LULANG LE FALIMEHILE!
Ho Ameha ka Tsela eo Bacha ba Sebelisang Mecha ea Puisano Kateng
Ka 2025 ’mebuso ea linaha tse fapaneng e ile ea re e tšoenyehile haholo ka tsela eo mecha ea puisano e amang bacha kateng. Hona le naha e ’ngoe e thibetseng bacha ba ka tlase ho lilemo li 16 ho sebelisa mecha ea puisano ’me le linaha tse ling li batla ho sebelisa mokhoa oo.
Ho thahasellisang ke hore bacha ba bang ba khona ho elelloa hore mecha ea puisano e ka ba lematsa. Lipatlisiso tsa Amerika tse ileng tsa lokolloa ke Pew Research Center ka April 2025 li ile tsa re: “hoo e ka bang halofo (48%)ea bacha ba pakeng tsa lilemo tse ka bang 13 le 17 ba re ho sebelisa mecha ea puisano ho lematsa bacha ba lilemong tsa bona haholo.”
Litsebi tsa bophelo li ile tsa lemosa hore mecha ea puisano e ka ama tsela eo bacha ba nahanang le ho ikutloa ka eona. Selemong se fetileng, Dr. Vivek Murthy oa U.S. o ile a re: “Khatello ea maikutlo ho bacha ke bothata bo boholo ’me mecha ea puisano e bonahala e le eona sesosa se ka sehloohong.”
Batsoali ba ka sireletsa bana ba bona joang mathateng a bakoang ke mecha ea puisano? Bibele e fana ka likeletso tse sebetsang.
Seo batsoali ba ka se etsang
Nahana ka melao-motheo ena ea Bibele.
“Ea bohlale o nahana ka mohato o mong le o mong oa hae.”—Liproverbia 14:15.
Ka lebaka la mathata a ka hlahang, u se ke oa ikutloa u tlamehile hore u lumelle ngoana oa hao hore a sebelise mecha ea puisano. Pele u ka lumella ngoana oa hao hore a sebelise mecha ea puisano, etsa bonnete ba hore o se a holile ka ho lekaneng hore a ka khetha metsoalle hantle, a ka qoba lintho tse fosahetseng le hore a ka se qete nako e ngata a sebelisa mecha ea puisano.
Ho ithuta ho eketsehileng, bala sehlooho se reng “Na Ngoana oa ka o Lokela ho Sebelisa Mecha ea Puisano?” le se reng “Ho Ruta Ngoana oa Hao Tsela e Sireletsehileng ea ho Sebelisa Mecha ea Puisano.”
“Le sebelise nako ea lona hantle.”—Baefese 5:16.
Haeba u lumella ngoana oa hao hore a sebelise mecha ea puisano, u ka mo behela melao u be u mo hlalosetse hore na melao eo e tla mo thusa hore a sireletsehe joang. Hlokomele liphetoho boitšoarong ba ngoana oa hao kaha li tla u thusa ho beha meeli tšebelisong ea hae ea mecha ea puisano.
Sebelisa video ea lipopae e nang le sehlooho se reng: E-ba Bohlale ha u Etsa Metsoalle Inthaneteng ho thusa ngoana oa hao ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala meeli.
E le hore u fumane litlhahiso tse eketsehileng tse tsoang ka Bibeleng mabapi le hore na ke eng seo batsoali ba ka se etsang bala sehlooho se reng: “Molaoli ea Phahameng oa Tsa Bophelo o Lemosa Batho ka Likotsi Tsa Inthanete—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?”
Ithute ho eketsehileng
Bibele e re “bophelo bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi.” (2 Timothea 3:1-5) E boetse e fana ka likeletso tse sa felloeng ke nako tse re thusang ho sebetsana le maemo a thata. U ka fumana lethathamo la lihlooho tsa Bibele tse fetang 20 tse ka thusang batsoali le bana ba bona tse hlahang sehloohong se reng: “Bibele e Re’ng ka Tsela e Tšosang eo Bacha ba Imetsoeng Kelellong ka Eona?”