LITEMANA TSA BIBELE LIA HLALOSOA
Luka 2:14—“Khotso e be Har’a Batho Bao [Molimo] a Khahloang ke Bona Lefatšeng”
“Ho rorisoe Molimo ea maholimong le batho bao a ba ratang lefatšeng ba be le khotso.”—Luka 2:14, Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha.
“Khanya e be ho Molimo bophahamong bo holimo, ’me khotso e be har’a batho bao a khahloang ke bona lefatšeng.”—Luka 2:14, Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang.
Tlhaloso ea Luka 2:14
Mantsoe ana a thoriso ao mangeloi a ileng aa bua ha Jesu a ne a tsoaloa, a bontša hore batho ba behang tumelo ho Jesu ba tla amoheloa ke Molimo ’me ba be le khotso.
“Ho rorisoe Molimo ea maholimong.” Ha mangeloi a ne a bua mantsoe ana, a ne a hatisa taba ea hore Molimo o tšoaneloa ke khanya eohle. Mantsoe ana a boetse a bontša hore tsoalo ea Jesu le tšebeletso ea hae ha a ntse a le lefatšeng, li ne li tla tlisa thoriso bakeng sa lebitso la Jehovaa Molimo. Ka mohlala, kamehla ha Jesu a ne a ruta o ne a lula a isa thoriso ho Molimo. O ile a re: “Seo ke se rutang ha se sa ka empa ke sa ea nthomileng.” (Johanne 7:16-18) Ha Jesu a ne a qeta ho etsa mehlolo, batho ba neng ba shebile ba ile “ba qala ho tlotlisa Molimo.” (Luka 5:18, 24-26; Johanne 5:19) Haele hantle le lefu la Jesu le tliselitse Molimo thoriso. Le butse monyetla oa hore Molimo a khone ho phethahatsa morero oa hae oa ho tlatsa lefatše ka batho ba lokileng le ba ratang khotso.—Genese 1:28.
“Lefatšeng ba be le khotso.” Khotso ena ha se e tla ba teng hobane feela ho felile lintoa. E akarelletsa khutso e bang teng hobane motho a amoheloa ke Jehova. Sena se etsa hore re be le kamano e ntle le Molimo ’me se khoneha feela ka lebaka la lefu la Jesu. (Jakobo 4:8) Kaha Jesu ke Morena oa ’Muso oa Molimo, o tla tlisa khotso e phethahetseng le e ke keng ea fela le ka mohla.—Pesaleme ea 37:11; Luka 1:32, 33
“Batho bao a ba ratang.” Mantsoe ana a bua ka batho bao Molimo a ba amohelang ka lebaka la tumelo ea ’nete eo ba nang le eona ho eena le ho mora oa hae Jesu. Ha a bue ka lerato leo Molimo a ratang batho ka kakaretso ka lona ho sa tsotellehe hore na batho bao ba itšoere joang, ba etsa’ng kapa hona hore na ba tšoara batho ba bang joang. Liphetolelo tse ling tsa Bibele tse kang ea Bibele Ea Sesotho li fetoletse Mantsoe ana tjena: “Batho bao u khahloang ke bona.” Leha ho le joalo, liphetolelo tsa khale tse tšepahalang tsa Segerike, li lumellana le tsela eo Phetolelo ea Lefatše le lecha le liphetolelo tse ling tsa morao-rao li fetoletseng temana ena ka eona ha li re khotso ena ke e fumanoang ke batho bao Molimo a ba amohelang.
Tlaleho ea Luka 2:14
Khaolo ea bobeli ea lengolo la Luka e hlalosa lintho tse ileng tsa etsahala pele Jesu a tsoaloa. Hang ka mor’a hore a tsoaloe, lengeloi le ile la hlaha ho balisa “ba lulang naheng ba [lebetseng] mehlape ea bona bosiu.”b (Luka 2:4-8) Lengeloi leo le ile la bolella balisa bao molaetsa o monate le o thabisang, la re: “Kajeno le tsoaletsoe mopholosi motseng oa Davida, ke Kreste Morena oa lona.” (Luka 2:9-11) Balisa bao ba ile ba bolelloa hore na ba tla fumana lesea le sa tsoa hlaha hokae ’me ba ile ba boela ba bona lebotho la mangeloi le ntse le rorisa Molimo. Hang-hang ha balisa ba fihla Bethlehema, ba ile ba fumana Maria le Josefa hammoho le lesea Jesu. (Luka 2:12-16) Kamor’a ho phetela batho molaetsa oo ba o boleletsoeng, ba ile ba khutlela mehlapeng ea bona “ba ntse ba rorisa Molimo ka lintho tsohle tseo ba li utloileng le ho li bona.”—Luka 2:17-20.
Shebella video e khutšoanyane e latelang e akaretsang lengolo la Luka.
a Lebitso la Molimo ke Jehova. (Pesaleme ea 83:18) Sheba sehlooho se re’ng: “Jehova ke Mang?”
b Taba ea hore ebe balisa ba ne ba qetile bosiu ba le ka ntle e bontša hore e ne e se mariha ha lintho tsena li etsahala. Ho ithuta ho eketsehileng ka taba ena, bala sehlooho se re’ng: “Jesu o Hlahile Neng?”