DAVID MAZA | PALE EA BOPHELO
Lelapa la Rona le Thabile le Hoja le ile la ba Maqakabetsing
Qalong ke ne ke nahana hore ho ke ke ha khoneha ho ba le lelapa le thabileng. Empa ka mor’a ho ithuta Bibele le ho sebelisa seo ke ithutileng sona, lelapa la ka le ile la thaba. ’Na, mosali oa ka, hammoho le bana ba rona ba bararo re ne re sebeletsa Jehova hammoho re thabile.
Re ne re sa nahana hore re ka oeloa ke koluoa e kang e ileng ea re oela ka la 24 April 2004.
Esale ke batla ho ba hlooho ea lelapa e molemo le hoja ke ne ke sa tsebe hore na nka etsa seo joang. Lebaka ke hore ke hotse batsoali ba ka ba loana, eaba ba qetella ka ho hlalana. Eitse ha ’na le mosali oa ka re e-ba le letsibolo la rona, ke ne ke sa tsebe hore na nka ba ntate ea molemo joang ho morali oa rona Lauren. Re ile ra ba le ngoana oa bobeli, ra mo reha Michael. Le eena ha a hlaha, ke ne ke ntse ke se ntate ea molemo.
Ntho e ’ngoe e neng e senya litaba le ho feta ke hore ke ne ke lemalletse joala le lithethefatsi ho tloha ke sa le mocha. Joale ha ke se ke le moholo, ke ne ke sa khone le ho laola bophelo ba ka ke bile ke lemaletse lintho tse ngata tse mpe ho akarelletsa le ho becha. Ka lebaka leo, ke ne ke etsa liqeto tse ngata tse fosahetseng. Lintho li ne li le mpe hoo Kaye a ileng a nka bana ’me a tsamaea ka bona. Seo se ile sa nkutloisa bohloko haholo.
Nakong eo ke neng ke botsa Kaye hore na nka etsa’ng hore a khutle, o ne a se a qalile ho ithuta Bibele le Paki ea Jehova e bitsoang Gloria. Kahoo, karabo ea hae e ile ea e-ba e bonolo ea hore: “Ithute Bibele.” Kaha ke ne ke batla hore re khutlelane, ke ile ka lumela le hoja ke ne ke sa tsebe hore na o bolela’ng ha a cho joalo, eaba ke lumela ho kopana le Gloria le monna oa hae Bill.
Puisano e leng ea Fetola Bophelo ba ka
Ha Bill le Gloria ba tla ha rona, ke ile ka khahloa ke tsela eo ke neng ke bona ba ratana ka eona. Ke ile ka utloa hore ba na le bana ba lekanang le ’na ba phelang bophelo bo fapaneng hole le ba ka. Ka eona nako eo ke ile ka qala ho nahana hore mohlomong Bibele e ka nthusa hore ke be le lelapa le thabileng.
Ka lekhetlo lona leo la pele feela, Bill le Gloria ba ile ba bua le ’na ka mathata a ka. Ba mpalla lengolo la Bagalata 6:7 le reng: “Motho e mong le e mong o tla kotula seo a se jetseng.” Ke ile ka nahana hore nka be ke qobile mathata a mangata ana hoja ebe ke ne ke ile ka tseba keletso ena ho tloha qalong.
Kaye le David
Ha nako e ntse e ea ke ile ka hlokomela hore ho phela ka melao-motheo ea Bibele ho nthusa haholo bophelong. ’Na le Kaye re ile ra emisa ho tsuba eaba le ’na ke tlohela mekhoa e meng e mebe eo ke neng ke e-na le eona. Ka 1985 re ile ra ba le ngoana oa rona oa boraro e leng David eo re neng re mo reneketsa ka hore ke Davey. E ile ea e-ba hona ke utloang hore nka ba ntate ea molemo.
Ho Sebeletsa Jehova ho ile ha re Momahanya
’Na le Kaye re ile ra hlokomela hore ha re ruta bana ba rona ka Jehova le rona seo se re atametsa haufi le eena. Re ile ra ithuta ho hongata libukeng tse akarelletsang ea Listening to the Great Teacher! Ntle ho moo, phuthehong ea rona ho ne ho e-na le malapa a behelang rona le bana mohlala o motle.
Michael le mosali oa hae Diana
Ha nako e ntse e ea, bana ba rona kaofela e ile ea e-ba bo-pula-maliboho. Lauren o ile a ea phuthehong ea Spanish maqalong a 2004. Ka eona nako eo, Michael o ne a sa tsoa tloha Bethele a il’o nyala Diana. Ba ne ba le haufi le ho fallela Guam e le hore ba il’o thusa ka mosebetsi oa boboleli. Davey, eo ka nako eo a neng a le lilemo li 19, o ne a sa tsoa qala ho sebeletsa Dominican Republic.
Re ne re utloa re le batsoali ba motlotlo haholo ke liqeto tseo bana ba rona ba li entseng. Re utloa hantle hore re phela mantsoe a 3 Johanne 4 a reng: “Ha ho na ntho e nthabisang ho feta ho tseba hore bana ba ka ba ntse ba tsoela pele ho phelela ’nete.” Sephiri se ne se ipatetse rona. Bophelo ba rona bo ne bo le haufi le ho fetoloa ke molaetsa oo re neng re tl’o o fumana.
Re Oeloa ke Koluoa
Ka la 24 April 2004, ’na le Kaye le banyalani ba bang ba bane re ile ra intša ra ea reschorenteng e bohole ba likh’ilomithara tse ka holimo ho lekholo. Kaofela ha rona re ne re tsamaea ka koloi e le ’ngoe. Ka mor’a hore re je, re ile ra khetha ho ea qetelisa reschorenteng e ’ngoe. Ka mor’a hore ke ba siee, ke ile ka il’o batla sebaka seo nka pakang koloi ho sona. Ha ke ntse ke paka, motsoalle e mong oa ka o ile a ntetsetsa a utloile bohloko a re:
“Ke u tšoaretse litaba tse bohloko. Davey o hlahetsoe ke kotsi ea koloi.”
Ke ile ka mo botsa ke tšohile hore na Davey o joang.
Qalong o ne a sa batle le ho bua, empa o ile a qetella a mpolelletse a re Davey o hlokahetse.
Ha ke qeta ho koala fono, ke ile ka rapela Jehova ke mo kopa a mphe matla eaba ke ea reschorenteng eo ba neng ba le ho eona ka ba bolella hore ke utloa ke se hantle ekare nka ea hae. Ha e le hantle, ke ne ke mpa ke sa batle ho bolella Kaye ka Davey re le har’a batho.
Ho khutlela hae ho re nkile hora le metsotso e mashome a mararo. Eo e ne e le nako e bohloko ka ho fetisisa ea bophelo ba ka. Fonong ea ka ho ne ho kena melaetsa e mengata ea matšeliso ha Kaye eena a ne a thabile, a qoqela batho kamoo a tatetseng ho kopana le Davey ha a re chaketse.
Ka mor’a ho siea banyalani bao re neng re ntse re tsamaea le bona, re ile ra khutlela hae. Kaye o ile a ncheba hanngoe a bona hore ho na le ho hong ho phoso eaba o re: “Ho etsahala’ng?” Ke ne ke tseba hore seo ke tl’o se bua se tl’o hlaba Kanye habohloko pelong joalokaha le ’na se ile sa ntlhaba ha ke ne ke se utloa.
Re ile ra Mamella Mathata
’Na le Kaye re ne re kile ra hlaheloa ke mathata ’me re tseba hore Jehova o lula a tšehetsa batho ba hae. (Esaia 41:10, 13) Empa re ne re qala ho hlaheloa ke ntho e tjena. Ka hloohong ea ka ho ne ho lula ho luma lipotso tsena: ‘Ho tla joang hore Davey a hlaheloe ke ntho e tjee empa a ne a itelletse Jehova hakaale? Hobane’ng Jehova a sa ka a mo sireletsa?’
Bana ba rona le bona ba ne ba utloile bohloko haholo. Lefu la Davey le ile la utloisa Lauren bohloko haholo hobane o ne a mo nka joalokaha eka ke ngoana oa hae. Michael le eena le hoja a ne a e-na le lilemo tse ka bang tse hlano a lula hole le hae, o ne a rata ngoan’abo haholo a bile a le motlotlo ho bona kamoo a holileng kateng. Kahoo lefu lena le ne le mo amme habohloko le eena.
Li sa tloha feela, Bakreste-’moho ba ne ba re tšehelitse. Ka mohlala, ha Kaye a sa ntse a leka ho iphumana, ba ne ba se ba le teng lapeng ho tla re thusa le ho re tšelisa. (Liproverbia 17:17) Le ka mohla nke ke ka lebala kamoo ba re bontšitseng lerato kateng.
Re ile ra sebetsana le bothata bona ka ho lula re rapela, re bala Bibele le ho ea libokeng. Ho etsa lintho tsena ho ne ho sa tlose bohloko boo re bo utloileng, empa re ne re tseba hore ke habohlokoa hore re li etse e le hore re lule re le haufi le Jehova.—Bafilipi 3:16.
Lauren le monna oa hae Justin
Ka eona nako eo, Michael le mohatsa oa hae Diana ba ile ba fallela haufi le rona. Lauren le eena o ile a khutlela phuthehong ea rona ea Senyesemane. Kaha re ne re le ’moho, ho ile ha e-ba bonolo hore re thusane ho fola boemong bona. Hamorao Lauren o ile a nyaloa ke mor’abo rona ea bitsoang Justin, eo le eena a ileng a re thusa haholo.
Ha Hoa ba Bonolo ho Fola
Nakoana ka mor’a lefu la Davey ho na le ntho e ’ngoe eo re ileng ra e etsa. Le hoja ho ne ho se bonolo, e ile ea re thusa. Kaye o tla re bolella ka eona.
“Ha monna oa ka a mpolella hore Davey o hlokahetse, ke ile ka qeta nako e telele ke utloa ke lahlehile. Ke ne ke utloile bohloko hoo ke sa khoneng ho etsa letho ebile ke lula ke lla. Ho bua ’nete ke ne ke utloa ke koatetse Jehova, ke koatetse le hore batho ba bang baa phela. Ke ne ke utloa ke sa tsebe hantle hore na ke eme hokae.
“E ne eka nka ea Dominican Republic moo Davey a neng a lula teng pele a hlokahala. Empa ke ne ke utloa ke fokola, ke se na matla a ho nka leeto leo.
“Motsoalle oa ka e mong o ile a mpolella hore metsoalle ea Davey e Dominican Republic le eona e utloile bohloko haholo ebile e lakatsa ho kopana le lelapa la bo Davey. Tsela eo a ileng a ntšehetsa ka eona, e ile ea mpha matlanyana a hore ke ee moo.
“Leeto leo, e ne e le eona ntho eo re neng re e hloka. Le ile la re thusa ho bona kamoo Davey a neng a rata Jehova kateng. Phuthehong ea hae ho ne ho e-na le moholo a le mong. Ha a bua ka Davey o re kamehla o ne a lula a phetha likabelo tsa hae.
“Le batho bao re neng re kopana le bona seterateng seo Davey a neng a lula ho sona, ba ne ba re bolella kamoo a neng a ba thusa kateng. Ke ne ke tseba hore Davey ke motho ea mosa, empa ho ea moo ho ile ha nthusa ho bona kamoo a neng a latela mehato ea Jesu haufi-ufi kateng.
Davey ha a le Dominican Republic
“Ntho e ’ngoe e ileng ea etsa hore ke be motlotlo le ho feta ke ha re kopana le ntate e mong eo Davey a neng a ithuta Bibele le eena. Ntate eo, o ne a futsanehile a lula ntlong e nyane. Bahoeletsi ba phuthehong ea Davey ba re o ne a tšoere ntate eo hantle a bile a mo hlompha.
“Le hoja ho ne ho le thata ho ea Dominican Republic, leeto leo le ile la re thusa ho lla le ho tšelisana le batho ba bang ba neng ba rata Davey. Re khutlile moo lipelo li se li kokobetse.”
Re Matlafalitsoe ke Mohlala oa Davey
Tsoha! ea January 8 2005, e na le sehlooho se buang ka lefu la Davey le tšebeletso ea hae Dominican Republic. Ka nako eo, re ne re sa nahane hore na pale ea Davey e ka ama batho hakae. Empa re ile ra makala ha re thola molaetsa o tsoang ho mor’abo rona Nick ka May 2019 o reng:
“Ho elella mafelong a 2004, ke ne ke le kh’olejeng, ke se na lipakane tsa moea ebile ke sa thaba eaba ke rapela Jehova ke mo kopa hore a nthuse ke mo sebeletse ke sa le mocha. Nakoana ka mor’a moo, ke ile ka bala Tsoha! e nang le pale ea Davey. Kannete ena e ne e le karabelo ea thapelo ea ka!
“Ke ile ka tlohela sekolo eaba ke ba pula-maliboho. Ka ipehela pakane ea ho ithuta Sepanishe le ho fallela naheng e ’ngoe. Ka mor’a nako, ke ile ka khona ho ea Nicaragua ka ba ka ea Sekolong sa Baevangeli ba ’Muso le mosali oa ka. Ha batho ba mpotsa hore na ke eng e ntšusumelelitseng hore ke be pula-maliboho, ke ba phetela pale ea Davey.”
Ntho e ’ngoe hape e ileng ea re makatsa ha re ne re le Kopanong ea Machaba ka 2019 Buenos Aires, Argentina, re ile ra fihlela hoteleng e le ’ngoe le morali’abo rona ea bitsoang Abi, ea neng a re hopotsa Davey. O ne a le mosa a bile a rata batho.
David le mosali oa hae hammoho le bana le balekane ba bona.
Ka letsatsi le leng ha re fihla hoteleng, re ile ra romella Abi sehlooho sa Tsoha! se buang ka Davey. Metsotso hamorao, o ile a re bolella hore o hloka ho kopana le rona hang-hang eaba re e’o kopana le eena. Ha re fihla o ile a re bolella a tletse likhapha ka mahlong hore pale ea Davey ke eona e mo khothalelitseng hore a qale ho ba pula-maliboho ka September 2011 le hore a ee tlhokahalong. O ile a re: “Ha ke ba le mathata tšebeletsong ea ka, ke bala sehlooho seo hape.” O ne a bile a e-na le Tsoha! eo ho eena.
Mehlala e kang ena e re bontša hore re karolo ea lelapa la Jehova le lefatšeng lohle. Ha ho na ntho e ka bapisoang le bonngoe bo teng har’a batho ba Jehova!
’Na le Kaye re tšeliseha haholo ha re bona kamoo mohlala oa Davey o khothalitseng ba bang kateng. Ha e le hantle bacha bohle ba ekelitseng tšebeletso ea bona ho Jehova baa re khothatsa kaofela. Ka linako tse ling ho ka etsahala hore ebe ha ba tsebe hore ho na le batho ba ba shebeletseng bao e reng ha ba bona cheseho ea bona ba khothalang hoo ba itellang ho sebeletsa Jehova.
“Ho Eena Baa Phela Kaofela”
Ho Luka 20:37, Jesu o pheta mantsoe ao Jehova a ileng aa bua ha a re: “Ke Molimo oa Abrahama, Isaka le Jakobo.” Jehova o ile a re e ntse e le Molimo oa bona le hoja ba sa phele. Jesu o re hlalosetsa lebaka leo a neng a cho joalo ka lona temaneng ea 38 ha a re: “Ho eena baa phela kaofela.”
Kannete Jehova o ikemiselitse ho tsosa bahlanka bohle ba hae ba tšepahalang ke ka hona a nkang eka baa phela. (Jobo 14:15; Johanne 5:28, 29) Ke kholisehile hore Jehova o ikutloa ka tsela e tšoanang ka Davey le bahlanka ba hae ba bang ba hlokahetseng.
Ke ’nete hore ke batla ho bona Davey empa nka thaba le ho feta ha a ka boela a kopana le Kaye. Lengolo la Luka 7:15 le re: “Mohlankana eo a tsoha, a lula ’me a qala ho bua eaba Jesu o mo isa ho ’mè oa hae.” Lengolo lena le bohlokoa haholo ho ’na hobane ke batla ho bona le phethahala ho Kaye kaha ha ke e-s’o bone ha motho a utloile bohloko joalokaha a ne a utloile bohloko.
Ka September 2005, ke ile ka etsa qeto ea ho ba pula-maliboho. Ke motlotlo haholo hore ebe ’na, mosali oa ka, bana ba rona hammoho le balekane ba bona re sebetsa ’moho re le bo-phula-maliboho. Rea tšehetsana re le lelapa e le hore kaofela re lule re e-na le tšepo ea ho phela lefatšeng le lecha moo re tla boela re kopane le Davey.