Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo Tsa Bona Tse Fetileng
Karolo 24—Hona Joale le ka ho sa Feleng—Botle ba ka ho sa Feleng ba Bolumeli ba ’Nete
“Bolumeli, haeba bo ne bo ikapesitse ka linnete tsa leholimo, bo ne bo tla tsotoa ka tlhompho.”—William Cowper, sethothokisi sa Lenyesemane sa lekholong la bo18 la lilemo
HA HO letho le ka tsotoang ka tlhompho ka bolumeli ba bohata. Bo tliselitse batho litsietsi le mahlomola ka lilemo tse makholo a 60. Leshano la bona, thetso ea bona, le mano a bona, le litsela tsa bona tsa lehloeo li bo entse bo sa rateheng mahlong a Molimo le batho. Ho fapana le ho ikapesa ka linnete tsa leholimo, bolumeli ba bohata bo hanyetsa ’nete le botle.
Haufinyane mabotho a Molimo a timetsang ntle ho qenehelo a tla lihela bolumeli ba bohata sekoting sa timetso ea ka ho sa feleng. Kapele ka mor’a moo, tsamaiso eohle ea Satane e tla timetsoa. Empa bolumeli ba ’nete, hammoho le ba bo sebelisang, bo tla sala bo le teng. E tla ba thabo e kaakang ho bona botle ba bona ba ka ho sa feleng bo bonahatsoa haholo ho feta kamoo re ka nahanang ka bona kajeno!
Ke Botle Bofe?
Ho na le botle bo bongata bolumeling ba ’nete. Bo seng bokae ba botle bona ke bona. Ke hobane’ng ha u sa iphe nako ho talima mangolo a Bibele a qotsitsoeng a pakang botle bona ba ka ho sa feleng bo theiloeng Bibeleng?
Har’a botle bo bongata ba ka ho sa feleng ba bolumeli ba ’nete ke hore:
▪ Bo theiloe ’neteng ea Molimo o sa foseng, oo lebitso la ’ona e leng Jehova, eo re ka mo tšepang ka ho felletseng.—Pesaleme ea 83:18; Esaia 55:10, 11.
▪ Boa fumaneha ho e mong le e mong ea pelo e ikokobelitseng, ha boa lekanyetsoa feela ho batho ba bohlale bo phahameng.—Mattheu 11:25; 1 Ba-Korinthe 1:26-28.
▪ Bo hlokomoloha morabe, boemo sechabeng, le boemo ba moruo.—Liketso 10:34, 35; 17:24-27.
▪ Bo fana ka tšepo e tiileng ea bophelo lefatšeng la khotso le tšireletseho ka ntle ho masoabi, ho kula, mahlomola, le lefu.—Esaia 32:18; Tšenolo 21:3, 4
▪ Bo fana ka motheo oo litho tsa bona li ka lulang e le bana ba motho ba tšepahalang lefatšeng lohle, ba kopaneng, ba lumellanang ka thuto, boitšoaro, le moea.—Pesaleme ea 133:1; Johanne 13:35.
▪ Bo neha motho e mong le e mong—monna, mosali, le ngoana—monyetla oa ho kopanela ka mafolo-folo mosebetsing oa Molimo o tlatsang bophelo ka morero.—1 Ba-Korinthe 15:58; Ba-Heberu 13:15, 16.
▪ Bo re lemosa ka likotsi tse ipatileng, bo re ruta kamoo re ka itšoarang kateng hore re rue molemo.—Liproverbia 4:10-13; Esaia 48:17, 18.
Ke hobane’ng ha ho boleloa hore botle ba bona ke ba ka ho sa feleng? Hobane bo tla lula bo le teng ha feela bolumeli ba ’nete bo ntse bo le teng—ka ho sa feleng.
Ho Tlatsa Likheo
Ho ka boleloa hore lefu ke sera se seholo ka ho fetisisa sa ’nete, kahobane hangata batho ba theohela lebitleng le boitsebiso boo ho seng motho e mong ea bo tsebang ha e se bona feela. Ka mohlala, boitsebiso bo nepahetseng ba liketsahalo tsa haufinyane—ho bolaoa ha mopresidente oa U.S. J. F. Kennedy ka 1963—e sa ntse e le mohloli oa tsekisano. Linnete ke life? Ke mang ea tsebang hantle? Ba bangata ba neng ba ka tseba ba shoele. Haeba ho joalo ka ketsahalo ea lilemong tse 26 tse fetileng, ho thoe’ng ka liketsahalo tse etsahetseng lilemong tse makholo kapa tse likete tse fetileng?
Ho phaella moo, bo-rahistori le bona ke batho, batho ba nang le tsebo e lekanyelitsoeng le ba sebetsang tlas’a bofokoli ba ho se phethahale ha botho ’me mohlomong ba leeme. Ke kahoo motho a etsang hantle ha a se hlooho e thata ka lintho tseo a se nang bonnete ba tsona, tlaleho ea Molimo e bululetsoeng.
Ho ngola ka histori ea bolumeli ho fana ka mathata a tšoanang, kaha hangata bangoli ha ba lumellane ka linnete tse ling. Letotong la “Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo tsa Bona tse Fetileng,” Tsoha! e lekile ho hlahisa linnete tse nang le bopaki, empa ho lokela ho lumeloa hore nakong ea joale ho na le lintho tse ling tseo re sa li tsebeng. Ka mohlala, ke ho isa boholeng bofe ba ipolelang e le Bakreste ba neng ba khomarela lithuto tsa Bokreste ba ’nete Mehleng e Lefifi?
Ka lihlopha tsena, moprofesa oa histori ea kereke A. M. Renwick oa hlokomela: “Phuputso e ngata ea histori e sa ntse e netefatsa pale le boemo ba bolumeli ba lihlopha tseo tse ngata.” Ho ea ka Renwick, “nakong e fetileng bo-rahistori ba ile ba itšetleha haholo ka lipolelo tsa lira tsa lihlopha tse sa lumellaneng bakeng sa tekanyetso ea bona ea melao le boitšoaro.” Leha ho le joalo, ho itšetleha haholo ka lipolelo tsa metsoalle ea bona ho ka boela ha fella ka pono e khopamisitsoeng. Kahoo esita le ka mor’a phuputso ea nako e telele ea histori, lipotso tse ngata li tla sala li sa arajoa.
Ho thoe’ng ka Bibele? Joaloka buka e bululetsoeng ke Molimo e nang le histori ea bolumeli, e tšepahala nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo e e bolelang. Empa e bua hanyenyane ka mekhoa eohle ea bolumeli ba bohata e kileng ea ba teng. Kahoo hoa utloahala hore ha e sale e ne e fanoe ho sebeletsa e le buka ea bolumeli ba ’nete, e seng ba bohata.
Esita le ka bolumeli ba ’nete, Bibele ha e re bolelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe. E re neha boitsebiso bo lekaneng ho khetholla bolumeli ba ’nete ka katleho, empa ka linako tse ling e tlohela boitsebiso bo bong. Le hoja linnete tsena e ka ba tse thabisang le tse thahasellisang ho li tseba, nakong ea joale ha li bohlokoa.
Joale, Bibele e-na le likheo tsa nako. Ka mohlala, ha e bue letho ka se etsahetseng nakong e ka holimo ho lilemo tse 400 tse fetileng mahareng a ho qeta ho ngoloa ha Mangolo a Seheberu, a tsebahalang e le Testamente ea Khale, le ho hlaha ha Jesu. Ha e sa le Bibele e qeta ho ngoloa, ho se ho fetile lilemo tse ka bang 1900.
Kahoo bakeng sa karolo e khōlō ea makholo a 18 a lilemo, ha re na tlaleho e bululetsoeng ea Bokreste. Ke sona se bakang lipelaelo ka ba bang ba ipolelang e le Bakreste, joalokaha ho boletse mongoli Renwick. Leha ho le joalo, ho hlakile hore bonyane ba bang ho theosa le makholo a lilemo ba ne ba khomaretse Bokreste ba pele. Leha ho le joalo, ho na le lipotso tse sa rarolloang tse lokelang ho sebetsana le merero le botšepehi ba batho ba itseng ba lilemong tse fetileng. Ho thoe’ng ka baeta-pele ba bang ba Tsosoloso? Ho thoe’ng ka banna ba kang Confucius le Muhammad? Le hoja litsamaiso tsa joale tsa bolumeli li ka ahloloa ka ho nepahetseng motheong oa litholoana tsa bona, batho ka bomong—haholo-holo haeba e le khale ba shoele—ba ke ke ba ahloloa ka ho nepahetseng.
Leha ho le joalo, haeba ke thato ea ’Mōpi lefatšeng le lecha hore libuka tsa histori li ngoloe—ho kopanyelletsa le histori ea bolumeli—ho tla ba bonolo. Lena ke lebaka le leng la botle ba bolumeli ba ’nete—tiiso ea hore bafu ba tla tsosoa.—Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15.
Ak’u nahane ka thabo ea ho fumana likarabo tse nepahetseng lipotsong tsa rōna ka ho buisana le batho ba tsositsoeng bao ka sebele ba entseng lintho tseo re li balileng libukeng tsa histori. Nahana ha u se u tseba ho tlatsa linnete tse haellang, joaloka lebitso la Faro ea shoetseng Leoatleng le Lefubelu le ea ileng a ba le phihlelo ea likotlo tsa Egepeta.
Haeba tlaleho e joalo ka letsatsi le leng e ne e lokela ho ngoloa, e ne e tla ngoloa ho halaletsa le ho hlatsoa ka ho sa feleng mothei oa bolumeli ba ’nete, Jehova Molimo. Ha ho pelaelo ka sena. Leha ho le joalo, potso e salang ke ena: Na u tla ba teng ho e bala?
Ho Tsota ha ho a Lekana
Botle ba ka ho sa feleng ba bolumeli ba ’nete ha bo bonahale habonolo ka mehla joalokaha mantsoe a Cowper a qotsitsoeng qalong ea sehlooho sena a ka bonahala a bolela joalo. Ka lebaka leo, tokollo ea pele ea Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence e ile ea hlahloba sena lilemong tse 110 tse fetileng: “’Nete e tšoana le palesa e nyenyane e ntle e metseng lehoatateng, eo ka ho felletseng e pupelitsoeng ke lehola la bobe le hōlang ka matla. Haeba u ne u lokela ho e fumana u ne u tla e hlokomela. Haeba u ne u batla ho bona botle ba eona, u ne u tla fothola lehola la bobe le meutloa ea boikhohomoso. Haeba u ne u tla ba le eona, u ne u tlameha ho inama hore u e fihlele.”
Ho tšeptjoa hore “Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo tsa Bona tse Fetileng” bo thusitse babali ba rōna ho “fothola lehola la bobe le meutloa ea boikhohomoso” e le ho ananela botle bo sa feleng ba bolumeli ba ’nete.
Empa kananelo ha ea lekana. Maele a Sechaena ke a loketseng: “Thuto e kenang litsebeng empa e seng pelong e tšoana le lijo tsa motšehare tse jeoang torong.” Haeba re tla rua molemo ka borōna ho botle bo sa feleng ba bolumeli ba ’nete—e seng ho lora feela ka bona—ke hoa bohlokoa hore seo re ithutang sona se finyelle lipelo tsa rōna, e seng litsebe feela.
Bala ka hloko lebokose le nang le sehlooho “Ho Khetholla Bolumeli ba Hao e le ba ’Nete Kapa ba Bohata.” Joale ipotse: ‘Na hona joale ke lumela hore ho ea ka moo ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o leng ka teng, Voltaire o ne a nepile ha a ne bitsa bolumeli “sera sa batho”? Na ho talima histori ena ea bolumeli ho nthusitse ho khetholla bolumeli ba ’nete, ’me na nakong ena ea ho qetela litabeng tsa batho ke tseba moo bo fumanoang teng? Haeba ho joalo, na ke batla ho tšoana le motho eo sethothokisi sa lekholong la bo18 sa Lefora Joseph Joubert, a mo hlalositseng e le ea “fumanang thabo le mosebetsi ho bona”?’
E se eka bohle ba arabelang ka e lipotsong tse ka holimo ba ka tsoela pele ho rua molemo ka ho bala Tsoha! le libuka tse tsamaisang le eona. Re u khothalletsa ho latela keletso e bohlale e boletsoeng ka holimo ea Zion’s Watch Tower: “U se ke ua khotsofalla palesa e le ’ngoe ea ’nete. Haeba e le ’ngoe e ne e lekane, ho ke ke ha ba le tse eketsehileng. Bokella ka mehla, batla tse eketsehileng.”
E, tsoela pele ho bokella, tsoela pele ho batla tse eketsehileng—batla botle bo eketsehileng bo sa feleng ba bolumeli ba ’nete!
[Lebokose le leqepheng la 26]
Ho Khetholla Bolumeli ba Hao e le ba ’Nete Kapa ba Bohata
▪ Bolumeli ba ’nete bo susumetsa barapeli ba bona ka tlamo e sa khaoheng ea lerato le bonngoe e sa angoeng ke meeli ea bochaba. (Johanne 13:35) Bolumeli ba bohata ha bo susumetse lerato le joalo. Ho e-na le hoo, ho tšoana le Kaine, litho tsa bona li bolaeana lintoeng tsa machaba.—1 Johanne 3:10-12.
▪ Bolumeli ba ’nete ha bo itšunye lipolotiking tsa batho ’me bo talima ho ’Mōpi bakeng sa tharollo ea mathata a lefatše ka ’Muso oa hae. Bolumeli ba bohata bo latela mohlala oa Nimrode Toreng ea Babele. Bo itšunya lipolotiking, bo tšepa melingoana ea lipolotiki eo bo itšunyang litabeng tsa eona, ’me ka morao bo rala motheo oa ho felisoa ha bona.—Daniele 2:44; Johanne 18:36; Jakobo 1:27.
▪ Bolumeli ba ’nete bo hlokomela Jehova e le Molimo oa ’nete, eena feela ea tsebang ho lokolla khatellong. Bolumeli ba bohata, joaloka bo neng bo sebelisoa Egepeta le Greece, bo fana ka melimo ea litšōmo e mengata e se nang thuso eo kaofela e se nang meputso.—Esaia 42:5; 1 Ba-Korinthe 8:5, 6.
▪ Bolumeli ba ’nete bo tšepisa bophelo bo sa feleng lefatšeng ka thabo. Ka mohlala, bolumeli ba bohata—Bobuddha—bo nka bophelo lefatšeng e le bo sa lakatseheng ’me e le ntho e tla lokolleloa sebakeng se sa tsejoeng ka mor’a lefu.—Pesaleme ea 37:29; Tšenolo 21:3, 4.
▪ Bolumeli ba ’nete, ka buka ea bona e halalelang, Bibele, bo kenya batho tumelo e sa sisinyeheng; bo ba neha tšepo e tiileng ’me bo ba susumelletsa liketsong tsa lerato la ’nete ho Molimo le moahisani. (2 Timothea 3:16, 17) Bolumeli ba bohata, ho sa tsotellehe libuka tsa bona tse halalelang, boholo ba bona bo hlōleha ho etsa lintho tsena.—1 Johanne 5:3, 4.
▪ Bolumeli ba ’nete bo tšoauoa ka balebeli ba ikokobelitseng. Bolumeli ba bohata bo hlokomeloa ka baeta pele ba ikhohomosang, ba itaolang, ba ikemiselitseng ho sotha ’nete le ba batlang ho amoheloa ke lipolotiki le lefatše.—Liketso 20:28, 29; 1 Petrose 5:2, 3.
▪ Bolumeli ba ’nete, tsela ea boikokobetso bo nepahetseng ho Molimo, bo tsoka sabole ea moea, e seng sabole ea sebele. Ka lehlakoreng le leng, bolumeli ba bohata bo sekisetsa melao ea ’nete, bo roba ho se nke lehlakore ha Bokreste, ’me bo phehella likameho tsa batho ho feta lithahasello tsa Molimo.—2 Ba-Korinthe 10:3-5.
▪ Bolumeli ba ’nete bo hapa lipelo tsa batho bao e seng balumeli ho rapela Molimo oa ’nete. Bolumeli ba bohata bo tlatsetsa boikutlong ba ho belaela, monahano o lokolohileng, bochaba le ho iphapanya.—Luka 1:17; 1 Ba-Korinthe 14:24, 25.
▪ Bolumeli ba ’nete, joalokaha bo sebelisoa ke Lipaki tsa Jehova, bo atleha haholo moeeng ho feta leha e le neng pele. Bolumeli ba bohata, boo liaparo tsa bona li tletseng mali, bo bolaoa ke tlala ea moea ka lebaka la tšehetso e qephang.—Esaia 65:13, 14.
Bokamoso ba bolumeli ha ho talingoa liketsahalo tsa bona tse fetileng ke bofe? Bolumeli ba bohata ha bo na bokamoso. Tsoa ho bona! (Tšenolo 18:4, 5) Retelehela bolumeling ba ’nete. Bo tla lula bo le teng ka ho sa feleng.