Latvia
SETERATENG sa Brīvības (kapa Seterateng sa Tokoloho) se bohareng ba Riga, e leng motse-moholo oa Latvia, ho na le Seemahale sa Tokoloho se bolelele ba limithara tse 42. Seemahale sena se ile sa buloa ka 1935, ’me se tšoantšetsa tokoloho ea lipolotiki. Leha ho le joalo, ho tloha ka bo-1920 batho ba Latvia ba ile ba bolelloa ka tokoloho ea bohlokoa ho feta ena—’me eo ke tokoloho e tlisoang ke ho tseba ’nete ea Bibele. Ha tlaleho e ’ngoe e bua ka tokoloho ena ea moea, e ile ea re: “Batho feela ba tloaelehileng, . . . banna hammoho le basali, ba amohela molaetsa ka meokho ea thabo.” Ka lilemo-lemo, lira li ’nile tsa leka ho thibela molaetsa oo oa bohlokoa, ’me ka linako tse ling li ne li atleha. Empa joalokaha re tla bona tlalehong ena, ha ho na lebotho leha e le lefe lefatšeng le ka thibelang Ea Matla ’Ohle kapa Mora oa hae, eo puso ea hae e sa seheloang moeli ke mekoallo leha e le efe ea lipolotiki.—Tšen. 11:15.
Ho tloha mehleng ea Bahlabani ba Majeremane ba thehileng motse oa Riga ka 1201, ho fihlela mehleng ea Bokomonisi ba Soviet Union, esale Latvia e ntse e hlaseloa e bile e busoa ke mebuso e mengata ea bopolotiki, e akarelletsang Jeremane, Poland, Russia le Sweden. Ka 1918, ka lekhetlo la pele Latvia e ile ea phatlalatsa hore e se e ipusa. Leha ho le joalo, ka 1940 naha ena e ile ea fetoha e ’ngoe ea lirephabliki tsa Soviet Union. Ka 1991 e ile ea boela ea ipusa ’me ea bitsoa Rephabliki ea Latvia.
Leha ho le joalo, boipuso ba lipolotiki ha bo tlise tokoloho ea ’nete. Ke Jehova feela ea ka lokollang batho ka botlalo, ’me tšepiso ea hae ea hore o tla ba lokolla ke karolo ea bohlokoa ea litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Luka 4:18; Baheb. 2:15) Litaba tseo tse molemo li fihlile joang Latvia? Litaba li qalile thapelong ea Ans Insberg, ea neng a sebetsa sekepeng.
Ans o ile a re ha a ngola: “Ka bosiu bo bong ha ke ntse ke tsamaea ka sekepe leoatleng ’me ke bona leholimo le tletseng linaleli, ke ile ka tšollela pelo ea ka ho Morena eaba ke mo kōpa hore a ntataisetse ho batho ba mo rapelang ka moea le ka ’nete. (Joh. 4:24) Ke ne ke bone boikaketsi bo bongata har’a batho ba kenang kereke haeso Latvia, ’me ke ne ke sa batle ho itsoakanya le bona. Eaba ka 1914 ha ke le Cleveland, Ohio, U.S.A, ke bona filimi ea Bibele e bitsoang ‘Photo-Drama of Creation,’ e neng e hlahisitsoe ke Liithuti Tsa Bibele Tsa Machaba, e leng lebitso leo Lipaki Tsa Jehova li neng li ipitsa ka lona ka nako eo. Thapelo ea ka e ne e arabetsoe; ke ne ke fumane ’nete! Ke ile ka kolobetsoa ka la 9 January, 1916, ka ba ka qala mosebetsi oa boboleli, ’me ke ne ke sebetsa sekepeng ka nakoana ha ke haelloa ke chelete.”
Nakoana ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, Ans o ile a hasa molaetsa oa ’Muso ka ho pharaletseng Latvia. Ka chelete ea hae, o ile a ngola melaetsa e phatlalatsang ’Muso oa Molimo likoranteng tsa Latvia. Krastin̗š, eo e neng e le tichere e seng e behile meja fatše, o ile a ithuta ’nete liphatlalatsong tseo, ebile e ka ’na eaba ke eena Seithuti sa pele sa Bibele sa Latvia se ileng sa nehela bophelo ba sona ho Jehova. Ka 1922, Ans o ile a ea sebetsa ntlo-khōlō ea Liithuti Tsa Bibele e Brooklyn, New York. Ha a le moo, kamehla o ne a ea boema-kepe ho ea bolella basebetsi ba bang ba likepeng ’nete ea Bibele. O ne a re boema-kepe ke “sefalana sa ka se ratehang.” O ile a phetha tšebeletso ea hae ea lefatšeng ka la 30 November, 1962.
Ka 1925, ho ile ha buloa Ofisi e ka Leboea ea Europe, Copenhagen, Denmark. E ne e hlokometse mosebetsi Linaheng tse tharo tsa Baltic—e leng Estonia, Latvia le Lithuania—haesita le Denmark, Finland, Norway le Sweden. Ka July 1926, Rees Taylor oa Brithani o ile a abeloa hore a tl’o hlokomela mosebetsi Latvia. O ile a theha ofisi Riga a ba a hlophisa hore ho be le kopano e nyenyane sebakeng seo. Ho ba 20 ba neng ba tlile kopanong, ba 14 ba ile ba e-ba le seabo phutuhong ea pele ea tšebeletso ea tšimo naheng eo. Ka mor’a moo mapolesa a ile a lumella barab’abo rōna hore ba tšoare liboka tsa phatlalatsa, ’me batho ba 975 ba ile ba mamela lipuo tsa Bibele motseng oa Riga, oa Liepaja le oa Jelgava. Lipuo li ne li fanoa ka Sejeremane, e leng puo eo ho phaella ho Selatvia, e buuoang ke batho ba bangata ba Latvia. Batho ba bangata ba ile ba kōpa hore ho tšoaroe liboka tse ling hape.
“TOKOLOHO EA LICHABA”
Ka September 1927, baeti ba ka bang 650 ba tsoang Estonia, Latvia le Scandinavia ba ile ba bokana Copenhagen ba tl’o mamela puo ea Joseph F. Rutherford ea tsoang ntlo-khōlō, e reng “Tokoloho ea Lichaba.” Selemong se latelang ho ile ha fetoleloa bukana e nang le sehlooho sona seo ka Selatvia, ’me barekisi ba libuka tsa bolumeli, kapa bo-pula-maliboho, ba ile ba etella pele mosebetsing oa ho e aba.
Har’a bo-pula-maliboho bao ba pele, ho ne ho e-na le barab’abo rōna ba ka bang leshome ba tsoang Jeremane ba neng ba tl’o khatha tema Latvia. E mong oa bona e ne e le Johannes Berger ea neng a le lilemo li 22. Ha a ngola ka sena, o ile a re: “Hang ha bo-pula-maliboho ba fihla motseng oo ba abetsoeng ho sebetsa ho oona, ntho ea pele eo ba neng ba e etsa e ne e le ho fana ka lipuo tsa phatlalatsa. Kahoo, re ile ra fana ka lipuo hoo e ka bang metseng eohle ea Latvia. Motseng oa Sloka re ile ra hira sebaka seo ho bapalloang libaesekopo ho sona, ’me mariha ke ne ke fana ka puo Mantaha o mong le o mong. Batho ba tsoang hōle ba ne ba fihla ba palame lipere tsa bona tse nyenyane.” Ha a hopola mehleng eo, o phaella ka ho re: “Ke ile ka fuoa tlotla ea ho etsa lintho tse ngata tšebeletsong ea Molimo le hoja ke ne ke sa ruteha.”
Bahoeletsi ba ’Muso ba ka bang 40, bao ba 15 ba bona ba neng ba kolobelitsoe, ba ile ba kenya letsoho mosebetsing oa boboleli ka 1928. Ka 1929, e leng selemo seo ka sona ofisi e ileng ea fallisetsoa Seterateng sa Šarlotes, motseng oa Riga, ba bang ba robong ba ile ba kolobetsoa, ’me ha tsamaisoa libuka le libukana tse ka holimo ho 90 000 tšimong.
Pejana ka 1927, ho ne ho ile ha kolobetsoa mohlankana ea bitsoang Ferdinand Fruck le ’mè oa hae, Emilie. Lilemo tse ’nè hamorao ha Ferdinand a ntse a paka lebakeng le motseng oa habo oa Liepaja, o ile a fumana motho eo hamorao a ileng a bula maliboho le eena. Monna ea sebetsang lebakeng o ile a mathela ho abuti oa hae ea neng a kuta moriri ka kamoreng e haufi hona mohahong oo. O ile a re: “Heinrich! A k’u tle koano kapele. Ho na le monna e mong ka lebakeng la ka ka mona ea buang lintho tseo ke sa li utloisiseng.” Empa Heinrich Zech, ea neng a kuta moriri, ha aa ka a fumana ho le thata ho utloisisa ’nete ea Bibele ’me o ile a kolobetsoa nakoana ka mor’a moo. Eena le Ferdinand ba ile ba hasa molaetsa oa ’Muso metseng e mengata ba tsamaea ka libaesekele.
HO HLAHA KHANYETSO
Le hoja barab’abo rōna ba ne ba le ’maloa, cheseho ea bona e ile ea halefisa baruti. Ha e le hantle, moruti ea ka sehloohong oa Riga o ile a soka ka hore o tla khaola bohle ba neng ba tla ea libokeng tsa Liithuti Tsa Bibele. Motseng oa Liepaja, baruti ba ile ba tsamaisa lipampitšana tse neng li qosa barab’abo rōna ka hore ha ba lumele ho Jesu Kreste, li bile li re batho ba se ke ba amohela lingoliloeng tsa bona. Ba ile ba boela ba senya Liithuti Tsa Bibele lebitso koranteng e khōlō ea kereke.
Ka 1929 kereke e ile ea hatella ’muso oa Latvia ho fihlela o leleka barekisi ba libuka tsa bolumeli ba tsoang Jeremane. Ka 1931 boholo ba lingoliloeng tse thusang ho ithuta Bibele li ne li thibetsoe. Na barab’abo rōna ba ile ba khaotsa mosebetsi ka lebaka la tlhaselo ee? Ofisi ea Latvia e ile ea ngola tjena: “Khanyetso ea Diabolose e etsa hore re tšepahale le ho feta. Hoa thabisa ho etsa mosebetsi mona . . . , ebile re ikemiselitse ho tsoela pele.”
Ka 1931 barab’abo rōna ba ’maloa ba Brithani ba ile ba amohela memo ea hore ba tl’o bula maliboho linaheng tsa Baltic. Ba bang ba bara bana babo rōna ba ile ba thusa hore lijo tsa moea tse tsoang linaheng tsa boahelani, e leng Estonia le Lithuania, li tlisoe Latvia. Edwin Ridgewell, ea neng a le lilemo li 18 ka nako eo, o ile a abeloa ho ea sebetsa Lithuania. Hona joale Mor’abo rōna Ridgewell o ka holimo ho lilemo tse 90, ’me o re: “’Na le bo-mphato ba ka ba babeli, e leng Andrew Jack le John Sempey, re ile ra fuoa kabelo e khethehileng ea ho kenya lingoliloeng Latvia. Hangata re ne re palama terene e eang Riga bosiu ’me re pata liphutheloana tsa lingoliloeng ka tlas’a litulo moo ho behoang mealo motšehare. Pele re theoha, re ne re tšela liphutheloana tseo hammoho le liphahlo ka har’a lisutuk’heisi tse neng li khona ho atolosoa. Lekhetlo le leng le le leng ha re ne re atlehile ho fihlisa libuka moo li eang teng, re ne re keteka ka mor’a leeto leo le tšosang. Percy Dunham, ea neng a hlokometse mosebetsi ona, o ne a re ntša a il’o re rekela lijo reschorenteng ea Riga.”
Hangata Ferdinand Fruck o ne a kopana le barab’abo rōna moeling oa Lithuania. Ba ne ba mo fa lingoliloeng, ebe eena o li beha ka tlas’a furu ka kamoreng e tlas’a marulelo a moliko oa hae. Leha ho le joalo, ba boholong ba ile ba mo lemoha, eaba ka mor’a moo mapolesa a se a lula a tla ha hae a tl’o khoasa lingoliloeng tse thibetsoeng. Ka le leng ha ofisiri e ntse e phenyekolla, e ile ea tsoafa ho hloella kamoreng e tlas’a marulelo, kahoo ea re Ferdinand e be eena ea hloellang teng! E le hore a se ke a tsosa libata masene, Ferdinand o ile a khutla a nkile Melula-Qhooa e ’maloa e tsofetseng eaba o e fa eona. Ofisiri e ile ea tsamaea e khotsofetse.
KHATELO-PELE HO SA TSOTELLEHE KHANYETSO
Percy Dunham oa Scotland, eo ho sa tsoa buuoa ka eena, o ile a abeloa ho hlokomela tšimo ea Latvia ka 1931. Percy o ne a e-na le phihlelo ea bohlokoa kaha e ne e bile Seithuti sa Bibele le pele ho 1914. Ho ella bofelong ba 1931, ofisi ea Latvia e ile ea ngola tjena: “Batho ba se nang matlotlo a lefatše lena empa ho Molimo e le ba ruileng tumelong ba ntšetsa mosebetsi pele ho sa tsotellehe mathata. . . . Batho ba ntseng ba eketseha ba thabela molaetsa oa rōna. . . . Beke e ’ngoe le e ’ngoe batho ba tla ofising ba tl’o batla libuka ba bile ba batla ho tseba hore na tse ling li tla fihla neng.” Joale ha tlaleho eo e bua ka tsoelo-pele ea bohlokoa mabapi le litaba tsa puso ea Molimo, e ile ea re: “Sebokeng se sa tsoa tšoaroa Riga, re ile ra ba ntsoe-leng ha re phatlalatsa qeto e entsoeng, ka thabo re amohela lebitso le lecha [la Lipaki Tsa Jehova], leo Morena a le fileng batho ba hae.”
Ka 1932 ofisi e ile ea fallisetsoa Seterateng sa Cēsu, Riga. Selemong sona seo, Margaret (Madge) Brown, eo e neng e le pula-maliboho oa Scotland ea sebeletsang Ireland ea kolobelitsoeng ka 1923, o ile a fallela Latvia eaba o nyalana le Percy Dunham. Khanyetso e ne e ntse e tota khahlanong le mosebetsi. Madge o re: “Ka la 9 February 1933, koranta ea Riga e ile ea re qosa ka hore re Makomonisi. Hoseng ho latelang motho o ile a kokota monyako ’me eitse ha ke bula, eaba mapolesa a tšoereng lithunya a itšohlometsa ka tlung a ba a hoeletsa, a re, ‘Phahamisang matsoho!’ A ile a qeta lihora tse supileng a ntse a khoasa libuka tse thibetsoeng. Ka tinare ke ile ka a fa tee, ’me a ile a e thabela.
“Libuka tse ngata tsa barab’abo rōna li ne li patiloe ka kamoreng e ka tlas’a marulelo. Pejana ha ofisiri e ikarabellang e phopholetsa ka lipokothong tsa monna oa ka e ile ea fumana linotlolo. E ile ea re: ‘Ke linotlolo tsa eng tsee?’ Percy o ile a re: ‘Ke tsa kamore e ka tlas’a marulelo.’ Leha ho le joalo, mapolesa ha aa ka a ea moo. Ha e le hantle, pele a tsamaea, ofisiri e ikarabellang e ile ea fa Percy linotlolo tseo! Le hoja mapolesa a ile a hlahloba libuka tse ling, a ile a re ha a bone lebaka la ho li nka.
“Leha ho le joalo, a ile a li nka, hammoho le mangolo, chelete, mochine o etsang likopi le mochine o thaepang. Mapolesa a ile a ea phenyekolla le malapeng a mang a tšeletseng a Lipaki tsa Latvia empa a se ke a fumana bopaki ba tlōlo ea molao ka hona a sitoa ho re qosa.”
Ka nako eo, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba ka tlaase ho 50 naheng ka bophara. Ho ntse ho le joalo, barab’abo rōna ba ile ba kōpa ho ngolisoa ka molao. U ka inahanela hore na ba ile ba thaba hakaakang ha ka la 14 March 1933, Mokhatlo oa Liithuti Tsa Bibele Tsa Machaba o ngolisoa ka molao! Le hoja barab’abo rōna ba ne ba sa lumelloa ho amohela lingoliloeng tsa Bibele tse tsoang linaheng tse ka ntle, ba ile ba khona ho hatisa libukana tse itseng hona naheng ena kahobane ba ne ba ngolisitsoe ka molao. Aleksandrs Grīns, eo e neng e le sengoli se tsebahalang e bile e le mohlophisi ea ka sehloohong oa koranta ea Rīts, o ne a fetolela lingoliloeng ka Selatvia.
RE NGOLISOA KA NAKO E KHUTŠOANYANE FEELA
’Muso o ile oa ketoloa ka May 1934 eaba ho phatlalatsoa puso ea sesole. Lira tsa ’nete li ile tsa sebelisa maemo ana a sa tsitsang a lipolotiki eaba li qosa batho ba Molimo ka hore ke Makomonisi. Ka la 30 June, letona la litaba tsa ka hare le ile la koala ofisi ea Mokhatlo oa Liithuti Tsa Bibele Tsa Machaba la ba la nka libuka le libukana tse ka holimo ho 40 000 ka mahahapa, hammoho le chelete e fokolang. Baruti ba ne ba khethetsoe hore e be bona ba abang thepa ena! Likōpo tsa hore re ngolisoe hape li ile tsa qheleloa thōko.
Ntoa ea II ea Lefatše ile ea kupa ka 1939, eaba ka June 1940 lebotho la Russia le hata le kena Latvia. Ka August, Latvia e ile ea fetoha rephabliki ea bo15 ea USSR ea ba ea rehoa Rephabliki ea Latvia ea Puso ea Bososhiale. Ka la 27 October ba ha Dunham ba ile ba lokela ho tloha Latvia le ho siea bara le barali babo bona ba ratehang. Ba ile ba abeloa hore ba khutlele lekaleng la Australia moo Percy a ileng a phetha tšebeletso ea hae ea lefatšeng ka 1951 ’me Madge eena a e phetha ka 1998.
Ho koaloa ha ofisi, ho lelekoa ha barab’abo rōna ba ikarabellang, mathata a bakoang ke ntoa le lilemo-lemo tsa puso e boima ea Bokomonisi e ileng ea latela, tsena kaofela li ile tsa thefula mosebetsi. Ebile feela mathoasong a lilemo tsa bo-1990 moo litšitiso tse sehlōhō tse bakiloeng ke leeme la nakong e fetileng li ileng tsa qetella li tlositsoe.
JEHOVA O TŠELISA BATHO BA HAE BA TŠEPAHALANG
Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, sehlopha se senyenyane sa Lipaki tsa Latvia se ne se sitoa ho buisana le ntlo-khōlō. Leha ho le joalo, se ile sa lula se e-na le tšepo ka hore se ikhothatse “ka matšeliso a tsoang Mangolong.” (Bar. 15:4) Ha ntoa e lala ho elella lilemong tsa bo-1950, qetellong lekala la Jeremane le ile la khona ho romela mangolo ho barab’abo rōna ba ’maloa ba Jelgava, Kuldīga, Riga le Ventspils.
Motseng oa Kuldīga o bohōle ba lik’hilomithara tse 160 ka bophirimela ho Riga, Ernests Grundmanis ea neng a bile ’neteng ka lilemo tse 20 o ile a fumana mangolo a mangata a tsoang Jeremane ao ruri a neng a e-na le lijo tsa moea tse tlileng ka nako e loketseng. Lengolong le leng ho ne ho itsoe: “Linthong tsohle u tšepe Jehova Molimo, Ntate oa rōna ea molemo. O tla u tšehetsa a be a u matlafatse ka nako e loketseng.” Joale lengolo leo le ile la qotsa 2 Likronike 16:9, e reng: “Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” Mangolo ao a ne a fihlile ka nako e loketseng a bile a khothatsa hakaakang!
Barab’abo rōna ba ne ba paka ka mokhoa o sa reroang ha monyetla o mong le o mong o hlaha. Ka mohlala, mosali e mong ea bitsoang Marta Baldone, eo mosebetsi oa hae e neng e le ho silila batho Ventspils, o ile a pakela batho bao a neng a ba silila, bao e mong oa bona e neng e le Alexandra Preklonskaya (eo hona joale e seng e le oa ha Rezevskis). Alexandra o re: “Marta o ile a nthuta hore lebitso la Molimo ke Jehova, ’me ke ile ka rata lebitso leo haholo.”
Ntate oa Alexandra, Peter, ea hlahileng ka 1880 le eena o ile a ithuta ’nete ea Bibele. Morali oa hae o re: “Ntate e ne e le setho sa mokha oa Bokomonisi pele ho phetohelo ea 1917 ’me o ne a lula St. Petersburg [e neng e bitsoa Petrograd ho tloha ka 1914 ho fihlela ka 1924 eaba e bitsoa Leningrad ho tloha ka 1924 ho fihlela ka 1991]. Leha ho le joalo, phetohelo eo ha ea ka ea tlisa seo Ntate a neng a se lebeletse, kahoo o ile a khutlisa karete ea hae ea ho ba setho sa mokha oo a ba a tlameha ho tloha motseng oa habo. O ile a tla Latvia, moo ke ileng ka mo tsebisa Marta. Kaha Ntate e ne e le motho ea tšepahalang le ea mosa, o ile a amohela ’nete hang-hang. Ka 1951 o ile a khutlela Russia, empa lekhetlong lena o ne a khutla e se e le motšoaruoa ka lebaka la tumelo ea hae. O ile a shoela Siberia ka 1953.”
HO LELEKELOA SIBERIA
Latvia, joaloka linaheng tse ling tsa Soviet Union, ’muso o mocha o ile oa tsoela pele ka morero oa oona oa ho etsa hore mekhatlo eohle ea setso le ea lipolotiki e lumellane le melao ea Soviet Union. Makomonisi a ile a kopanya mapolasi a batho hore a laoloe ke ’Muso. Ka lebaka la letšolo lena, hangata batho ba ne ba lelekoa naheng ena ka tšohanyetso, ’me ba bangata haholo ba ile ba lelekoa ka 1949 ha Malatvia a ka bang 100 000 a lelekeloa Russia leboea, ho kopanyelletsa le Siberia. Lilemo tse peli hamorao, Makomonisi a ile a shebana le Lipaki Tsa Jehova, a leleka Lipaki tse likete litšeng tsa tsona, ho akarelletsa le bahoeletsi bao bonyane ba neng ba ka ba 20 ho ba ka bang 30 ba neng ba ntse ba le Latvia.
Le hoja Valija Lange oa Ventspils a ne a e-s’o kolobetsoe, o ne a le har’a bao KGB (Komiti ea Tšireletso ea Naha ea Soviet Union) e ileng ea ba tšoara ha e ne e tsoile letšolo ka September, 1950. Nakong ea ha a ntse a hlongoa lipotso har’a mp’a bosiu motseng oa Riga, o ile a botsoa potso e reng: “Ke hobane’ng ha uena u le moahi oa Soviet Union u etsa lintho tse khahlanong le ’Muso?” Valija o ile a araba ka bonolo le ka tlhompho, a re: “Boikemisetso ba ka feela ke ho sebeletsa Jehova Molimo, ho utloisisa lithuto tsa hae le ho buisana ka tsona le ba bang.”
Lebitso la Valija hammoho le mabitso a Lipaki tse ling tse 19 a ile a hlaha tokomaneng ea la 31 October, 1950. Bohle ba neng ba thathamisitsoe tokomaneng eo ba ile ba ahloleloa ho qeta lilemo tse leshome likampong tsa mosebetsi o boima Siberia, ’me thepa ea bona e ile ea nkoa ka mahahapa. Ba bang ba ile ba lumelloa hore ba ee malapeng a bona empa ba boela ba qosoa hape. Ka mohlala, ka mor’a hore ba boholong ba fumane hore Paulīne Serova o ne a ntse a amohela lingoliloeng tsa Bibele ka poso, o ile a khutlisetsoa Siberia hore a e’o hlola teng lilemo tse ling tse ’nè.
Ha barab’abo rōna ba le likampong tsa mosebetsi o boima, ba ile ba tsoela pele ho bolela le ho etsa barutuoa ’me e mong oa barutuoa bao e ne e le Jānis Garšk̗is. O ile a kolobetsoa ka 1956 ’me hona joale o lula Ventspils. O re, “Kea itebohela ka hore ebe Molimo o ile a lumella hore ke romeloe kampong ea mosebetsi o boima, ho seng joalo nka be ke sa ithuta ’nete.” O ne a e-na le boikutlo bo botle hakaakang!
Tekla Onckule ea hlahetseng Latvia, o ile a qosoa ka hore o bakile meferefere ea lipolotiki, eaba o isoa Siberia. Ha a le motseng o hōle oa Omsk, o ile a utloa ’nete ho Lipaki tse neng li leleketsoe moo. Tekla o re: “Nke ke ka lebala mohla ke neng ke kolobetsoa. Ke ile ka kolobetsoa bosiu ka har’a nōka eo metsi a eona a neng a bata po! Ke ne ke qhaqhasela ke serame, empa ke ne ke thabile haholo.” Ka 1954, Tekla o ile a nyaloa ke Aleksei Tkach, ea neng a kolobelitsoe ka 1948 Moldavia (eo hona joale e leng Moldova) ’me hamorao a lelekeloa Siberia. Ka 1969, banyalani bana hammoho le Lipaki tse ling tse seng kae ba ile ba khutlela Latvia. Ka masoabi, ba bangata ba neng ba lelekiloe Latvia ba ile ba shoela likampong tsa mosebetsi o boima.
HO KHUTLELA HAE LE HO IPATELA KGB
Lipaki tse ’maloa ha lia ka tsa tšoaroa. Alexandra Rezevskis o re: “Ke ile ka phonyoha ho lelekoa naheng ena ka hore ke lule ke ntse ke ea libakeng tse fapaneng, ke sebetsa mapolasing a fapaneng ’me ke ipatela KGB. Ke ne ke ntse ke pakela bohle bao ke neng ke kopana le bona. Batho ba ne ba mamela, ’me ba bang ba ile ba amohela ’nete.” Mahlahana a KGB a ne a sebetsa ka mahlo a matšo a batla Lipaki tse ’maloa tse neng li hasa-hasane Latvia, a li qosa ka hore li khahlanong le Soviet Union. ’Muso o bile oa aba bukana eo ka bohata e neng e bolela hore Lipaki ke limpimpi tsa Amerika. Kaha barab’abo rōna ba ne ba behiloe leihlo ke limpimpi tsa Makomonisi, ba ne ba paka ka masene ba bile ba tšoara liboka tsa bona ka sekhukhung libakeng tse fapa-fapaneng.
Ka mor’a hore Alexandra a nyaloe ke Kārlis Rezevskis, ba ile ba fallela ntlong e nyenyane eabo Kārlis. Ntlo ena e ne e le sebaka se setle sa ho tšoarela liboka mariha kaha e ne e le ka hare ho moru o pel’a motse oa Tukums o bohōle ba lik’hilomithara tse 68 ho tloha Riga. Dita Grasberga, eo e neng e le oa ha Andrišaka ka nako eo, o re: “Ke ne ke sa le ngoana ha lelapa leso le ea libokeng tse neng li tšoareloa ha Rezevskis. Ho ne ho le monate ho palama bese ha re ea Tukums le ho tsamaea lehloeng ka har’a moru. Qetellong, ha re fihla ntlong eo e nyenyane, hangata re ne re khahlametsoa ke monko o lutlisang mathe oa sopho e monate e ntseng e ptjatla setofong.”
Kārlis o ne a tloaetse ho pata lingoliloeng ka morung. Ka lekhetlo le leng o ile a epela mekotla e ’meli ea libuka a ba a beha letšoao ka hloko sebakeng seo. Empa bosiung boo ho ile ha e-ba le sefefo se matla hoo se ileng sa tlosa letšoao leo. Kārlis o ile a batla mekotla eo empa a se ke a e fumana. E ntse e patehile kae-kae morung moo ho fihlela lena le holimo.
Hlabula barab’abo rōna ba ne ba tšoarela liboka merung, matšeng kapa lebōpong la leoatle. Joaloka linaheng tse ling tsa Soviet Union, ba ne ba sebelisa manyalo le mapato ho fana ka lipuo tsa Mangolo. Lilemong tsa bo-1960 le tsa bo-1970, barab’abo rōna ba Estonia, ba akarelletsang Viljard Kaarna, Silver Silliksaar le Lembit Toom, ba ne ba etela Latvia nako le nako ho tla fana ka lipuo, ho tlisa lingoliloeng le ho tla bokella litlaleho tsa bahoeletsi ba kolobelitsoeng ba neng ba ka ba 25. Barab’abo rōna ba sebakeng sena ba ne ba thaba haholo ha ba fumana Molula-Qhooa oa Serussia oo Pauls Bergmanis le Valija Lange ba neng ba o fetolela ka Selatvia, ba o ngola ka letsoho libukeng tseo bana ba sekolo ba ngollang ho tsona. Hamorao Pauls le Valija ba ile ba nyalana, eaba joale ba tsoela pele ho etsa mosebetsi oa bona oa bohlokoa ba le ’moho.
“RE NE RE KOPANELA MOLULA-QHOOA O LE MONG FEELA”
Lilemong tsa bo-1970 le bo-1980 barab’abo rōna ba Estonia ba ne ba fumana Molula-Qhooa oa Serussia o nkiloeng setšoantšo ka filimi e nyenyane ebe ba o kenya ka sekhukhu Latvia. Kaha ka nako eo batho ba bangata ba ne ba itlosa bolutu ka ho nka lifoto, barab’abo rōna ba ne ba itlhatsoetsa li-negative malapeng, ba etse likopi ba be ba li abe. Nako le nako likhatiso tse ling le tsona li ne li kenngoa ka har’a naha ka eona tsela ena, hangata li tsoa Lithuania le Ukraine.
Mosali ea bitsoang Vida Sakalauskiene ea neng a ka ba lilemo li leshome ka nako eo, o re: “Re ne re kopanela Molula-Qhooa o le mong feela. Ka nakoana, sehlopha ka seng se ne se fuoa makasine e hatisitsoeng pampiring ea lifoto ha ho hlatsuoa li-negative e ntoo isoa malapeng ka ho fapana e le hore bohle ba ka ipalla eona ba ba ba ingolla lintlha. Ha ho ea neng a lumeletsoe ho boloka makasine eo nako e fetang letsatsi. Ha re le libokeng, mokhanni o ne a sebelisa makasine, ’me rōna re ne re araba lipotso ka hlooho kapa re sheba lintlha tseo re ingoletseng tsona.” Lijo tsena tsa moea li ile tsa thusa Vida hore a emele ’nete ka tieo ha a le sekolong. Li ile tsa boela tsa thusa khaitseli ea hae, Romualdas, hore a lule a tšepahala ha a ne a tšoeroe ka lebaka la ho se nke lehlakore joaloka Mokreste.
BATHO BA MEFUTA EOHLE BA AMOHELA ’NETE
Ka lilemo tse 27 mosali ea bitsoang Vera Petrova e ne e le setho se mafolofolo sa mokha oa Bokomonisi. O re: “O mong oa mesebetsi ea ka e ne e le ho ea kerekeng ho ea bona hore na ho na le litho tse kae tsa mokha oa Bokomonisi moo ke tle ke tsebe ho ea li tlaleha ho mongoli oa mokha sebakeng sena. Nakong eona eo, e mong oa likhaitseli tsa ka tse peli o ile a amohela ’nete a ba a qala ho mpakela. Ke ile ka thahasella taba tseo, eaba ke kōpa hore moruti oa kereke ea Orthodox ea Russia a mphe Bibele.
“O ile a re: ‘U isa Bibele kae?’
“Eaba ke re: ‘Ke batla ho bona hore na lintho tseo u li rutang li lumellana le eona na.’ Ha aa ka a mpha Bibele, kahoo ke ile ka iphumanela eona hosele ’me ka qala ho e bala. Kapele-pele ke ile ka lemoha hore lithuto tsa kereke ha lia thehoa Bibeleng. Ke ile ka ’na ka hatela pele moeeng ka ba ka tsoa mokheng oa Bokomonisi. Ke ile ka kolobetsoa ka 1985.”
Pele ho Ntoa ea II ea Lefatše, Teofīlija Kalvīte eo e neng e le mooki, o ile a nyaloa ke ramotse oa Daugavpils. Ka masoabi, ha ntoa e sa ntsane e qala, ramotse eo o ile a nyamela ’me ha hoa ka ha tsejoa hore na ho etsahetse’ng ka eena. Teofīlija o ile a kopana le mathata a mangata a ba a bona batho ba bangata ba mahlomoleng le ba shoeleng. Ha ntoa e lala, Teofīlija e ile ea e-ba mopresidente oa mokhatlo oa Sefapano se Sefubelu Latvia a ba a fumana bonyane likhau tse ka bang 20 tsa Naha lilemong tse 61 tseo a li qetileng a le lefapheng la bophelo bo botle. Ha Teofīlija a le lilemo tse ka bang 65 o ile a kopana le Paulīne Serova eo e neng e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ea ileng a sebelisa Bibele ho mo hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bokhopo. Teofīlija o ile a amohela ’nete ’me ka mor’a moo a thabela ho fumana tlotla e khōlō ea ho thusa batho hore ba phele hantle moeeng. O shoele ka 1982 a ntse a tšepahala.
“OH, KE DIKISHINARI”
Ka 1981, Yurii Kaptola ea neng a le lilemo li 18, o ile a tšoaroa a ba a ahloleloa ho hlola lilemo tse tharo chankaneng ka lebaka la ho se nke lehlakore joaloka Mokreste. Yurii o re: “Ho lilemo tseo ke neng ke li ahloletsoe, ke ile ka qeta tse peli ke le Siberia, moo re neng re lula litenteng re bile re sebetsa merung leha mohatsela o ne o le tekanyong ea lintlha tse 30 tsa Celsius ka tlaase ho ntlha ea khoamo!a Jehova o ne a lula a ntlhokometse moeeng. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng ’Mè o ile a nthomella Bibele ea Mangolo a Segerike e kentsoeng ka har’a sephutheloana sa lijo. Ha molebeli a ntse a hlahloba sephutheloana sena, o ile a bona buka.
“Eaba o re: ‘Ke’ng ntho ee?’
“Eitse le pele ke araba, mohlahlobi ea neng a le haufi le moo a be a re, ‘Oh, ke dikishinari,’ eaba oa e tlohela.
“Ke ile ka lokolloa ka 1984. Ho e-na le ho lula naheng ea heso ea Ukraine, ke ile ka fallela Riga moo ke ileng ka kopanela le sehlopha se senyenyane sa Lipaki ka lilemo tse ka bang peli. Leha ho le joalo, kaha Latvia e ne e ntse e le karolo ea Soviet Union, ke ile ka boela ka bitsetsoa bosoleng. Eaba ho etsahala joang? Ka la 26 August, 1986, ke ile ka boela ka ahloleloa ho ea likampong tsa mosebetsi o boima, lekhetlong lena ka ahloleloa ho hlola lilemo tse ’nè Latvia. Ka mor’a hore ke sebeletse kahlolo eo ka nakoana Riga, ke ile ka ea kampong e haufi le motse oa Valmiera. Mathoasong a 1990 ha ke le nyeoeng e mabapi le ho lokolloa ha ka, moahloli o ile a re: ‘Yurii, qeto ea hore u koalloe chankaneng ka lilemo tse ’nè tse fetileng e ne e se molaong. Ba ne ba sa lokela ho u tšoara.’ Ka tšohanyetso ke ne ke se ke lokolohile!”
Ka 1991, Yurii o ile a kopanela phuthehong eo e neng e le eona feela e teng Latvia ’me a sebeletsa e le e mong oa baholo ba babeli moo. O re: “Ka sebele masimo a ne a soeufetse bakeng sa kotulo.”
Ha Yurii a fihla Latvia ka lekhetlo la pele, o ile a buisana le mosali e mong ea neng a ntse a hloekisa lebitla. O re: “Ha ke mo botsa hore na ke hobane’ng ha bophelo bo le bokhutšoanyane hakana, o ile a atamela ho ’na eaba rea qoqa. Metsotso e ’maloa hamorao, lekala le leholo la sefate le ile la robeha eaba le oela hona moo a neng a ntse a sebeletsa teng. Haeba a ne a sa tloha moo, le ka be le mo oetse holimo. O ile a mpha aterese ea hae, eaba ke hlophisa hore morali e mong oabo rōna a mo etele. Ka 1987 mosali eo, mora oa hae le ngoetsi ea hae ba ile ba kolobetsoa.”
BA NE BA RATA BATHO, ESENG MABOTHOBOTHO
Bacha ba bang ba bangata ba tsoang libakeng tse fapaneng tsa Soviet Union le bona ba ile ba fallela Latvia ho tla kenya letsoho mosebetsing. Ho ne ho se bonolo, empa ba ne ba ikemiselitse ho itela. Ka mohlala, Anna Batnya, eo hona joale e leng pula-maliboho ea khethehileng, o ile a fumana mosebetsi femeng ea ho rōka ’me o ne a lula hostele. O re: “Maemo a ne a sa jese litheohelang. Re ne re paka ka mokhoa o sa reroang litereneng, liteisheneng, lirapeng tsa boikhathollo, mabitleng le libakeng tse haufi le likereke.
“Ha re palame literene tseo hangata li neng li tlala tsoete! re ne re tsamaea ka bobeli re paka ho tloha lekarecheng le leng ho ea ho le leng. Ha e mong oa rōna a ntse a fana ka bopaki, e mong o ne a lula a lebetse. Hangata le batho ba lutseng haufi ba ne ba kena moqoqong. Ka lebaka leo, ka linako tse ling lipotso li ne li hlaha ka hohle. Ha terene e ema, re ne re ea lekarecheng le leng haeba ho hlokahala. Re ne re thaba haholo ha re bona kamoo Jehova a neng a hlohonolofatsa tšebeletso ea rōna kateng.”
Angelina Tsvetkova o ile a utloa ’nete ka lekhetlo la pele ka mor’a hore a rapele a le kerekeng. O re: “Ka 1984, Aldona Dron̗uka, eo e neng e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a tla ho ’na eaba o mpotsa hore na nkile ka bala Bibele. Ke ile ka re: ‘Ke e balile mona le mane. Empa ha ke e utloisise, ke na le lipotso tse ngata.’ Ke ile ka mo fa aterese ea ka eaba le eena o mpha ea hae ’me ra lula re buisana ka Lentsoe la Molimo. Likhoeli tse ’maloa hamorao Aldona o ile a ’memela lenyalong le neng le le Lithuania ’me ke ile ka ea. Ho ne ho e-na le batho ba ka bang 300. Ha re le lijong, re ile ra mamela lipuo tse ngata tsa Bibele, e leng ntho e ileng ea ’makatsa.
“Ke hona mona moo ke ileng ka tseba hore ke ntse ke ithuta le Lipaki Tsa Jehova le hore mokete oo oa lenyalo e ne e boetse e le kopano! Esita le ka mor’a hore ba ntsebise sena, pelo ea ka e ne e anngoe ke lerato le bonngoe ba batho bana ba ikokobelitseng. Ka 1985, ke ile ka kolobetsoa ’me ka 1994 ka qala ho bula maliboho. Hona joale baneng ba ka ba tšeletseng, ba bahlano ba kolobelitsoe, ’me oa ho fela ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang.”
HO LOKOLOHA HO EA LIKOPANONG TSE KHŌLŌ
Lilemong tsa bo-1985 maemo a ile a bebofala linaheng tse ngata tsa Bokomonisi, kahoo, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa khona ho kopana pepenene. Ka 1989 batho ba ka bang 50 ba tsoang Latvia ba ile ba ea Kopanong ea Setereke ea “Boinehelo ba Bomolimo” Poland. Marija Andrišaka, eo hona joale e leng pula-maliboho ea khethehileng, o re: “Ho ba har’a bara le barali bao babo rōna ho ile ha nthusa hore ke hatele pele moeeng.”
Ka 1990 batho ba fetang 50 ba tsoang Latvia ba ile ba ea Kopanong ea “Puo e Hloekileng,” eo le eona e neng e le Poland. E mong oa bona e ne e le Anna Mančinska, ea ileng a etsa matsapa ’ohle hore a be teng kopanong eo. O re: “Ha ke lebile seteisheneng, ke ile ka hlokomela hore ke lebetse litokomane tse ling tseo ke neng ke tla li hloka ha ke tšela moeli. Kahoo, ke ile ka palama tekesi eaba ke khutlela hae ho ea lata lipampiri tseo, empa eare ha ke fihla seteisheneng ka fumana terene e se e ntšiile. Ke ile ka potlakela seteisheneng se latelang empa le teng ka fihla e se e le morao. Qetellong ke ile ka palama tekesi e eang Lithuania ’me ka qetella ke fumane terene e tsoang Riga e se e le bohōle ba lik’hilomithara tse 250. Ho palama tekesi ho ne ho le turu, empa chelete eo e ne e se letho ha ke e bapisa le melemo eo ke e fumaneng!” Hona joale Anna ke setho sa lelapa la Bethele Latvia.
Ka 1991 barab’abo rōna ba ile ba qetella ba atlehile ho tšoara likopano phatlalatsa linaheng tseo pele e neng e le lirephabliki tsa Soviet Union. Libese tse ngata tse tletseng baeti ba tsoang Latvia li ile tsa fihla motseng oa Tallinn, Estonia, li ba tlisitse Kopanong ea “Barati ba Tokoloho ea Molimo.” Sehlooho seo e ne e le se loketseng hakaakang!
Ruta Barakauska oa Vain̗ode o ile a phehella monna oa hae, Ādolfs, eo e neng e se e mong oa Lipaki Tsa Jehova, hore a tsamaee le eena ha a ea Tallinn. Ādolfs o re: “Ke ne ke sa ikemisetsa ho ea kopanong. Ke ne ke rerile ho ea reka lintho tse hlokahalang ho lokisa koloi ea ka. Empa ka mor’a hore ke be teng karolong e qalang ea lenaneo, ke ile ka hlolloa ke lipuo, botsoalle ba Lipaki Tsa Jehova, puo ea tsona e hloekileng le lerato la tsona hoo ke ileng ka ba teng ka matsatsi ’ohle a kopano. Ha ke khutlela hae ke ile ka qala ho ithuta Bibele ka ba ka sebetsa ka thata hore ke laole bohale. Ka 1992, le ’na joaloka mosali oa ka, ke ile ka ba Paki ea Jehova e kolobelitsoeng.”
Mathoasong a lilemo tsa bo-1990 ho ne ho se bonolo ho hira libaka tse loketseng tseo ho ka tšoareloang likopano tsa setereke ho tsona Latvia, kahoo boholo ba nako barab’abo rōna ba ne ba e-ea Estonia le Lithuania. Kopano ea pele e ileng ea tšoaroa Latvia ke Kopano ea 1998 ea “Tsela ea Molimo ea Bophelo” e ileng ea tšoareloa holong e khōlō ea lipapali Riga. Holo ena e ne e arotsoe likarolo tse tharo ho ea ka lipuo: Selatvia, Serussia le Puo ea Matsoho ea Latvia. Ka mor’a thapelo e koalang, bohle ba ile ba opa mahofi ’me ba bangata ba ntša meokho ea thabo, ba leboha Jehova ka ketsahalo ena e ikhethang.
NAKO EA KEKETSEHO E SEKHAHLA
Ka mor’a puso ea Bokomonisi, mosebetsi oa boboleli Latvia o ile oa tsoela pele ka sekhahla. Leha ho le joalo, pele ho 1995 ho ne ho se na Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ka Selatvia, ka hona ka linako tse ling mokhoa oo barab’abo rōna ba neng ba buisana le batho ka oona tšimong o ne o hloka ho ntlafatsoa. Empa ka lebaka la cheseho ea Lipaki tsena, bofokoli bona bo ne bo sa bonahale hakaalo. Ha Dace Šk̗ipsna a hlalosa hore na ho tlile joang hore a fumane ’nete, o re: “Ka 1991 ke ile ka reka buka e buang ka lihele le bophelo ka mor’a lefu lephepheng le leng le ka thōko ho tsela. Ke ne ke e-s’o tsamaee le sebaka se selelele ha ke utloa lentsoe le hlaha ka mor’a ka le re, ‘U rekile chefo!’
“Ha ke utloa mantsoe ao ke ile ka ema khekhenene! Lipaki tse peli tsa Jehova—e le monna le mosali oa hae—li ile tsa itsebisa ’na eaba re qoqa ka Bibele. Ha e le hantle, re ile ra bua ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe: Hadese, Gehena, Keresemese, sefapano, ’me qetellong ra bua ka matsatsi a ho qetela! Ho bua ’nete, lintlha tse ling li ne li sa hlaka hantle, empa ke ile ka thabela seo ke neng ke se utloa. Ke ile ka ba fa linomoro tsa ka tsa fono eaba le bona ba mpha tsa bona, ’me libekeng tse latelang, banyalani bana ba Lipaki ba ile ba araba lipotso tsa ka tse ngata tsa Bibele.”
“KEA LEBOHA HORE EBE HA KEA KA KA CHECHELA MORAO”
Jānis Folkmanis e ne e le ’mampoli oa ho kakasa litšepe USSR, ’me o ile a fumana khau ea ho ba ’mampoli oa Latvia tlhōlisanong ea hae ea ho qetela ka March 1993. Jānis o re: “Ka 1992, Jānis Cielavs eo ke neng ke sebetsa le eena, o ile a ’memela hore ke be teng ha a khanneloa thuto ea Bibele. Seo se ile sa fetola bophelo ba ka. Likhoeli tse tharo ka mor’a hore ke be ’mampoli oa ho kakasa litšepe Latvia, ke ile ka ba mohoeletsi oa ’Muso. Ke ile ka kolobetsoa ka August 1993. Mokoetlisi oa ka o ne a sa rate ha ke paka sebakeng seo ke neng ke ikoetlisetsa ho sona. Empa kea leboha hore ebe ha kea ka ka chechela morao. Metsoalle ea ka e ’meli, e leng Eduards Eihenbaums le Edgars Brancis, e tla hlalosa lebaka.”
Eduards o re: “Jānis Folkmanis o ile a ithaopela hore o tla ithuta Bibele le ’na ntle ho tefo. Ke ile ka re: ‘Haeba ka sebele re tla ithuta ntle ho tefo, re ka qala hang-hang. Re hlile ra qala hona hoo! Lintho tseo ke neng ke ithuta tsona li ne li utloahala, haholo-holo thuto ea tsoho, eo ke ileng ka fumana e utloahala ho feta thuto ea hore moea ha o shoe. Le mosali oa ka o ile a qala ho ithuta, ’me re ile ra kolobetsoa ka 1995.”
Edgars o re: “Jānis o ne a paka ka cheseho sebakeng seo re neng re ikoetlisetsa ho sona. Ka makhetlo a mane o ile a ithaopela ho ithuta Bibele le ’na, empa ke ile ka hana. Leha ho le joalo, ke ile ka nka makasine ea Molula-Qhooa le ea Tsoha! le buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Empa ke ne ke ipotsa, ‘Ebe ke hobane’ng ha sebapali se tummeng hakaale se rata Bibele?’ Qetellong ke ile ka hlōloa ke bohelehele, eaba ke qala ho ithuta. Phello ebile efe? Ke ile ka kolobetsoa ka 1995 ’me hona joale ke pula-maliboho ea khethehileng.”
Ba bang ba ile ba lokela ho tlohela mekhoa e mebe e le hore ba thabise Molimo. Ka mohlala, Aivars Jackevičs o ne a noa haholo. O re: “Re ne re itlopa joala mafelo-beke, re qala ka ho noa biri hoseng ho ntan’o latela botlolo ea vodka. Mantsiboeeng a mang ka January 1992, ke ne ke le lapeng ke tlamisitse letsoho, ke nyahame ke bile ke nahana ho ipolaea. Ba ne ba nk’hotholitse ka la maobane ha ke tahiloe. Motho o ile a kokota monyako. E ne e le moahelani—ea neng a kile a buisana le ’na hangata ka Bibele. Re ile ra bua, eaba o ithaopela ho ithuta Bibele le ’na, ’me ka lumela.
“Ke ne ke sa noe ka matsatsi ao re neng re ithuta ka ’ona, e leng se ileng sa nthusa hore ke hatele pele moeeng. Ka mor’a hore ke ithute hore na ha e le hantle ho etsahala’ng ka bafu le hore nke ke ka cha liheleng—e leng ntho eo esale ke e tšaba—ke ile ka qala ho ithuta hararo ka beke. Le pele likhoeli tse ’nè li fela, ke ne ke se ke le mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Leha ho le joalo, Bibele e re lemosa ka ho re, ‘Ea nahanang hore o eme a ke a hlokomele hore a se ke a oa.’ Ka booatla, ke ile ka qeta mantsiboea a mang ke e-na le metsoalle e mebe, ka noa ho feta tekano, eaba maikutlo a ho ipolaea a boetse aa khutla. Empa ka lebaka la mohau oa Jehova le mamello ea hae, ka lerato bara ba bang babo rōna ba ile ba tla nkhothatsa. Seo se ile sa nthuta thuto eo nke keng ka e lebala! Ke ile ka kolobetsoa ka 1992, ’me kajeno ke setho sa lelapa la Bethele Latvia.”—1 Bakor. 10:12; Pes. 130:3, 4.
Māris Krūmin̗š, eo le eena a sebeletsang lehaeng la Bethele, o ile a lokela ho fetola bophelo ba hae haholo e le hore a ka sebeletsa Jehova. Māris o re: “Ha ke tsoa bosoleng, ke ne ke feletsoe ke tšepo. Hamorao, ke ile ka lelekoa univesithing ka lebaka la ho se be teng lithutong tse ling. Kaha ke ne ke feletsoe ke tšepo, ke ile ka ba sekebekoa, eaba ka bosiu bo bong ka mor’a hore ke loane ha ke tahiloe, kea tšoaroa. Ha ke ntse ke lutse ka seleng, ke ile ka nahana ka melao eo ke neng ke e tlōtse ’me ka hlokomela hore ha e le hantle e mengata ho eona e ne e thehiloe melaong ea Molimo. Ka lekhetlo la pele bophelong ba ka, ke ile ka rapela Molimo ka kōpa hore a ntšoarele, ka ba ka ikana hore ke tla mo batla.
“Ha ke qeta ho lokolloa teronkong, ke ile ka ea likerekeng tse sa tšoaneng empa lekhetlo le leng le le leng ke ne ke soetseha. Kahoo ke ile ka qala ho bala Bibele le libuka tse ling tsa bolumeli. Ka 1990, ke ile ka kopana le motho eo nkileng ka kena sekolo le eena ka tereneng eaba o mpolella hore e se e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Leetong leo le lekhutšoanyane, Jehova o ile a nthusa hore ke amohele litaba tsa motsoalle enoa oa ka oa khale ha a ntse a ntlhalosetsa morero oa Molimo ka batho le hore na ke hobane’ng ha batho ba utloa bohloko lefatšeng. Ke ile ka qala ho ithuta ’me ka ba mohoeletsi ka 1991. Ka 1992, ke ile ka kolobetsoa. Selemo hamorao, ke ile ka ba setho sa lelapa la Bethele Latvia, ’me ka 1995 ka nyala Simona, eo e neng e le pula-maliboho oa Mofinnishe.”
Edgars Endzelis o ne a ithutela molao. O re: “Mathoasong a bo-1990 ho ne ho bonahala hore maemo a lipolotiki a tla fetoha. Ke ne ke le sekolong sa molao Riga, ’me liithuti tse ngata li ne li buisana ka morero oa bophelo. Ke ne ke bala libuka tsa filosofi le tsa bolumeli ba Bochabela. Hape ke ne ke ikoetlisetsa aikido, e leng mokhoa o mong oa ho loana ntle ho libetsa. Hamorao, ’na le mosali oa ka Elita, re ile ra kopana le Lipaki Tsa Jehova.
“Sebokeng sa pele feela seo re ileng ra ea ho sona re ile ra amoheloa ka mofuthu ke barab’abo rōna ba buang Selatvia le ba buang Serussia. Lerato lena le se nang boikaketsi le ile la re ama ka botebo. Hoo e ka bang hona nakong ena, ke ile ka haroha letsoalo ha mokoetlisi oa ka oa ho loana ntle ho libetsa a mpolella hore ke batho bao e leng Mabuddha a Zen feela bao e ka bang litsebi tse hloahloa tsa aikido. Leo e ile ea e-ba lekhetlo la ka la ho qetela ke ikoetlisetsa aikido! Nakoana ka mor’a mona ke ile ka kuta moriri oa ka o molelele, eaba ka March 1993, ’na le Elita rea kolobetsoa. Ho tloha ka nako eo ke ’nile ka ba le tlotla ea ho sebelisa tsebo ea ka ea molao ho thusa ‘ho sireletsa le ho theha ka molao litaba tse molemo’ Latvia.”—Bafil. 1:7.
TUMELO EA BOKRESTE EA LEKOA
Ka 1993 tumelo ea banana ba bang ba bane ba neng ba ithutela ’mino Jelgava e ile ea lekoa ha k’hoaere ea bona e ne e khetheloa ho ea bina moketeng oa Letsatsi la Boipuso. Le hoja banana bana ba ne ba sa le bacha ’neteng, ba ne ba ikemiselitse ho thabisa Molimo. Kahoo ba ile ba ngolla motsamaisi oa k’hoare ea bona, ’me ka tlhompho ba kōpa hore ba se ke ba ea moketeng oo ka lebaka la matsoalo a bona joaloka Bakreste. Motsamaisi o ile a etsa’ng? O ile a ngolla batsoali ba banana bana, a re ba khethe hore na banana bana ba bine kapa ba lelekoe sekolong. Ho tšoana le Baheberu ba bararo, banana bana ba ile ba mamela Jehova.—Dan. 3:14, 15, 17; Lik. 5:29.
Dace Puncule e ne e le e mong oa banana bao. O re: “Ho rapela Molimo le ho tšehetsoa ke barab’abo rōna ke hona ho ileng ha re thusa hore re lule re tšepahala. Re ile ra lelekoa, empa ha ho mohla nkileng ka ikoahlaela hore ebe ke ile ka emela ’nete ka tieo. Ka sebele, Jehova o ’nile a ntlhokomela. Ka mor’a likhoeli tse ’maloa feela, ke ile ka fumana mosebetsi ofising ea molao, ’me phihlelo eo ke e fumaneng moo e ile ea nthusa hamorao ha ke se ke le Bethele, moo ke sebelelitseng teng ho tloha ka 2001.”
Taba ea mali le eona e ile ea leka botšepehi ba ba bang. Ka la 6 September, 1996, ngoanana ea lilemo li 17 ea bitsoang Yelena Godlevskaya, o ile a thuloa ke koloi, a ba a robeha masapo a ’maloa a noka. Kaha Yelena o ne a hōlile moeeng, o ne a ikemiselitse ho qoba ho tšeloa mali. (Lik. 15:29) Nakong eo, lingaka tse ngata tsa Latvia li ne li e-s’o tsebe mekhoa ea ho etsa opereishene li sa sebelise mali, kahoo lingaka tse neng li mo sebetsa li ile tsa hana ho mo etsa opereishene. Joale nako e ka etsang beke hamorao, ka sehlōhō lingaka tse peli li ile tsa tšela Yelena mali ka nkane bosiung bo bong, eaba oa shoa.
Ka nako eo ’mè oa Yelena, e leng Marina, e ne e e-s’o be e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Marina o re: “Ke ile ka hlolloa ha ke bona morali oa ka a e-na le tumelo e matla ho Jehova le litšepisong tsa hae. Ha aa ka a inehela.” Hona joale Marina o kolobelitsoe, ’me eena le ba lelapa la hae ba lebeletse nako eo ka eona ba tla amohela Yelena tsohong ea bafu.—Lik. 24:15.
BANNA BA HŌLILENG MOEENG BA PHETHA MOSEBETSI OA BOHLOKOA
Ka lebaka la lenane le hōlang ka sekhahla la bahoeletsi, ho hlokahala banna ba hōlileng moeeng ba ka etellang pele. Ka 1992 barab’abo rōna ba bararo ba buang Selatvia ba hōletseng United States ba ile ba fuoa monyetla oa ho ba baromuoa Latvia. E ne e le Valdis Purin̗š le mosali oa hae Linda, le Alfreds Elksnis le mosali oa hae Doris, le Ivars Elksnis, e leng moena oa Alfreds. Ka bohlano ba bona ba ile ba fihla Riga ka July 1992. Folete ea bona e nang le likamore tse ’nè e ile ea fetoha lehae la baromuoa, depo ea libuka le setsi sa phetolelo.
Bosoasoi boa thusa ha motho a ithuta puo e ’ngoe. Doris Elksnis o re: “Ha ke ntse ke khannela basali ba bang ba babeli thuto, ke ile ka leka ho hlalosa hore na Satane o ile a bua joang le Eva a sebelisa noha. Leha ho le joalo, ke ile ka bitsa lentsoe la Selatvia le tšoanang le le bolelang noha. Eaba ho etsahala joang? Ke ile ka re Diabolose o ne a bua a sebelisa fariki!”
Ka 1994, Peter le Jean Luters ba ile ba fihla ba tsoa Australia. Peter, ea neng a kolobelitsoe ka 1954, o ne a hlahetse Latvia empa a hōletse Australia. Ka masoabi Jean, eo bohle ba ileng ba mo rata kapele ka lebaka la pelo ea hae e ntle, o ile a hlokahala ka 1999. Peter o ile a etsa qeto ea ho lula Latvia ’me hona joale o Komiting ea Lekala. Peter o re: “Ha re fihla mona re ile ra fumana barab’abo rōna ba Latvia ba chesehela mosebetsi oa boboleli. Leha ho le joalo, liphutheho li ne li e-s’o abeloe tšimo e tobileng, ’me libaka tse ling tsa Riga li ne li e-s’o sebetsoe. Hape e ne e le liphutheho tse ’maloa feela tse neng li fuoa lipuo tsa phatlalatsa kamehla. Mathata ana a ile a lokisoa hang-hang.”
BA FUMANENG MANGOLO GILEADE BAA THUSA
Baromuoa ba pele ba koetlisitsoeng Gileade ba ile ba fihla ka 1993. Banyalani ba bang ba tsoang Sweden, e leng Anders le Agneta Berglund hammoho le Torgny le Lena Fridlund, ba ile ba abeloa ho ea sebeletsa Jelgava, e leng motse o neng o e-na le baahi ba ka holimo ho 60 000 le bahoeletsi ba 28. Anders, eo joale e seng e le setho sa Komiti ea Lekala, o re: “Ha re fihla mona re ile ra ea tšimong le barab’abo rōna ’me ha baa ka ba re fa tšoeea! Ka matsatsi a mang re ne re hlile re matha lepetleke le bona ho tloha thutong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, re qeta lihora tse supileng ho ea ho tse robeli re se na nako ea ho khefutsa hore re je! Cheseho ea bona e ne e tsosa molota. Hona joale ba bangata ba liithuti tseo ba tšebeletsong ea nako e tletseng.”
Torgny Fridlund o re: “Ka mor’a hore re ithute puo ka likhoeli tse tharo, re ile ra ikutloa hore re se re loketse ho qoqa le batho re le bang. Re ile ra khetha tšimo e neng e e-s’o ka e sebetsoa ho tloha ka Ntoa ea II ea Lefatše, empa ra fumana batho ba teng ba sa amohele molaetsa oa ’Muso. Ebe re ne re sa bue le bona hantle? Ka mor’a ho buisana ka taba ena, re ile ra fetola maoa eaba re bala temana ntlong e ’ngoe le e ’ngoe. Hamorao re ile ra qala lithuto tse ’maloa.”
Ba bang ba fumaneng mangolo Gileade ba ile ba fihla ka April 1995. Ba bang ba bona e ne e le Basse le Heidi Bergman ba tsoang Finland, bao hona joale e leng balebeli ba tsamaeang potolohong ea puo ea Serussia. Basse o re: “Ke ile ka kōpa barab’abo rōna hore ba nthuse haeba ke bitsa mantsoe hampe tšebeletsong. Ba ile ba thabela sena haholo, ’me ba ne ba sa nthuse feela ha re le tšimong empa ba ne ba nthusa le nakong ea liboka! Matsatsing ana ke thaba haholo ha ke utloa barab’abo rōna ba re, ‘Joale Basse e se e le e mong oa rōna.’”
Carsten le Jannie Ejstrup ba tsoang Denmark ba ile ba sebeletsa hammoho Latvia ho fihlela ha Jannie a bolaoa ke kankere, a le ka holimo ho lilemo tse 30 feela. Carsten o re: “Tsela e molemo ka ho fetisisa eo nka tlotlisang Jehova ka eona ke hore ke tsoele pele ke mo sebeletsa ka botšepehi kabelong eo ke e filoeng ea mosebetsi oa boromuoa.” Barab’abo rōna ba joalo ke mehlala e metle hakaakang!
HO FIHLA BA FUMANENG MANGOLO SEKOLONG SA HO KOETLISETSOA BOSEBELETSI
Ho tloha ka 1994, barab’abo rōna ba ka holimo ho 20 ba tsoang Brithani, Jeremane le Poland, ba fumaneng mangolo Sekolong sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi ba ile ba abeloa ho tla sebeletsa Latvia. Ba pele ba ileng ba fihla e ne e le Michael Udsen le Jess Kjaer Nielsen ba Denmark. Ba ile ba abeloa ho sebetsa motseng oa Daugavpils o nang le lifeme tse ngata, e leng motse oa bobeli o moholo ka ho fetisisa Latvia.
Jess o re: “Thapameng e ’ngoe e batang ka January re ile ra ea Daugavpils, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 240 ha u tloha Riga. Ha e le hantle, lehloa le ne le ntse le khetheha Riga ha re palama vene ea khale e tletseng libuka. Mor’abo rōna ea neng a khanna o ne a sa tsebe Senyesemane, le rōna re sa tsebe Selatvia kapa Serussia. Ka mor’a lik’hilomithara tse ling le tse ling tse ka bang 50, o ne a emisa koloi a khotla-khotla enjene. Ho hlakile hore o ne a sa lokise hitara hobane ka koloing ho ne ho ntse ho bata feela joaloka ka ntle! Koloi ena e ile ea khohlopana ka rōna joalo ra ba ra fihla Daugavpils bosiu bo boholo. Ka nako eo ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 16 feela motseng oo. Selemong se latelang palo eo e ne e se e batla e imenne habeli.”
HO FETOLELA KA SELATVIA
Pele ho 1992, bongata ba lingoliloeng bo ne bo fumaneha ka Serussia, seo Malatvia a mangata a neng a se bua. Leha ho le joalo, ba bangata ba ne ba rata puo eo ba e antseng letsoeleng. Tlaleho e re: “Se hlollang ke hore har’a bahoeletsi bao ba makholo a ’maloa ba neng ba sa tsoa kopanela ho ne ho e-na le ba tsebang ho fetolela, ka hona re ile ra bona hore moea o halalelang oa Molimo o ne o tla tataisa mosebetsi oa bara le barali bana babo rōna ba sa ntsaneng ba le bacha ba ikemiselitseng ho fetolela.”
Ka lebaka la hore bafetoleli ba ile ba sebetsa ka thata, Molula-Qhooa oa Selatvia o ile oa qala ho tsoa hang ka khoeli ka January 1995 ’me oa tsoa habeli ka khoeli ka January 1996. Lingoliloeng tse ling tseo hona joale li fumanehang ka Selatvia li akarelletsa libuka tse ngata, libukana le makasine ea Tsoha!
Mathoasong a 1993 sehlopha sa bafetoleli se ile sa tloha sebakeng se senyenyane lehaeng la baromuoa Riga eaba se fallela foleteng e Seterateng sa Brīvības. Joale, ka August 1994 se ile sa fallela liofising tse nchafalitsoeng tse nomorong ea 40 Seterateng sa Miera. Barab’abo rōna ba ne ba fumane setša seo se secha joang?
MPHO E FANOENG KA SEATLA SE BULEHILENG
George Hakmanis le mosali oa hae Sigrid ba ile ba tloha Latvia e le baphaphathehi nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Banyalani bana ba ile ba ithuta ’nete London, Engelane, ba ba ba kolobetsoa ka 1951. Selemong se latelang ba ile ba fallela United States, ’me ka 1992 ba khutlela Latvia ka lilemo tse hlano.
Ka mor’a hore Latvia e se hlole e e-ba karolo ea Soviet Union ka 1991, batho ba ne ba ka kōpa hore ba buseletsoe litša tseo ’Muso o neng o ba amohile tsona. Sigrid le ausi oa hae, eo le eena e neng e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ba ne ba bolokile litokomane tsa lelapa labo bona ka lilemo tse fetang 50, kahoo ba ile ba fumana setša se nomorong ea 40 Seterateng sa Miera. Ka mor’a ho se fumana, ka mosa ba ile ba se fa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Joale barab’abo rōna ba ile ba fetola mohaho ona setsi sa liofisi tsa phetolelo se nang le mekato e mehlano le sebaka seo batho ba 20 ba ka lulang ho sona.
Milton G. Henschel oa Sehlopha se Busang o ile a tla ha mohaho oo o neheloa ka la 20 August, 1994. Ha a le moo, o ile a eletsa barab’abo rōna hore ba reke setša se haufi se nomorong ea 42 Seterateng sona seo sa Miera, se neng se e-na le mohaho oa mekato e tšeletseng. Mong’a setša seo, ea neng a lula United States, o ile a lumela ho se rekisa. Mohaho ona le oona o ile oa nchafatsoa ka ho feletseng, ’me lelapa la Bethele le ile la hōla ho fihlela le e-ba le litho tse 35. Ho tloha ka nako eo, ho se ho ekelitsoe mehaho, ho hahiloe liofisi le likamore bakeng sa litho tse 55 tsa lelapa la Bethele.
HO NGOLISOA KA MOLAO
Ho sa ntsane ho le thata ho ngolisa mosebetsi oa rōna ka molao Latvia. Ka 1996, ba boholong ba ile ba sebelisa tlaleho e mpe ea bo-ralitaba e buang ka Yelena Godlevskaya e le lebaka la hore ba hane ho re ngolisa ka molao. Setho se seng sa paramente se ile sa ba sa bolela hore mosebetsi oa rōna o ka ’na oa thibeloa! Ho ntse ho le joalo, barab’abo rōna ba ile ba ’na ba ikopanya le ba boholong ’me ba ba hlalosetsa ka mosebetsi oa rōna. Qetellong ka la 12 October 1998, mookameli oa Ofisi ea Sechaba ea Litokelo Tsa Botho o ile a phatlalatsa hore liphutheho tse peli—ea Riga Center le ea Riga Torn̗akalns li ngolisitsoe ka molao ka nako e etsang selemo se le seng. Ka mor’a khoeli, phutheho ea Jelgava le eona e ile ea ngolisoa ka molao.
Molao oa Latvia o re liphutheho tse ncha li lokela ho ngolisoa bocha selemo le selemo. E le hore li lule li ngolisitsoe ho ea ho ile, ho hlokahala hore bonyane liphutheho tse leshome li qete lilemo tse leshome li ngolisitsoe. Leha ho le joalo, liphutheho tse ntseng li emetse ho ngolisoa ka molao li ntse li ka tšoara liboka li sa khathatsoe ke ’muso.
HO FUMANA LIBAKA TSEO HO KOPANELOANG HO TSONA
Ka lebaka le keketseho e potlakileng ea lilemong tsa bo-1990, ho ne ho hlokahala libaka tse khōloanyane tseo ho kopaneloang ho tsona. Ka 1997 sebaka se loketseng se ile sa fantisoa Daugavpils, ’me barab’abo rōna e ne e le bona feela ba neng ba ikemiselitse ho reka setša seo. Se ile sa qala ho nchafatsoa ka December 1998 ’me ka mor’a likhoeli tse robeli, bahoeletsi ba ka holimo ho 140 sebakeng seo ba ile ba thaba haholo ha ba kopanela Holong ea bona ea ’Muso.
Holo ea ’Muso ea pele e ncha-cha e ile ea phethoa ka 1997 Jūrmala. Motho e mong ea neng a ithuta Bibele sebakeng seo o ile a hlolloa ke mosebetsi oo o entsoeng ka bokhabane hoo a ileng a kōpa hore Lipaki li mo hahele ntlo! Joalokaha u ne u ka lebella, barab’abo rōna ba ile ba mo latolela, ba mo hlalosetsa hore mosebetsi oa rōna ke oa bolumeli hase oa khoebo. Ka nako eona eo, barab’abo rōna ba Torn̗akalns, Riga, ba ile ba reka mohaho o cheleng oo ho bapalloang libaesekopo ho oona, ka theko e tlaase. Ka August 1998 mohaho ona o cheleng o ne o se o fetotsoe Holo ea ’Muso e ntle e mekato e ’meli!
FINLAND E KENYA LETSOHO
Barab’abo rōna ba Finland ba thusitse haholo ho ntšetsa pele mosebetsi Latvia, haesita le ho hlokomela mosebetsi moo ho tloha ka 1992 ho fihlela ka 2004. Finland e boetse e hatisetsa Latvia limakasine tsohle ’me ka lilemo e ’nile ea romela barab’abo rōna ba tšoanelehang hore ba tl’o fana ka tataiso mona. Ba bang ba bona ke Juha Huttunen le mosali oa hae Taina, ba tlileng Latvia ka 1995. Hona joale Juha o sebeletsa Komiting ea Lekala. Ruben le Ulla Lindh, bao ka bobeli ba qetileng lilemo tse ka holimo ho 80 ba le tšebeletsong ea nako e tletseng, le bona ba khathile tema e khōlō mosebetsing. Mor’abo rōna Lindh o ile a sebeletsa Komiting ea Naha ea Latvia ka lilemo tse ’nè pele a khutlela Finland.
Ho phaella moo, barab’abo rōna ba Finland ba ka holimo ho 150 ba thusitse ho haha mehaho e fapa-fapaneng. Ka lebaka la ho sehla ha barab’abo rōna ka lerato hammoho le tlhohonolofatso e enneng ea Jehova tšebeletsong ea bahoeletsi, bo-pula-maliboho le baromuoa naheng ea Latvia, naha ena e ile ea e-ba le ofisi ea lekala ka la 1 September, 2004.
MATŠOLO A KHETHEHILENG A HO PAKA
Bahoeletsi ba bangata ba Latvia ba lula haufi le metse e meholo le litoropo. Mathoasong a 2001, liphutheho li ile tsa fumana mangolo a neng a mema bahoeletsi hore ba sebelise nako e ’ngoe ea bona ea phomolo ho kopanela matšolong a khethehileng a ho paka libakeng tse ka thōko. Bahoeletsi ba 93 ba ileng ba ithaopa ba ile ba aroloa ka lihlopha tse robong eaba ba abeloa ho ea sebetsa metseng le metsaneng e ’maloa ea mahaeng.
Vjačeslavs Zaicevs, eo e leng setho sa lelapa la Bethele, o ile a nka matsatsi a phomolo e le hore a ka kopanela phutuhong eo. O re: “E ne e le monyetla o babatsehang oa ho tloaelana le bara le barali babo rōna. Ha re qeta ho paka, re ne re ja hammoho, re qoqelana liphihlelo, re bile re itlhophela letsatsi le latelang. Ebe re bapala bolo re be re ipholise ka ho sesa letamong. E ne eka re se re le Paradeiseng.”
Barab’abo rōna ba ile ba qeta lihora tse ka holimo ho 4 200 ba le tšimong—e leng karolelano ea lihora tse fetang tse 41 mohoeletsi ka mong—ba tsamaisa lingoliloeng tse ka holimo ho 9 800, ba etsa maeto a ho boela a 1 625 hape ba khanna lithuto tsa Bibele tse 227. Ho ’nile ha hlophisoa hore ho be le matšolo a joalo selemo le selemo haesale ho tloha ka nako eo.
BA BANGATA BA NTSE BA FUMANA TSELA E ISANG TOKOLOHONG EA ’NETE
Ha re qala tlaleho ea rōna re ile ra bua ka Ans Insberg, e leng Molatvia ea ileng a tšollela pelo ea hae ho Molimo ha a bona leholimo le tletseng linaleli ka bosiu bo bong ha a ntse a tsamaea ka sekepe leoatleng. Ans o ne a batla ho fumana batho ba rapelang Molimo ka “moea le ka ’nete.” (Joh. 4:24) Jehova o ile a mamela thapelo eo e tlohang botebong ba pelo. Ho tloha ka nako eo, batho ba bang ba Latvia ba lipelo li tšepahalang ba ka holimo ho 2 400 ba se ba ithutile ’nete e tsoang Bibeleng, ’me ba bang ba ka lekanang le bona ba ntse ba ithuta Bibele. Empa mosebetsi o sa ntsane o namme!—Mat. 9:37, 38.
Lipaki Tsa Jehova tsa Latvia li ikemiselitse ho thusa ba labalabelang tokoloho ea ’nete, eseng ka ho ba bontša se emeloang ke Seemahale sa Tokoloho se Seterateng sa Brīvības, empa ka ho ba tataisetsa ’Musong oa Molimo. Haufinyane ba labalabelang ’Muso oo le ba rapelang Jehova ka “moea le ka ’nete” ba tla lokolloa bohlokong le mahlomoleng ’ohle. Ka sebele, ba tla fumana tokoloho e phethahetseng—e leng “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.”—Bar. 8:21.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Pale ea bophelo ba Yurii Kaptola e hatisitsoe Molula-Qhooeng oa September 1, 2005.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 190]
“Nke ke ka lebala mohla ke neng ke kolobetsoa. Ke ile ka kolobetsoa bosiu ka har’a nōka eo metsi a eona a neng a bata po! Ke ne ke qhaqhasela ke serame, empa ke ne ke thabile haholo.”
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 203]
‘Ke ile ka utloa lentsoe le hlaha ka mor’a ka le re, “U rekile chefo!”’
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 184, 185]
TLHALOSO E KHUTŠOANYANE EA Latvia
Naha
Latvia e boholo ba lik’hilomithara tse ka bang 450 ho tloha ka bochabela ho ea ka bophirimela le lik’hilomithara tse 210 ho tloha ka leboea ho ea ka boroa. Karolo ea 45 lekholong ea naha ena e koahetsoe ke meru. Liphoofolo li akarelletsa li-beaver, mefuta e fapaneng ea likhama, liqoabi, mefuta e fapaneng ea liqibi, likolobe-moru le liphiri. Linonyana tsa teng tse ngata li akarelletsa mekotatsie, likokolofitoe, li-nightingale le li-woodpecker.
Batho
Baahi ba mona ba limilione tse 2,3 ’me batho ba fetang karolo ea boraro ea baahi ba lula motse-moholo Riga. Malumeli a maholo ke Kereke ea Lutere, Kereke ea Roma e K’hatholike le Kereke ea Orthodox ea Russia. Leha ho le joalo, Malatvia a mangata a re ha a thahaselle bolumeli.
Lipuo
Lipuo tse khōlō ke Selatvia se buuoang ke batho ba ka etsang karolo ea 60 lekholong ea baahi, le Serussia se buuoang ke batho ba fetang karolo ea 30 lekholong ea baahi. Ba bangata ba bua lipuo tse ’maloa.
Mokhoa oa boipheliso
Bonyane batho ba etsang karolo ea 60 lekholong ea baahi ba etsetsa batho mesebetsi e fapa-fapaneng, ha ba bang kantle ho bao ba sebetsa lifekthering le temong.
Lijo
Ho lengoa litapole, harese, li-sugar beet le meroho e fapa-fapaneng le lijo-thollo. Ho ruiloe liphoofolo tse kang likhomo, lipōli, likolobe le linku. Likhōhō le tsona li ngata.
Boemo ba mohatsela le mocheso
Ho lula ho le mongobo, ’me hangata leholimo le lula le koahetse. Ho batla ho pholile lehlabula, ’me mariha ha a bate haholo.
[’Mapa]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
ESTONIA
RUSSIA
LATVIA
Valmiera
RIGA
Jūrmala
Sloka
Tukums
Ventspils
Kuldīga
Liepaja
Vain̗ode
Jelgava
Daugavpils
LITHUANIA
LEOATLE LA BALTIC
Kou ea Riga
[Setšoantšo]
Riga
[Lebokose/’Mapa o leqepheng la 186]
Mabatooa a Mane a Latvia
Ka tloaelo Latvia e aroloa ka mabatooa a mane a nang le libōpeho tse sa tšoaneng le litso tse sa tšoaneng, ’me lebatooa ka leng lea ikhetha ebile le na le botle ba lona. Vidzeme e fumaneha moeling oa Kou ea Riga, ’me ke lona lebatooa le leholo leo ho lona ho nang le metse e nang le liqhobosheane tse tsebahalang tsa boholo-holo, e leng motse oa Sigulda le oa Cēsis, hammoho le motse-moholo oa Latvia, Riga. Ka bochabela ho na le libaka tsa mabalane le matša a maputsoa a Latgale hammoho le motse oa Daugavpils, oo e leng oona motse oa bobeli o moholo ka ho fetisisa naheng ena. Zemgale, e tsebahalang ka hore ke eona e fepang Latvia, e ka boroa ho Nōka ea Daugava e ka Bophirimela e hlahang Belarus e be e pholletsa le Latvia ho ea Koung ea Riga. Lebatooeng lena ho na le matlo a mabeli a borena a majabajaba ao polane ea ’ona e entsoeng ke setsebi sa Letaliana sa meralo ea ho haha, se bitsoang Rastrelli, seo hape se entseng polane ea Ntlo ea Borena ea Mariha e St. Petersburg, Russia. Kurzeme ke lebatooa la bone ’me e na le mapolasi, meru le mabōpo a leoatle; e akarelletsa Lebōpo la Leoatle la Baltic, motse oa Ventspils le oa Liepaja hammoho le metse e meng e mengata eo ho tšoasoang litlhapi ho eona.
[’Mapa]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
1 VIDZEME
2 LATGALE
3 ZEMGALE
4 KURZEME
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 192, 193]
Ho Pakela Moruti ho ile ha Fetola Bophelo ba ka le ba Hae
ANNA BATNYA
O HLAHILE KA 1958
O KOLOBELITSOE KA 1977
PALE EA BOPHELO BA HAE O hōliselitsoe lelapeng la Bokreste Ukraine, ’me o thusitse batho ba fetang 30 hore ba kolobetsoe ’me hona joale ke pula-maliboho ea khethehileng.
HA KE utloa hore ho hlokahala bahoeletsi Latvia, ke ile ka fallela teng ka 1986. Kaha re ne re sa khone ho paka phatlalatsa, ke ne ke pata Bibele ea ka ka har’a mokotla o tšetseng korosari ebe ke ea ho batho ba lirapeng tsa boikhathollo le libakeng tse ling tsa sechaba. Re ne re bua ka tšepo ea ’Muso ’me re sebelisa Libibele tsa rōna hafeela motho a thahasella molaetsa oa rōna. Kaha batho ba ne ba tšaba beng ka bona kapa baahelani ba bona, ba ne ba sa atise ho re amohela malapeng a bona, kahoo hangata re ne re ithuta le batho ba thahasellang kae kapa kae moo re neng re kopana le bona teng.
Ho ne ho e-na le leqeme le leholo la lingoliloeng. Ha e le hantle, ka lilemo tse ’maloa phutheho ea rōna e ne e e-na le buka e le ’ngoe feela ea ’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng ea Serussia e thusang batho ho ithuta Bibele. Re ne re sebelisa buka ena hamolemo tšimong, empa re ne re sa e fe batho!
Ha ’na le morali’eso eo ke neng ke sebetsa le eena re ntse re paka haufi le kereke e ’ngoe, re ile ra kopana le Pyotr Batnya, eo e neng e le moruti. Re ile ra qala moqoqo ka ho mo botsa hore na ebe re ka reka Bibele hokae. O ile a re, “Le ’na ke rata Bibele.” Ka mor’a moo re ile ra qoqa le eena hamonate. Ka letsatsi le hlahlamang, re ile ra kopana le Pyotr serapeng sa boikhathollo se haufi le moo, eaba re mo bontša lethathamo la lihlooho tse ka bukeng ea ’Nete, ’me ra mo botsa hore na a ka thabela hore re qoqe ka sehlooho sefe. O ile a khetha sehlooho se reng, “Mekhoa e Tloaetsoeng e sa Khahliseng Molimo.” Puisano ena e ile ea atleha ea ba ea fella ka thuto ea kamehla ea Bibele, e ileng ea khannoa ke mor’abo rōna.
Kaha joale Pyotr o ne a se a fumane tsebo e nepahetseng ea Bibele, o ile a qala ho hloma baruti ba habo lipotso ’me a fumana hore ba hlōleha ho hlalosa le lithuto tsa motheo feela tsa Bibele! Kapele ka mor’a moo, Pyotr o ile a tsoa kerekeng ’me a nehela bophelo ba hae ho Jehova.
Ka 1991, ’na le Pyotr re ile ra nyalana ra ba ra qala ho bula maliboho hammoho. Ka masoabi, o ile a shoela kotsing ea koloi lilemo tse seng kae hamorao. Ekaba ke khonne ho tsoela pele joang ka mor’a tahlehelo e bohloko hakaale? Ke thusitsoe haholo-holo ke ho ikakhela ka setotsoana tšebeletsong, ke thusa ba bang hore ba tsebe “Molimo oa matšeliso ’ohle.” (2 Bakor. 1:3, 4) Ka 1997, ke ile ka fuoa tlotla ea hore ke khetheloe ho ba pula-maliboho ea khethehileng.
[Setšoantšo]
Pyotr
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 200, 201]
Ke ne ke Labalabela ’Muso o Nang le Toka
INDRA REITUPE
O HLAHILE KA 1966
O KOLOBELITSOE KA 1989
PALE EA BOPHELO BA HAE E kile ea e-ba Lekomonisi, ’me o ile a qala ho bula maliboho ka 1990 ’me o se a thusitse batho ba fetang 30 hore ba kolobetsoe.
HA KE ntse ke hōla, ke ne ke sa lumele ho Molimo le Bibele. Leha ho le joalo, kamehla ke ne ke leka ho emela se nepahetseng ke bile ke sa utloisise hore na ke hobane’ng ha ka linako tsohle batho ba sitoa ho theha ’muso o molemo le o nang le toka.
Ha ke kopana le Lipaki Tsa Jehova ka lekhetlo la pele, ke ile ka makatsoa ke seo li ileng tsa mpontša sona ka Bibeleng. Li ne li bua lintho tse utloahalang! Seo ke ileng ka ithuta sona ka ’Muso oa Molimo le kamoo Jesu a neng a khothalletsa toka kateng, se ile sa nkama pelo. Ke ile ka kolobetsoa letamong le leng ka 1989, ’me likhoeli tse tšeletseng hamorao, ka ba pula-maliboho oa kamehla. Ka nako eo, re ne re e-na le ngoana a le mong. Hamorao, re ile ra ba le mafahla. Monna oa ka Ivan le eena ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me kahobane o ntšehelitse ka lerato, ke ntse ke khona ho tsoela pele ka tšebeletso ea nako e tletseng.
Ha bana ba sa le banyenyane, hangata ke ne ke paka ka mokhoa o sa reroang seterateng le lirapeng tsa boikhathollo. Ha e le hantle, mafahla a rōna a ne a nthusa haholo hobane batho ba ne ba a thahasella ebe baa phutholoha ’me ho ba bonolo hore ke qoqe le bona.
Ha ke ntse ke paka serapeng sa boikhathollo Riga, ke ile ka kopana le mosali ea bitsoang Anna. O ne a lutse bencheng a emetse hore konsarete e qale, ’me o ne a se a rekile tekete. Leha ho le joalo, kaha o ne a labalabela ho tseba haholoanyane ka tšepo eo Bibele e e fang batho, ha aa ka a hlola a ea konsareteng. Re ile ra bala mangolo hammoho ra ba ra lokisetsa hore re kopane hape serapeng seo sa boikhathollo. Likhoeli tse tšeletseng hamorao, Anna (ea ka letsohong le letona) e ile ea e-ba morali’abo rōna ’me hona joale ke mofetoleli lekaleng. E, thabo ea ka ea khaphatseha ha ke nahana kamoo Jehova a hlohonolofalitseng tšebeletso ea ka kateng.
[Setšoantšo]
Ke na le lelapa la ka
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 204, 205]
E ne Eka ba Bone se ka Kelellong ea Ka
ANDREY GEVLYA
O HLAHILE KA 1963
O KOLOBELITSOE KA 1990
PALE EA BOPHELO BA HAE Setšoantšong mona o na le mosali oa hae, Yelena, ’me ke pula-maliboho, o tšoarela molebeli oa potoloho molepo ebile ke molebeli oa motse.
HA KE palame terene e eang Riga ka January 1990, basali ba babeli ba ile ba mpotsa hore na nkile ka bala Bibele. E ne eka ba bone se ka kelellong ea ka hobane e ne e le khale ke batla ho bala Bibele empa ke sa e fumane. E mong oa bona e ne e le Indra Reitupe, ’me ke ile ka ba fa aterese ea ka le nomoro ea ka ea fono. (Bona lebokose le leqepheng la 200-201.) Ha ba fihla ha ka ka mor’a matsatsi a seng makae, ba ile ba mphumana ke se ke ba emetse. Ke ile ka khahloa ke kamoo ba neng ba araba lipotso tsa ka hantle kateng ba sebelisa Bibele. Nakoana ka mor’a moo, Pyotr Batnya, eo e neng e le mosebeletsi oa nako e tletseng ebile e kile ea e-ba moruti, o ile a qala ho ithuta le ’na.—Bona lebokose le leqepheng la 192-3.
Ka mor’a likhoeli tse ’nè, ke ile ka ea libokeng ka lekhetlo la pele. Nakong ea lehlabula, liboka li ne li tšoareloa ka morung hanngoe ka khoeli ho tloha hoseng ka 10:00 ho fihlela mantsiboea ka 6:00. Barab’abo rōna ba ne ba tšohla lintlha tse nkiloeng kemisong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le ea Seboka sa Tšebeletso, ’me hangata ho ne ho e-ba le motho ea kolobetsoang, e leng hore re ne re fumana puo ea kolobetso pele ho khefu ea motšehare.
Lintho tseo ke neng ke ithuta tsona le lerato la bara ba motho leo ke neng ke le bona ha ke le libokeng li ne li nthabisa haholo. Ke ne ke batla ho kolobetsoa kapele kamoo ho ka khonehang. Monyetla o ile oa hlaha bofelong ba August hona selemong seo, ’me ke ile ka kolobetsoa letamong.
Mathoasong a lilemo tsa bo-1990, ke ile ka ithuta Bibele le batho ba bangata moo ke neng ke sebeletsa teng ha ke etsa litšoantšo. Ba bang ba ile ba fetoha barab’eso ba moea. Ka 1992, Jehova o ile a eketsa thabo ea ka haholo—mosali oa ka eo ke mo ratang haholo, Yelena, e ile ea e-ba morali’eso oa moea.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 208, 209]
Ke Ile ka Khutlela Haeso ka Mor’a Lilemo Tse 50
ĀRIJA B. LEIVERS
O HLAHILE KA 1926
O KOLOBELITSOE KA 1958
PALE EA BOPHELO BA HAE O hlahetse Latvia, ’me o kile a lula linaheng tse ’maloa pele a khutlela Latvia a tlil’o sebeletsa moo ho hlokahalang baboleli ba eketsehileng.
NAKONG ea Ntoa ea II ea Lefatše, Ntate o ile a etsa qeto ea hore lelapa leso le falle Latvia. Hamorao ke ile ka nyaloa, ’me ’na le monna oa ka ra lula Venezuela. Ha re le moo ke ile ka kopana le Lipaki Tsa Jehova ka lekhetlo la pele ’me ka lumela hore morali’abo rōna oa moromuoa a nkhannele thuto ea Bibele. Re ne re ithuta ka Sejeremane. Ha ke qala ho ea libokeng, ke ile ka ithuta Sepanishe, e leng puo ea molao ea Venezuela.
Ka 1958, lelapa la ka le ile la fallela United States, ’me ka kolobetsoa ka mor’a likhoeli tse peli. Ka mor’a lefu la monna oa ka, ’na le morali oa ka re ile ra fallela Spain moo ke ileng ka ba pula-maliboho teng. Ka nako eo, Molaoli Franco o ne a busa batho ka sehlōhō, ’me batho ba ikokobelitseng le ba tšabang Molimo ba ne ba nyoretsoe ’nete. Ka lilemo tse 16 tseo ke li qetileng Spain, ke ile ka ba le tlotla ea ho thusa batho ba ka bang 30 hore ba kolobetsoe.
Ka mor’a hore Bokomonisi ba Soviet Union bo fele ka 1991, ke ile ka etela Latvia ’me ha ke le moo ka hlokomela hore ho hlokahala bahoeletsi ba ’Muso ka potlako. Takatso eo esale ke e-na le eona ea ho khutlela haeso ho ea bula maliboho teng e ile ea phethahala ka 1994—lilemo tse 50 hantle ka mor’a hore ke tlohe teng.
Ke ile ka fumana hore ruri tšimo ea Latvia e ne e loketse kotulo. Ka mohlala, ke ile ka pakela monna e mong ea ileng a kōpa e ’ngoe ea libuka tsa rōna. O ile a re morali oa hae o rata lintho tsa moea ’me o batla ho mo fa buka eo. Ke ile ka fumana aterese ea morali oa hae, ka qala thuto ea Bibele le eena ’me a kolobetsoa pele selemo se fela. Ke leboha Jehova ha a ile a mpha tlotla le matla a ho bula maliboho haeso ka mor’a hore ke qete nako e telele hakana ke le sieo.
[Setšoantšo]
Ha ke le lilemo li 20
[Chate/Krafo e leqepheng la 216, 217]
LIKETSAHALO TSA BOHLOKOA Latvia
1916 Ans Insberg, ea neng a sebetsa sekepeng, oa kolobetsoa. O ngola melaetsa e phatlalatsang ’Muso oa Molimo likoranteng tsa Latvia ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše.
1920
1926 Ho thehoa ofisi Riga.
1928 Ho lokolloa bukana ea Freedom for the Peoples, eo e neng e le sona sengoliloeng sa pele sa Selatvia. Ho fihla barekisi ba libuka ba tsoang Jeremane.
1931 Percy Dunham o etsoa mookameli oa ofisi.
1933 Mokhatlo oa Liithuti Tsa Bibele Tsa Machaba (IBSA) o ngolisoa ka molao.
1934 ’Muso o koala ofisi ea IBSA.
Ha hoa ka ha amoheloa litlaleho ho tloha ka 1939 ho fihlela ka 1992.
1940
1940 Latvia e fetoha karolo ea Soviet Union; ba ha Dunham ba tlameha ho tsamaea.
1951 Lipaki li lelekeloa Siberia.
1960
1980
1991 Latvia e boetse e qala ho ipusa.
1993 Ho fihla baromuoa ba pele ba koetlisitsoeng Gileade.
1995 Molula-Qhooa o hatisoa hanngoe ka khoeli ka Selatvia.
1996 Ho thehoa Komiti ea Naha Riga.
1997 Ho hahoa Holo ea ’Muso ea pele e ncha-cha, Jūrmala.
1998 Liphutheho tse peli tsa Riga li ngolisoa ka molao.
2000
2001 Ho hlophisoa phutuho ea pele e khethehileng ea ho bolela litaba tse molemo.
2004 Latvia e fetoha lekala ka la 1 September.
2006 Mehaho e atolositsoeng ea lekala ea phethoa; ho na le bahoeletsi ba fetang 2 400 ba sebetsang ka mafolofolo Latvia.
[Krafo]
(Sheba sengoliloeng)
Kakaretso ea Bahoeletsi
Kakaretso ea Bo-pula-maliboho
2,000
1,000
1920 1940 1960 1980 2000
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 176]
[Setšoantšo se leqepheng la 178]
Bukana ea Selatvia ea “Freedom for the Peoples” e ile ea tlisa molaetsa o thabisang ka 1928
[Setšoantšo se leqepheng la 178]
Ofisi ea pele ea Liithuti Tsa Bibele Riga e ne e le mohahong ona ka 1926
[Setšoantšo se leqepheng la 178]
Rees Taylor
[Setšoantšo se leqepheng la 180]
Ferdinand Fruck, ea kolobelitsoeng ka 1927
[Setšoantšo se leqepheng la 180]
Heinrich Zech le mosali oa hae Elsa, ba eme ka pel’a lebenkele la bona Liepaja
[Setšoantšo se leqepheng la 183]
Edwin Ridgewell (ka letsohong le letšehali) le Andrew Jack ba ile ba kenya lingoliloeng ka sekhukhu Latvia
[Setšoantšo se leqepheng la 183]
Percy le Madge Dunham
[Setšoantšo se leqepheng la 183]
Ba neng ba sebetsa ofising le Lipaki tse ling, lilemong tsa bo-1930
[Setšoantšo se leqepheng la 191]
Lethathamo la KGB la Lipaki tse ileng tsa tšoaroa ka 1950. Tse ngata li ile tsa lelekeloa Siberia
[Setšoantšo se leqepheng la 191]
Siberia, mathoasong a lilemo tsa bo-1950
[Setšoantšo se leqepheng la 194]
Ha barab’abo rōna ba phuthehile ka bongata joaloka phupung ena, ba ne ba mamela lipuo tsa Mangolo
[Setšoantšo se leqepheng la 194]
Pauls Bergmanis le Valija Lange ba ile ba fetolela “Molula-Qhooa” ka Selatvia, ba o ngola libukeng tseo bana ba sekolo ba ngollang ho tsona
[Setšoantšo se leqepheng la 194]
Barab’abo rōna ba ne ba hlatsoa li-“negative” tsa filimi e nyenyane (mona ho bontšitsoe boholo ba eona ba sebele) e le hore ba etse likopi tsa “Molula-Qhooa” ba be ba o abe
[Litšoantšo tse leqepheng la 197]
Paulīne Serova o ile a ruta Teofīlija Kalvīte eo e neng e le mooki, ’nete
[Setšoantšo se leqepheng la 199]
Yurii Kaptola, ka 1981
[Setšoantšo se leqepheng la 199]
Kajeno, o eme ka pel’a teronko eo a neng a koaletsoe ho eona
[Litšoantšo tse leqepheng la 202]
Kopano ea “Tsela ea Molimo ea Bophelo” e neng e tšoeroe ka 1998, e ne e le eona ea pele e ileng ea tšoareloa Latvia, ’me e ne e akarelletsa le karolo ea puo ea matsoho
[Litšoantšo tse leqepheng la 207]
Likhoeli tse tharo ka mor’a hore Jānis Folkmanis a fumane khau ea ho ba ’mampoli oa ho kakasa litšepe Latvia, o ile a fetoha mohoeletsi oa ’Muso
[Litšoantšo tse leqepheng la 207]
Māris Krūmin̗š o ile a rapela Molimo ka lekhetlo la pele ha a le teronkong
[Setšoantšo se leqepheng la 210]
Dace Puncule o ile a lelekoa sekolong ka lebaka la ho hana ho bina lipina tsa bochaba
[Setšoantšo se leqepheng la 210]
Yelena Godlevskaya o ile a shoa ka mor’a hore a tšeloe mali ka nkane
[Setšoantšo se leqepheng la 210]
Balebeli ba tsamaeang le basali ba bona ba haha liphutheho
[Setšoantšo se leqepheng la 215]
Lelapa la Bethele la Latvia
[Litšoantšo tse leqepheng la 215]
Komiti ea Lekala, ka 2006
Peter Luters
Anders Berglund
Hannu Kankaanpää
Juha Huttunen
[Setšoantšo se leqepheng la 215]
Mehaho e meraro ea lekala e Seterateng sa Miera, Riga
[Litšoantšo tse leqepheng la 218]
Hona joale batho ba Jehova ba Latvia ba ka paka phatlalatsa
[Litšoantšo tse leqepheng la 218]
Holo ena e neng e chele eo ho bapalloang libaesekopo ho eona (ka ho le letšehali) e ile ea fetoha Liholo tse peli tsa ’Muso (ka tlaase)