Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbq khao. 18
  • Na Sethepu Sea Lumelloa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Sethepu Sea Lumelloa?
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo ea Bibele
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Na Molimo o Lumella Lenyalo la Sethepu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ke Eng e Phoso ka ho Nyala Sethepu?
    Tsoha!—1991
  • Na ho Lokisoe Bibele ho Lumellana le Sethepu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
Bala Tse Ling
Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
ijwbq khao. 18
Matsoho a monyali le monyaluoa

Na Sethepu Sea Lumelloa?

Karabo ea Bibele

Ka nako e itseng, Molimo o ne a lumella monna hore a be le basali ba fetang a le mong. (Genese 4:19; 16:1-4; 29:18-29) Empa hase Molimo ea qapileng sethepu. O ile a etsetsa Adama mosali a le mong feela.

Molimo o ile a lumella Jesu Kreste ho tsosolosa molao oa hae oa pele oa ho nyala mosali a le mong. (Johanne 8:28) Ha Jesu a botsoa ka lenyalo, o ile a re: “Ea ba bōpileng tšimolohong o ba entse e le e motona le e motšehali ’me a re, ‘Ka lebaka lena monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae ’me o tla khomarela mosali oa hae, ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe.’”—Matheu 19:4, 5.

Hamorao, Molimo o ile a bululela e mong oa barutuoa ba Jesu hore a ngole a re: “Monna e mong le e mong a ke a be le mosali oa hae ’me mosali e mong le e mong a be le monna oa hae.” (1 Bakorinthe 7:2) Bibele e boetse e bolela hore ka phuthehong ea Bokreste, monna e mong le e mong ea nyetseng ʼme a filoe boikarabelo bo khethehileng, e lokela ho ba “monna oa mosali a le mong.”—1 Timothea 3:2, 12.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela