Thuto ea Bibele e Fetola Batho
Tsena ke lipale tsa banna ba babeli ba tsoang Vietnam ba ileng ba etsa liphetoho tse kholo bophelong ba bona. Ba qetile nako e ngata ba lumela hore ho ba le chelete e ngata ho ka ba tlisetsa thabo le tšireletseho ’me ba ile ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho e lelekisa le hoja ho etsa joalo ho ne ho ka ba kotsi ho bona le batho ba bang. Ha nako e ntse e ea, ba ile ba hlokomela hore thuto ea Bibele e tla ba thusa ho fumana khotso le khotsofalo bophelong. Lipale tsa bona li bontša hore melao-motheo ea Bibele e ka thusa batho hore ba be le boikarabelo, ba ikobele molao haesita le ho itšoara hantle.
Ho Fumana Thabo ea Sebele ho E-na le ho Lelekisa Chelete
Ha Lanh Văn Nguyễn esale ngoana, o ile a angoa ke ntoa, meferefere ea lipolotiki le bofutsana. Ha nako e ntse e ea, o ile a lumela hore e le hore motho a thabe e le kannete, o lokela ho ba le chelete e ngata. Ka 1988, o ile a fallela Jeremane ho e’o batla mosebetsi. O ile a sebetsa bosiu le motšehare e le hore a fumane chelete e ngata.
Lilemo tse leshome hamorao, Lanh o ile a kopana le Lipaki Tsa Jehova. Li ile tsa mo balla buka ea Bibele ea Liproverbia ’me o ile a e thabela haholo hobane o ne a rata ho ithuta maele. Likeletso tse fumanoang ka Bibeleng li ile tsa etsa hore a batle ho ithuta Bibele haholoanyane. Lanh o ile a kopa ’me eo a neng a ntse a bua le eena hore a mo rekele Bibele. ’Me eo o ile a re haeba a ne a ka lumela ho ithuta Bibele le eena hammoho le molekane oa hae, ba ne ba tla mo fa eona mahala. Leetong le hlahlamang ba ile ba mo tlela le Bibele le buka ea ho ithuta Bibele ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng.
Ha Lanh a ntse a tsoela pele ho ithuta Bibele le Lipaki, o ile a ipotsa hore na o lokela ho tsoela pele ka mosebetsi oo a neng a o etsa oa ho reka le ho rekisa libetsa. O ile a hlokomela hore o tlamehile ho o tlohela. Ka mor’a ho o tlohela, o ne a se a etsa chelete e nyane. O ile a rapela ka taba eo eaba o qala ho rekisa lintho tse ling. Ha nako e ntse e ea, chelete eo a e etsang e ile ea boela ea eketseha.
Lanh o ile a khetha ho qeta nako e ngata a etsa mosebetsi oa ho ruta batho Bibele o etsoang ke Lipaki Tsa Jehova. O ne a batla ho bolella batho ba bang seo a ithutileng sona, empa o ile a thatafalloa ho etsa joalo hobane o ne a sa tsebe Sejeremane hantle. Kahoo, o ile a khutlela Vietnam e le hore a ka ruta batho Bibele ka puo ea habo.
Ho ithuta Bibele ho thusitse Lanh ho fetola tsela eo a nahanang le ho etsa lintho ka eona. Hona joale, eena, molekane oa hae le bana ba bona ba fumane thabo ea sebele.
Lanh le mosali oa hae
Ho Fumana Morero Bophelong ka Mor’a ho Tlohella Botlokotsebe
Thắng Viết Phùng ea hlahetseng Nghe An, Vietnam ka 1976, o ne a labalabela ho ba moruihali. Ha a le lilemo li 19, o ile a tloha hae e le hore a lelekise maruo. O ile a kena naheng ea Jeremane ka tsela e seng molaong ’me ea e-ba karolo ea sehlopha sa litlokotsebe. Kamehla o ne a tsamaea ka sethunya a bile a se beha tlas’a mosamo ha a robala. Qetellong, o ile a tšoaroa ’me a ahloleloa lilemo tse tšeletseng teronkong hobane e ne e le e mong oa litlokotsebe tse ileng tsa koetela motho. O ile a lokolloa ka mor’a lilemo tse peli feela.
Thắng e ile ea e-ba karolo ea sehlopha se seng sa litlokotsebe. O ile a tšoaroa hape empa nyeoe ea hae ha ea ka ea isoa makhotleng hobane batho ba neng ba bone botlokotsebe boo a ileng a bo etsa, ba ne ba tšaba ho fana ka bopaki. Ka lebaka la lintho tseo a neng a li etsa, e ile ea e-ba setlokotsebe se tsebahalang. Qetellong, ka mor’a ho tšoaroa hape, o ile a ahloleloa lilemo tse leshome teronkong. Ha a le moo, batšoaruoa ba bang le balebeli ba teronko ba ile ba hlokomela hore ke motho ea mabifi haholo.
Ka letsatsi le leng, motšoaruoa-’moho le Thắng o ile a mo memela libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova tse neng li tšoaretsoe teronkong. Qalong o ne a sa batle ho ea, empa a qeteletse a ile ’me ha a le moo, o ile a utloa a e-na le khotso e sa tloaelehang. Libokeng tseo o ile a fuoa buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova. O ile a bala buka eo ka bosiu bo le bong. E ’ngoe ea likhaolo tsa eona, e ne e bua ka litemana tsa Bibele tse bontšang hore bafu ha ba utloe letho joalokaha eka ba robetse boroko bo tebileng. (Moeklesia 9:5; Johanne 11:11-14) Pele ho moo, Thắng o ne a lumela hore baratuoa ba hae ba hlokahetseng ba mo sirelelitse ’me o ne a ipotsa hore na ke hobane’ng ha ba sa mo thibele ho etsa lintho tse mpe.
Thắng o ile a tsoela pele ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova, tse fanang ka lenaneo le tsoelang pele la thuto ea Bibele. O ile a ithuta hore Molimo o rata batho haholo, ho akarelletsa le eena. O ile a boela a khona ho hlalohanya se nepahetseng ho se fosahetseng ’me a sebetsa ka thata hore a tlohelle ntoa le hore a se ke a lula a nahana ka chelete. Ntho e neng e le thata ka ho fetisisa ho eena e ne e le ho laola khalefo ea hae, empa ka lebaka la ho rapela le ho sebetsa ka thata, o ile a atleha. Ka 2009 ha a ntse a le teronkong, o ile a kolobetsoa ’me ea e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Hamorao, Thắng o ile a khutlela Vietnam. O re: “Hona joale ke na le lelapa le thabileng ’me re sebeletsa Jehova Molimo hammoho. Jehova o pholositse bophelo ba ka, a ba a ntlhohonolofatsa haholo. Ha ke hetla morao, ke na le ho ipotsa: ‘Ebe nka be ke le kae hoja ha ke ea ka ka tseba Jehova?’”
Thắng le lelapa la hae
Kamoo Bibele e Thusang Batho Hore e be Baahi ba Molemo
Liphetoho tseo Lanh le Thắng ba ileng ba li etsa li bontša melemo ea ho ithuta Bibele. Ba ile ba khaotsa ho qeta nako ba lelekisa chelete. Pele Lanh o ne a lumela hore ho ba le chelete ho tla mo tlisetsa thabo, empa hona joale o fumana thabo lelapeng la hae le ho seo a se lumelang. Pele Thắng o ne a ikemiselitse ho tlola molao e le hore a rue empa hona joale o ruta batho hore ba tšepahale le hore ba ikobele molao. Ho e-na le ho qeta nako ba lelekisa maruo, ka bobeli ba ruta batho melao-motheo ea Bibele e ba thusang hore ba be le morero bophelong, ba thabe hape e be baahi ba molemo.