Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwex sehlooho 33
  • Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele ka Public Fono

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele ka Public Fono
  • Lipale Tsa Lipaki Tsa Jehova
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • 4. Hlahloba Boemo ba Reschorente eo U Jelang ho Eona
    Tsoha!—2012
  • Ho Paka ka Katleho ka Thelefono
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Na ke Hloka Thelefono ea Cellular?
    Tsoha!—2002
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
Bala Tse Ling
Lipale Tsa Lipaki Tsa Jehova
ijwex sehlooho 33
Mohlankana o sebelisa public fono ho ithuta Bibele.

Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele ka Public Fono

Daiane ke Paki ea Jehova e lulang Brazil ’me o sebelisa nako ea hae ho bolella batho molaetsa oa Bibele. Ka letsatsi le leng ha a ntse a bolella batho molaetsa oa Bibele ka fono, o ile a bua le banyalani ba bacha ba ileng ba rata molaetsa oo. Leha ho le joalo, ba ile ba mo bolella hore ba se ba il’o lula mahaeng moo ho se nang motlakase le Inthanete le hore ha ho na Lipaki Tsa Jehova sebakeng seo. Kahoo banyalani bao ba ile ba fa Daiane linomoro tsa public fono ea motseng e le hore ba tsoele pele ho bua ka Bibele. Ba ile ba lumellana ba le bararo hore na ba tla bua ka nako efe le letsatsing lefe.

Joalokaha ba ne ba lumellane, Daiane o ile a letsa eaba baa araba. Libekeng tse peli tse latellanang, ba ile ba bua ka makhetlo a mararo ka beke.

Leha ho le joalo, banyalani bao ba ile ba khaotsa ho araba fono ka mor’a libeke tseo tse peli. Daiane ha a ka a nyahama empa o ile a ’na a letsa ka makhetlo a mararo ka beke ’me o ne a bua le mang kapa mang ea arabang fono. Ka lebaka leo, Daiane o ile a khona ho bua le batho ba ’maloa ka Bibele motseng oo.

Ka letsatsi le leng ha Daiane le monna oa hae ba ntse ba ithuta Bibele le mohlankana e mong, moetapele oa kereke e ’ngoe motseng moo o ile a utloa litaba tsa bona. O ile a atamela pel’a mohlankana eo e le hore a utloe hantle. Eaba o kopa ho bua le Daiane le monna oa hae. O ile a thabela lintho tseo a ithutileng tsona eaba le eena o kopa ho ithuta Bibele le bona.

Ha nako e ntse e-ea Daiane le monna oa hae ba ile ba qetella ba ruta batho ba tšeletseng Bibele ka fono motseng oo ho akareletsa le moetapele oa kereke. Ba bang ba bona ba ile ba ba ba kena libokeng ka eona public fono eo. Ntate e mong o ile a ba a etsa benche e le hore ba lule ha ba tlo ithuta Bibele.

Daiane le monna oa hae ba ananela haholo monyetla oo ba bileng le oona oa ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso motseng ona o mahaeng. Daiane o re: “Jehova a ka etsa eng kapa eng e le hore litaba tse monate li fihle ho batho bohle esita le ba mahaeng.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela