mong o ne a kena lelapeng le Michel kapa le Babette ha e mong eena a sala tseleng a emela monyetla oa hae. Hona joale ba ha Muller ke baromuoa Benin, Afrika.
‘Ho Paka ho Ile ha Nonya Tsebo ea Rōna ea Mangolo’
Baromuoa ba bang, e leng Christian le Juliette Belotti ba ile ba fihla French Polynesia ka February 1982. Qalong ba ile ba potoloha, ba ntan’o qeta lilemo tse hlano ba bula maliboho sehlekehlekeng sa Raïatéa, seo motho a neng a ka fihla likarolong tse ling tsa sona ka ho palama seketsoana se tšehelitsoeng ka likoqo hore se phaphamale. Christian o re ho paka moo ho ne ho sa nonye tsebo ea bona ea ho soka feela; “empa ho ne ho boetse ho nonya tsebo ea rōna ea Bibele. Re ne re atisa ho botsoa lipotso tse kang: Batlotsuoa ba tseba joang hore ba tla ea leholimong? kapa, Libata tse bukeng ea Tšenolo li emela’ng?”
Joaloka libakeng tse ling tse ngata tse nang le baahi ba seng bakae, baahi ba Raïatéa ba tsebana kaofela. Christian o re: “Kahoo ha mohoeletsi a se a sa kopanele tšebeletsong, hangata u ne u tla utloa mong’a ntlo a re: ‘E se e le nako joale ke sa bone ’Nyeo. Na o se a khathetse?’ Kapa ‘’Nyeo o lokela ho thusoa. Ho tlameha ho e-na le ho phoso ka eena moeeng!’” Ha ba ha Belotti ba tloha Raïatéa, hoo e batlang e le fare (“ntlo” ka Setahiti) e ’ngoe le e ’ngoe e ne e e-na le motho ea ithutileng le Lipaki Tsa Jehova.
Ho tloha moo ba neng ba lula teng Raïatéa, ba ha Belotti ba ile ba boela ba ea sehlekehlekeng sa Maupiti. Ka lekhetlo le leng ba ile ba lokisetsa hore ho romeloe libuka sehlekehlekeng seo ka ho toba. Empa thepa e rometsoeng ea lieha ho fihla. Christian le Juliette ha baa ka ba nyahamisoa ke seo, ba ile ba bontša batho libuka tseo ba neng ba rerile ho ba tsamaisetsa tsona ka tsa bona tseo ba li sebelisang. Malapa a ka bang 30 a ile a kōpa libuka tseo, a kholisehile hore li tla fihla. Ka mosa motho e mong ea thahasellang o ile a aba libuka tseo ha li fihla.
Kabelo e latelang ea ba ha Belotti e ile ea ba isa Rangiroa, sehlopheng sa lihlekehleke tsa Tuamotu, moo e neng e le bona feela Lipaki. Ka mor’a moo, ba ile ba isoa French Guiana ’me qetellong ba isoa Democratic Republic of Congo, moo Mor’abo rōna Belotti a sebeletsang Komiting ea Lekala teng.
“Jehova o Tla U Koetlisa”
Frédéric le Urminda Lucas ba ile ba fihla ka April 1985 ba tsoa Fora ’me ba isoa sehlekehlekeng sa Tahaa, se neng se e-na le bahoeletsi ba bararo feela. Libeke tse peli tse qalang li ile tsa thatafalla banyalani bana ba bacha. Ba ile ba tšoara liboka ba le bang ba li tšoarela ka kamoreng ea bona ea ho phomola. Ba ile ba bina lipina tsa ’Muso, ’me ba lla; empa ha baa ka ba itumella ho nyahama.
Ho ne ho se na motlakase sehlekehlekeng seo ho bile ho se na lithelefono. Leha ho le joalo, Frédéric le Urminda ba ne ba e-na le rojaroja, eo ba neng ba buisana ka eona le baromuoa ba bang ba haufi ba Raïatéa—le teng, haeba e ne e khona ho sebetsa! Ba ne ba boetse ba e-na le sehatsetsi se senyenyane se neng se hokeletsoe jenereithareng ea moahisani. Frédéric o re: “E ne e atisa ho sebetsa ho tloha ka 6:00 mantsiboea ho fihlela ka 10:00 bosiu. Ka letsatsi le leng ha re fihla hae re ile ra fumana litamati tsa rōna li hoamme e le leqhoa. Moahisani oa rōna o ne a ile a rera ho shebella papali e ’ngoe thelevisheneng eaba o bulela jenereithara pele ho nako ea mehleng.”
Ba ha Lucas ba ne ba boetse ba tlameha ho ithuta Setahiti. Joalokaha motho leha e le ofe ea ithutang puo e ’ngoe a tseba, bo-maithutoana ba etsahalloa ke lintho tse ba hlabisang lihlong. Ka mohlala, Frédéric o re ka le leng o ne a ea ka ntlo le ntlo a nahana hore o ntse a re “moea o halalelang”—e leng varua mo’a. Empa o ne a e-s’o tsebe ho bitsa hantle mo’a e bitsehang ka thata, kahoo o ne a ntse a re “moea oa khoho.”
Ha banyalani bao ba fihla Tahaa, Frédéric o ne a le lilemo li 23 ’me e le mohlanka ea sebeletsang. O ile a phetlela Alain Jamet sefuba, eo ka nako eo e neng e le mohokahanyi oa Komiti ea Lekala, a re o ikutloa a sa tšoanelehe ho jara boikarabelo boo a bo filoeng. Alain o ile a re: “Se ke ua tšoenyeha, Jehova o tla u koetlisa!” ’Me o ile a fela a mo koetlisa. Lilemo tse hlano hamorao ha ba ha Lucas ba ea kabelong e latelang, e leng Burkina Faso, sehlopha se senyenyane sa Tahaa e ne e se e le phutheho e nang le bahoeletsi ba 14 le Holo ea ’Muso, ’me Frédéric e se e le moholo.
Banyalani baa ba thaba hakaakang hore ebe ha baa ka ba itumella ho nyahama qalong! Ba sa tsoa re: “Tseo e bile lilemo tse molemo ka ho fetisisa bocheng ba rōna. Re ithutile mamello le ho tšepa Jehova ka ho feletseng ho e-na le ho tšepa matla a rōna. Ha re ne re nyahame, thapelo e ne e re khothatsa. Re ile ra etsa Jehova setšabelo sa rōna, ’me ha aa ka a re soetsa le ka mohla. E, ka sebele o ile a re koetlisa.”
Baromuoa ba Masoha ba Amohela Likabelo Tse Thata
Baromuoa ba masoha ba tsoang Fora le bona ba ile ba ea French Polynesia ho ea thusa. Ba pele ba ileng ba fihla moo ke Georges Bourgeonnier le Marc Montet. Bobeli ba bona ba ile ba sebeletsa lekaleng le mosebetsing oa potoloho. Potoloho ea Marc e ne e akarelletsa lihlekehleke tsa Tubuaï, Gambier, Marquesas le tsa Tuamotu. Lihlekehlekeng tse ’maloa, o ne a bolela a le mong; ka linako tse ling a sebetsa le bo-pula-maliboho ba khethehileng ba moo. Nako le nako ha ho khoneha, o ne a fana ka puo ea phatlalatsa, ’me lihlekehlekeng tse ling hoo e batlang e le baahi bohle ba ne ba e-tla puong. Marc o ile a tsoela pele ka mosebetsi oa potoloho le ha a se a nyetse. Hona joale eena le mosali oa hae, Jessica, ba Phuthehong ea Bora Bora, moo Marc a sebeletsang teng e le moholo ebile e le pula-maliboho.
Ka February 1986, Philippe Couzinet le Patrick Lemassif ba ile ba fihla Fora. Ba ile ba abeloa ho ea lihlekehlekeng tsa Marquesas. Ho fapana le lihlekehleke tse ling tsa French Polynesia, lihlekehleke tsa Marquesas ha lia pota-potoa ke mopopotlo oa likorale. Lilomo tse telele lihlekehlekeng tsena li theohela tlaase Leoatleng la Pacific le boputsoa bo loileng, moo maqhubu a fihlang a khahlelana teng. Pakeng tsa lithaba tse matsutla-tsutla ke liphula tse moqotetsane, tse nonneng tse nang le linōka le liphororo—e leng sebaka se loketseng lipōli, lipere le linare tse ngata tse sollang moo lihlekehlekeng.
Ka lilemo-lemo, lihlekehleke tsa Marquesas li ’nile tsa eteloa ke bo-pula-maliboho le bahoeletsi ka linako tse itseng. Ka mohlala, ba ha Muller ba ile ba qeta likhoeli tse 18 Nuku Hiva ka 1978 ho fihlela ka 1979. Empa ho ne ho e-s’o fanoe ka bopaki bo feletseng lihlekehlekeng tsohle tse sehlopheng seo. Boemo bona bo ile ba fetoha ha Philippe le Patrick ba fihla. Ke ’nete hore mosebetsi ha oa ka oa tsoela pele ka potlako, kaha lithuto tsa K’hatholike li ne li itsetsepetse ’me batho ba bangata ba tšaba baruti. Ha e le hantle, baruti ba ne ba ameha litšokelong tse ling tse neng li etsetsoa bara bao babo rōna ba babeli. Mokhatloana oa K’hatholike o phekolang ka mohlolo le oona o ne o atleha ka nako eo, e leng ho neng ho rotetsa cheseho e feteletseng ho bile ho hlohlelletsa lintho tse ling tse sa thabiseng sechabeng.
Qalong Patrick le Philippe ba ne ba sebetsa hammoho ’me hamorao ba arohana ha ba se ba tloaetse tšimo. E mong o ne a sala lehaeng la baromuoa le Hiva Oa, moo a neng a tšoarela liboka teng, ha e mong a ne a qeta libeke tse ’maloa a etetse lihlekehlekeng tse ling ka sekepe. Qetellong, ba ile ba bona ho le molemo ebile ho sebetsa hore ba hle ba arohane ka ho feletseng—Patrick a paka lihlekehlekeng tse ka leboea, ha Philippe eena a paka ho tse ka boroa.
E le ho thusa baromuoa bao ba babeli, lekala le ile la romela bo-pula-maliboho ba khethehileng ba Tahiti hore ba sebetse le bona. E mong oa bona e ne e le Pascal Pater, eo hona joale e leng moholo ka phuthehong; e mong e ne e le Michel Bustamante, eo hona joale e leng molebeli oa potoloho. Bahlankana bana ba mafolofolo ba ile ba thabela ho fa Jehova matla a bona a bocha. (Liprov. 20:29) Ba ne ba hlile ba a hloka matla, kaha ho paka lihlekehlekeng tsa Marquesas ho ne ho sa batle batho ba fokolang kapa ba boi. Ho ne ho se litsela, e le litselana feela tse tletseng majoe le tse atisang ho ba seretse tse tsoelipanang le liphula tse tebileng, tse moqotetsane, li theohela tlaase malapeng le metseng e ka thōko. Tsela feela ea ho atleha ho fihla libakeng tsena e ne e le ka ho ea ka sethuthuthu se senyenyane se tsamaeang litseleng tse mpe.
Philippe o re o hopola ka nako e ’ngoe a palame sethuthuthu sa hae tselaneng e patisaneng ha mohlape oa linare o tšositsoeng ke koloi o batla ho mo hlasela. Ho ne ho se moo Philippe a ka balehelang teng, kaha ka lehlakoreng le leng e ne e le selomo ha ka ho le leng e le thaba. O ile a etsa ntho e le ’ngoe feela eo a neng a ka khona ho e etsa—a emisa sethuthuthu le ho manama le sona lefikeng. Libata tseo li ile tsa feta li potlakile, tsa mo siea a tšohile empa li sa mo ntša kotsi.
Michel Bustamante o re: “’Na, kabelo eo e ile ea nthuta hore ho tsamaea ke ho bona. Ka linako tse ling re ne re hlaheloa ke lintho tse tšosang, haholo-holo ha re ne re le bang lihlekehlekeng tse ling. Ka lekhetlo le leng, ntlo eo ke neng ke lula ho eona e ne e le tlaase phuleng, e lefifi, e le hōle le moo ke neng ke qetile letsatsi ke paka teng. Ke ile ka leka ho fumana moo nka robalang teng motsaneng o mong o haufi le moo empa ka hlōleha, kahoo ka tlameha ho khutlela hae. Ka nako eo e ne e se e le shoalane, ’me ke pota-potiloe ke mafika a maholo ho le lefifi ho re tšo! Ke ile ka qala ho nahana ka boloi ba moo sehlekehlekeng le ka bademona bao e tlamehang ebe ba solla moo. Sena sohle se ile sa ntšosa. Kahoo ke ile ka qala ka rapela le ho bina lipina tsa ’Muso tse sebelisang lebitso la Jehova khafetsa. Qetellong ha ke fihla hae, ke ile ka koala monyako, ka bula Bibele eaba ke qala ho e bala. Ke ile ka tleloa ke khotso butle-butle.”
Ka mor’a ho sebetsa ka thata ka lilemo tse tharo, barab’abo rōna ba ile ba thaba ha ba bona seithuti sa pele sa Bibele seo e leng moahi oa lihlekehleke tsa Marquesas se kena ’neteng—e leng mohlankana e mong ea bitsoang Jean-Louis Peterano. Jean-Louis o ile a eteloa ke moruti ea neng a batla hore a “khutlele sakeng.” E le ha a leka ho “pholosa” mohlankana enoa, moruti o ile a re lebitso la Jehova ke lebitso le iqapetsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. Eaba Jean-Louis o qotsa Pesaleme ea 83:18 Bibeleng ea Sefora ea K’hatholike e bitsoang Crampon Bible (1905), e sebelisang lebitso la Molimo. Moruti o ile a tsoa a feletsoe ke puo, eaba o tsamaetse ruri. E ka ’na eaba lena e ne e le lekhetlo la pele moahi oa lihlekehleke tsa Marquesas a atleha ho hanyetsa moruti litabeng tsa bolumeli a sebelisa Bibele ea K’hatholike. Hamorao, esita le mongoli oa mobishopo oa K’hatholike o ile a tlohela kereke ’me a amohela ’nete.
Ha baromuoa ba le Hiva Oa, ba ile ba kopana le banyalani ba bang ba tsoang Europe, e leng Jean le Nadine Oberlin. Ho tšoana le moetsi ea tummeng oa litšoantšo oa Lefora, Paul Gauguin, ba ne ba tlile lihlekehlekeng tsa Marquesas e le hore ba be thōko le batho. Ba ne ba lula sebakeng seo ho leng thata ho fihla ho sona ’me ba iphelela bophelo bo bonolo ba se na lintho tsohle tsa morao-rao tse majabajaba. Ka mor’a ho ithuta Bibele ka lilemo tse tharo le ho etsa liphetoho tse ngata bophelong ba bona, Jean le Nadine ba ile ba kolobetsoa.
Ha Philippe Couzinet le Patrick Lemassif ba fihla lihlekehlekeng tsa Marquesas ka 1986, ho ne ho e-na le mohoeletsi a le mong feela sehlopheng seo sohle sa lihlekehleke. Lilemo tse robeli hamorao ha Philippe—ea tlohileng moo ka morao ho Patrick—a abeloa ho ea Cameroon, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 36 moo—e leng mohoeletsi a le mong ho baahi ba bang le ba bang ba 210. ’Me ho ne ho e-na le liphutheho tse tharo, e le ’ngoe sehlekehlekeng se seng le se seng ho tse tharo tse khōlō—Hiva Oa, Nuku Hiva le Ua Pou.
Ho Fihla Baromuoa ba ho Qetela
Baromuoa ba ho qetela ba ileng ba fihla ba tsoa Fora e bile Serge le Marie-Louise Gollin, ba fihlileng ka November 1990. Le bona ba ile ba abeloa ho ea lihlekehlekeng tsa Marquesas, moo ba thusitseng haholo ho matlafatsa liphutheho. Ba ha Gollin ba ile ba ithuta puo e buuoang lihlekehlekeng tsa Marquesas, ’me ho bileng ho makatsang ke hore ba etetse lelapa le leng le le leng lihlekehlekeng tseo tse tšeletseng tse nang le baahi!
Ba ha Gollin ba lula ba etela lihlekehlekeng tse ling tse ’maloa, ho akarelletsa tse peli tseo ho se nang bahoeletsi ho tsona, ba tloha moo ba lulang teng, Hiva Oa, moo Serge e leng eena feela moholo. Ha ba qala ho etela Fatu Hiva, Serge o ile a makatsoa ke tšebelisano-’moho ea badiakone ba K’hatholike le ba Prostanta sehlekehlekeng seo. Qetellong ea litšebeletso tsa bona tsa bolumeli, banna bao ka bobeli ba ile ba ba ba memela batho puong ea phatlalatsa ea metsotso e 30 eo Serge a neng a lokela ho fana ka eona sekolong sa moo. Ho feta moo, modiakone oa Prostanta o ile a tla ’me a tolokela puo ea Serge puong e buuoang lihlekehlekeng tsa Marquesas, eo ka nako eo a neng a e bua hantle ho feta Serge.
E le hore a thuse bamameli ho phetla litemana tse sa tšoaneng Libibeleng tsa bona, Serge o ne a li ngola botong. O ile a boela a rapela, ’me bohle ba arabela ka “Amen” e utloahalang. Ka le hlahlamang, ba ha Gollin ba ile ba siela lelapa le leng le le leng le Fatu Hiva lingoliloeng. Esale e le ho tloha mohlang oo, ba ntse ba amoheloa ka mofuthu ha ba etetse sehlekehlekeng sena, se nang le baahi ba ka holimonyana ho 600.
’Nete ea Bibele e Fihla Literonkong
Joaloka linaheng tse ling tse ngata, batho ba ’maloa French Polynesia ba ithutile ’nete ea Bibele ba le teronkong. Ka mohlala, Alexandre Tetiarahi, e ne e le setlokotsebe bocheng ba hae ’me o ile a qeta lilemo tse supileng a le teronkong. O ile a baleha bonyane ka makhetlo a tšeletseng teronkong ’me a rehoa Serurubele, a rehelloa ka sebapali se ka sehloohong bukeng e ’ngoe e tummeng e buang ka motšoaruoa ea balehang.
Ha a ntse a ipatile Raïatéa, Alexandre o ile a fumana Bibele le buka ea “Ntho Tseo Molimo o Nong o ke ke oa Etsa Leshano ho Tsona.” O ile a bala Bibele a e qeta a ba a bala buka eo ka makhetlo a ’maloa. Kaha o ne a kholisehile hore o fumane ’nete, o ile a qala a khathatsoa ke letsoalo. O ile a etsa’ng joale?
Le hoja a ne a e-s’o kopane le Lipaki Tsa Jehova, tse hatisitseng buka eo, Alexandre o ile a ikisa mapoleseng, eaba a mo khutlisetsa teronkong Tahiti. Colson Deane e ne e le molebeli oa teronko moo. Nakoana Alexandre a fihlile, o ile a utloa Colson a pakela mosebetsi-’moho le eena ’me hang-hang a hlokomela seo a se rutang. Kahoo a nkela Colson ka thōko a mo kōpa hore a mo rute ho eketsehileng.
Mor’abo rōna Deane o ile a kōpa mookameli oa teronko hore a mo lumelle hore a ithute le Alexandre ka seleng ea hae. Ka mor’a nakoana, batšoaruoa ba bang ba ’maloa le bona ba ile ba batla ho ithuta. Mookameli o ile a lumella Colson hore a ithute le batšoaruoa bao ka nako ea hae ea khefu ea motšehare. Hamorao ho ile ha etsoa qeto ea hore ho tla ba molemo hore baholo ba bang ba babeli ba tsoele pele ka thuto eo. Ka lilemo tse ’maloa, batšoaruoa ba ka bang 30 ho isa ho 50 ba ne ba mamela puo ea Bibele beke le beke ’me ka mor’a moo ba batlang ho ithuta ba le bang ba ne ba khanneloa thuto.
Ka nako eo, Alexandre o ile a etsa tsoelo-pele e potlakileng, eo liofisiri tsa teronko li ileng tsa e hlokomela. Ka lebaka leo, li ile tsa fana ka tumello e khethehileng ea hore enoa eo e neng e le ramaqiti ea tloaetseng ho baleha a ee kopanong ea setereke ka lekhetlo la pele, a hlokometsoe ke Mor’abo rōna Deane. Alexandre o ile a kolobetsoa moo. Ka mor’a moo, o ile a lokolloa, ’me o ntse a sebeletsa Jehova.
Likopano Tsa Machaba Tahiti
Ka 1969, e ile ea e-ba ho thabisang hore Tahiti e tšoare kopano ea machaba moo ka lekhetlo la pele. Ka nako eo, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 124 feela lihlekehlekeng tseo. Kahoo u ka inahanela hore na ba ile ba thaba hakaakang ha ba amohela baeti ba 210 ba tsoang linaheng tse 16, ho akarelletsa Frederick W. Franz—e leng setho sa pele sa Sehlopha se Busang se ileng sa etela Tahiti. Ka sebele kopano eo, e bileng le tlhōrō ea ba 610, e ile ea tsosa barab’abo rōna molota, ea tlatsetsa keketsehong ea karolo ea 15 lekholong ea bahoeletsi selemong se latelang seo. Joale ka 1978, Tahiti e ile ea tšoara e ’ngoe ea Likopano Tsa Machaba Tsa “Tumelo e Hlōlang.” Lekhetlong lena ho ile ha e-ba teng ba 985!
Ho Fetolela Setahiting
Ha lenane la bahoeletsi le ntse le eketseha, le mosebetsi o ile oa eketseha lekaleng, haholo-holo oa ho fetolela lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ka Setahiti, e leng eona puo e buuoang haholo Polynesia. Esita le pele ho thehoa lekala, bahoeletsi ba seng bakae ba seng ba hōlile ba tsebang Setahiti hantle ba ne ba se ba ntse ba fetolela lingoliloeng tse ling le hoja ba ne ba sa etse mosebetsi oo nako eohle, ba atisa ho li fetolela ho tsoa Seforeng. Ka mohlala, ba ile ba qala ho fetolela Tšebeletso ea ’Muso ka 1963. Ka mor’a moo ka 1971 ba ile ba qeta buka ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng.
Ho thehoa ha lekala la Tahiti ka 1975 ho ile ha matlafatsa mosebetsi oa ho fetolela le ho feta. Bafetoleli ba bangata ba bacha ba ne ba tseba Senyesemane, kaha sea rutoa sekolong. Kahoo, joale ba ne ba ka khona hore ba fetolele ka ho toba taba e ngotsoeng ka Senyesemane ho e-na le ho sebelisa e fetoletsoeng ka Sefora. Ho qala ka 1976, lekala le ile la fetolela Molula-Qhooa ka Setahiti o tsoa habeli ka khoeli, ’me la fetolela Tsoha! ka nakoana. Le ile la boela la fetolela “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo,” Ho Bea Mabaka ka Mangolo le buka e feletseng ea lipina. Ha e le hantle, ha ho sehlopha se seng se hatisitseng lingoliloeng tse ngata ka Setahiti joaloka Lipaki Tsa Jehova!
Leha ho le joalo, lilemong tse 30 tse fetileng, Sefora se ile sa ’na sa pupetsa Setahiti le lipuo tse ling tsa Polynesia butle-butle. Lebaka le leng la sena ke hore kaha Sefora ke puo e buuoang ke batho ba bangata e nang le mantsoe a mangata, se sebelisoa mecheng ea phatlalatso le likolong ho ea fihla univesithing.
Leha ho le joalo, baahi ba bangata ba Polynesia ba nka hore Setahiti ke karolo e ba khethollang ea setso sa bona, kahoo barab’abo rōna ba atisa ho paka ka sona. ’Me ho liphutheho tse 26 tse tšimong ea lekala leo, tse 5 ke tsa Setahiti, ho bolelang hore ke hoo e ka bang karolo ea 20 lekholong ea bahoeletsi. Kahoo ho ntse ho hlokahala lingoliloeng tse ngata ka puo eo.
Lenaneo la Kaho le Qalisa ka Sehlahlo
Ofisi ea lekala e neng e le kamoreng e nyenyane e haheletsoeng Holong ea ’Muso e Papeete, e ile ea sebelisoa ho tloha ka 1975 ho fihlela ka 1983, ha ho ne ho hahoa lekala le lecha motseng oa Paea, o bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 25 ho tloha Papeete. Mohaho o mocha oa Bethele o qalileng ho hahoa oa ba oa qetoa ke barab’abo rōna ba moo, o ne o e-na le likamore tse ’nè tse sebelisoang ke litho tsa lelapa la Bethele, liofisi tse tharo, sebaka sa polokelo ea lingoliloeng le Holo ea ’Muso. Ka la 15 April, 1983, Lloyd Barry oa Sehlopha se Busang o ile a nehela mehaho ena e mecha ho bamameli ba 700.
Empa ka mor’a nakoana le lona lekala leo le ile la haella. Kahoo Sehlopha se Busang se ile sa lumela hore ho hahoe mohaho o moholoanyane, o akarelletsang Holo ea Kopano, Toahotu, e leng setereke se nang le libaka tsa mahaeng haufi le mochophoro o hokahanyang likarolo tse peli tsa sehlekehleke seo. Mosebetsi ona o ile oa qeteloa ke sehlopha sa barab’abo rōna ba tsoang Australia, Canada, Fora, New Zealand le United States. Ho hlakile hore bahoeletsi ba moo sehlekehlekeng ba ile ba thusa haholo. Setho sa Sehlopha se Busang, e leng Milton G. Henschel se ile sa nehela mohaho ona o mocha ka la 11 December, 1993.
Hona nakong eo, lenaneo la kaho ea Liholo Tsa ’Muso le ile la boela la qalisoa ka matla. Ba tataisoa ke Komiti ea Kaho ea Libaka ea moo, barab’abo rōna ba ile ba haha liholo tse 16 tse ncha ka nako e ka tlaase ho lilemo tse leshome. Kahoo, hona joale liphutheho tse ngata li na le Liholo Tsa ’Muso.
Liphetoho Lekaleng le Koetliso e Tsoelang Pele
Ka 1995, Alain Jamet e ne e bile mohokahanyi oa Komiti ea Lekala ka lilemo tse ka bang 20, empa o ne a se a sa khone ho tsoela pele ka mosebetsi ona ka lebaka la boikarabelo ba lelapa. Leha ho le joalo, o ile a khona ho tsoela pele e le setho sa Komiti ea Lekala ’me ka nako e ’ngoe e ne e e-ba molebeli oa setereke. Kahoo ka September selemong sona seo, Sehlopha se Busang se ile sa romela Gérard le Dominique Balza Tahiti, ba neng ba tsoa lelapeng la Bethele, Fora. Gérard o ile a khetheloa ho ba mohokahanyi oa Komiti ea Lekala.
Setho sa boraro sa Komiti ea Lekala ke Luc Granger. Eena le mosali oa hae, Rébecca, ba ile ba fallela Tahiti ka 1991 ho ea sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane teng. Ka mor’a hore e be bo-pula-maliboho ba khethehileng ka nakoana, ba ile ba etsa mosebetsi oa potoloho le oa setereke ka lilemo tse ’nè pele ba isoa lekaleng ka 1995.
Ka May 1997 lekala la Tahiti le ile la khona ho tšoara tlelase ea pele ea Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi. Ka mor’a moo, liithuti tse ngata ho tse 20 tse neng li le sehlopheng seo li ile tsa thabela litokelo tse khethehileng tsa tšebeletso. Ka mohlala, hona joale Félix Temarii ke e mong oa balebeli ba babeli ba potoloho lihlekehlekeng tseo. Gérard Balza o re: “Thapelo ea rōna ke hore barab’abo rōna ba eketsehileng ba hahamalle hore ba tšoanelehe ’me ba itlhahise e le hore re ka tšoara tlelase ea bobeli. Ha ho pelaelo hore ho ntse ho e-na le tlhokahalo e khōlō lihlekehlekeng tse ’maloa, ho tse ling ho ntse ho e-s’o be le bahoeletsi ho tla fihlela joale. Lihlekehlekeng tse ling, ho hlokahala barab’abo rōna ba tšoanelehang hore ba jare boikarabelo ka phuthehong. ’Me baahi ba lihlekehleke tse 58, ba etsang karolo ea 7 lekholong ea baahi, ba utloa litaba tse molemo ngope-setšoha. Maemong a mang, sekheo se ka koaloa ke banyalani ba hōlileng moeeng, ba pensheneng ba nang le litokelo tsa ho ba baahi ba Fora. Haeba ho e-na le ba joalo ba ka ratang ho thusa—esita le haeba e ka ba ka lilemo tse peli—lekala le tla thabela hore ba le tsebise.”
Mathata Sechabeng se Fetohang ka Potlako
Tahiti ka ho khetheha e hōla moruong ’me batho ba teng ba felloa ke thahasello ka potlako bolumeling ’me ba se ba rata bophelo ba toropo. Sena le sona se entse hore baahi ba falle lihlekehlekeng tse ling ba ee Tahiti. Katleho ena ea moruo e entse hore batho ba rate lintho tse bonahalang, ba lule ba reka sena le sane ’me ba lelekisa menate.
Ka masoabi, batho ba ’maloa ba Jehova ba hohotsoe ke likhatello tsena tse poteletseng. Bacha ka ho khetheha ba fumana ho le thata ho etelletsa pele lintho tsa moea le ho lula ba hloekile boitšoarong. Leha ho le joalo, tlhohonolofatso ea Jehova e tsoela pele ho bonahala, kaha hona joale ho baahi ba bang le ba bang ba 141 a le mong ke mohoeletsi oa litaba tse molemo.
Bona ke bopaki ba hore batho ba bangata French Polynesia ba ananela paradeise e ntle haholo ho feta eo—paradeise ea moea, e leng sebaka seo ho sona ho lulang batho ba lebitso la Molimo feela. (Joh. 6:44; Lik. 15:14) Ho feta moo, paradeise ena ke selelekela sa paradeise ea sebele eo haufinyane e tlang ho namela lefatšeng lohle ’me ha ho sa tla ba le bohloko, masoabi, esita le lefu—e leng lintho tse ’nileng tsa hlokofatsa moloko o mong le o mong oa batho ho sa tsotellehe hore na o phela hokae.—Jobo 14:1; Tšen. 21:3, 4.
Batho ba pele ba Polynesia ba iponahalitse hore ba ne ba hlile ba le sebete, e le basesisi ba hloahloa ba bile ba lumela hore ho na le naha—mohlomong ebileng e le ntle le ho feta—ka nģ’ane ho moo mahlo a fellang teng. Ha baa ka ba soetseha. Ka ho tšoanang, barapeli ba tšepahalang ba Jehova kajeno, ba kang bao ho builoeng ka bona tlalehong ena, ba tsoela pele ho ikitlaelletsa ho fumana moputso o moholohali oo Jehova a o behileng ka pel’a bona. Le bona ha ba na ho soetseha. E, ho fapana le ha basesisi ba ne ba tataisoa ke linaleli, ka sebele Jehova o tla tataisa hamolemo bohle ba mo tšepang, a ba lebise lefatšeng la Paradeise le larileng ka pele.—Pes. 73:23, 24; Luka 23:43.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Le hoja tlaleho ena e akaretsa French Polynesia eohle, e filoe sehlooho sa “Tahiti” kaha sehlekehleke sena ke sona khubu ea sebaka seo ebile ba bangata ba tseba lebitso la Tahiti. Leha ho le joalo, ha ho buuoa ka “Tahiti” tlalehong ena ho buuoa ka eona ka ho toba e le sehlekehleke.
b Hore u fumane boitsebiso bo tšohlang histori ea Bibele ea Setahiti, bona Molula-Qhooa oa July 1, 2003, leqepheng la 26-9.
[Lebokose le leqepheng la 72]
Tlhaloso e Khutšoanyane ea French Polynesia
Naha: Lihlekehleke tse 130 tse qhalakaneng sebakeng se etsang lisekoere-k’hilomithara tse limilione tse hlano tsa leoatle, li boholo ba lisekoere-k’hilomithara tse 4 000. Li bōpa lihlopha tse hlano tsa lihlekehleke: Tubuaï (Austral), Gambier, Marquesas, Society le Tuamotu. Karolo ea 85 lekholong ea baahi e lula Lihlekehlekeng tse 14 tsa Society.
Batho: Bongata ke Mapolynesia kapa motsoako oa Mapolynesia le lichaba tse ling. Ba bang—ba seng bakae—ke Machaena, Maeurope le Maamerika.
Puo: Lipuo tse buuoang haholo ke Sefora le Setahiti, ’me Sefora ke sona se sebelisoang litabeng tsa puso le tsa khoebo.
Mokhoa oa boipheliso: Moruo o itšetlehile haholo ka mosebetsi oa tsamaiso le oa ho fana ka litšebeletso, tse akarelletsang bohahlauli. Batho ba bang bohle ba sebetsa ka temo, ba hlahisa thepa le ho batla liperela. Liperela li etsa hoo e ka bang karolo ea 80 lekholong ea thepa e romeloang linaheng tse ling.
Lijo: Lihlekehleke tsena li itšetlehile haholo ka lijo tse romeloang ke linaha tse ling. Limela tse melang moo li akarelletsa libanana, li-cassava, likokonate, lethise, li-papaya, liphaenapole, li-taro, litamati le mahapu. Ho jeoa nama ea tlhapi, oyster, shrimp, khomo, pōli le kolobe.
Boemo ba mohatsela le mocheso: Boemo ba leholimo boa chesa ebile bo mongobo—empa bo batla bo fapana ho ea ka lihlopha tsa lihlekehleke. Nako ea lipula (ea lehlabula) e qala ka November e fele ka April. Ka selemo, ho ka ’na ha na pula ea botebo ba limithara tse fetang robong karolong e bohareng ea Tahiti.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 74]
Lihlekehleke Tse Phahameng le Tse Tlaase le Motu
Lihlekehleke tsohle tsa French Polynesia li hlahisitsoe ke ho foqoha ha seretse se chesang ’me li arotsoe ka mefuta e ’meli e meholo—e leng lihlekehleke tse phahameng le tse tlaase. Lihlekehleke tse phahameng li matsutla ebile li lithaba, tse ling li na le liqhooa tse phahametseng leoatle ka limithara tse likete. Tahiti ke se seng sa lihlekehleke tse phahameng.
Lihlekehleke tsohle tse phahameng, kantle ho tsa Marquesas, li pota-potiloe ke mopopotlo oa likorale tsa leoatle. Ho e mengata ea mepopotlo ena, joaloka e pota-potileng Bora Bora, u tla fumana lihlekehleke tse nyenyane tse bitsoang motu, tse nang le limela. Tsena ke libaka tse ratoang haholo tsa phomolo.
Lihlekehleke tse tlaase ke limōtōmōtō tsa likorale tse phahametseng leoatle ka limithara tse seng kae feela. Hangata, mopopotlo ona o bōpa selikalikoe se etsang letangoana la metsi a hloekileng. Lihlekehleke tse Sehlopheng sa Tuamotu li joalo. Matamo a mang a maholo. Ka mohlala, le leng le Rangiroa le bolelele ba lik’hilomithara tse 70 le bophara ba lik’hilomithara tse 20.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 77]
O Tlohela ho ba Modiakone oa Kereke e ba ’Moleli oa ’Muso
Manuari Tefaatau
O Hlahile ka: 1913
O Kolobelitsoe ka: 1959
Pale ea Bophelo ba Hae: O ithutile ’nete ho tse ling tsa liithuti tsa pele tsa Bibele sehlekehlekeng sa Makatéa, nakong eo e neng e ntse e le modiakone Kerekeng ea Prostanta.
Ka mor’a hore Lipaki, e leng Jean-Marie le Jeanne Félix, li fihle Makatéa ka 1956, batho bao li qalileng ho ithuta Bibele le bona, e leng Maui Piirai le Germaine Amaru, ba ile ba mpakela. Ka mor’a nakoana ke ile ka qala ho buisana le bapharishe-’moho le ’na ka ’nete ea Bibele, e leng ho ileng ha tsosa moferefere ka kerekeng. Ha e le hantle, moruti o ile a mpolella hore ke khaotse ho buisana le Lipaki Tsa Jehova.
Ke ile ka itokolla kerekeng ke sa tsilatsile ’me ka qala ho kopanela libokeng tse neng li tšoareloa lapeng ha Félix. Bapharishe ba bang ba seng bakae le bona ba ile ba qala ho ithuta le ho tla libokeng. Ke ho nka e le tlotla hore ebe ke bile e mong oa liithuti tse seng kae tsa pele tsa Bibele French Polynesia.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 83, 84]
Jehova o Ile a Tlatsetsa Moo ke Haelloang Teng
Leonard (Len) Helberg
O Hlahile ka: 1930
O Kolobelitsoe ka: 1951
Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a qalisa mosebetsi Tahiti kabelong ea hae ea pele ea potoloho e le molebeli oa potoloho oa lesoha. Hona joale o lula Australia le mosali oa hae, Rita.
Ka 1955, ha lekala la Australia le ne le nkabela ho ea qalisa mosebetsi oa potoloho Pacific Boroa, tšimo eo e khōlōhali e ne e e-na le liphutheho tse peli feela—e ’ngoe e le Fiji ha e ’ngoe e le Samoa—’me ho e-na le lihlopha tse tšeletseng tse ka thōko. Ho ne ho se na bahoeletsi Tahiti.
Ke ile ka behella ka thōko December 1956 bakeng sa ho etela sehlekehlekeng seo ka lekhetlo la pele, ’me ka fihla teng ka mor’a ho qeta matsatsi a tšeletseng ke tsamaea ka sekepe se bitsoang Southern Cross, se neng se tloha Fiji. Ke ile ka fumana bolulo ntlong ea baeti e shebileng koung e ntle ea likepe, Papeete. Hoseng ha le hlahlamang, ha ke ntse ke itokisetsa ho ea tšebeletsong ea tšimo, ke ile ka bona Southern Cross e feta limithara tse seng kae thōkoana le fensetere ea ka. Ke ne ke le mong sebakeng seo se secha, barab’eso ba haufi ba le bohōle ba lik’hilomithara tse 3 000, ke e-na le batho ba buang puo esele—e leng Sefora. Sohle seo ke neng ke e-na le sona e ne e le aterese e le ’ngoe feela ea motho ea entseng peeletso ea Tsoha!
Hona hoo ke ile ka ikutloa ke hlorile hoo ke ileng ka lla habohloko. Kaha ke ne ke sitoa ho khaotsa ho lla, ke ile ka ipolella ho re, ‘Ha ho seo nka se finyellang kajeno—a ke mpe ke ithoballe. Ke tla qala ka le hlahlamang.’ Ka mor’a ho rapela ka matla bosiung boo, ke ile ka tsoha ke le morolo ka le hlahlamang. Thapameng eo ke ile ka fumana motho eo ea neng a entse peeletso ea Tsoha!—e leng mosali e mong ea tsoang Algeria. Ho tšoana le Lydia eo ho buuoang ka eena ho Liketso, o ile a nkamohela ka liatla tse mofuthu eena hammoho le mora oa hae ea lilemo li 34, ba mphehella hore ke lule le bona. (Lik. 16:15) Ka ho panya ha leihlo, bolutu ba ka bo ile ba fela! Ke ile ka leboha Jehova, eo ke kholisehileng hore o ile a utloa thapeli ea ka e telele le e tletseng meokho.
Hona joale ha ke hetla morao, ka sebele ke elelloa kamoo Jehova e leng Ntate ea lerato kateng! E, ha re itlhahisa hore re sebelisoe, o tla tlatsetsa ka tsela e khōlō moo mohlomong re haelloang teng.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 87, 88]
Bo-pula-maliboho ba Pele
Alexis Tinorua o ile a ea libokeng tse neng li hlophisoa ke Len Helberg ho elella lilemong tsa bo-1960. Alexis o ile a re: “Ke ile ka mamela ha Mor’abo rōna Helberg a buisana le badiakone ba ’maloa ba Maprostanta ka Bibele. Ke hona moo ke ileng ka hlokomela hore lithuto tsa Lipaki Tsa Jehova ke ’nete eaba ke qala ho ithuta le Lipaki. Ke ile ka kolobetsoa ka 1960. Ka mor’a moo, ke ile ka thabela ho qeta lilemo tse robong ke le tšebeletsong ea bopula-maliboho. Ka 1965, ke ile ka thabela monyetla oa hore e be ’na oa pele oa ho bolela sehlekehlekeng sa Huahine, e leng se seng sa tse sehlopheng sa lihlekehleke tsa Society. Ke leboha Jehova ka ho teba ha a mphile monyetla oa ho thusa batho ba 80 hore ba be le tsebo e nepahetseng ea ’nete ea Bibele.” Alexis o sebelelitse Jehova ho fihlela lefung la hae ka May 2002.
Hélène Mapu o qalile ho bula maliboho Tahiti ka 1963, nakoana feela ka mor’a hore a ithute ’nete. Le hoja monna oa hae e ne e se Paki, o ne a mo tšehetsa haholo. Mosebetsi oa hae o ne o akarelletsa ho tsamaea ka sekepe pakeng tsa Tahiti le Raïatéa. Kahoo, ha aa ka a hana ha Hélène a amohela kōpo ea ho ba pula-maliboho ea khethehileng Raïatéa, moo e bileng eena oa pele oa ho bolela litaba tse molemo. Ka mor’a moo, Hélène o ile a khutlela Tahiti, lekhetlong lena a ea hloahloeng (e leng karolo e nyenyane ea sehlekehleke, eo hape e bitsoang Tahiti Iti), moo eena le morali e mong oabo rōna, Mereani Tefaaroa, e neng e le bona feela Lipaki. Hélène o re, “Batho ba moo hloahloeng ba ne ba thahasella haholo, ’me ka mor’a nakoana feela re ile ra qalisa lithuto tse ngata tsa Bibele.”
Ho ile ha totobala hore Jehova o ne a hlohonolofatsa barali bana babo rōna ba tšepahalang, kaha hamorao ho ile ha thehoa phutheho tšimong eo, motseng oa Vairao.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 101]
“U Lokela ho Khetha Pakeng Tsa ka le Jehova”
Yvette Gillot
O Hlahile ka: 1932
O Kolobelitsoe ka: 1968
Pale ea Bophelo ba Hae: E bile pula-maliboho oa kamehla ka nako e telele ho feta bo-pula-maliboho ba bang bohle ba French Polynesia.
Ha ke bolella monna oa ka hore ke batla ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a nqobella hore ke khethe, a re: “U lokela ho khetha pakeng tsa ka le Jehova.” Ke ile ka leka ho mo bontša mabaka, empa ka hlōleha. O ile a ntšiea le bana ba rōna ba bararo. Empa o ile a khutla ka mor’a lilemo tse itseng.
Khabareng, ke ne ke khona ho hlokomela ba lelapa la ka le ho sebeletsa ke le pula-maliboho oa kamehla. Ke ne ke etsa mosebetsi oa boipheliso hoseng ebe ka mor’a moo ke tšoara seboka sa tšebeletso ea tšimo. Ho elella lilemong tsa bo-1970, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka bang lekholo feela lihlekehlekeng moo, kahoo barab’abo rōna ba ne ba sa fumanehe kamehla.
Ke leboha Jehova hore ebe o mphile monyetla oa ho thusa batho ba ka bang 50 hore ba nehele bophelo ba bona ho eena, ho akarelletsa Richard Wong Foo, eo e bileng setho sa lelapa la Bethele, Tahiti, ho tloha ka 1991. Kea thaba hore ebe bara ba ka ba babeli ba sebeletsa e le baholo ka phuthehong.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 105]
Lepato la Khosatsana ea ho Qetela
Michel Gelas, eo e leng moholo Papeete, o ile a ba le phihlelo e sa tloaelehang ka setho sa ho qetela sa lelapa la borena la Tahiti, e leng Khosatsana Takau Pomare, ea hlokahetseng ka 1976 a le lilemo li 89. Khosatsana ena e ne e le ea lesika la borena la Pomare, le busitseng Tahiti le lihlekehleke tse ling tse ’maloa tse haufi le eona ka nako e itseng. Morali oa khosatsana ena, eo a ikhōliselitseng eena, e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a kōpa Michel hore a fane ka puo ea lepato, le hoja khosatsana eona e ne e se Paki.
Michel o ile a lumela ho fana ka puo, a nahana hore oo e tla ba monyetla o motle oa ho hlalosetsa batho ba bangata tšepo ea tsoho, ho akarelletsa ba boholong lipolotiking le bolumeling le bo-ralitaba. Letsatsi le hlahlamang la lepato, koranta e ’ngoe ea moo e ile ea hlahisa setšoantšo sa Mor’abo rōna Gelas a ntse a fana ka puo, ’me lekese le behiloe ka pel’a hae. Har’a ba neng ba le teng e ne e le ’musisi, mopresidente oa ’muso oa Polynesia, ba bang ba boholong le moarekabishopo oa K’hatholike, a apere liaparo tsa hae tse tšoeu tsa boruti.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 109]
Moruti e Mong o Ile a re Alima Sethuthuthu sa Hae; E Mong Eena a Chesa Libuka Tsa Rōna
Jacques Inaudi
O Hlahile ka: 1944
O Kolobelitsoe ka: 1965
Pale ea Bophelo ba Hae: O ile a sebeletsa Fora e le pula-maliboho ea khethehileng a e-na le mosali oa hae, Paulette, ba etsa le mosebetsi oa ho tsamaea Pacific.
Ka 1969, ’na le Paulette re ile ra salisa ba lelapa le metsoalle hantle Fora eaba re kena sekepeng se eang Tahiti, kabelong ea rōna e ncha. Ntho e ileng ea batla e re tsitsipanya leetong la rōna e bile ha ho qhoma mollo sekepeng sa rōna re le bohareng ba Pacific, ’me re qeta matsatsi a mane re ntse re hlahlathela! Ha re fihla Tahiti, ke ile ka abeloa ho ba molebeli oa potoloho.
Potoloho ea rōna e ne e akarelletsa New Caledonia, Vanuatu le French Polynesia. Ka nako eo, French Polynesia ho ne ho e-na le phutheho e le ’ngoe feela le lihlopha tse peli tse ka thōko. Ka 1971 potoloho ea rōna e ile ea fokotsoa hore e nke French Polynesia feela, e leng ho ileng ha re fa monyetla oa hore re etele lihlekehleke tse ’maloa tse ka thōko. Molaetsa oa ’Muso o ne o e-s’o boleloe ho tse ling tsa lihlekehleke tsena. ’Na le Paulette re ile ra boela ra qeta likhoeli tse robong re le Huahine ra ba ra qeta nakoana e itseng sehlekehlekeng se senyenyane sa Maupiti. Ha re le Huahine, re ile ra thabela ho ba le monyetla oa ho qalisa lithuto tse 44 tsa Bibele.
E le hore re fumane lijo, ke ne ke tšoasa litlhapi—hangata ke sebelisa sethunya sa ho tšoasa litlhapi. Re ne re phela ka ho baballa lintho empa ha ho mohla re kileng ra robala ka tlala; re ne re lula re hlokometsoe ka lintho tseo re li hlokang ’meleng. Ha re ntse re paka sehlekehlekeng sa Tubuaï, re ile ra hlolloa ha moruti e mong a re alima sethuthuthu sa hae. E ka ’na eaba o ne a re utloela bohloko hobane re ne re se na sepalangoang.
Ka 1974 re ile ra etela Lihlekehleke tse ’nè tsa Marquesas: Hiva Oa, Nuku Hiva, Ua Huka le Ua Pou. Lekala le ile la re kōpa hore re etele Kalina Tom Sing Vien, e leng morali’abo rōna ea lulang sebakeng se ka thōko ea neng a falletse Ua Pou e le mooki ka 1973. O ile a qeta likhoeli tse 13 moo, ea e-ba eena mohoeletsi oa pele oa ’Muso ea fanang ka tlaleho ea tšebeletso ea tšimo a le Marquesas.
Ho fapana le moruti eloa ea mosa oa Tubuaï, moruti oa Ua Pou eena o ne a hanyetsa mosebetsi oa rōna. Ha e le hantle, o ne a re sala morao ka lenyele ha re le tšimong, a re batho ba pharishe ea hae ba mo fe lingoliloeng leha e le life tseo re ba sietseng tsona. Ka mor’a moo, o ile a li chesa kaofela ha tsona ka pel’a ntlo ea Kalina—e leng ho ileng ha re makatsa ha ba ha makatsa le Mak’hatholike a mangata!
Ho sa tsotellehe khanyetso eo, mosebetsi o ile oa ’na oa tsoela pele Marquesas, ’me re motlotlo hore ebe re bile le karolo e nyenyane ho oona. Ka lebaka la ho kula ha Paulette, re ile ra tlameha ho emisa tšebeletso ea nako e tletseng. Leha ho le joalo, re ikemiselitse ho tsoela pele re fa Jehova sohle se matleng a rōna.
[Lebokose le leqepheng la 113]
Ho ea Sehlekehlekeng ka Lekhetlo la Pele
Ak’u inahanele u qala ho ea sehlekehlekeng se senyenyane se ka thōko. U ikemiselitse ho qeta beke kapa tse peli u pakela batho ba moo. Empa ke uena feela Paki sehlekehlekeng seo, ’me ha ho na libaka tsa bolulo tsa baeti le lipalangoang. U ne u ka etsa’ng? U ne u ka lula hokae? Marc Montet le Jacques Inaudi, ba sebelelitseng e le bo-pula-maliboho le balebeli ba potoloho, ba bile boemong bona ka makhetlo a ’maloa.
Marc o re: “Ke ne ke qala ho paka hang feela ha ke theoha sefofaneng kapa sekepeng, ha ka nako e tšoanang ke ntse ke botsa moo nka fumanang bolulo teng. Hase kamehla ho neng ho e-ba bonolo hore mohlankana oa lesoha a fumane sebaka sa bolulo, empa ho ne ho atisa hore ho be le motho ea mphang marobalo le se eang ka maleng. Maetong a latelang, ho ne ho batla ho e-ba bonolo ho fumana bolulo kaha batho ba ne ba se ba ntseba. Ho ile ha boela ha nolofala ka mor’a hore ke nyale. Batho ba ne ba ikutloa ba phutholohile ha ba e-na le banyalani.”
Jacques o hlalosa seo a neng a se etsa, o re: “Ke ne ke atisa ho ea ho ramotse ebe ke mo botsa hore na ho na le motho eo a mo tsebang ea ka mphang bolulo ka nako e itseng. Hangata o ne a mpolella sebaka se loketseng. Lihlekehlekeng tse ngata, batho ba hlompha motho eo ba nkang hore ke motho oa Molimo ’me ba etsa se matleng a bona ho mo thusa. Kahoo ke ne ke atisa ho fumana bolulo bo sa lefelloeng.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 117, 118]
Ntho e re Thabisang ka ho Fetisisa ke Tšebeletso ea Tšimo
Alain Jamet
O Hlahile ka: 1946
O Kolobelitsoe ka: 1969
Pale ea Bophelo ba Hae: Eena le mosali oa hae, Mary-Ann, ba bile likarolong tse sa tšoaneng tsa tšebeletso ea nako e tletseng Fora le French Polynesia.
Lelapa leso le ile la fallela Tahiti ha ke le lilemo li 13 le tloha Fora. Ha ke qeta sekolong se phahameng, ke ile ka khutlela Fora ho ea ithutela bongaka. Ha ke le moo ke ile ka kopana le Mary-Ann, ea neng a ithuta baeloji a tsoa Tahiti, ’me ra nyalana. Ka 1968, re ile ra eteloa ke Lipaki Tsa Jehova, ’me ra amohela ’nete.
Ho hlakile hore re ile ra buisana le batsoali ba rōna ka tšepo eo re sa tsoa e fumana, empa ra se ke ra atleha. Re ile ra boela ra ngolla likereke tseo re neng re li kena Tahiti, ra kōpa hore mabitso a rōna a hlakoloe libukeng tsa tsona. Pharishe eo Mary-Ann a neng a le ho eona, Papeete, e ile ea fetela pele ka hore e mo khaole phatlalatsa. Moruti o ile a ba a bitsa batsoali ba hae hore ba be teng ketsahalong eo.
Re ile ra kolobetsoa ka 1969 ’me ra kenela tšebeletso ea bopula-maliboho. Ha re le Marseilles, Fora, ke ile ka bitsetsoa bosoleng ’me ka qeta likhoeli tse peli ke le teronkong ka lebaka la ho se nke lehlakore. Ha ke qeta ho lokolloa, ’na le Mary-Ann re ile ra abeloa ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng Marseilles le Bordeaux. Joale ka 1973 re ile ra khutlela Tahiti hobane batsoali ba rōna ba seng ba hōlile ba ne ba re kōpile, ’me ra qeta selemo re sebetsa re le matichere sekolong sa mathomo.
Ka mor’a moo molebeli oa lekala Fiji o ile a re botsa hore na ha rea ikemisetsa ho boela tšebeletsong ea nako e tletseng na, kaha ho ne ho hlokahala molebeli oa potoloho French Polynesia le New Caledonia. Kaha boemo ba batsoali ba rōna bo ne bo se bo ntlafetse, re ile ra amohela memo eo ’me ra qala mosebetsi oa potoloho ka August 1974. Ka 1975, nakong ea ketelo ea N. H. Knorr, ke ile ka kōpuoa ho sebeletsa ke le molebeli oa pele oa lekala la Tahiti.
Mora oa rōna, Rauma, o hlahile ka 1986, ’me mosali oa ka o ile a tlohela tšebeletso ea nako e tletseng. Ho thabisang ke hore kajeno Rauma ke mor’abo rōna oa moea. Ha re hetla morao, re ananela ka ho teba litokelo tse ngata tsa tšebeletso tseo re bileng le tsona. Empa ntho e re thabisang ka ho fetisisa e ntse e le tšebeletso ea tšimo.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 123-125]
Jehova o Hlokomela Linku Tsa Hae
Michel Bustamante
O Hlahile ka: 1966
O Kolobelitsoe ka: 1987
Pale ea Bophelo ba Hae: Eena le mosali oa hae, Sandra, ba potoloha ho e ’ngoe ea lipotoloho tse peli tsa French Polynesia.
Potoloho ea rōna e akarelletsa lihlopha tsohle tse hlano tsa lihlekehleke tsa French Polynesia ’me e lekana le Europe ka boholo. Lihlekehlekeng tse ling tse hlileng li leng thōko ho ka ’na ha e-ba le mohoeletsi a le mong feela kapa ba babeli. Empa le hoja ba le thōko joalo, re ntse re ba etela. Ka mohlala, Rosita, o lula Takapoto, e sehlopheng sa lihlekehleke tsa Tuamotu. Morali enoa oabo rōna ea tšepahalang o lokisetsa liboka tsohle beke le beke, ’me monna oa hae ea seng linneteng o atisa ho lokisetsa le eena. Sontaha se seng le se seng, le hoja batho ba bangata ba ea letangoaneng ho ea sesa kapa ho ea tšoasa litlhapi, Rosita o apara liaparo tsa liboka ebe o ithuta Molula-Qhooa o ithutoang bekeng eo. O boetse o tlaleha ka botšepehi tšebeletso ea hae ea tšimo. Ha e le hantle, tlaleho ea hae, eo a founelang lekaleng hore a fane ka eona, e atisa ho ba eona e fihlang pele! Se etsang hore sena ebe se babatsehang ka ho khetheha ke hore o nka metsotso e 45 ka seketsoana ho tloha sehlekehlekeng seo a lulang ho sona ho ea sebakeng se haufi seo a ka fumanang thelefono ho sona.
Kamehla ha sefofane se fihla moo e ba ketsahalo e khōlō. Kahoo ha re etela morali’abo rōna ka sefofane, hoo e batlang e le motho e mong le e mong ea lulang haufi le boema-fofane o ba teng ho tla bona hore na ho theoha mang. Ka lekhetlo le leng, mosali e mong o ile a re ho Rosita: “U tlil’o khahlametsa mang?” A mo araba ka ho re: “Banab’eso ba moea. Ba tlela ’na, ho tla nkhothatsa.” Re qeta matsatsi a mararo le Rosita, re sebetsa le eena tšebeletsong ea tšimo re bile re mo khothatsa moeeng. Re atisa ho robala ka mor’a khitla, ho latela kamoo a thabelang botsoalle ba moea kateng.
Sehlekehlekeng se seng, Mosabatha e mong o ile a re bona re etetse moahelani oa hae, oa Paki. Hamorao o ile a re ho mora eo oabo rōna: “E se e le lilemo tse supileng ke lula mona, empa ha ho le ea mong oa kereke ea heso ea kileng a tla ho tla nkhothatsa.” Le hoja monna enoa a sa hlomamisoa, ke moruti oa sehlopha se senyenyane sa Masabatha sehlekehlekeng seo.
Daniel le Doris ke bona feela bahoeletsi ba babeli Raevavae, e Lihlekehlekeng Tsa Tubuaï. Qetellong ha re ba fumana—sebakeng se ka thōko seo ba lulang ho sona—re ile ra ba kōpa hore na ebe re ka lokisetsa ho tšoara seboka thapameng eo lapeng la bona. Ba ile ba thabela seo, kahoo kaofela ha rōna ra tsamaea ho ea mema batho. Ha re tla sebokeng, re ile ra fumana batho ba supileng ba sebetsang masimong ba neng ba sa tsoa chaisa mosebetsing ba eme ka ntle tseleng. Ba bang ba ne ba jere mekotla e tšetseng li-taro.
Re ile ra re: “Le se ke la tšoenyeha ka hore na le shebahala joang. Kenang.” Ba ile ba kena, ’me ba lula fatše, le hoja re ne re ba behetse litulo. Ba ile ba thabela liboka ba re botsa le lipotso tse ngata ka mor’a moo. Ha e le hantle, nako eo ea thapama e ile ea khothatsa mora le morali enoa oabo rōna haholo, ea finyella morero oa sehlooho oo re ba etetseng ka oona.
Ka linako tse ling ho thata ho etela bahoeletsi ba libakeng tse ka thōko hobane ho se na boema-fofane lihlekehlekeng tsa habo bona. Ka lekhetlo le leng, ka mor’a ho theoha sefofaneng, re ile ra tlameha ho qeta lihora tse peli re tsamaea ka seketsoana leoatleng le bulehileng e le hore re fihle sehlekehlekeng seo ho neng ho e-na le bahoeletsi ba babeli ba lulang ho sona. Seketsoana seo re neng re tsamaea ka sona e ne e le seketsoana se lebelo se sa khurumetsoang, ’me se le bolelele ba limithara tse ’nè. Re ile ra botsa mosesisi oa sona lipotso ho tiisa hore seketsoana seo sa hae se loketse ho sesa le hore o nkile enjene e ’ngoe. Ho akhotsoa ke metsi bohareng ba Leoatle la Pacific hase ntho e thabisang ho hang!
Ha re fihla moo re eang teng, re ne re kolobisitsoe ke metsi a leoatle le mekokotlo ea rōna e le bohloko ke ho ’na re tsukutloa ke maqhubu ha a otla seketsoana. Le ha re khutla ho ile ha ’na ha tšoana feela. Sandra o re: “Ha re fihla sehlekehlekeng se seholo thapameng eo, ke ile ka palama baesekele ho ea bolela. Empa ke ne ke fokola haholo ’meleng ke bile ke khohlopiloe ke seketsoana seo hoo ke ileng ka hlōleha ho laola baesekele ea ka hantle tseleng e tletseng likorale, eaba kea oa!”
Ka lebaka lena, u tla utloisisa hore na ke hobane’ng ha nako le nako ha re etela bara le barali babo rōna ba libakeng tse ka thōko, re nahana ka lerato le tebileng leo Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ba ba ratang ka lona. Ka sebele, re karolo ea lelapa le ikhethang haholo la moea.—Joh. 13:35.
[Ntlha e qolotsoeng]
“Ba tlela ’na, ho tla nkhothatsa”
[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 80, 81]
FRENCH POLYNESIA—LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA
1835: Ho qetoa phetolelo ea Bibele ea Setahiti.
Ka bo-1930: Sydney Shepherd le Frank Dewar ba etela Tahiti mohlomong le lihlekehleke tse ling.
1940
1956: Mosebetsi oa boboleli o qalisoa ka matla Makatéa le Tahiti.
1958: Ho hlophisoa kolobetso habeli, e le ka lekhetlo la pele French Polynesia.
1959: Ho thehoa phutheho ea pele French Polynesia, Papeete.
1960
1960: Mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova o ngolisoa ka molao.
1962: Ho hahoa Holo ea ’Muso Papeete, e leng holo ea pele lihlekehlekeng tseo.
1969: Tahiti e tšoara kopano ea eona ea pele ea machaba.
1975: Ho thehoa ofisi ea lekala Tahiti.
1976: Molula-Qhooa o qala ho fetoleloa ka Setahiti.
1980
1983: Ho neheloa lehae la pele la Bethele.
1989: Ho finyelloa tlhōrō ea bahoeletsi ba 1 000.
1993: Ho neheloa lehae le lecha la Bethele le Holo ea Kopano e haufi le lona.
1997: Ho tšoaroa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ka lekhetlo la pele.
2000
2004: Bahoeletsi ba 1 746 ba sebetsa ka mafolofolo French Polynesia.
[Krafo]
(Sheba sengoliloeng)
Bahoeletsi ka Kakaretso
Bo-pula-maliboho ka Kakaretso
2 000
1 000
1940 1960 1980 2000
[Limmapa tse leqepheng la 73]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
FRENCH POLYNESIA
FRENCH POLYNESIA
LIHLEKEHLEKE TSA MARQUESAS
Nuku Hiva
Ua Pou
Ua Huka
Hiva Oa
Fatu Hiva
SEHLOPHA SA LIHLEKEHLEKE TSA TUAMOTU
Manihi
Ahe
Rangiroa
Takaroa
Takapoto
Makatéa
Anaa
Hao
LIHLEKEHLEKE TSA SOCIETY
Maupiti
Tahaa
Raïatéa
Bora Bora
Huahine
Mooréa
Tahiti
LIHLEKEHLEKE TSA TUBUAÏ (AUSTRAL)
Rurutu
Rimatara
Tubuaï
Raevavae
LIHLEKEHLEKE TSA GAMBIER
MOORÉA
TAHITI
PAPEETE
Punaauia
Paea
Toahotu
Vairao
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 66]
[Setšoantšo se leqepheng la 70]
Jeanne le Jean-Marie Félix ke ba bang ba batho ba pele ba ileng ba fana ka bopaki bo pharaletseng French Polynesia
[Litšoantšo tse leqepheng la 71]
Maui Piirai ke motho oa pele tšimong ea Polynesia ea ileng a nehela bophelo ba hae ho Jehova, o kolobelitsoe ke Jean-Marie Félix ka 1958
[Litšoantšo tse leqepheng la 79]
Clyde le Ann Neill (ba ka tlaase) ba ile ba tšoarisana le Agnès Schenck (ea ka ho le letona) Tahiti ho thuseng ka mosebetsi oa boboleli
[Setšoantšo se leqepheng la 85]
John le Ellen Hubler ba ile ba qalisa mosebetsi oa potoloho ka 1960
[Setšoantšo se leqepheng la 86]
Ka 1962, Phutheho ea Papeete e ile ea haha Holo ea eona ea pele ea ’Muso—e le mohaho feela o bulehileng ka mahlakoreng o ruletsoeng ka joang
[Setšoantšo se leqepheng la 89]
Tokollo ea April 15, 1965 ea “La Sentinelle,” e neng e e-na le lihlooho tse nkiloeng ho “Molula-Qhooa”
[Setšoantšo se leqepheng la 92]
E le hore a hatele pele moeeng, Taina Rataro o ile a ithuta ho bala Setahiti le ho se ngola
[Setšoantšo se leqepheng la 92]
Elisabeth Avae (ea lutseng) le setloholo sa hae Diana Tautu
[Setšoantšo se leqepheng la 95]
Anna le Antonio Lanza
[Setšoantšo se leqepheng la 96]
Vaieretiai le Marie-Medeleine Mara
[Setšoantšo se leqepheng la 97]
Ato Lacour
[Setšoantšo se leqepheng la 98]
Rudolphe Haamarurai
[Setšoantšo se leqepheng la 99]
Vahinerii le Edmond Rai (ba ka ho le letšehali) ba na le Taaroa le Catherine Terii (ba ka ho le letona)
[Setšoantšo se leqepheng la 100]
Auguste le Stella Temanaha
[Litšoantšo tse leqepheng la 102]
Christiane le Jean-Paul Lassalle (ba ka ho le letšehali) hammoho le Lina le Colson Deane (ba ka ho le letona)
[Setšoantšo se leqepheng la 103]
Roger Sage (ea ka ho le letšehali) o toloka ka Setahiti puo e fanoang ke Francis Sicari, kopanong ea setereke lilemong tsa bo-1970
[Setšoantšo se leqepheng la 107]
Eileen le Alain Raffaelli
[Setšoantšo se leqepheng la 108]
Mauri le Mélanie Mercier
[Setšoantšo se leqepheng la 120]
Marie-Louise le Serge Gollin ke baromuoa lihlekehlekeng tsa Marquesas
[Setšoantšo se leqepheng la 122]
Alexandre Tetiarahi le mosali oa hae, Elma le barali ba bona ba babeli ba ho fela, Rava (ea ka ho le letšehali) le Riva
[Setšoantšo se leqepheng la 126]
Sehlopha sa bafetoleli ba Setahiti
[Setšoantšo se leqepheng la 127]
Kopano ea Machaba ea 1969 ea “Khotso ea Lefatše” e ile ea e-ba kopano ea pele ea machaba e ileng ea tšoareloa Tahiti
[Setšoantšo se leqepheng la 128]
Holo ena ea ’Muso e sehlekehlekeng sa Bora Bora ke e hahiloeng morao-rao, French Polynesia
[Setšoantšo se leqepheng la 130]
Christine le Félix Temarii
[Setšoantšo se leqepheng la 131]
Komiti ea Lekala, ho tloha ka ho le letšehali ho ea ka ho le letona: Alain Jamet, Gérard Balza le Luc Granger
[Litšoantšo tse leqepheng la 132, 133]
(1) Mehaho ea lekala la Tahiti
(2) Gérard Balza o lokolla buka ea “Atamela ho Jehova” ka Setahiti, ka July 2002
(3) Lelapa la Bethele ea Tahiti