Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 10/8 leq. 31
  • Ke ea Bohlokoahali ho Feta Chelete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke ea Bohlokoahali ho Feta Chelete
  • Tsoha!—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batho ba Tšepahalang ba Rorisa Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Atvia e Amohela Litaba Tse Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Ke Eng eo ke Lokelang ho e Tseba ka ho Hlekefetsoa ka Thobalano?—Karolo ea 2: Ho Hlaphoheloa
    Bacha Baa Botsa
  • O ne a sa Tsofala Haholo Hore a ka Sebeletsa Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 10/8 leq. 31

Ke ea Bohlokoahali ho Feta Chelete

KA MONGOLLI OA TSOHA! CANADA

Tlhaloso ea bahlophisi ba koranta ea The Monitor ea Bridgetown, Nova Scotia, e ile ea lumela: “[O] file morali oa hae mpho ea bohlokoahali ho feta chelete leha e le e kae.” Mpho eo e ne e le eng? E ne e le “mohlala [oa hae] o babatsehang oa botšepehi.”

Anna le morali oa hae Tanya ba ile ba ema fantising ea thepa e sebelitseng ’me ba reka mokotlana o monyenyane o mosoeu bakeng sa ho kenya Bibele ea Tanya. Ha ba fihla lapeng, Tanya o ile a bula zipi ea pokotho e ka hare ea mokotlana ’me a makala ha a fumana chelete ea lipampiri e etsang R4 200. Hang-hang, ’mè le morali ba ile ba khutlela fantising ’me ba nehelana ka chelete eo ho mosali ea neng a ba rekiselitse mokotlana oo. Kamoo ho bonahalang kateng, mokotlana oo o neng o sa atise ho sebelisoa e ne e le oa ’mè oa hae ea neng a sa tsoa hlokahala, ea neng a tšoeroe ke Alzheimer’s disease, ’me o ne o sa hlahlojoa hantle pele o rekisoa. A thabile thabo e khaphatsehang, mosali eo o ile a re: “Ho tsosolosa tšepo ea ka bathong . . . Hoa khothatsa ho tseba hore ho ntse ho e-na le batho ba tšepahalang.”

Sehlooho se buang ka ketsahalo eo se neng se le leqepheng le qalang la koranta ea moo se ile sa qotsa Anna ha a re: “Joaloka Lipaki tsa Jehova, re ne re ke ke ra nahana ka ho hong hosele. Re na le [matsoalo] a koetlisitsoeng ka Bibele. Re boetse re batla ho ruta Tanya se nepahetseng.” Ho Tanya, mokotlana o monyenyane o mosoeu o mocha e tla ba sehopotso se ikhethang sa thuto ea botšepehi.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela