Batho ba Batla Litharollo
“Thuto ea MAD [Thipitlo e Tiisitsoeng e Kopanetsoeng Mahlakoreng ka Bobeli] e khopo. Ho na le ho hong ho kotsi haholo, le ho feta, ha re thea tšireletseho ea rōna matleng a ho bolaea basali ba Marussia le bana. E bile ke ho tšosang ka ho fetisisa—haeba hoo ho ka khoneha—ho pepesetsa batho ba rōna ka boomo timetsong ea nuclear hore feela re phethahatse litlhoko tsa khopolo e sa utloahaleng, ea boholo-holo, le e se nang bopaki.” Mantsoe ana, a boletsoeng ke setho sa Lekhotla la Palamente la U.S. William Armstrong a bontša maikutlo a ho se lulisehe ao Maamerika a mangata a nang le ’ona ka tšireletso e theiloeng matleng a ho iphetetsa.
Ho fapana le hoo, ka Tlhakubele 1983 Mopresidente Reagan oa U.S. o ile a hlahisa SDI e leng (Bohato ba Mahlale a Ntoa ba ho Itšireletsa), bo tsejoang haholo e le Star Wars. O itse: “Ke ipiletsa ho sechaba se hlalefileng se re nehileng lihlomo tsa nuclear ho sebelisa litalenta tsa bona tse khōlō molemong oa batho le khotsong ea lefatše: ho re nea tsela ea ho etsa hore lihlomo tsena tsa nuclear e be tse se nang thuso le tse siuoeng ke nako.”
Reagan o ile a bonela pele tlhahiso ea lihlomo tse sa tloaelehang, tsa mahlale—lisebelisoa tse sebelisang matla a mahlaseli a tlhaho, lithunya tse bolaeang ka ho ntša mahlaseli a athomo, le lihlomo tse ling tse bolaeang ka mahlaseli—tse neng li tla sireletsa Amerika le mabotho a eona ka ho senya liqhomane tsa limisaele tsa sera pele li ka fihla ho bahlaseluoa ba tsona.
Leha ho le joalo, ho ’nile ha pheuoa khang e khōlō ka SDI li sa tloha. Bahanyetsi ba eona ba bolela hore ho ea ka mahlale ho ke ke ha khoneha ho etsa “marulelo” a tšireletso a sa lutleng khahlanong le tlhaselo e reriloeng—’me “marulelo” a tšireletso a leng teng a lutlang ha se thuso khahlanong le lihlomo tsa nuclear. Setho sa palamente ea U.S. ha se akaretsa likhanyetso tse ling, se boletse ka ho belaela sa re “ntle ho ’nete ea hore tsamaiso ea SDI e ka hlōleha ka ho feletseng, e ke ke ea tsamaisoa ke batho empa e tla tsamaisoa ke li-computer feela, le hore e tla thibela lilekane tse ngata tsa taolo ea libetsa le hore e ka baka ntoa ea nuclear ea mocheso, . . . ha se tsamaiso e mpe.”
Soviet Union le eona e hanyetsa ka matla SDI. Har’a mabaka a mang, e bolela hore Amerika e mpa e batla ho haha lebota la tšireletso hore e khone ho tsokotsa lerumo. Ka lehlakoreng le leng, baholo ba ’muso oa U.S., ba qosa Masoviet ka hore ka sekhukhung a ntse a qapa tsamaiso ea ona e hlophisitsoeng ka mano ea ho itšireletsa.
Leha ho le joalo, SDI e tla bitsa chelete e ngata haholo ho e qapa le ho e sebelisa. Chelete e hakanngoang e tloha ho liranta tse limillione tse likete tse 270 ho ea ho tse libillione tse 2,8. Ha ho bapisoa, tsamaiso eohle ea litsela tse khōlō tse kahar’a naha tsa U.S. e bitsa liranta tse limillione tse 263! Ho sa tsotellehe hoo Lekhotla la U.S. la Naha le behetse kathōko limillione tse likete bakeng sa patlisiso ea SDI.
Tebello ea ho Beha Lihlomo Fatše
Letona la Tšireletso la Soviet le re: “Batho ba Soviet ba kholisehile hore ho beha lihlomo tsa nuclear fatše ke tiiso e tšepahalang ka ho fetisisa ea hore tlokotsi ea nuclear e tla thibeloa.” Ntle ho ho hlokomoloha lipakane tse khōlō, peiso ea libetsa e tsoela pele ka lebelo le leholo.
Tšitiso ea pele bakeng sa ho beha lihlomo fatše ke efe? Ke ho se tšepahale. Soviet Military Power 1987, khatiso ea Lefapha la Tšireletso la U.S., e qosa Soviet Union ka ‘ho batla ho busa lefatše lohle.’ Whence the Threat to Peace, khatiso ea Lefapha la Tšireletso la U.S.S.R., e bua ka “takatso e khōlō ea ho ‘busa lefatše’” ea ’muso oa U.S.
Esita leha ho ne ho ka buisanoa ka taolo ea libetsa, mahlakore ka bobeli a qosana ka ho ba le lipheo tsa boithati. Khatiso e qotsitsoeng ka holimo ea Soviet e qosa United States ka ho “thibela tsoelopele ea ho felisa libetsa e etsoang libakeng tsohle” ka boiteko ba ho “laola litaba tsa machaba ka baka la matla a eona.”
United States e phea khang ka hore taolo ea libetsa e mpa e le leano la Soviet la ho “thiba melemo e leng teng ea sesole.... Ho feta moo, [Moscow] e bona litumellano tsa taolo ea libetsa e le tsela ea ho ntšetsa pele lipheo tsa sesole sa Soviet le ho khella fatše tšehetso eo batho ba fanang ka eona melaong le mananeong a tšireletso ea Bophirima.”—Soviet Military Power 1987.
Tumellano e entsoeng haufinyana ea ho felisa liqhomane tsa limisaele tse leng ka har’a linaha e bonahala e le bohato bo boholo ba tsoelopele. Ke tumellano ea pele e kileng ea etsoa ea ho fokotsa—e seng ho lekanyetsa—lihlomo tsa nuclear. Ho sa tsotellehe hoo, selekane se joalo, le hoja se ka ba seholo hakae, se haelloa haholo ho felisa lihlomo tsohle tsa nuclear.
Bothata ba ho Tiisa Bonnete ba Taba
Leha ho le joalo, ha re re, mebuso eohle e nang le lihlomo tsa nuclear e lumellane ho bea lihlomo fatše ka ho feletseng. Ke eng e neng e ka thibela sechaba leha e le sefe kapa lichaba tsohle ho qhekella—ka ho se felise kapa ho hlahisa ka sekhukhung lihlomo tse thibetsoeng?
Kenneth Adelman, molaoli oa pele oa Lekhotla la U.S. la Taolo ea Libetsa le ho Beoa Fatše ha Libetsa, o itse: “Ho felisoa ha lihlomo tsa nuclear ho tla hloka tsamaiso e pharaletseng haholoanyane le e batlisisang haholo ho feta leha e le efe eo motho a ka e nahanang. . . . Ka lehlakoreng le leng, hoo ho ne ho tla bolela ho pepesetsoa ha lichaba tsohle bakeng sa ho hlahlojoa ke naha e sele.” Ho thata ho nahana hore sechaba leha e le sefe se ka amohela mokhoa o joalo oa tlhahlobo.
Empa ha re re mohlomong lichaba ka tsela e itseng li ne li ka hlōla litšitiso leha e le life tse khōlō ’me tsa lula li se na libetsa. Mahlale a lintho tse sebelisoang le tsebo e hlokahalang ea ho etsa bomo a tla ’ne a be teng. Ha ho ka ha etsahala hore ho qhome ntoa e tloaelehileng, kamehla ho tla ’ne ho be le monyetla oa hore e ka hōla ho fihlela ntlheng eo ho ka etsoang hape lihlomo tsa nuclear—le ho sebelisoa ha tsona.
Hans Bethe, e mong oa litsebi tsa mahlale a tlhaho ea bileng le seabo ho etseng bomo ea pele ea athomo, haufinyana o itse: “Re ne re nahana hore re ka tseba ho laola matla ana a phahametseng tlhaho. A ne a ke ke a khutlela ka botlolong, empa ho ne ho e-na le mabaka a utloahalang a ho nahana hore re ka a koalla ho eona. Joale kea tseba hore eo e ne e le toro.”
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ba bang ba phea khang ka hore ho itšireletsa tlhaselong ea nuclear ho feta ho iphetetsa kamor’a tlhaselo