Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 53
  • Bibele e Re’ng ka ho Phahama ha Theko ea Lintho?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Re’ng ka ho Phahama ha Theko ea Lintho?
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho phahama ha theko ea lintho “mehleng ea bofelo”
  • Tharollo ea mathata a moruo
  • Khaello ea Lijo e Bakoang ke Lintoa le Maemo a Feto-fetohang a Leholimo—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
    Lihlooho Tse Ling
  • Ntoa ea Ukraine e Etsa Hore Khaello ea Lijo e Mpefale Lefatšeng Lohle
    Lihlooho Tse Ling
  • Amohela Boemo
    Tsoha!—2025
  • Litheko Tse Phahameng—Litšenyehelo ho Batho
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 53
Krafo e nang le mola o eang holimo o bontšang ho phahama ha theko ea lintho. Ntate o ntse a khanna toroli e tletseng korosari o nyoloha krafo.

LULANG LE FALIMEHILE!

Bibele e Re’ng ka ho Phahama ha Theko ea Lintho?

’Nete eo re ke keng ra iphapanyetsa eona ke hore theko ea lijo le matla e ntse e phahama. Hangata sena se bakoa ke meferefere ea lipolotiki, likhohlano kapa lintoa pakeng tsa linaha. Esita le batho ba hole haholo le lintoa tsena baa ameha hobane moruo oa linaha o angoa ke lintho tse etsahalang linaheng tse ling.

Bibele e re thusa ho tseba hore na ke hobane’ng ha re kopana le mathata a moruo, re ka sebetsana le ’ona joang le hore na ho na le tšepo ea hore mathata ana a tla fela ka ho felletseng.

Ho phahama ha theko ea lintho “mehleng ea bofelo”

  • Bibele e hlalosa matsatsi ao re phelang ho ’ona e le ‘mehla ea bofelo.’—2 Timothea 3:1.

  • Jesu o ile a re “lintho tse tšosang” li ne li tla etsahala mehleng ea bofelo. (Luka 21:11) Batho baa tšoha ha theko ea lintho e phahama ka sekhahla. Ba tšoenyeha ka hore na ho tla etsahala’ng ka bona nakong e tlang le hore na ba tla khona ho hlokomela ba malapa a bona.

  • Buka ea Tšenolo e ile ea hla ea bolela esale pele hore theko ea lijo e tla nyoloha nakong ena eo re phelang ho eona. “Ka utloa lentsoe. . . . le re: ‘Lithara ea koro e rekoa ka denari le lilithara tse tharo tsa harese li rekoa ka denari.’”—Tšenolo 6:6.

Ho fumana lintlha tse ling ka ‘mehla ea bofelo’ le ka boprofeta bo hlahang bukeng ea Tšenolo, shebella video ea Ho Tloha ka 1914 Boemo ba Lefatše bo Ile ba Fetoha u be u bale sehlooho se reng, “Bapalami ba Bane ba Lipere—ke Bo-mang?”

Tharollo ea mathata a moruo

  • “Batho ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona, ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha matlo ebe motho e mong o lula ho ’ona, ba ke ke ba lema ebe ho ja batho ba bang.”—Esaia 65:21, 22.

  • “Ho tla ba le lijo tse ngata lefatšeng. Li tla ba ngata le holim’a lithaba.”—Pesaleme ea 72:16.

  • “Jehova o re, ‘Ka lebaka la hore ba hlophehileng baa hatelloa, ka lebaka la hore ba futsanehileng baa lla, ke tla etsa ho hong ho ba thusa.’”—Pesaleme ea 12:5.a

Haufinyane Molimo o tl’o felisa mathata a moruo lefatšeng lohle. E le hore u bone hore na see se tla etsahala joang, bala sehlooho se reng, “Na Mathata a Moruo a Tla ke a Fele?”

Le kajeno, Bibele e ka u thusa ho sebetsana le ho phahama ha theko ea lintho. Joang? E na le likeletso tse ka u thusang ho sebelisa chelete hantle. (Liproverbia 23:4, 5; Moeklesia 7:12) Ho fumana lintlha tse ling, bala sehlooho se reng, “Boloka Chelete ea Hao le Lintho Tsohle Tseo u Nang le Tsona” le se reng, “U ka Phela ka Chelete e Nyenyane Joang?”

a Jehova ke lebitso la Molimo.—Pesaleme ea 83:18.

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela