Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwyp sehlooho 106
  • Nka Etsa’ng Hore ke Utloane le Tichere ea ka?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Etsa’ng Hore ke Utloane le Tichere ea ka?
  • Bacha Baa Botsa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Matichere a etsa liphoso
  • Lintho tse ka u thusang
  • U ka bua le tichere ea hao joang?
  • Nka Etsa’ng Hore ke Utloane le Tichere ea Ka?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ke Hobane’ng ha re Hloka Matichere?
    Tsoha!—2002
  • Ke Hobane’ng ha ba Khetha Botichere?
    Tsoha!—2002
  • Botichere—Liphello le Likotsi Tsa Bona
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Bacha Baa Botsa
ijwyp sehlooho 106
Tichere e khalemela ngoanana e mong ka pel’a bana ba bang ka tlelaseng.

BACHA BAA BOTSA

Nka Etsa’ng Hore ke Utloane le Tichere ea ka?

  • Matichere a etsa liphoso

  • Lintho tse ka u thusang

  • U ka bua le tichere ea hao joang?

  • Seo bacha ba bang ba se buang

Matichere a etsa liphoso

Ho ka etsahala hore ngoana e mong le e mong sekolong, o na le tichere e khethollang, e batlang lintho tse ngata kapa e sa rateng batho.

  • Luis ea lilemo li 21, o re: “Ke ne ke e-na le tichere e sa hlompheng bana ba sekolo ebile e rohakana. E ne e tseba hore e tl’o ea pensheneng haufinyane, kahoo e ke ke ea lelekoa.”

  • Melanie ea lilemo li 25, o hopola hore tichere ea hae e ne e mo tšoara hampe ho feta bana ba bang. E ile ea re e tšoara Melanie hampe hobane e se karolo ea bolumeli bo tloaelehileng ’me ea mo bolella hore o lokela ho tloaela ho tšoaroa hampe.

Haeba u bona eka tichere e u tšoara hampe, u ka leka lintho tse latelang e le hore u natefeloe ke sekolo.

Lintho tse ka u thusang

  • Tseba matichere a hao. Lintho tseo matichere a li batlang ho bana ba sekolo ha li tšoane. Leka ho tseba hore na tichere ea hao e batla hore u etse’ng ’me u etse seo e se batlang.

    Molao-motheo oa Bibele: “Motho ea bohlale oa mamela ’me o tsoela pele ho ithuta.”—Liproverbia 1:5.

    Christopher o re: “Ke ile ka ithuta hore na tichere ea ka e batla hore ke etse’ng ’me ke ile ka etsa sohle seo nka se khonang ho etsa mosebetsi ka tsela eo e e batlang. Sena se ile sa etsa hore re utloane.”

  • E-ba ea hlomphang. Leka ho bua le matichere a hao ka mosa ’me u se ke oa a arabisa le haeba u nahana hore hoa hlokahala. Hopola hore u ngoana oa sekolo eseng thaka ea ’ona.

    Molao-motheo oa Bibele: “Mantsoe ao le a buang e ke e be a mosa kamehla, a nokiloeng ka letsoai e le hore le tsebe kamoo le lokelang ho araba motho e mong le e mong kateng.”—Bakolose 4:6.

    Ciara o re: “Ha se kamehla bana ba sekolo ba hlomphang matichere. Kahoo, ha u leka ka matla ho a hlompha le ’ona a tla u hlompha.”

  • E-ba motho ea utloisisang. Matichere le ’ona ke batho. A na le lintho tse a imelang joaloka motho e mong le e mong. Kahoo, u se ke oa tatela ho nahana hore tichere ea hao ke motho ea mobe kapa o u hloile.

    Molao-motheo oa Bibele: “Kaofela ha rona re etsa liphoso.”—Jakobo 3:2.

    Alexis o re: “Mosebetsi oa matichere o boima. U se u ka inahanela feela hore na ho joang ho khalemela bana, ha ka nako e tšoanang u lokela ho ba ruta. Ke ne ke utloa eka nka ba fokoletsa mosebetsi ka hore ke itšoare hantle.”

  • Bua le batsoali ba hao. Batsoali ba hao ba ka u tšehetsa haholo ’me ba u thusa hore u atlehe sekolong. Hape ba ka u thusa hore na u etse’ng ho mamella tichere e sa u tšoareng hantle.

    Molao-motheo oa Bibele: “Merero ea senyeha moo ho sa buisanoeng.”—Liproverbia 15:22.

    Olivia o re: “Batsoali ba na le phihlelo ea ho sebetsana le mathata ho u feta. Kahoo, ho mamela keletso ea bona ho ka u thusa hore u atlehe.”

U ka bua le tichere ea hao joang?

Maemong a mang, ho ka hlokahala hore u bue le tichere ea hao ka bothata boo u nang le bona ka eena. Haeba u tšaba ho bua le eena le shebane mahlong, hopola hore ha le tl’o ngangisana empa le tl’o buisana. Ho ka etsahala hore puisano ea lona e tsamaee hantle e be e le tsoele molemo.

Molao-motheo oa Bibele: ‘A re etseng sohle seo re ka se khonang e le hore re be le khotso.’—Baroma 14:19.

Juliana o re: “Haeba ho bonahala eka tichere e tšoara uena feela hampe, u ka e botsa hore na ho na le ntho eo u e entseng e e utloisitseng bohloko. Karabo ea hae e ka u thusa hore u bone hore na ke hokae moo u ka ntlafatsang teng.”

Benjamin o re: “E ka ba hantle hore u hlalosetse tichere ea hao moo le leng bang hore na u ikutloa joang, u khobile matšoafo. Mohlomong e ka utloisisa le ho hlompha tsela eo u buileng le eena ka eona.”

SE ETSAHETSENG

Maria o re: “Ke ne ke feila sekolong ’me tichere ea ka e ne e sa nthuse, ebile ke ne ke batla ho tlohella sekolo hobane e ne e ntšulafalletsa bophelo.

Ke ile ka ea ho tichere e ’ngoe ho kopa keletso. E ile ea re ho ’na: ‘Tichere ea hao ha e u tsebe ’me le uena ha u e tsebe. U lokela ho e bolella hore u na le bothata. Mohlomong u ka thusa le bana ba bang ba tšabang ho bua le eona.’

Ke ne ke sa batle ho bua le eena empa ke ile ka nahana ka keletso eo tichere ela e mphileng eona. E ne e nepile. Haeba ke batla hore lintho li fetohe, ke ne ke lokela ho nka bohato.

Ka letsatsi le hlahlamang, ke ile ka bua le tichere ea ka ’me ka tlhompho ka e bolella hore ke nka tlelase ea hae e le ea bohlokoa ebile ke batla ho rua molemo ho eona. Empa ho na le lintho tseo ke sa li utloisiseng ka tlelaseng ’me ke ne ke sa tsebe hore na ke etse’ng. E ile ea mpolella hore na nka etsa’ng, ea ba ea ithaopela hore e tla nthusa ka mor’a tlelase kapa ka e-mail.

Ke ne ke hlolletsoe hore puisano eo e entse hore re utloane le tichere ea ka ’me bophelo ba ka sekolong bo ile ba e-ba monate.”

Maria o bua le tichere ea hae ka mor’a tlelase.

Keletso: Haeba u bona eka tichere ea hao ha e u tšoare hantle, nka seo e le koetliso ea ha batho ba sa u tšoare hantle ha u se u holile. Katie ea lilemo li 22, o re: “U ka ’na oa kopana le batho ba nang le maemo a itseng ba sa u tšoareng hantle ka mor’a hore u qete sekolo. Haeba u ka khona ho mamella tichere e sa u tšoareng hantle, u ka ’na oa khona ho mamella batho ba sa u tšoareng hantle ka moso.”

Seo bacha ba bang ba se buang

Jayza.

Jayza o re: “Ka nako e ’ngoe, tichere ea ka e ne e etsa lintho tse nkutloisang bohloko. Empa ’mѐ oa ka o ne a nthusa hore ke nahane hore na ke hobane’ng ha e etsa joalo. Seo se ile sa nthusa hore ke utloisise ha matichere a ka a etsa lintho ka tsela e itseng.”

Victor.

Victor o re: “U lokela ho hlompha motho le ha u sa mo rate, haholo-holo haeba a e-na le maemo a itseng. Kahoo, matichere a lokela ho hlomphuoa. Le hoja tichere ea hao e sa u hlomphe, ho e hlompha ho ka u thusa haholo. Ho ka ba ha etsa hore e fetole tsela eo e u tšoarang ka eona.”

Julia.

Julia o re: “Haeba u le mosa ebile u itšoere hantle le hoja tichere ea hao e sa u tšoare hantle, u bontša hore u ikokobelitse ebile oa e hlompha. Sena se tla etsa hore tichere ea hao e u hlomphe ’me e se ke ea hlola e u tšoara hampe.”

Seo re ithutileng sona: Nka etsa’ng hore ke utloane le tichere ea ka?

  • Tseba matichere a hao. Leka ho tseba hore na tichere ea hao e batla hore u etse’ng ’me u etse seo e se batlang.

  • E-ba ea hlomphang. Hopola hore u ngoana oa sekolo. Kahoo, leka ho bua le matichere a hao ka mosa ’me u se ke oa a arabisa.

  • E-ba motho ea utloisisang. Mosebetsi oa matichere o boima. Kahoo, u se ke oa a fella pelo.

  • Bua le batsoali ba hao. Ba ka u thusa hore na u tšoare batho ba fapa-fapaneng joang.

  • Bua le tichere ea hao. Batla tsela e bonolo ea ho bolella tichere ea hao hore u hloka thuso ’me u bontše hore u ikemiselitse ho e mamela.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela