LITEMANA TSA BIBELE LIA HLALOSOA
Jeremia 29:11—“Ke Tseba Merero eo ke le Reretseng Eona”
“‘Jehovaa o re: ‘Ke tseba hantle hore na ke tla le etsetsa’ng. Ke tla le tlisetsa khotso eseng tlokotsi, e le hore le be le tšepo le bokamoso bo chabileng.’”—Jeremia 29:11, Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha.
“‘Ke tseba merero eo ke le reretseng eona,’ ho rialo Morena, ‘merero e metle e seng e mebe, merero ea ho le nea tšepo le bophelo ba kamoso.’”—Jeremia 29:11, Bibele Phetolelo e Ncha.
Tlhaloso ea Jeremia 29:11
Jehova Molimo o ile a tšepisa barapeli ba hae hore o tla ba fa bokamoso bo thabisang. Le hoja mantsoe ana a ile a ngoloa khale, e ntse e le seo Molimo a se batlelang batho le kajeno. Ke “Molimo ea fanang ka tšepo.” (Baroma 15:13) Ha e le hantle, o re ngolletse litšepiso tsena ka Bibeleng “e le hore re be le tšepo” ea bokamoso bo chabileng.—Baroma 15:4.
Litemana Tse Potolohileng Jeremia 29:11
Mantsoe ana a hlaha lengolong le neng le ngolletsoe Baiseraele ba tsoang Jerusalema, ba neng ba hapiloe ke Bababilona.b (Jeremia 29:1) Molimo o ile a bolella batšoaruoa bana hore ba ne ba tla lula Babilona nako e telele. Kahoo, ba ne ba ka haha matlo, ba lema lirapa le ho ba le bana. (Jeremia 29:4-9) Hamorao o ile a re ho bona: “Ha ho se ho fetile lilemo tse 70 le le Babilona, ke tla le hopola ’me ke tla phetha tšepiso ea ka, ke le khutlisetse [Jerusalema].” (Jeremia 29:10) Molimo o ile a ba kholisa hore a ke ke a ba lebala le hore ba tla fela ba khutlele hae.—Jeremia 31:16, 17.
Molimo o ile a phethahatsa seo a neng a se tšepisitse Baiseraele. Joalokaha a ile a bolela, Babilona e ile ea hloloa ke Morena oa Persia e leng Saeruse. (Esaia 45:1, 2; Jeremia 51:30-32) Ka mor’a lilemo tse 70 Bajuda ba hapuoe, Saeruse o ile a ba lumella hore ba khutlele naheng ea habo bona e leng Jerusalema.—2 Likronike 36:20-23; Esdrase 3:1.
Ho phethahala ha tšepiso e ho Jeremia 29:11, ho kholisa batho ba tšepang Molimo hore o tla phethahatsa litšepiso tsa hae mehleng ena. Litšepiso tsena li akarelletsa hore ho tla ba le khotso lefatšeng lohle, ’Musong oa Molimo oo Morena oa oona e leng Kreste Jesu.—Pesaleme ea 37:10, 11, 29; Esaia 55:11; Matheu 6:10.
Maikutlo a Fosahetseng ka Jeremia 29:11
Maikutlo a fosahetseng: Molimo o na le “morero” o itseng bakeng sa motho e mong le e mong.
’Nete: Molimo o lumella batho hore ba ikhethele hore na ba batla ho etsa’ng ka bophelo ba bona. O ne a bolella sehlopha sa Baiseraele se Babilona mantsoe a ho Jeremia 29:11, hobane a batla hore ba be le khotso. (Jeremia 29:4) Leha ho le joalo, Molimo o ile a lumella hore motho e mong le e mong a ikhethele hore na o batla ho fumana litšepiso tsa hae kapa che. (Deuteronoma 30:19, 20; Jeremia 29:32) Batho ba ileng ba khetha ho sebeletsa Molimo, ba ile ba mo rapela ka lipelo tsohle tsa bona.—Jeremia 29:12, 13.
Maikutlo a fosahetseng: Molimo o hlohonolofatsa barapeli ba hae ka ho ba fa maruo.
’Nete: Lentsoe “hlohonolofatsa” le fumanehang Libibeleng tse ling ho Jeremia 29:11, le fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la Seheberu le bolelang “khotso le bophelo bo botle.” Sena se hlalosa hore Molimo o ne a sa tšepise Baiseraele ba neng ba le botlamuoeng maruo empa o ne a tla ba fa khotso le bophelo bo botle. Sechaba seo se ne se ke ke sa felisoa ’me ka le leng se ne se tla khutlela Jerusalema.—Jeremia 29:4-10.
Bala Jeremia khaolo ea 29 linaletsana le mangolo a tsamaisanang le eona.
a Lebitso la Molimo ke Jehova.—Pesaleme ea 83:18.
b Ha buka ea The Expositor’s Bible Commentary e bua ka Jeremia 29:11 e re: “Ena ke e ’ngoe ea litšepiso tse thabisang ka ho fetisisa tse hlahang ka Bibeleng tse bontšang kamoo Yahweh [Jehova] a neng a rata Baiseraele bao ba neng ba hapuoe. Tšepiso ena e ile ea etsa hore ba qetelle ba bile le tšepo.”—Volume 7, leqephe la 360.