‘Topollo ea Lōna e Atametse’!
“Le eme tsoee! ’me le phahamise lihlooho, hobane topollo ea lōna ea atamela.”—LUKA 21:28.
1. Ho ile ha etsahala’ng ka 66 C.E.? (Sheba setšoantšo se qalong.)
NKA hore u Mokreste ea lulang Jerusalema ka selemo sa 66 C.E. Ho etsahala lintho tse ngata. Mohlanka oa ’muso oa Roma ea bitsoang Florus o utsoitse litalenta tse 17 polokelong ea matlotlo a tempele. Sena se halefisa Bajuda. Ba bolaea masole a mangata a Baroma, ’me ba phatlalatsa hore ba itokolla pusong ea Baroma. Empa Baroma ba nka bohato ka potlako. Le pele ho feta likhoeli tse tharo, masole a 30 000 a eteletsoeng pele ke Cestius Gallus, a lika-liketsa Jerusalema. Marabele a Bajuda a ipata qhobosheaneng ea tempele, empa masole a Baroma a phunyelletsa ho ea fihla lerakong le ka ntle la tempele ’me a leka ho kena. Baahi bohle ba tšohile. U ne u tla ikutloa joang ha u bona lintho tsee li etsahala?
2. Bakreste ba ne ba lokela ho etsa’ng ha ba bona masole a Baroma a lika-liketsa motse, hona see se ne se tla khoneha joang?
2 Lilemo pejana ho moo, Jesu o ne a lemositse barutuoa ba hae ka sena ’me a itse ho bona: “Ha le bona Jerusalema e lika-likelitsoe ke mabotho a liahelong, joale le tsebe hore ho etsoa lesupi ha eona ho atametse. Joale ba leng Judea ba ke ba qale ho balehela lithabeng, ’me ba ka hare ho eona ba tlohe, ’me ba libakeng tse ka thōko ba se ke ba kena ka har’a eona.” (Luka 21:20, 21) Bakreste ba ne ba tla mamela taelo ee ea Jesu joang ea hore ba tsoe Jerusalema, empa masole a lika-likelitse motse? Ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e makatsang. Ka tšohanyetso lebotho la Baroma le ile la tloha Jerusalema! Kahoo, matsatsi a tlhaselo a “khutsufatsoa,” feela joalokaha Jesu a ne a boletse. (Matheu 24:22) Ha lebotho leo le se le ile, joale e ne e le monyetla oa hore Bakreste ba tšepahalang ba mamele Jesu ’me ba balehele lithabeng.a (Sheba naletsana.) Hamorao ka 70 C.E., lebotho le leng la Baroma le ile la khutlela Jerusalema. Lekhetlong lena, le ile la ripitla motse. Empa bohle ba neng ba mametse taelo ea Jesu ba ile ba pholoha.
3. Ke’ng e tla etsahalla Bakreste haufinyane ho tšoana le nakong e fetileng, hona re tla tšohla’ng sehloohong see?
3 Temoso le litaelo tseo Jesu a ileng a fana ka tsona lia sebetsa le ho rōna kajeno. Haufinyane, re tla tobana le boemo bo tšoanang. Jesu o ile a bapisa liketsahalo tsa lekholong la pele la lilemo le se tla etsahala ha “matšoenyeho a maholo” a qala ka tšohanyetso. (Matheu 24:3, 21, 29) Feela joalokaha Bakreste ba tšepahalang ba ile ba pholoha ha ho timetsoa Jerusalema, ho tla ba le “bongata bo boholo” bo tla pholoha tlokotsi e tlelang lefatše lohle. (Bala Tšenolo 7:9, 13, 14.) Ke habohlokoa hore re utloisise seo Bibele e se buang ka lintho tse tla etsahala nakong e tlang. Hobane’ng? Ho pholoha ha rōna ho itšetlehile ka ho li utloisisa. Kahoo, a re tšohleng hore na liketsahalo tsena li re ama joang ka bomong.
QALEHO EA MATŠOENYEHO A MAHOLO
4. Matšoenyeho a maholo a tla qala joang?
4 Matšoenyeho a maholo a tla qala joang? A tla qala ka ho felisoa ha bolumeli ba bohata. Ka Bibeleng, bolumeli ba bohata bo bitsoa “Babylona e Moholo, ’mè oa liotsoa.” (Tšenolo 17:5-7) Ke hobane’ng ha bo bitsoa seotsoa? Ke hobane baruti ba bolumeli ha ba tšepahale ho Molimo. Ho e-na le hore ba tšehetse Jesu le ’Muso oa hae, ba tšehetsa mebuso ea batho ’me ba iphapanyetsa seo Bibele e se rutang, e le hore ba e susumetse. Borapeli ba bona ha boa hloeka, ha bo tšoane le ba batlotsuoa. (2 Bakorinthe 11:2; Jakobo 1:27; Tšenolo 14:4) Empa ke mang ea tla felisa Babylona e Moholo? Jehova o tla susumetsa “linaka tse leshome” tsa “sebata se ’mala o sekareleta,” e le hore li ‘phethe monahano oa hae.’ “Sebata se ’mala o sekareleta” se emela Machaba a Kopaneng, ’me “linaka tse leshome” li emela mebuso eohle ea lipolotiki e tšehetsang sebata.—Bala Tšenolo 17:3, 16-18.
5, 6. Ke hobane’ng ha re ka re ho felisoa ha Babylona e Moholo ha ho bolele hore litho tsohle tsa eona li tla timetsoa?
5 Na litho tsohle tsa bolumeli ba bohata li tla timetsoa ha Babylona e Moholo e felisoa? Che. Jehova o ile a bululela moprofeta Zakaria ho bolela se tla etsahala. Ka nako eo, motho eo e neng e le setho sa bolumeli ba bohata o tla re: “‘Ha ke moprofeta. Ke monna ea lemang mobu, hobane motho oa lefatše o mphumane ho tloha bocheng ba ka ho ea pele.’ E mong o tla re ho eena, ‘Maqeba ana a ho uena pakeng tsa liatla tsa hao ke a eng?’ O tla lokela ho re, ‘Ke a ho otloa ha ka ka tlung ea bao ke ratanang le bona haholo.’” (Zakaria 13:4-6) Kahoo, esita le baeta-pele ba bolumeli ba tla ikhakanya, ba latole hore ke litho tsa bolumeli ba bohata.
6 Ho tla etsahala’ng ka bahlanka ba Molimo nakong eo? Jesu o ile a re: “Ha e le hantle, hoja matsatsi ao a se ke a khutsufatsoa, ha ho nama e neng e tla pholoha; empa ka lebaka la bakhethoa matsatsi ao a tla khutsufatsoa.” (Matheu 24:22) Matšoenyeho a ileng a tlela Jerusalema lekholong la pele la lilemo, a ile a “khutsufatsoa.” Sena se ile sa nolofalletsa “bakhethoa,” e leng Bakreste ba tlotsitsoeng hore ba balehe. Ka tsela e tšoanang, karolo e qalang ea matšoenyeho a maholo e tla “khutsufatsoa,” ka lebaka la “bakhethoa.” Mebuso ea lipolotiki, e leng “linaka tse leshome,” e ke ke ea lumelloa hore e felise bahlanka ba Molimo. Ho e-na le hoo, ho tla ba le khutso ka nakoana, ka mor’a tlhaselo ea pele.
NAKO EA TEKO LE EA KAHLOLO
7, 8. Ka mor’a ho timetsoa ha bolumeli ba bohata re tla ba le monyetla oa ho bontša’ng, hona bahlanka ba Molimo ba tla be ba fapane joang le batho ba bang ka nako eo?
7 Ho tla etsahala’ng ka mor’a hore bolumeli ba bohata bo timetsoe? E tla ba nako ea hore re bonahatse se hlileng se leng ka lipelong tsa rōna. Ka nako eo, batho ba bangata ba tla leka ho fumana tšireletso le thuso mekhatlong ea batho, kapa “mafikeng a lithaba.” (Tšenolo 6:15-17) Empa bahlanka ba Jehova ba tla batla tšireletso ho eena. Ha tlhaselo e ne e “khutsufatsoa” lekholong la pele la lilemo, eo e ne e se nako ea hore Bajuda bohle ba amohele Bokreste. Ho e-na le hoo, e ne e le nako ea hore Bakreste ba tsoe Jerusalema, joalokaha Jesu a ne a laetse. Ka ho tšoanang, nakong e tlang ha tlhaselo khahlanong le Babylona e Moholo e “khutsufatsoa,” re ke ke ra lebella hore batho ba bangata e be Bakreste ba ’nete. Empa e tla be e le nako ea hore barapeli bohle ba ’nete ba bontše hore ba rata Jehova le hore ba tšehetsa batlotsuoa.—Matheu 25:34-40.
Re tla ba le monyetla oa ho bontša lerato la rōna ho Jehova le ho tšehetsa batlotsuoa
8 Ha re tsebe hantle hore na ho tla etsahala’ng nakong eo ea teko. Empa rea tseba hore lintho li ke ke tsa e-ba bonolo le hore re tla lokela ho itela. Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba lokela ho siea mahae a bona le ho mamella maemo a mang a boima. (Mareka 13:15-18) Re lokela ho ipotsa: ‘Na ke ikemiselitse ho arohana le lintho tse bonahalang? Na ke ikemiselitse ho etsa ntho leha e le efe hore ke lule ke tšepahala ho Jehova?’ Ak’u nahane feela! Ho sa tsotellehe se etsahalang ka nako eo, e tla be e le rōna feela ba rapelang Molimo oa rōna, ho tšoana le moprofeta Daniele.—Daniele 6:10, 11.
E tla be e le nako ea “bofelo”!
9, 10. (a) Bahlanka ba Molimo ba tla phatlalatsa molaetsa ofe nakong ea matšoenyeho a maholo? (b) Lira tsa bahlanka ba Molimo li tla itšoara joang?
9 Ha matšoenyeho a maholo a se a qalile, eo e tla be e se nako ea ho bolela ‘litaba tse molemo tsa ’muso.’ Nako ea teng e tla be e fetile. E tla be e le nako ea “bofelo”! (Matheu 24:14) Ka sebete bahlanka ba Molimo ba tla phatlalatsa molaetsa o matla oa kahlolo ho batho bohle. Molaetsa oo e ka ’na ea e-ba oa hore lefatše le khopo la Satane le haufi le ho felisoa. Bibele e bapisa molaetsa oo le sefako ha e re: “Sefako se seholo seo lejoe le leng le le leng la sona le ka bang boima ba talenta sa theohela holim’a batho se tsoa leholimong, eaba batho ba nyefola Molimo ka lebaka la kotlo ea sefako, hobane kotlo ea sona e ne e le khōlō ka ho sa tloaelehang.”—Tšenolo 16:21.
10 Lira tsa rōna li tla bolelloa molaetsa ona o matla. Jehova o ile a bululela moprofeta Ezekiele hore a hlalose kamoo lichaba, tse bitsoang Gogo oa Magogo ka Bibeleng, li tla itšoara kateng: “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng, ‘Letsatsing leo lintho li tla hlaha ka pelong ea hao, ’me ka sebele u tla nahana morero o mobe; ’me u tla re: “Ke tla futuhela naha e ka thōko e sabaletseng. Ke tla kena ho ba se nang khathatso, ba lutseng ba sireletsehile, bao kaofela ha bona ba lutseng ho se lerako, ’me ba se na leha e le mokoallo le menyako.” E tla ba bakeng sa ho hapa thepa e ngata le ho tlatlapa haholo, e le hore u khutlisetse letsoho holim’a libaka tse ripitliloeng tse ahiloeng bocha le holim’a batho ba bokeletsoeng ho tsoa lichabeng, ba bokellang leruo le thepa, ba lulang bohareng ba lefatše.’” (Ezekiele 38:10-12) Batho ba Molimo ba tla ba pooaneng hoo e kang ba “bohareng ba lefatše.” Lichaba li tla sitoa ho ithiba. Li tla batla ho hlasela batlotsuoa ba Jehova le ba ba tšehetsang.
11. (a) Re lokela ho hopola’ng ka tatellano ea liketsahalo nakong ea matšoenyeho a maholo? (b) Batho ba tla itšoara joang ha ba bona lipontšo?
11 Ho tla etsahala’ng ka mor’a moo? Bibele ha e re bolelle ka ho hlaka tatellano ea liketsahalo, empa mohlomong lintho tse ling li tla etsahalla hong. Boprofeteng ba hae ba qetello ea tsamaiso ea lintho, Jesu o ile a re: “Ho tla ba le lipontšo letsatsing le khoeling le linaleling, ’me lefatšeng lichaba li tla ba matšoenyehong, li sa tsebe tsela ea ho tsoa ka lebaka la ho luma ha leoatle le ho tsukutleha ha lona, ha batho ba ilibana ke tšabo le tebello ea lintho tse tlang holim’a lefatše leo ho ahiloeng ho lona; etsoe matla a maholimo a tla sisinyeha. Joale ba tla bona Mor’a motho a tla ka leru ka matla le khanya e khōlō.” (Luka 21:25-27; bala Mareka 13:24-26.) Na see se bolela hore ho tla ba le lipontšo tse tšosang maholimong ha boprofeta boo bo phethahala? Re se re tla bona ka nako eo. Empa seo re se tsebang ke hore ha lira tsa Molimo li bona lipontšo tseo, li tla tšoha ’me li tsielehe.
12, 13. (a) Jesu o tla etsa’ng ha a tla “ka matla le khanya e khōlō”? (b) Bahlanka ba Molimo ba tla etsa’ng ka nako eo?
12 Jesu o tla etsa’ng ha a tla “ka matla le khanya e khōlō”? O tla putsa ba tšepahalang ’me a fane ka kotlo ho ba sa tšepahaleng. (Matheu 24:46, 47, 50, 51; 25:19, 28-30) Jesu o ile a etsa papiso ho hlalosa ntlha ena. O ile a re: “Ha Mor’a motho a fihla ka khanya ea hae, ’me mangeloi ’ohle a e-na le eena, joale o tla lula teroneng ea hae e khanyang. Lichaba tsohle li tla bokelloa ka pel’a hae, ’me o tla arola batho e mong ho e mong, feela joalokaha molisa a arola linku ho lipōli. O tla beha linku ka letsohong la hae le letona, empa lipōli a li behe ka ho la hae le letšehali.” (Matheu 25:31-33) Ho tla etsahala’ng ka linku le lipōli? Li tla ahloloa. Lipōli, e leng batho ba sa tšepahaleng, “ba tla ea phelisong e sa feleng.” Empa linku, kapa batho ba tšepahalang, ba tla fumana bophelo bo sa feleng.—Matheu 25:46.
13 Lipōli li tla etsa’ng ha li lemoha hore li tl’o timetsoa? Li tla “ikotla ka lebaka la ho lla.” (Matheu 24:30) Empa batlotsuoa le ba ba tšehetsang bona ba tla etsa’ng? Ba tla etsa seo Jesu a se boletseng, ha a re: “Ha lintho tsena li qala ho etsahala, le eme tsoee! ’me le phahamise lihlooho, hobane topollo ea lōna ea atamela.”—Luka 21:28.
BA TLA KHANYA KA HO PHATSIMA ’MUSONG
14, 15. Ke bo-mang ba tla bokelloa ha Gogo oa Magogo a qala ho hlasela batho ba Molimo, hona see se tla etsahala joang?
14 Ho tla etsahala’ng ha Gogo oa Magogo a hlasela batho ba Molimo? Bibele e re Mor’a motho “o tla romela mangeloi ’me o tla bokella bakhethoa ba hae ho tsoa meeeng e mene, ho tloha pheletsong ea lefatše ho isa pheletsong ea leholimo.” (Mareka 13:27; Matheu 24:31) Ho bokelloa hona ha bakhethoa ha ho etsahale nakong eo Bakreste ba tlotsitsoeng ba qalang ho khethoa ka eona. Ebile ha ho etsahale nakong ea tiiso ea ho qetela ea batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng. (Matheu 13:37, 38) Batlotsuoa ba fuoa tiiso ea ho qetela nakoana pele matšoenyeho a maholo a qala. (Tšenolo 7:1-4) Joale ho bokelloa hoo ho etsahala neng? Ho etsahala ha batlotsuoa ba ntseng ba le lefatšeng ba fumana moputso oa bona ’me ba ea leholimong. (1 Bathesalonika 4:15-17; Tšenolo 14:1) Sena se tla etsahala ka mor’a hore Gogo oa Magogo a qale tlhaselo ea hae. (Ezekiele 38:11) Joale, “ba lokileng ba tla khanya ka ho phatsimang joaloka letsatsi ’musong oa Ntat’a bona,” feela joalokaha Jesu a boletse.—Matheu 13:43.b (Sheba naletsana.)
15 Na see se bolela hore batlotsuoa “ba tla nkeloa sebakeng”? Ba bangata Bokreste-’mōtoaneng ba lumela hore Bakreste ba tla nkeloa leholimong ka ’mele ea nama. Ba boetse ba nahana hore ba tla bona Jesu ka mahlo ha a khutla ho tla busa lefatšeng. Empa Bibele e bontša ka ho hlaka hore Jesu o tla khutla ka mokhoa o sa bonahaleng, ha e re: “Pontšo ea Mor’a motho e tla bonahala leholimong” ’me Jesu o tla tla “ka maru a leholimo.” (Matheu 24:30) Bibele e boetse e re “nama le mali li ke ke tsa rua ’muso oa Molimo.” Kahoo, batlotsuoa ba tla nkeloa leholimong ba lokela ho “fetoloa, ka motsotsoana, ka ho panya ha leihlo, nakong ea terompeta ea ho qetela.”c (Sheba naletsana.) (Bala 1 Bakorinthe 15:50-53.) Re ke ke ra re “ba tla nkeloa sebakeng,” kaha eo ke thuto ea Bokreste-’mōtoana. Empa batlotsuoa ba tšepahalang ba tla beng ba ntse ba le lefatšeng ba tla bokelloa hammoho ka ho panya ha leihlo.
16, 17. Ho tla etsahala’ng pele ho lenyalo la Konyana?
16 Hang ha batlotsuoa bohle ba 144 000 ba se ba le leholimong, ho tla etsoa litokisetso tsa ho qetela hore lenyalo la Konyana le qale. (Tšenolo 19:9) Empa ho na le ntho e ’ngoe e lokelang ho etsahala pele ho moo. U hopole hore ha Gogo a hlasela batho ba Molimo, ho tla be ho ntse ho e-na le masala a batlotsuoa lefatšeng. (Ezekiele 38:16) Batho ba Molimo ba tla etsa’ng? Ba tla mamela taelo e latelang: “Ho ke ke ha hlokahala hore le loane lekhetlong lena. Emang ’me le bone poloko ea Jehova molemong oa lōna. . . . Le se ke la tšoha kapa la haroha letsoalo.” (2 Likronike 20:17) Ka mor’a hore Gogo a qale ho hlasela, masala ’ohle a batlotsuoa a ntseng a le lefatšeng a tla nkeloa leholimong. Joale Tšenolo 17:14 e re bolella se tla etsahala leholimong ha Gogo a hlasela. Lira tsa batho ba Molimo “li tla loana le Konyana, empa konyana e tla li hlōla, kahobane e le Khosi ea likhosi le Morena oa marena. Hape, ba bitsitsoeng le ba khethiloeng le ba tšepahalang ba nang le eona ba tla etsa joalo.” Kahoo, Jesu hammoho le marena a 144 000 a batlotsuoa, ba tla pholosa batho ba Molimo mona lefatšeng.
17 Sena se tla tlisa ntoa ea Armagedone, e tla tlotlisa lebitso la Jehova le halalelang. (Tšenolo 16:16) Bohle ba tla ahloloa e le lipōli, e leng ba sa tšepahaleng, ba tla timetsoa. Ho ke ke ha hlola ho e-ba le bokhopo lefatšeng ’me “bongata bo boholo” bo tla pholoha Armagedone. Joale lenyalo le thabisang la Konyana leo ho buuoang ka lona bukeng ea Tšenolo le tla tsoela pele! (Tšenolo 21:1-4)d (Sheba naletsana.) Molimo o tla amohela baphonyohi bohle, ’me o tla ba bontša lerato le ho ba fa sohle seo ba se hlokang. Re lebeletse nako eo ka tjantjello. Ruri eo e tla ba nako e thabisang!—Bala 2 Petrose 3:13.
18. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng, ha re ntse re letetse liketsahalo tse thabisang tse larileng ka pele?
18 Re lokela ho etsa’ng hona joale, ha re ntse re letetse liketsahalo tsee tse thabisang? Jehova o ile a bululela moapostola Petrose hore a ngole: “Kaha lintho tsena tsohle li tla qhibiliha ka tsela eo, le tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo, le letile ’me le lutse le hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova . . . Kahoo, baratuoa, kaha le letetse lintho tsena, le etse sohle se matleng a lōna hore qetellong a le fumane le se na letheba ebile le se na sekoli ’me le le khotsong.” (2 Petrose 3: 11, 12, 14) Joale a re ikemisetseng ho boloka borapeli ba rōna bo hloekile, bo sa tsoakana le bolumeli ba bohata, ’me re tšehetse Morena oa Khotso, Jesu Kreste.
c ’Mele ea nama ea batlotsuoa ba tla beng ba ntse ba phela ka nako eo, e ke ke ea nkeloa leholimong. (1 Bakorinthe 15:48, 49) Mohlomong litopo tsa bona li tla patoa ka tsela e kang eo setopo sa Jesu se ileng sa patoa ka eona.
d Pesaleme ea 45 le eona e hlalosa tatellano ea liketsahalo. Morena o qala ka ho loana, ebe ho latela lenyalo.