Barekisi ba Lefu—Na U Moreki?
“Moshanyana ea tsubang o ’nile a bolelloa litemoso tsohle tse teng lefatšeng tsa hore ho tsuba ho tla u bolaea, ’me le ’na ke nahana joalo. Ke nahana hore ho tla u bolaea. Ke nahana hore sethoto leha e le sefe se kenyang mosi ka mpeng ea sona se tla kula. Ha ke e-s’o ka ke tsuba sekarete bophelong ba ka. Ke rua ka sona. . . . Tsela e le ’ngoe feela eo re hahang naha ena ka eona ke ka ho rekisa lithoto tsohle lefatšeng la koae.” James Sharp, molemi oa nako e telele oa koae Kentucky, ho “Merchants of Death—The American Tobacco Industry,” ka Larry C White.
TLHALOSO eo e tobileng e bua ho hoholo empa e siea lipotso tse ngatanyana li sa arabeloa. Ke hobane’ng ha batho ba fetang limillione tse sekete lefatšeng lohle ba tsuba? Ke’ng se ba susumelletsang ho tsoela pele ka tloaelo e tsebahalang e bolaea? Ho feta moo, taba ea koae e batla e tšoana le ea lithethefatsi—e hlahisoa habane e batloa. Haeba ho se na phaello, lenane la koae e hlahisoang lea theoha. Kahoo ke hobane’ng ha batho ba tsuba?
Bokhoba ke taba ea sehlooho. Hang ha nicotine e rala motheo ’meleng, ho ba le tlhoko ea letsatsi le leng le le leng ea ho tiisa motheo oo oa nicotine. Bokhoba bo kopane le tloaelo. Maemo a itseng, a bakiloeng ke tloaelo, a susumetsa takatso ea sekarete. E ka ba kapelenyana ka mor’a hore motho a tsohe kapa ha a qeta ho noa kopi ea pele ea kofi hoseng, ka mor’a lino tsa lijo tsa motšehare, khatello le ho sebelisana le batho mosebetsing, kapa boikhathollong. Litloaelo tse ngata tseo ho bonahalang li se bohlokoa li ka etsa hore motho a tsube.
Ke Hobane’ng ha ba Ile ba Tsuba?
Tsoha! e bile le lipuisano le batho ba bangata bao pele ba neng ba tsuba ho leka ho utloisisa tšusumetso ea ho tsuba. Ka mohlala, ho na le Ray, ea leng lilemong tsa hae tsa bo50, eo pele e neng e le mohlokomeli oa masole Lebothong la Metsing la U.S. O hlalositse: “Ke ne ke le lilemo tse ka bang 9 ha ke qala ho tsuba, empa ke ile ka tsuba hantle ha ke le lilemo li 12. Ke hopola hore ke ile ka lelekoa Sehlopheng sa Masupa-tsela a Bashanyana ka lebaka la ho tsuba.”
Tsoha!: “Ke’ng se ileng sa hapa thahasello ea hao ho tsubeng?”
Ray: “Ho tsuba ho ne ho bontša bonatla. Ke hore, ho ne ho bontša hore o monna. Ke hopola hore liphatlalatso mehleng eo li ne li bontša banna ba litima-mollo le mapolesa ba tsuba. ’Me hamorao Sesoleng sa Metsing, ke ile ka ba le mosebetsi o tepelletsang haholo oa ho sesisa likepe, ’me ke ile ka nahana hore ho tsuba ho nthusa ho mamella khatello ea maikutlo.
“Ke ne ke tloaetse ho tsuba pakete le halofo ka letsatsi [lisekarete tse 30] ’me ke ne ke sa qale letsatsi ke sa tsuba. Le joale, ke ne ke hula mosi. Ha ho bohlokoa ba ho tsuba haeba o sa hule mosi.”
Bill, setsebi sa botšoantši sa New York, eo le eena a leng lilemong tsa hae tsa bo50, o pheta pale e tšoanang:
“Ke qalile ha ke le ngoana ea lilemo tse 13. Ke ne ke batla ho tšoana le batho ba baholo. Hang ha ke qalile, ho ne ho sa batle ha ke tlohela. Ho ba le sekarete ho ne ho tšoana le ho ba le motsoalle. Ha e le hantle, haeba ke ne ke il’o robala ’me ke hlokomela hore ha ke na sekarete ka tlung, ke ne ke apara hape ’me, ho sa tsotellehe hore boemo ba leholimo ke bo joang, ke ne ke e-tsoa ke il’o reka pakete bakeng sa hosane. Ke ne ke tsuba pakete e le ’ngoe ho isa ho tse peli ka letsatsi. Kea lumela hore ke ne ke le lekhoba. ’Me ka nako e tšoanang ke ne ke e-noa haholo. Lintho tsena tse peli li ne li bonahala li tsamaisana hantle, haholo-holo matlong a ho noela moo ke neng ke qeta nako ea ka e ngata teng.”
Amy, e mocha ea nang le botsoalle, o qalile ho tsuba ha a le lilemo li 12. “Pele e ne e le khatello ea lithaka. Eaba, ntate oa shoa ha ke le lilemo li 15, ’me ho tepelletsoa maikutlong ho ile ha ntšusumetsa ho ea pele. Empa ha ke hōla, liphatlalatso li ile tsa ntšusumetsa, haholo-holo e reng, ‘U tsoa hōle, ngoana.’ Ke ne ke le ngoanana ea ratang thuto, ke ithutela ho ba mooki ea sebetsanang le ho buoa. Kapelenyana ke ile ka tsuba lipakete tse tharo ka letsatsi. Nako eo ke neng ke rata ho tsuba ka eona e ne e le ka mor’a lijo tsa motšehare le ka nako leha e le efe ha ke le thelefonong, e leng lintho tseo ke neng ke li etsa khafetsa.” Na o ile a hlokomela liphello leha e le life tse mpe? “Ke ne ke hohlola hoseng ’me ke tšoaroa ke hlooho, ’me ke ne ke se ke sa phele hantle ’meleng. Ho hloa methati e seng mekae feela ho ea kamoreng ea ka ho ne ho ntšiea ke khathetse hoo ke felloang ke moea. ’Me ke ne ke le lilemo li 19 feela!”
Harley, eo pele e neng e le mokhanni oa lifofane tsa Ntoa tsa Leoatleng, eo hajoale a leng lilemong tsa hae tsa bo60, o qalile ho tsuba nakong ea Ho Oa ha Moruo oa Lefatše ha a le lilemo li 5! Ke hobane’ng ha a ile a ho etsa? “Bana bohle ba ne ba tsuba Aberdeen, Dakota e ka Boroa, moo ke tsoang teng. Haeba u ne u tsuba, u ne u le senatla.”
Harley ha a nyenyefatse lebaka leo a tsubileng ka lona. “E ne e le monyaka o felletseng ho ’na. Ke ne ke hulela mosi tlaase matšoafong a ka ebe ke o tlohela moo. ’Me ke ne ke rata ho o ntša o ikharile. Ke ile ka fihla moo ke neng nke ke ka phela ka ntle ho sekarete sa ka. Ke ne ke qala letsatsi ka sekarete ’me ke le qetella ka sona. Lebothong la Sesole la Metsing, ke ne ke tsuba lipakete tse peli ho isa ho tse tharo ka letsatsi le lebokoso la lisekarete khoeli e ’ngoe le e ’ngoe.”
Bill, Ray, Amy, le Harley ba tlohetse ho tsuba. Ho joalo le ka ba bang ba limillione—ba fetang limillione tse 43 United States feela. Empa barekisi ba koae ha ba e-s’o tele. Ba batla bareki ba bacha ka linako tsohle.
Na U Mohlaseluoa?
Ka banna ba bangata ba khaotsang ho tsuba linaheng tse tsoetseng pele moruong, le ho lahleheloa ke bareki ka baka la lefu la tlhaho le le bakoang ke koae, lifeme tsa koae li ile tsa lokela ho batla bareki ba bacha. Mabakeng a mang li fetotse maqheka a tsona a liphatlalatso boitekong ba ho tšehetsa thekiso ea tsona. Ho tšehetsa liketsahalo tsa lipapali, joaloka tenese le litlholisano tsa makhaola-khang tsa kolofo, ke tsela e sebetsang hamolemo ea ho fa koae boemo boo ho nahanoang hore bo hloekile. Leqheka le leng ke ho hlasela libaka tsa khoebo. Na u ka ba e mong oa bareki ba tsona?
Bahlaseluoa ba pele: Basali. Palo e nyenyane ea basali e ’nile ea tsuba ka mashome a lilemo, e thusoa le ho khothalletsoa ke mohlala oa libapali tsa basali tsa libaesekopo joaloka Gloria Swanson, eo morao ka 1917 a neng a tsuba ha a le lilemo li 18. Ha e le hantle, o thotse e ’ngoe ea likarolo tsa hae tsa pele tsa ho bapala libaesekopong hobane, joalokaha motsamaisi a hlalositse: “Moriri oa hao, sefahleho sa hao, tsela eo u lulang ka eona, tsela eo u tsubang sekarete ka eona . . . u seo ke se batlang.”
Ka bo1940 Lauren Bacall, ea neng a hlahisoa lipapaling tsa libaesekopo le monna oa hae, Humphrey Bogart ea neng a tsuba haholo, le eena o ile a beha mohlala o hohelang oa ho tsuba. Empa ho reka ha basali lisekarete ka mehla ho ne ho ntse ho fetoa ke ha banna. ’Me ho bile joalo le ka manane a kankere a basali. Hajoale ba matha ka lebelo le leholo—ka ho tsuba le ka kankere ea matšoafo.
Lilemong tsa morao tjena tšekamelo e ncha ho phatlalatseng e ’nile ea hōla ka tekanyo e itseng ka lebaka la mosebetsi oa tlhōlisano e eketsehileng ea basali hammoho le tšusumetso e mano ea liphatlalatso tsa koae. Ke molaetsa ofe o romeloang ho basali? Feme ea Philip Morris, e etsang mefuta e fapaneng ea lisekarete, e hlahisa “Virginia Slims,” e tobisitsoeng ho mosali oa kajeno. Lepetjo la tsona ke lona le hapileng Amy maikutlo: “U tsoa hōle, ngoana.” Phatlalatso e bontša mosali ea atlehileng, oa kajeno ea tšoereng sekarete pakeng tsa menoana ea hae. Empa basali ba bang ba lokela ho ipotsa hajoale hore na ke hōle hakae moo ba tsoang teng. Lilemo tse ka holimo ho tse peli tse fetileng, kankere ea matšoafo e ile ea bolaea basali ho feta ea matsoele.
Mefuta e meng ea koae e fa basali pasela: “Lipakete tse 5 bakeng sa e le ’ngoe!” “Lipakete tse 50 bakeng sa lebokose!” Limakasine tse ling tsa basali li bile li na le litlankana bakeng sa lipakete tsa mahala!
Likamano tsa botona le botšehali ke tsela e ’ngoe e bonolo ea ho etsa hore lisekarete li bonahale li hohela. Mofuta o mong oa mema: “Fumana Monyaka o Eketsehileng.” Molaetsa o kopanyelletsa phatlalatso ea ntho e batloang, ha o re: “EA BATLOANG—Motho ea sa tsejoeng ea molelele, ea motšo bakeng sa kamano e monate e sa feleng. Chebahalo e ntle, tatso e monate ke tlamo. Ho Saennoe, Ho Batloa ka Cheseho Khotsofalo ea ho Tsuba. Sekarete se buelloang se tsoa se le ‘selelele’ se le ka pampiring e ntšo. Na hase kamahanyo e mano?
Lintho tse amahanngoang le feshene ke leraba le leng bakeng sa basali. Mofuta o mong o rorisoa e le “Mokete oa mokhoa oa feshene le tatso ke YVES SAINT LAURENT.” Leqheka le leng le sebelisetsoa basali ba amehileng ka boima ba ’mele. Phatlalatso e bontša setšoatšo sa ’mabotle ea mosesaane, ’me lisekarete li hlalosoa e le tse “Bobebe Haholo—Mokhoa oa feshene o bobebe ka ho fetisisa.”
Ke hobane’ng ha baetsi ba lisekarete ba hlasela basali ba lefatše? Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle o fane ka leseli le hlakileng ka litekanyetso tsa oona tsa hore “karolo e fetang ea 50 lekholong ea banna le ea 5 feela lekholong ea basali ea tsuba linaheng tse futsanehileng ha e bapisoa le karolo ea 30 lekholong ea banna le basali ba tsubang linaheng tse ruileng.” Ho na le khoebo e khōlō e ka fumanehang phaellong ea koae, ho sa tsotellehe seo e se etsang bophelong bo botle ba batho. ’Me barekisi ba koae baa atleha. Ho ea ka The New York Times, tlaleho ea ngaka e khōlō ea U.S., e ntšitsoeng ka Pherekhong 1989, e bontša hore ‘bana, haholo basetsana, ba qala ho tsuba ba sa le banyenyane’ ’me ba kopanyelletsa le bana ba sa leng sekolong se tlaase. Mohloli o mong o bolela hore lilemong tsa morao tjena palo ea bacha ba basetsana ba tsubang ba lilemo tse ka tlaase ho 20 United States e nyolohile ka karolo ea 40 lekholong.
Tlhaselo ea Morabe
Bukeng ea hae Merchants of Death—The American Tobacco Industry, Larry C. White oa bolela: “Batho ba batšo ke bareki ba batle ba lisekarete. Setsi sa Machaba sa Manane a Bophelo bo Botle se bontšitse hore ho tloha ka 1986, karolo e khōloanyana ea batho ba batšo e ne e tsuba ho feta ea ba basoeu [United States] . . . Hase ho makatsang ha batho ba batšo ba tsuba ka litekanyetso tse khōlō ho feta ba basoeu, hobane ke bahlaseluoa ba khethehileng ba thekiso ea lisekarete.” Ke hobane’ng ha e le bahlaseluoa ba khethehileng? Ho ea ka The Wall Street Journal, ke “sehlopha se sallang morao ho baahi ka kakaretso ho felisa tloaelo.” Ka lebaka leo, hangata moreki ea motšo ke moreki ea “tšepehang,” ‘ho fihlela lefu le re arohanya.’
Ke joang lifeme tsa koae li lebisang tlhokomelo ea tsona ho baahi ba batšo? Mongoli White oa bolela: “Lisekarete li phatlalatsoa ka ho fetelletseng limakasineng tsa batho ba batšo joaloka Ebony, Jet, le Essence. Ka 1985 lisekarete tsa koae li sebelisitse lidolara tse limillione tse 3, 3 [liranta tse limillione tse 8, 4] liphatlalatsong ho Ebony feela.” Feme e ’ngoe ea koae e boetse e tšehetsa pontšo ea selemo le selemo ea feshene e tobisitsoeng ho basali ba bareki ba batšo. Ho ntšoa lisekarete tsa mahala. Feme e ’ngoe e ne e tšehetsa mokete oa ’mino oa jazz ’me e tsoela pele ho tšehetsa mekete ea ’mino e tloaelehileng har’a batho ba batšo. Batho ba batšo ke bahlaseluoa ba khethehileng hakae? Moemeli oa Philip Morris o boletse: “Bareki ba batho ba batšo ba bohlokoa haholo. Ke bareki ba matla haholo.”
Empa ho na le bareki ba bohlokoa ba lifeme tse khōlō tsa koae—e seng feela merabe kapa lihlopha tsa batho empa lichaba kaofela!
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]
“Ho ba le sekarete ho ne ho tšoana le ho ba le motsoalle”
[Lebokose le leqepheng la 9]
HO TSUBA le Boloetse ba Buerger
Mohlala oa morao tjena oa Canada, o tlalehiloeng ke Maclean’s, o bontša boloetse bo bong hape bo amanang le ho tsuba. Roger Perron o qalile ho tsuba ha a le lilemo li 13. Ha a le lilemo li 27, o ile a tšoaroa ke boloetse ba Buerger ’me a tlameha hore a khaole leoto le le leng ka tlas’a lengoele. O ile a lemosoa hore haeba a tsoela pele ho tsuba, boloetse bona bo ka ’na ba mo hlasela hape. Maclean’s e ea tlaleha: “Empa Perron o ile a hlokomoloha temoso, ’me ka 1983 lingaka li ile tsa tlameha ho mo khaola leoto le leng hape. Ka mor’a moo, Perron . . . o ile a qetella a tlohetse ho tsuba.” Ha joale u qosa feme ea koae khotla ka baka la ho holofala ha hae.
Boloetse ba Buerger ke’ng? “Hangata bo ba teng ho banna ba tsubang. Boloetse bona bo khetholloa ke ho cha ha methapo e tsamaisang mali a tsoang pelong, le e isang mali pelong, le methapo ea kutlo, ho lebisang ho ruruheng ha mabotana a methapo ea mali ho bakoang ke ho phunyelletsa ha lisele tse tšoeu tsa mali. Hangata matšoao ke lebali le leholo le letala monoaneng o motona oa leoto le ho hatsela ha leoto le tšoaelitsoeng. Kaha methapo ea kutlo le eona e chele, ho ka ba le ho utloa bohloko ho matla le ho honyela ha methapo e menyenyane ea mali e laoloang ke eona. Methapo ea kutlo e arabelang ka ho fetelletseng ho utloeng bohloko le eona e ka etsa hore maoto a fufuleloe haholo, ekasita leha a hatsetse. . . . Liso tse hlaselang likarolo tsa mali le mofetše ke matšoao a tloaelehileng a bang teng ha boloetse ba Buerger bo ntse bo tsoela pele.
“Sesosa sa boloetse ba Buerger ha se tsejoe, empa kaha hangata bo ba teng ho bahlankana ba tsubang, ho nahanoa hore bo bakoa ke ho arabela nthong e ’ngoe e itseng sekareteng. Phekolo ea bohlokoa ka ho fetisisa ke ho khaotsa ho tsuba.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—The Columbia University College ofPhysicians and Surgeons Complete Home Medical Guide.
[Lebokose le leqepheng la 9]
HO TSUBA le Lefu la Pelo
“Leha batho ba bangata ba hlokomela hantle kamano e leng teng pakeng tsa ho tsuba sekarete le kankere ea matšoafo le maloetse a mang a amanang le matšoafo, ba bangata ba sa ntse ba sa hlokomele hore ho tsuba e boetse ke lebaka le leholo le kotsi la lefu la pelo. Ha e le hantle, . . . tlaleho ea Ngaka e Khōlō e buang ka Ho Tsuba le Bophelo bo Botle e lekanyetsa hore mafu a 225 000 a Maamerika [U.S.] a bakoang ke boloetse ba pelo le methapo ea mali selemo le selemo a amahanngoa ka ho toba le ho tsuba—mafu a mang hape a mangata ho feta palo-kakaretso ea kankere le boloetse bo amanang le pelo le methapo ea mali a amahangoa le ho tsuba.
“Hangata bakuli baa botsa haeba lisekarete tse se nang bokoali bo bongata, le nicotine e ngata li fokotsa kotsi ea boloetse bo amanang le pelo le methapo ea mali. Karabo e bonahala e le ‘che.’ Ha e le hantle, lisekarete tse ling tse nang le filter li eketsa tekanyetso ea carbon monoxide e huloang, ’me e etse hore li be mpe haholo bakeng sa pelo ho feta mefuta e se nang filter.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—The Columbia University College of Physicians and Surgeons Complete Home Medical Guide.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Liphatlalatso tsa koae li lebisitsoe ho basali ’me lia hlōla