SE KA THUSANG LELAPA | HO BA MOTSOALI
Bana le Tšebeliso ea Mecha ea Puisano—Karolo ea 2: Ho Ruta Ngoana oa Hao Tsela e Sireletsehileng ea ho Sebelisa Mecha ea Puisano
Ka lebaka la likotsi tse ka ’nang tsa e-ba teng, batsoali ba bangata ha ba lumelle bana ba bona ho sebelisa mecha ea puisano. Leha ho le joalo, haeba u lumella ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha ho sebelisa mecha ea puisano, u ka mo thusa joang hore a sebelise Inthanete ka tsela e bohlale ’me a qobe likotsi tse ka ’nang tsa e-ba teng?
Sehloohong sena re tl’o bua ka
Lintho tseo ngoan’a hao a li nkang li le bohlokoa
Seo u lokelang ho se tseba: Kaha ho bonolo ho lemalla mecha ea puisano, mocha o tla hloka thuso ho laola nako eo a e qetang a e sebelisa.
Molao-motheo oa Bibele: “Lemoha hore na lintho tsa bohlokoa haholo ke life.”—Bafilipi 1:10.
Seo u ka nahanang ka sona: Na ngoan’a hao o sebelisa mecha ea puisano hoo a se nang nako ea ho robala, ho etsa mosebetsi oa sekolo kapa ho qeta nako le ba lelapa? Bafuputsi ba re bacha ba hloka ho robala lihora tse ka bang robong bosiu empa bacha ba qetang nako e ngata ba sebelisa mecha ea puisano ba ka robala lihora tse ka tlase ho tse supileng.
Seo u ka se etsang: Buisana le mocha ka hore na lintho tsa bohlokoa bophelong ke life le ka bohlokoa ba ho fokotsa nako eo a e qetang a sebelisa mecha ea puisano. Beha melao e utloahalang, e kang hore ngoana a se ke a sebelisa fono ka kamoreng bosiu. Morero oa hao e lokela ho ba ho thusa ngoan’a hao hore a be le boitšoaro, e leng tšobotsi e tla mo thusa haholo ha a se a holile.—1 Bakorinthe 9:25.
Tsela eo ngoan’a hao a tla ameha ka eona maikutlong
Seo u lokelang ho se tseba: Ha mocha a lula a shebile linepe tsa metsoalle ea hae nakong eo ba ithabisang ka eona, sena se ka etsa hore a tšoenyehe a be a nyahame.
Molao-motheo oa Bibele: “Tlohelang . . . mona.”—1 Petrose 2:1.
Seo u ka nahanang ka sona: Na ngoan’a hao o ipapisa le ba bang ka tsela eo a shebahalang ka eona? Na ngoan’a hao o utloa eka batho ba bang ba phela ha monate ho mo feta?
Seo u ka se etsang: Buisana le mocha ka likotsi tsa ho ipapisa le batho ba bang. Taba ena e ka ama bana ba banana haholo ho feta ba bashanyana, hobane banana ba amehile haholo ka setsoalle le tsela eo ba shebahalang ka eona. U ka boela oa khothalletsa mocha hore a be le nako eo a tlohelang ho sebelisa mecha ea puisano. Mocha e mong ea bitsoang Jacob o re: “Ke ile ka hlakola app eo ke neng ke e sebelisa ea mecha ea puisano ka nakoana. Sena se ile sa nthusa hore ke bone lintho tseo e leng tsa bohlokoa bophelong ba ka, sa ba sa nthusa hore ke be le maikutlo a nepahetseng ka batho ba bang le ka tsela eo ke shebahalang ka eona.”
Tsela eo ngoan’a hao a tla itšoara ka eona mecheng ea puisano
Seo u lokelang ho se tseba: Ho sebelisa mecha ea puisano ho tšoana le ho phela le batho ba bangata ba shebileng ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang. Sena se ka etsa hore batho ba qabane le hore ba se ke ba utloana.
Molao-motheo oa Bibele: “Lehloeo, bohale, ho etsa lerata le halefile le lipuo tse hlabang . . . li se ke tsa e-ba teng har’a lona. Empa le bontšane mosa.”—Baefese 4:31, 32.
Seo u ka nahanang ka sona: Na mecha ea puisano e entse hore ngoan’a hao a kenelle tabeng tsa lesebo, a qabane le ba bang kapa a hlabe ba bang ka mantsoe ha a bua le bona?
Seo u ka se etsang: Thusa mocha hore a itšoare hantle ha a sebelisa Inthanete. Buka ea Digital Kids e re: “Ke mosebetsi oa rona re le batsoali ho ruta bacha hore ba tšoare ba bang hantle, ebang ke ka Inthanete kapa ka seqo.”
Hopola hore motho a ka phela ka ntle ho mecha ea puisano le hore ha se batsoali bohle ba lumellang bana ba bona ho e sebelisa. Haeba u lumella ngoan’a hao ho sebelise mecha ea puisano, etsa bonnete ba hore o holile ka ho lekaneng hore a ka ipehela nako e loketseng ea ho e sebelisa, a ka ba le metsoalle e nepahetseng le hore a ka qoba ho sheba lintho tse fosahetseng.