Khetho ea Ka Pakeng Tsa Bo-Ntate ba Babeli
“Ha u sa le mora oa ka! Tsoa ka tlung ka mona hang-hang, ’me u se ke ua ba ua hlola u le beha mona ho fihlela u tloheletse bolumeli boo!”
KA LIAPARO tseo ke neng ke li apere feela, ke ile ka tsoa. Bosiung boo ho ne ho qhoma liqhomane motseng moo, ’me ke ne ke sa tsebe hore na ke ea hokae. Ho ile ha feta lilemo tse fetang tse tšeletseng pele nka khutlela lapeng.
Ke’ng se neng se ka halefisa ntat’a motho hakaalo hoo a neng a ka ba a tebela mora oa hae? Ha nke ke hlalose hore na tsena tsohle li qalile joang.
Ho Hōlela Lefatšeng le Tletseng Lehloeo
Batsoali ba ka ba lula Beirut, Lebanon, naha e kileng ea tuma ka ho hohela bahahlauli. Leha ho le joalo, ho tloha ka 1975 ho fihlela ka 1990, motse oo e bile lebala la ntoa e mahlo-mafubelu. Ke hlahile ka 1969, ke le letsibolo lelapeng la Maarmenia le nang le bana ba bararo. Ka hona, mehopolo ea ka ea bongoaneng ke ea linako tsa khotso.
Batsoali ba ka ba ne ba kena Kereke ea Boapostola ea Armenia, empa ’Mè o ne a atisa ho re isa kerekeng habeli feela ka selemo—ka Easter le ka Keresemese. Ka hona lelapa leso e ne e hlile e se la bolumeli. Leha ho le joalo, ke ile ka isoa sekolong se phahameng sa kereke ea Evangeli, moo ke ileng ka rutoa thuto ea bolumeli. Ka nako eo, ke ne ke sa thahaselle bolumeli.
Ntho e ’ngoe eo Maarmenia a mangata a neng a ithuta eona ho tloha bongoaneng e ne e le ho hloea Maturkey. Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, Maturkey a ne a ile a bolaea Maarmenia a likete tse makholo ’me a hapa boholo ba naha ea Armenia. Ka 1920, karolo e ka bochabela e neng e setse e ile ea fetoha rephabliki ea Soviet Union. Joaloka mocha, ke ne ke ikemiselitse ho loanela toka.
Ho Fetola Monahano
Leha ho le joalo, lilemong tsa bo-1980, ha ke ne ke le bohareng ba lilemo tsa bocha, lintho tseo Malome a ileng a mpolella tsona li ile tsa qala ho fetola monahano oa ka. O ile a mpolella hore haufinyane Molimo ea Matla ’Ohle o tla lokisa ho hloka toka hohle. O ile a hlalosa hore ka ’Muso oo Jesu Kreste a ileng a ruta balateli ba hae ho o rapella, esita le ba bolailoeng lipolaong tse sehlōhō ba ne ba tla tsosetsoa bophelong lefatšeng.—Matheu 6:9, 10; Liketso 24:15; Tšenolo 21:3, 4.
Ke ile ka hlolloa. Ke batla ho utloa ho eketsehileng, ke ile ka tsoela pele ho mo botsa lipotso. Sena se ile sa lebisa thutong ea Bibele, e neng e tšoareloa lelapeng la Paki e ’ngoe.
Ha ke ntse ke ithuta ka Ntate oa ka oa leholimo, Jehova, ’me ke mo rata ka ho eketsehileng, ke ile ka qala ho tšoha hore ka letsatsi le leng ke tla talimana le ho etsa qeto e boima—ea ho khetha pakeng tsa lelapa leso le Jehova Molimo.—Pesaleme ea 83:18.
Khetho e Boima Bakeng sa Mocha ea Lilemo li 17
Qetellong, ’Mè o ile a tseba ka ho kopanela ha ka le Lipaki tsa Jehova. O ile a halefa haholo ’me a ntaela hore ke khaotse thuto ea ka ea Bibele. Ha a hlokomela hore e hlile ha ke cheche ho seo ke se lumelang, o ile a ntšokela ka hore o tla bolella Ntate. Ka nako eo, ke ne ke sa tsotelle hobane ke ne ke nahana hore ke tla khona ho sebetsana le boemo ’me ke ikemele khahlanong le Ntate. Empa ke ne ke fositse.
Ha Ntate a utloa hore ke ne ke kopanela le Lipaki tsa Jehova, o ile a halefa haholo. O ile a ntšokela ka ho ntebela lapeng haeba ke sa khaotse thuto ea ka ea Bibele. Ke ile ka mo bolella hore ke ne nke ke ka khaotsa hobane seo ke neng ke ithuta sona e ne e le ’nete. Ka mor’a ho omana, ho tlerola le ho ikana, o ile a qala ho lla joaloka ngoana. O ile a nkōpa ka ho toba hore ke khaotse ho kopanela le Lipaki.
Ke ne ke arohane maikutlo, ke arohane pakeng tsa bo-ntate ba babeli—Jehova le eena. Ke ne ke tseba hore bobeli ba bona ba nthata haholo, ’me ke ne ke batla ho ba khotsofatsa ka bobeli; empa ho ne ho bonahala e le ntho e ke keng ea etsahala. Khatello e ne e le matla ho feta eo nka e jarang. Ke ile ka bolella Ntate hore ke tla etsa seo a se batlang, ke beha lebaka la hore ke tla boela ke qalise ho ithuta ha ka ’me ke be e mong oa Lipaki ha ke se ke hōlile. Ka nako eo ke ne ke le lilemo li 17 feela.
Matsatsing a latelang, ke ile ka qetoa ke letsoalo le molato ka lebaka la seo ke se entseng. Ke ile ka hlokomela hore Jehova ha aa thaba le hore ha kea tšepa mantsoe a mopesaleme Davida, ea ileng a re: “Leha ntate le ’mè ba ka ntahla, Jehova o tla nthola.” (Pesaleme ea 27:10) Empa ke ne ke ntse ke le sekolong se phahameng, ’me batsoali ba ka ba ne ba ntefella litšenyehelo tsa sekolo.
Khato e Tiileng Haholoanyane
Ka lilemo tse fetang tse peli, ha kea ka ka etela Malome leha e le ho kopana ka tsela leha e le efe le Lipaki, kaha ke ne ke tseba hore batsoali ba ka ba shebile mohato o mong le o mong oa ka. Ka letsatsi le leng ka 1989, ke se ke le lilemo li 20, ke ile ka kopana le Paki eo ke e tsebang. Ka mosa e ile ea mpotsa hore na nka thabela ho e etela. Kaha ha e ea ka ea bua letho le amanang le ho ithuta Bibele, ke ile ka qetella ke e etetse.
Qetellong, ke ile ka qala ho ithuta Bibele le ho ba teng libokeng tsa Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso. Ke ne ke ithutela moo ke sebetsang teng, moo ho neng ho se motho ea ka ntšoenyang. Ka hona, ke ile ka ananela botho bo lerato ba Jehova hamolemonyana le ho utloisisa hamolemonyana bohlokoa ba ho ba le kamano e haufi le eena le ho e boloka tlas’a maemo leha e le afe. Ka August selemong sona seo, ke ile ka qala ho arolelana le ba bang seo ke ithutileng sona.
Ho fihlela nakong eo lelapa leso le ne le sa tsebe letho. Leha ho le joalo, matsatsinyana a seng makae hamorao, ke ne ke boetse ke tjamelane le Ntate, empa lekhetlong lena ke ne ke batla ke loketse ho talimana le khanyetso. O ile a leka ho botsa ka moea o tlaase: “Mora, na ke ’nete hore u ntse u kopanela le Lipaki tsa Jehova?” O ne a tletse likhapha ka mahlong ha a ntse a emetse karabo ea ka. ’Mè le khaitseli ea ka ba ne ba lla ba khutsitse.
Ke ile ka mo hlalosetsa hore ke morao tjena ke qalileng ho kopanela le Lipaki le hore ke ikemiselitse ho ba e mong oa tsona. Ka oona motsotso oo, lintho tsa fetoha hang-hang. Ntate o ile a bua mantsoe ane a fumanehang kenyelletsong ea sehlooho sena ka lentsoe le hlabang. Eaba oa nchoba ’me a tlerohile a re a ke ke a ntumella ho tsoa ka tlung ka moo ke ntse ke phela. Ke ile ka khona ho itšoasolla, ’me ha ke ntse ke matha litepising ke theosa, ka utloa moen’a ka a leka ho kokobetsa Ntate. Ke ile ka rapela Jehova: “Ho tloha joale ho ea pele u Ntate oa ka. Ke khethile uena, kahoo ke kōpa u ntlhokomele.”
Litlhaselo
Matsatsinyana a seng makae hamorao, Ntate o ile a ea ha Malome, a nahana hore o tla mphumana teng. O ile a mo hlasela ’me a leka le ho mo bolaea, empa Lipaki tse ling tse neng li mo etetse tsa mo namolela. Ntate o ile a tsamaea, a re o tla khutla. Ka mor’a nakoana o ile a khutla, a felehelitsoe ke masole a hlometseng ka lithunya. A ile a nka Lipaki tse ling le Malome, ea neng a kula haholo, a ba isa ntlo-khōlō ea ’ona ea sesole.
Ka mor’a moo ho ile ha qaloa letšolo la ho batla Lipaki tse ling tse sebakeng seo. Ntlo ea Paki e ’ngoe e ile ea futuheloa le eona. Libuka, ho akarelletsa le Libibele, li ile tsa bokelloa seterateng ’me tsa chesoa. Empa seo e ne e se phetho. Lipaki tse tšeletseng li ile tsa tšoaroa hammoho le batho ba bang ba neng ba mpa ba ithuta feela. Kaofela ha bona ba ile ba kenngoa kamoreng e nyenyane, ba hlongoa lipotso, ’me ba ntan’o shapuoa. Ba bang ba ile ba chesoa ka lisakerete. Litaba tse mabapi le liketsahalo tsena li ile tsa phatlalla ka potlako tikolohong eo. Masole a ne a mpatla hohle. Ntate o ne a a kōpile hore a mpatle ’me a mphetole maikutlo, ho sa tsotellehe hore na ke ka ho sebelisa mekhoa efe.
Matsatsinyana a seng makae hamorao, masole a ile a kena ka likhoka Holong ea ’Muso, eo phutheho e ’ngoe e neng e tšoaretse seboka ho eona. A ile a qobella phutheho eohle—banna, basali le bana—hore e tsoe ka holong. A ile a nka Libibele tsa bona ka mahahapa ’me a ba isa ntlo-khōlō ea sesole, moo ba ileng ba hlongoa lipotso teng.
Ho Balehela Greece
Nakong ena eohle, ke ne ke ntse ke hlokometsoe ke lelapa le leng la Lipaki le lulang hōle le sebaka seo se morusu. Khoeli hamorao ke ile ka tsoa ka har’a naha ka ea Greece. Ha ke fihla moo, ke ile ka nehela bophelo ba ka ho Jehova Molimo ’me ka kolobetsoa e le pontšo ea boinehelo ba ka.
Ha ke le Greece ke ile ka latsoa tlhokomelo e lerato ea kutloano ea moea ea bara ba motho e neng e akarelletsa batho ba tsoang lichabeng tse ’maloa—ho akarelletsa le Maturkey. Ke ile ka latsoa bonnete ba mantsoe a Jesu: “Ha ho le ea mong ea siileng ntlo kapa barab’abo kapa baralib’abo kapa ’mè kapa ntate kapa bana kapa masimo ka lebaka la ka le ka lebaka la litaba tse molemo ea se nang ho fumana halekholo hona joale nakong ena, matlo le barab’abo le baralib’abo le bo-’mè le bana le masimo, hammoho le mahloriso, ’me tsamaisong ea lintho e tlang bophelo bo sa feleng.”—Mareka 10:29, 30.
Ka lilemo tse tharo tse latelang, ke ile ka lula Greece. Le hoja ke ile ka ngolla Ntate ka makhetlo a ’maloa, ha ho mohla a kileng a nkaraba. Hamorao ke ile ka bolelloa hore neng le neng ha metsoalle e etetse lapeng ’me e mo botsa ka ’na, o ne a ee a re: “Ha ke na mora ea bitsoang ka lebitso leo.”
Ho Boela re Kopana ka Mor’a Lilemo Tse Tšeletseng
Ke ile ka khutlela Beirut ka 1992, ka mor’a hore ntoa e lale. Ke laelitse ka motsoalle ke ile ka tsebisa Ntate hore ke lakatsa ho khutlela hae. O ile a araba ka hore ke tla amoheleha—empa hafeela ke tlohetse tumelo ea ka. Kahoo ke ile ka hira folete e ’ngoe ka lilemo tse tharo tse latelang. Joale, ka November 1995, ka tšohanyetso Ntate o ile a fihla moo ke sebetsang ’me a kōpa ho mpona. O ile a fihla nakong eo ke neng ke le sieo ka eona, kahoo a siea molaetsa oa hore o batla ke tle lapeng. Qalong ke ile ka fumana ho le thata ho lumela seo. Kahoo, ke hlile ke le lesisitheho, ka ea ho ea mo bona. E ne e le kopano e amang maikutlo. O ile a mpolella hore ha a sa tsotella ho ba ha ka Paki le hore o batla ke khutlele hae!
Kajeno ke sebeletsa ke le moholo oa Mokreste le mosebeletsi oa nako e tletseng phuthehong e buang Searmenia. Ke atisa ho kopana le batho ba tšoanang le Ntate ba hanyetsang litho tsa malapa a bona hobane li batla ho sebeletsa Jehova. Kea hlokomela hore Ntate o ne a lumela ka tieo hore o etsa ntho e nepahetseng ka ho hanyetsa borapeli ba ka. Bibele e lemosa Bakreste ha e re ba ka lebella khanyetso ea lelapa.—Matheu 10:34-37; 2 Timothea 3:12.
Ke tšepa hore ka letsatsi le leng Ntate le ba bang bohle ba lelapa leso ba tla ba le tšepo eo ke nang le eona ea Bibele ea hore ho tla lefatše le molemonyana. Nakong eo ha ho sa tla ba le lintoa kapa ho bolaeana, ’me batho ba ke ke ba hlola ba lelekoa linaheng tsa habo bona leha e le ho hlorisetsoa toka. (2 Petrose 3:13) ’Me nakong eo batho ba ke ke ba tlameha ho khetha pakeng tsa lintho tse peli tseo ba li ratang haholo lipelong tsa bona.—Se nehelanoe.