Bakreste ba ’Nete le Ntoa
JESU o ile a bolella barutuoa ba hae: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joalo ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna.” (Johanne 13:34) Na Bakreste ba ’nete ba ka bontša lerato le joalo e mong ho e mong ’me ka nako e tšoanang ba nka karolo ntoeng le ho bolaeana?
Nahana hape ka potso e kileng ea botsoa ke moapostola Pauluse: “Na Kreste o arohane?” (1 Ba-Korinthe 1:13, Revised Standard Version, Catholic Edition) Ipotse: ‘Na ho ka ba le karohano e khōlō ho feta eo e fellang ka hore litho tsa bolumeli bo tšoanang li bolaeane?’
Ka sebele, ha rea lokela ho makala ho ithuta hore Bakreste ba pele ha ba ka ba ea ntoeng. Encyclopædia of Religion and Ethics ea Hastings e tsebahalang e hlokometse: “Pono e neng e jele setsi har’a Kereke ea pele e ne e le hore ntoa ke ho hloka toka ho hlophisitsoeng hoo Kereke le balateli ba Kreste ba neng ba tlameha ho ho qoba ka ho feletseng.”
Bakreste ba pele ba ne ba phela ho latela molao oa Jesu oa ho ratana. Moruti oa thuto ea bolumeli oa Jeremane Peter Meinhold o ile a hlalosa: “Le hoja Testamente e Ncha e sa bue letho ka potso ea hore na Bakreste e ka ba masole kapa che le hore na ba lokela ho itokolla sesoleng ha e e-ba Bakreste, kereke ea boholo-holo e ile ea nka bohato ka taba ena. Ho ba Mokreste le lesole ho ne ho nkoa e le lintho tse sa kopaneng.” Na leha e le mang kajeno a ka nka bohato bo tšoanang le ba “kereke ea boholo-holo”?
Na ho na le Bakreste Leha e le Bafe ba ’Nete Kajeno?
Encyclopedia Canadiana e re: “Mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova ke ho tsosolosa le ho hloma Bokreste ba pele bo neng bo sebelisoa ke Jesu le barutuoa ba hae lekholong la pele le la bobeli la mehla ea rōna. . . . Bohle ke baena.”
Sena se hlile se sebetsa joang? Australian Encyclopædia ea hlokomela: “Lipaki tsa Jehova li boloka ho se nke lehlakore ho tiileng nakong ea ntoa.” Le hoja ka bomong li ka khetha ho nka boemo bona, ha li itšunya-tšunye litabeng tsa ’muso oo li phelang tlas’a oona. Ka hona ha lia ka tsa tšehetsa ntoa ea Hitler, ’me ha ho le e ’ngoe ea tsona e ileng ea ahloloa joaloka motlōli oa molao oa ntoa liqosong tsa Nuremberg.
Mojeremane e mong ea ileng a fumanoa a le molato ’me a bolaoa e ne e le Alfred Rosenberg, hlooho ea Lefapha la Nazi la Litaba tsa Kantle ho Naha. Ha a sireletsa leano la Nazi la ho kenya Lipaki tsa Jehova likampong tsa mahloriso, Rosenberg o ile a fana ka bopaki nakong ea kahlolo ea hae: “Ha ke ntse ke le ka seleng ka mosa moruti oa sesole oa Leamerika o ile a mpha koranta ea kereke e tsoang Columbus [Ohio]. Ke ile ka hlokomela hore United States le eona e ile ea tšoara Lipaki tsa Jehova nakong ea ntoa le hore ho fihlela ka December 1945, tse 11 000 tsa tsona li ne li sa koaletsoe likampong.” Ke ’nete hore Lipaki tsa Jehova li ile tsa boloka ho se nke lehlakore ka ho tiileng, tsa se nke lehlakore ha ho e-na le liqabang tsa lipolotiki. Ha lia tšolla mali ho hang, Ntoeng ea II ea Lefatše kapa ntoeng leha e le efe e ’ngoe.
Hungary, mongoli ho makasine ea Ring ea la 4 November, 1992, o ile a re ka Lipaki tsa Jehova: “Li khetha ho shoa ho e-na le ho bolaea motho e mong. Ka lebaka leo, ke kholisehile hore haeba Lipaki tsa Jehova e ne e le tsona feela tse phelang lefatšeng, ho ka be ho sa qhoma lintoa leha e le kae.” Reo M. Christenson, moprofesa oa saense ea lipolotiki ho The Christian Century o ile a tšohla taba ea hore na Mokreste oa ’nete a ka ba le seabo ntoeng ’me o ile a fihlela qeto ena:
“Na ka ho tebileng ho na le motho leha e le ofe ea ka nahanang ka Jesu a akhela seqhomane sa letsoho ho lira tsa hae, a sebelisa sethunya sa morathatha, a sebelisa sebetsa se ntšang mollo, a liha libomo tsa nyutlelie kapa a tsoibila limisaele tse lebisitsoeng k’honthinenteng e ’ngoe tse neng li tla bolaea kapa ho holofatsa bo-’mè le bana ba likete? Potso ena e hloka moelelo hoo e sa lokelang ho arabeloa. Haeba Jesu a ne a ke ke a etsa lintho tsena joalokaha seo se lebeletsoe ho eena, joale re ka etsa lintho tsena joang ’me ra ipaka re tšepahala ho eena?” Ena ke potso e susumetsang motho ho nahana ka botebo.
Leha ho le joalo, malumeli a lefatše a tsoela pele ho nka karolo ntoeng. Mak’hatholike a tsoela pele ho bolaea Mak’hatholike, ’me batho ba malumeli a mang ba bolaea batho ba bolumeli ba bona kapa litho tsa likereke tse ling. Ho latela lithuto tsa Jesu Kreste, ho hlokahala kholiseho e tiileng le sebete joalokaha pale e latelang ea ’nete e bontša.
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Na ka ho tebileng motho leha e le ofe a ka nahana ka Jesu a sebelisa sethunya sa morathatha ntoeng?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
U.S. National Archives photo