LITEMANA TSA BIBELE LIA HLALOSOA
Johanne 15:13—‘Ha ho Motho ea Nang le Lerato le Fetang Lena’
“Ha ho ea nang le lerato le fetang la motho ea telang bophelo ba hae bakeng sa metsoalle ea hae.”—Johanne 15:13, Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha.
“Ha ho motho ea nang le lerato le fetang la ea tellang metsoalle ea hae bophelo ba hae.”—Johanne 15:13, Bibele ea Sesotho.
Tlhaloso ea Johanne 15:13
Jesu o ile a thusa balateli ba hae ho utloisisa hore lerato la bona le lokela ho ba matla hoo ba ka telang bophelo ba bona bakeng sa ba bang.
Pele ho moo, Jesu o ile a re ho baapostola ba hae: “Ke le laela hore le ratane joalokaha ke le ratile.” (Johanne 15:12) O ne a ba rata ka lerato le joang? E ne e le lerato le se nang boithati ’me o ne a itella bona. Nakong eo a leng lefatšeng, o ile a behella litlhoko le lithahasello tsa balateli ba hae le tsa batho ba bang pele ho tsa hae. O ile a folisa ba kulang a ba a ba ruta ka ’Muso oa Molimo.a O ile a ba a etsa mesebetsi e khelloang fatše e le ho thusa ba bang. (Matheu 9:35; Luka 22:27; Johanne 13:3-5) Empa ho Johanne 15:13, Jesu o ne a bua ka lerato le fetang leo hole. Haele hantle, lihora feela ka mor’a hore a bue mantsoe ao, o ile a bontša lerato le fetisisang ha a “fana ka bophelo ba hae e le tefo bakeng sa ho lopolla batho ba bangata.” (Matheu 20:28; 22:39) Kahoo, o ile a bontša hore o ne a rata batho ba bang ho feta kamoo a neng a ithata kateng.
Jesu o rata batho. Empa haholo-holo o rata batho ba latelang lithuto tsa hae. O ne a nka barutuoa ba hae e le metsoalle ea hae e haufi hobane ba ile ba mamela litaelo tsa hae ’me ba ba le eena mathateng a hae. (Luka 22:28; Johanne 15:14, 15) Kahoo o ne a e-na le lebaka le utloahalang la ho tela bophelo ba hae bakeng sa bona.
Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ile ba nka mantsoe a Jesu ka ho teba ’me ba ne ba ikemiselitse ho tela bophelo ba bona bakeng sa batho ba bang. (1 Johanne 3:16) Ka sebele, lerato le se nang boithati, lerato le ileng la bontšoa ke Jesu, e ne e tla ba letšoao le ka sehloohong le khethollang Bakreste ba ’nete.—Johanne 13:34, 35.
Litaba tse Potolohileng Johanne 15:13
Khaolo ea 13 ho ea ho ea 17, ea Kosepele ea Johanne e tlalehile keletso ea ho qetela eo Jesu a ileng a e fa baapostola ba hae ba 11 ba tšepahalang le thapelo ea hae ea ho qetela le bona. Lihora tse seng kae ka mor’a moo o ile a shoa. E le ho bontša hore barutuoa ba hae ba lokela ho lula bonngoeng le eena e le hore ba ka paka hore ke balateli ba hae, khaolong ea 15, o bapisa barutuoa ba hae le litholoana tse hlahang sefateng sa morara. O ba khothalletsa ho lula ba “beha litholoana tse ngata” (Johanne 15:1-5, 8) Tsela e ’ngoe ea ho etsa joalo ke ho bontša lerato le nang le boitelo le ho bolela molaetsa oo Jesu a ileng a o bolela, e leng “molaetsa ona o monate oa ’Muso oa Molimo.”—Luka 4:43; Johanne 15:10, 17.
Shebella video ena e khutšoanyane ho ithuta ka ho eketsehileng ka buka ea Johanne.
a ’Muso oa Molimo ke puso e leholimong. Molimo o ile a hloma ’Muso ona hore o buse holim’a lefatše ’me o phethahatse thato ea hae ho lona (Daniele 2:44; Matheu 6:9, 10) Ho fumana lintlha tse eketsehileng, bala sehlooho se reng “’Muso oa Molimo ke Eng?”