Tsieleho e Fellang ka Thabo
Kamoo ho boletseng Estefan Kalajian
RE NE re thatafalletsoe Beirut, Lebanone, ka ntoa ea bobeli ea lefatše. Lelapa la rōna la ba supileng le ne le phela kamoreng e nyenyane e nang le ntlo ea ho phehela e nyenyane le kamore ea ho hlapela. E le ʼna e moholo bashemaneng, ke na le khaitseli ea moholo ho ʼna le e monyenyane, hammoho le baena ba babeli. Batsoali ba rōna le batsoali ba bona e ne e le Maarmenia a neng a balehile Turkey.
Ntate o ne a sehla ka thata e le seroki ho re hlokomela. Ho e-na le hore a nthomele ho ea sebetsa, joalokaha batsoali ba bangata ba ne ba ho etsa ka bana ba bona, ka isoa sekolong. Empa kamor’a ho qeta lilemo tse peli feela, ka jeoa ke bohloko ba masapo. Joale maoto a ka a sitoa ho jara ʼmele oa ka.
Rangoane, ea neng a phela Haifa, Iseraele, ka nako eo, a tseba ka boemo ba ka ʼme a kōpa hore ke rōmeloe ho eena bakeng sa pheko. Kamor’a khoeli ke ne ke khutletse bophelong bo botle, boemo ba sebaka sa Haifa ka ho totobetseng bo thusitse hore ke phekolehe kapele. Empa kamor’a lilemonyana ka boela ka kula joalo hape, joale ke ameha haholo molaleng le mokokotlong. Ka khutlela Haifa ʼme hang hape ka fola.
Leha ho le joalo, lefu lena la ʼna la khutla ka matla a maholo. Ntate oa rōna, eo e neng e le eena feela mophelisi oa rōna, a shoa ka 1951. Ke ne ke le lilemo tse 16 ʼme ka lula le ʼmè le khaitseli e moholo. Bana ba banyenyane ba isoa likhutsaneng. Nakoana kamor’a moo ka boela ka kula hape. ʼMè le khaitseli ea ka ba etsa sohle ho mphumanela pheko, ba senyeheloa ke ho fetang halofo ea moputso oa bona o kopane tlhokomelong ea ka.
Ka 1952 ka kena sepetleleng sa ho qetela seo ke keneng ke itsamaisa ho sona. Ba leka pheko ea mefuta eohle ho ʼna, ba bile ba leka ka meriana e mecha, empa hohle ha hlōleha. Kamor’a ho qeta matsatsi a 26 sepetleleng seo, lingaka tsa bolela hore maoto a ka le mokokotlo li shoele ka ho feletseng. Ha e le hantle, ba bolella ʼmè hore ke saletsoe ke likhoelinyana feela ke phela—ke lilemong tse fetileng tse fetang 28!
TSIELEHONG E KHŌLŌ
Ka khutlela lapeng ho ea emela la ho shoa. Le hoja metsoalle ea ka, beng ka ʼna le bao re ahisaneng le bona ba tsebile ka boemo ba ka, ke ba seng bakae feela ba ileng ba nketela. E mong le e mong, kamoo ho ileng ha bonahala, o ne a nkile feela hore ha ke sa na thuso. Haholo-holo metsoalle ea lithaka tsa ka e ile ea ntahla.
Ka lehlakoreng le leng, batho ba bang ba baholo ba ile ba tla ho tla “ntšelisa.” Ba mpolella hore Molimo o hlile oa nthata ʼme kahoo o leka tumelo ea ka. Hona ha ntetebetsa feela. Karabo ea ka ho bona e le hore: “Ke itakaletsa eka Molimo o ka be o ntlhoile! Hoja o ne o ntlhoile mohlomong nka be ke phela hantle ke ntse ke itlōlakela.”
Ha feta selemo, ka se ke ka shoa. Pele ke ne ke khona ho beoa setulong, ka maoto a ka a sataletse feela. Ke ne ke tseba ho sebelisa matsoho a ka le ho isa hlooho koana le koana hanyenyane. Empa kamor’a nako, ha lefu le ntse le tota, ka se ke ka hlola ke sebelisa liphaka tsa ka le matsoho ʼme le hlooho ka sitoa ho e sisinya. Ka lilemo tse fetileng tse 18 ke rapaletse liphateng.
Bophelo bo ne bo le bosula. Ka rera ho ipolaea, ʼme ka pata lehare le otlolohileng pel’a bethe ea ka ka morero oo. Empa ha ho mohla ke bileng sebete ho lekana ho le sebelisa. Lilemo tsa ʼna tsa iphetela butle, le ka masoabi.
QALEHO EA TŠEPO
Ka Pulungoana 1960 basali ba babeli ba nketela ʼme ra buisana ka Bibele. Nakoana kamorao ho moo ka khutlela sepetlele ka likhoeli tse tšeletseng ho ea phekoloa. Ka ʼMesa 1961 e mong ho basali bao a nketela hape le mosali e mong osele. Joale ka hlokomela hore ke Lipaki tsa Jehova. Ha tsoha takatso ho ʼna. Ke ne ke batla ho ithuta maikutlo a bona ka litumelo tse sa tšoaneng.
Ha ke hōla ke ne ke kopane le litumelo tsa mefuta eohle. Batsoali ba ka e ne e le ba kereke ea Maarmenia, ke ne ke phetse ka lilemo tse 10 har’a Mak’hatholike a Maronite ʼme ka ba liphomolong tsa lehlabula le Maprostanta. Ke ne ke bile ke fetile thupelong ea ngollano ea Massabatha, ka ba ka fumana lengolo ho bona. Ho sa tsotellehe sena, leha ho le joalo, ke ne ke sa tsebe lebitso la Molimo kapa hore na nka mo rapela joang.
Ka kōpa Lipaki hore li nketele hape. Tsa ho etsa ʼme ha qalisoa thuto ea Bibele le ʼna ka bukana “Litaba Tsena tse Molemo tsa ’Muso.” Kamor’a ho ithuta ka makhetlo a mararo kapa a mane ka tseba hore lebitso la Molimo ke Jehova le hore re phela mehleng ea bofelo ea tsamaiso ena e khopo ea lintho. Hape ka ithuta ka taolo e ncha ea Jehova le tebello ea ho phela ka ho sa feleng ʼmele e phela hantle! Hoo ha hla ha hapa tlhokomelo ea ka ʼme ka qala ho ithuta ka tieo.
Lipaki tsa mpolella hore ke lebelle hloriso, mohlomong e tsoang hona ka lapeng. Re ne re boetse re phela hammoho kaofela hona ka ntlonyaneng eo. Leha ho le joalo, ka rera hore haeba lelapa le ka mphetohela, nka mpa ka ea phela sepetleleng sa lihole ho e-na le ho tela linnete tsa Bibele tse fetohileng tsa bohlokoa ho ʼna. Monyako o isang bokamosong bo thabileng o ne o bulehile ʼme ke sa ikemisetsa hore mang kapa mang a o koale.
Thabo ea ka le kananelo bakeng sa Jehova le batho ba hae tsa teba ha hang hape ke kena sepetlele ka likhoeli tse ling tse tšeletseng, ka lekhetlo lena ke le ka ntle ho Beirut ka lik’hilomithara tse 40. Na metsoalle eo ke e fumaneng bocha e ne e tla ntahla? Le hanyenyane! Paki le mosali oa eona ba ne ba nketela hangata ho tla ithuta le ʼna.
Ha ke khutlela lapeng ke tsoile sepetlele, Lipaki tse ngata ha li utloela ka boemo ba ka, li ne li fapohela li nketela, e seng tse buang Searmenia feela, empa le tsa Malebanese. E ʼngoe le e ʼngoe e na le mantsoe a tšelisang ka sebele. Ka la 8 Loetse, 1962, baena ba nkisa leoatleng le haufi le moo ho ea tšoantšetsa boineelo ba ka ho Jehova Molimo ka kolobetso.
MENYAKA TŠEBELETSONG EA BOKRESTE
Kaha ke ne ke sitoa ho ba teng libokeng tsa phutheho, Lipaki li ne li mpolella seo ho neng ho buisanoa ka sona. Empa ke ne ke batla ho kopanela haholoanyane. Ka kōpa moena oa ka hore a nthekele “tape recorder” ’me a ho etsa. Kamor’a moo ka tseba ho “ba teng” libokeng tsohle le ho fana ka lipuo Sekolong sa Puso ea Leholimo ka litheipi.
Empa ne nka kopanela joang mosebetsing oa boboleli? Ka nako ena joale ke rapaletse liphateng ho hang, lelapa la fetoha “sebaka” se loketseng. Ho e-na le ho ntlhorisa, ba ʼna ba amohela linnete tsa Bibele ka bonngoe ha ke li bolela—pele, khaitseli oa ka e monyenyane, ho latela moena oa ka oa ho fela, joale ʼmè, ʼme qetellong, khaitseli oa ka ea nyetsoeng. Ke moena oa ka e mong feela eo e seng Paki, le hoja mosali oa hae e le eona. ʼMe Mosali oa hae le eena, o thusitse beng ka eena ba bangata ho ba Lipaki, ho akarelletsa khaitseli ea hae eo hona joale e leng moholo oa Mokreste. Eaba sebaka sa ka sa pele se ipaka se bea litholoana, se nthabisa haholo.
Sebaka se seng sa fumaneha har’a ba seng bakae bao e seng Lipaki ba neng ba ntse ba nketela. Empa ka ikutloa hore ho tlameha ho be le tsela e batsi haholo ea ho fana ka bopaki. Eaba ke nka buka ea linomoro ea lithelefono, ʼme ho eona ka fumana liaterese le mabitso tsa batho ba buang Searmenia bao ke neng ke tla ba hlahisetsa molaetsa oa ʼMuso ka mangolo. Hape ka rōmela mangolo liatereseng tsa khoebo le lifemeng tseo ke neng ke ikutloa hore ho ka ba thata hore Lipaki tse ling li fihle ho tsona mosebetsing oa tsona oa boboleli. Ka khothalletsoa ho kenela mosebetsi oa nako e tletseng oa boboleli, kapa oa bopula-maliboho, kamoo o bitsoang. Ho tloha ka nako eo ke bile le hona ho kenela bopula-maliboho bo thusang, ka karolelano, ka makhetlo a mararo ka selemo.
MAHLOHONOLO HO SA TSOTELLEHE KHANYETSO
Likoranta tsa mona tsa Searmenia tsa ʼneta le lelapa ka leshano li bolela hore ke moeta-pele oa Lipaki tsa Maarmenia le hore re na le libōka tsa sekhukhu tsa bofetoheli tseo re li tšoarang. Hape, rangoane, ea neng a lula ntlong e pel’a rōna, o ne a re hanyetsa haholo. Eaba re rera ho tsoa ntlong ea rōna e sa lefelloeng e kamore e ʼngoe re e’o batla e kholoanyane e lefelloang sebakeng se seng. Le hoja ntlo eo e ncha e ne e lefelloa haboima ʼme e batla e le bothata ho e lefella, ea e-ba lehlohonolo ho rōna.
Hona joale, ha re phele feela moo ho leng molemonyana, empa liboka tsa ka mehla tsa phutheho li tšoareloa lapeng ha rōna. ʼMe nka kopanela haholoanyane mesebetsing ea puso ea leholimo, ke hlokomela boikarabelo ba ka ke le moholo oa Mokreste. Ke fana ka lipuo tsa phatlalatsa, ke sebeletsa ke le molebeli oa Sekolo sa Puso ea leholimo, ke tsamaisa e ʼngoe ea lithuto tsa buka tsa phutheho, ʼme selemong sena ke molebeli ea okamelang. Kahoo khanyetso e isitse feela thabong le tlhohonolofatsong.
Ha ke ntse ke tuma har’a motse oa Maarmenia, baruti ba bangata ba litumelo tse sa tšoaneng ba nketela ho tla “nkenya tseleng.” Boitšoaro ba bona le liketso tsa sebeletsa ho nkatametsa ho batho ba Jehova haholoanyane. Ha ke ne ke arabela lipotso tsa bona tse phephetsang ka mofuthu, ba ne ba tlala bohale ʼme ba tlerohe, ba itlhalosa ho fihlela boikaketsing. Ho ne ho se letho leo ke le etsang ha e se ho ba bapisa le Lipaki tse ikokobelitseng tse ntliselitseng linnete tsa Bibele.
THABO E FUMANOENG BOCHA E TOTOBALLA BA BANG
Thabo ea ka e sebeletsa e le bopaki ho ba bang, ho akarelletsa lingaka tse ʼnileng tsa mphekola ho theosa le lilemo. Ka 1967 ka kena sepetlele hape ka matsatsi a 12 ho ea sebetsoa, ka lekhetlo lena ka baka la lefu le lecha le le sa amaneng le la mehla. Ngaka ea ka ea e-ba botsoalle haholo ʼme ea hlokomela ho re ka mehla ke thabile ke bile ke na le maikutlo a matle ho sa tsotellehe ho hlōleha ha ka. Ea mpolella ka mokuli e mong oa eona, mohlankana ea lilemo li 21 ea ileng a tsoa kotsi mokokotlong kotsing ea koloi. Le hoja a hlokometsoe hantle ka ho fetisisang ʼme a le paballong ea batsoali ba ruileng, o tšoenyehile haholo kelellong ʼme o tontontša batho hoo le batsoali ba hae ba tenehileng ke eena. O entse hore baoki le bathusi ba bona ba mo hlokomolohe.
Empa ngaka ea re, “ha ho mohla u belaelang. Baoki ba mpolella hore ha ho mohla u letsang tšepe ho tla sebeletsoa le hore u kōpa thuso feela ha ba ka kena ka kamoreng ea hao. Le ponahalo ea sefahleho sa hao e fapane le ea hae hole.” Eaba ke bolella ngaka ka lebaka la phapang ʼme ka bolela tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise.
Ka letsatsi le leng ka Phato 1975 Paki ea tla le moeti ea tlileng ho tla mpona. Joaloka mehleng, ka bua le eena ka ʼMuso le kamoo o tla rarolla mathata a rōna bohle. Kamor’a nako a botsa: “Ke boleletsoe hore ke etela motho ea kulang. Ke ne ke lebelletsoe ho u hlasimolla. Empa ke uena ea ntlhasimollotseng!” Ke ne ke sa tsebe hore ke mohatisi le mohlophisi oa makasine ea mona. Bekeng eona eo a ngola taba e telele ka tumelo ʼme a kenyelletsa taba ea ka.
NTOA HA E NKAMOHE THABO
Nakong ea ntoa ea Lebanone, e qalileng ka 1975, ra talimana le mathata a macha. Ntlo ea rōna e ka tlas’a mokato o kaholimo-limo oa mohaho o molelele. Sesole sa mona sa nka matlo a sesole a haufi le moo re lulang, ʼme kahoo ra ba sebakeng se otloang ka likulo haholo. Likulo tse ngata li ne li oela ka holim’a marulelo a rōna, empa ho se tse kenang ka hare.
Nakong ea ha ho ne ho thunngoa haholo ke Masyria hoetla ka 1978 bohle bao re ahisaneng le bona ba balehela moo ho sireletsehileng haholoanyane. Ra lula moo re leng teng, lelapa le hana ho ntšiea kaha ne nke ke ka tlosoa moo. Bohle ra utloa tšireletso ea Jehova matsatsing ao a sisimosang. Le mochana oa ka e monyenyane a ʼna a pota-pota ntlo a ntse a qotsa temana ea selemo: ‘“Ke na le lōna,” ho bolela Jehova, “ho le pholosa.”’ (Jer. 1:19) Ho ne ho bonahala a ipha matla—ka sebele a nea rōna ba hōlileng matla.
Ruri ho bonahala e le mohlolo hore ha ho lea mong ho rōna ea ileng a tsoa kotsi. Likulo tse khōlō tse tharo tsa oela marulelong holim’a moalo oa ka, ho reketla ha ho qhoma ho choatla lifenstere sebakeng sena. Lirokete tse ka kenang mabota a mangata a samente tsa oela marulelong empa li oa ka mokhoa oo li sa khoneng ho qhoma hoo tšenyo e bileng nyenyane. Kameho e lerato ea lelapa le katamelano le Jehova ea e-ba mohloli oa thabo le matsatsing ao a matšo.
LITHOLOANA TSA TIISETSO
Lilemong tse 18 ke le Paki, ke tsebile ho thusa batho ba 16 hore e be bahlanka ba ineetseng ba Jehova. ’Me ho na le ba bangata bao ke ithutang le bona hona joale ba lebelletseng ho kolobetsoa. Ho ba seng ba kolobelitsoe, ba bane ba sebeletsa e le bahlanka ba sebeletsang ka phuthehong. Ba bane ke liithuti tsa univesithi kapa ba se ba qetile.
E mong eo ke neng ke ithuta Bibele le eena khale ke mongoli, moqapi le moprofesa oa nakong e fetileng oa univesithi ea sebelitseng ka lilemo le Lekala la Phatlalatso. Moo o kopana ka mehla le bahlanka ba ʼmuso, ho akarelletsa tona-kholo. Ho ananela ha hae ʼnete ho ile ha teba hoo ka lekhetlo le leng a kileng a chechisa seboka seo a neng a na le sona le tona-kholo le batho ba bangata ba boemo hore a tsebe ho ba le thuto ea Bibele ka kemiso e fetotsoeng le ʼna. Eena le e mong oa liithuti tsa ka tsa Bibele, eo a ileng a buisana le enoa pele ka ʼmuso oa Molimo, ba ile ba kolobetsoa ka letsatsi le le leng.
Hangata ke tsamaisa lithuto tse supileng tsa Bibele ka khoeli ntle ho ho hlokomela mesebetsi e meng ea ka ea puso ea leholimo. Hona hohle ho ipaka ho susumetsa hoo ke sa ikutloeng ke kula. Moeeng ke folile, ʼme kea tseba hore ke tla tloha ke phekoloa le ʼmeleng. Ke na le tšepo e feletseng tšepisong ea Jehova eo a entseng ka moprofeta oa hae hore ka tsatsi le leng ke tla “tlola joale ka khama.”—Esa. 35:6.
Ho bohle ba tepeletseng ke ba khothalletsa ho utloa mantsoe a Jesu: “Tlong ho ʼna, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ʼme ke tla le imolla! Inkeleng joko ea ka, ʼme le ithute ho ʼna; hobane ke mosa le pelo e nolo, ʼme le tla fumanela meea ea lōna phomolo.” (Matt. 11:28, 29) Ho ʼna, mantsoe ana a ipakile e le ʼnete, ʼme tsieleho ea ka e tebileng e fetohile thabo ea sebele.