INDONESIA
O ne a Tšoana le Sara
Titi Koetin
O HLAHILE KA 1928
O KOLOBELITSOE KA 1957
PALE EA BOPHELO BA HAE Morali’abo rōna eo monna oa hae a neng a hanyetsa empa qetellong a mo thusa hore a ithute ’nete.—Joalokaha ho boletse mora oa hae, Mario Koetin.
’MÈ OA KA o ne a le mosa, a rata batho a bile a rata ho ithuta Bibele. Ha a kopana le Gertrud Ott, eo e neng e le moromuoa Manado, North Sulawesi, o ile a lumela ho ithuta Bibele ’me ea e-ba Paki. Empa ntate oa ka e leng Erwin, ea neng a sebetsa mosebetsi o phahameng bankeng, ’me eo hamorao e ileng ea e-ba molula-setulo oa Jakarta Stock Exchange, o ne a sa batle bolumeli ba ’Mè.
Ka letsatsi le leng Ntate o ile a re ’Mè a khethe.
O ile a bua a halefile a re: “U khetha bolumeli ba hao kapa monna oa hao!”
’Mè o ile a thōla a nahana. Eaba o araba ka bonolo o re, “Ke khetha monna oa ka hammoho le Jehova.”
Ntate o ile a felloa ke mantsoe, ’me bohale ba hae ba kokobela.
Ha nako e ntse e ea, ntate o ne a se a sa hanyetse, kaha o ne a rata ’Mè haholo, a bile a ananela tsela e bohlale eo a etsang lintho ka eona.
Leha ho le joalo, ’Mè o ne a batla hore Ntate le eena a be bolumeling ba ’nete. Kahoo o ile a rapella taba ena, ’me ka mor’a moo a hopola hore Ntate o rata ho ithuta lipuo tse ling. Eaba o beha lingoliloeng tsa Bibele tsa Senyesemane moo a ka li bonang ka tlung. O ile a re ho Ntate, “Ke ntse ke leka ho ntlafatsa Senyesemane sa ka.” Kaha o ne a hlokometse hore Ntate o rata ho mamela lipuo, o ile a mo kōpa hore a mamele puo ea hae pele a il’o fana ka eona Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ntate o ile a e mamela. O ile a boela a mo kōpa hore ba amohele mopotolohi lapeng. Kaha ntate o ne a rata baeti, o ile a lumela. O ne a boetse a tseba hore Ntate o rata lelapa la hae, kahoo, a mo kōpa hore a ee le rōna likopanong. Le lekhetlong lena o ile a lumela.
’Mè o ne a e-na le mamello a bile a etsa lintho ka masene, ’me qetellong seo se ile sa nolofatsa pelo ea Ntate. Hamorao ha re se re lula Engelane, o ne a ba teng libokeng ’me e ile ea e-ba motsoalle oa Mor’abo rōna John Barr, eo e ileng ea e-ba setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova. Selemong sona seo, Ntate o ile a kolobetsoa, e leng se ileng sa thabisa ’Mè haholo. Lilemong tse latelang Ntate o ile a rata ’Mè le ho feta.
Kaha ’Mè o ne a tšepahala, a hlompha a bile a rata Molimo, seo se ne se etsa hore batho ba mo rate
Metsoalle ea rōna e ne e tšoantša ’Mè le Lydia, e leng mosali ea phetseng mehleng ea boholo-holo ea neng a rata ho amohela baeti. (Lik. 16:14, 15) Empa ’na ke ne ke mo tšoantša le Sara, ea ileng a ikokobelletsa monna oa hae, Abrahama. (1 Pet. 3:4-6) ’Mè o ne a tšepahala, a hlompha a bile a e-na le kamano e haufi le Molimo, ’me a ratoa ke batho bohle ba mo tsebang. Mohlala oa hae o motle o ile oa thusa Ntate hore e be Paki. O ne a tšoana hantle le Sara.