Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwbv sehlooho 46
  • 1 Bakorinthe 10:13—“Molimo oa Tšepahala”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 1 Bakorinthe 10:13—“Molimo oa Tšepahala”
  • Litemana tsa Bibele lia Hlalosoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlhaloso ea 1 Bakorinthe 10:13
  • Moelelo oa 1 Bakorinthe 10:13
  • Ho Hlōla Mefokolo ea Nama
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • U ka Hlōla Teko ea ho Kopanela Liphate Joang?
    Tsoha!—2014
  • Ho Batla ho Etsa se Fosahetseng
    Tsoha!—2017
  • “E le Hore le se ke la Kena Molekong”
    Le Lule le Lebetse!
Bala Tse Ling
Litemana tsa Bibele lia Hlalosoa
ijwbv sehlooho 46

LITEMANA TSA BIBELE LIA HLALOSOA

1 Bakorinthe 10:13—“Molimo oa Tšepahala”

“Liteko tsohle tse le hlahelang li kile tsa hlahela batho ba bang. Empa Molimo oa tšepahala ’me a ke ke a lumella hore le hlaheloe ke liteko tseo le ke keng la khona ho li mamella. Ha le lekoa, o tla le thusa e le hore le khone ho mamella.”—1 Bakorinthe 10:13, Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha.

“Ha le e-s’o ho ka le hlaheloa ke moleko o sa lekaneng motho; empa Molimo oa tšepeha, o ke ke oa lumela hore le hlaheloe ke moleko o ka le sitang. Empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tsoa ho ona, le tle le tsebe ho o jara.”—1 Bakorinthe 10:13, Bibele e Halalelang.

Tlhaloso ea 1 Bakorinthe 10:13

Temana ena e bua ka bokhabane ba Molimo bo etsang hore re mo rate le ho feta, e leng ho tšepahala. Bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba ka kholiseha hore o tla ba thusa, haholo-holo ha ba kopana le mathata kapa liteko.

“Liteko tsohle tse le hlahelang li kile tsa hlahela batho ba bang.” Bahlanka ba Molimo ba ka lekeha ho etsa lintho tseo a sa li rateng. Le hoja liteko tse joalo li le boima, li tloaelehile hobane li kile tsa hlahela batho ba bangata.a Kahoo, bahlanka ba Molimo ba ka kholiseha hore le bona ba ka khona ho mamella liteko tse joalo.

“Molimo oa tšepahala.” Jehovab Molimo oa tšepahala. Haesale a phethahatsa tšepiso ea hae ea hore a ke ke a lahla batho ba mo ratang, ba mo tšepahallang le ba mo mamelang. (Deuteronoma 7:9; Pesaleme ea 9:10; 37:28) Kahoo, bahlanka ba hae ba ka kholiseha hore o tla phethahatsa le litšepiso tse peli tse khothatsang tse hlahang temaneng ena.

“A ke ke a lumella hore le hlaheloe ke liteko tseo le ke keng la khona ho li mamella.” Molimo o bontša hore oa tšepahala ka hore a se ke a lumella hore liteko li be boima hoo motho a ke keng a khona ho li mamella. O tseba moo mohlanka e mong le e mong oa hae a haelloang teng.—Pesaleme ea 94:14.

“Ha le lekoa, o tla le thusa e le hore le khone ho mamella.” Molimo a ka tlosa teko kapa a fa bahlanka ba hae seo ba se hlokang e le hore ba e mamelle. Ka mohlala, a ka re tataisa a sebelisa moea o halalelang, a re tšelisa ka Bibele kapa a sebelisa balumeli-’moho le rona ho re thusa ka lintho tseo re li hlokang.—Johanne 14:26; 2 Bakorinthe 1:3, 4; Bakolose 4:11.

Moelelo oa 1 Bakorinthe 10:13

Temana ena e hlaha lengolong leo moapostola Pauluse a le ngolletseng phutheho ea Bokreste e Korinthe. Pauluse o ile a sebelisa histori ea Iseraele ea boholo-holo e le mohlala o lemosang Bakorinthe. (1 Bakorinthe 10:11) Pauluse o ile a bua ka liteko tse ling tse ileng tsa hlahela Baiseraele, tse akarelletsang borapeli ba litšoantšo le boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano. (1 Bakorinthe 10:6-10) Ba bang ba bona ba ile ba inehella liteko tsena. Pauluse o ile a sebelisa mohlala oo ho hopotsa Bakreste hore ha baa lokela ho itšepa ho tlola, ba nahana hore le ka mohla ba ke ke ba oela tekong. (1 Bakorinthe 10:12) Leha ho le joalo, o tsoela pele ho ba kholisa ka mantsoe a hlahang ho 1 Bakorinthe 10:13 hore bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba ka khona ho mamella teko leha e le efe.

Bala 1 Bakorinthe khaolo ea 10 ho Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Bibele ena e baleha habonolo, e na le linaletsana, mangolo a tsamaisanang le litemana, litšupiso, litšoantšo le limmapa ebile u ka khona ho e mamela.

Shebella video ena e khutšoanyane ho ithuta ho eketsehileng ka buka ea 1 Bakorinthe.

a Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “moleko” le ka bolela teko kapa mathata.

b Jehova ke lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 83:18) Sheba sehlooho se reng: “Jehova ke Mang?”

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela