Leqephe Leo Sehlooho se Hlahang ho Lona/Leqephe la Bahatisi
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2009
E Nang le Tlaleho ea Selemo sa Tšebeletso sa 2009
Buka ena ke ea ․․․․․
“Pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo.”—LIK. 20:24.
Moapostola Pauluse o ile a phetha maeto a mararo a boromuoa ’me a feta har’a mathata a ba a fumana litlhohonolofatso. Joale o ne a le leetong le eang Jerusalema, moo a neng a sa lebella ho amoheloa ka mofuthu, kaha o ne a letetsoe ke “litlamo le matšoenyeho.” (Lik. 20:23) Empa o ne a sa nyahama. Ha a le Miletase, o ile a bolella baholo ba phutheho ea Efese ho re: “Ha ke etse hore moea oa ka e be oa bohlokoa leha e le bofe joalokaha eka ke o ratehang ho ’na, haeba feela nka qeta tsela ea ka ea peiso le bosebeletsi boo ke bo amohetseng ba Morena Jesu, ho pakela ka ho phethahetseng litaba tse molemo tsa mosa o sa tšoanelang oa Molimo.”—Lik. 20:24.
Pauluse o ne a nka bophelo ba hae e le ba bohlokoa, empa ntho e ka sehloohong ho eena e ne e le ho etsa thato ea Molimo. Ke kamoo Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara li ikutloang kateng. Le hoja Jesu a ile a bolela esale pele hore batho ba Molimo ba tla “hlouoa ke lichaba tsohle,” ba bolela litaba tse molemo hohle lefatšeng ’me ka sebete ba pakela hoo e ka bang batho ba lichaba tsohle. (Mat. 24:9) E se eka mantsoe a temana ea selemo ea 2009 a ka le susumelletsa hore le tsoele pele ho beha bopaki le sa khaotse, le ntse le bontša hore le ananela mosa o sa tšoanelang oa Molimo.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]
Photo Credits: Page 168: Franc Drozg, letter; Photo Archive-Museum of National Liberation Maribor, Slovenia