Leqephe la Bahatisi
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2007
E Nang le Tlaleho ea Selemo sa Tsebeletso sa 2006
Buka ena ke ea
“Letsatsi le leholo la Jehova le haufi.”—SOF. 1:14.
Mehleng ea Morena Josiase oa Juda, moprofeta Sofonia o ile a phatlalatsa molaetsa o matla o reng: Letsatsi la Jehova la kahlolo lea tla ’me le haufi. Le hoja ka letsatsi leo ba khopo ba ne ba tla ‘felisoa,’ ba batlang Jehova, ba batlang ho loka le ba batlang boinyenyefatso ba ne ba tla “patoa letsatsing la bohale ba Jehova.” (Sof. 1:3; 2:3) Letsatsi leo le ile la fihla ka 607 B.C.E., ’me e ile ea e-ba letsatsi la khalefo ho baahi ba Jerusalema.
Le rōna ka sebete re bolela molaetsa o tšoanang le oo, ’me ke molaetsa o lemosang ba khopo le o tselisang ba lokileng hore: Haufinyane Jehova o tla felisa batho ba khopo hammoho le bokhopo. Joalokaha u tla bona Tlalehong ea Lefatše ka Bophara, hona joale molaetsa ona o phatlalatsoa ho feta leha e le neng pele—’me sena ke bopaki ba hore ka sebele letsatsi la Jehova le haufi. E se eka temana ea rona ea selemo ea 2007 e ka re hopotsa hore na re phela nakong efe, ’me e se eka e ka re thusa hore ka linako tsohle re lule re tšepahala ho Jehova, Molimo oa rona ea tsotehang.
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 2]
Photo Credits: Page 22: Globe on DVD cover: Used with permission fromThe George F. Cram Company, Indianapolis, Indiana; page 27: Art source for Rome and Greece on top video cover: Roma, Musei Capitolini; page 66: City: JohannesburgTourism Company; colorful buildings: © Jon Arnold/Agency Jon Arnold Images/age fotostock; page 114: Top: Museum Africa: Times Media Collection; page 223: Rice: Ed Scott/Pixtal/age fotostock; house and boat: © ICONOTEC; page 228: Pineapples: © ICONOTEC; photo from space: Image courtesy of the Image Science & Analysis Laboratory, NASA Johnson Space Center; pages 229, 252-4: Flowers and lava, flowers and sunset, waterfall, waves: © ICONOTEC