Moshe—Na ke Motho oa Sebele Kapa oa Tšōmong?
MOSHE o hlahetse khohlong ea moriti oa lefu. Batho ba habo e ne e le sehlopha sa malapa a bo-hloma-u-hlomole, ba neng ba falletse Egepeta le ntat’a bona Jakobo, kapa Iseraele, ho baleha tlala ea boja-likata. Ba ne ba lulisane ka khotso le baahelani ba bona ba Baegepeta ka lilemo tse mashome. Empa joale ho ile ha e-ba le phetoho e tšabehang. Tlaleho e hlomphuoang historing e re: “Ha hlaha morena e mocha Egepeta . . . A re ho sechaba sa hae: ‘Bonang! Sechaba sa bara ba Iseraele se sengata ’me se matla ho re feta. Tloong! A re ba sebetseng ka masene, esere ba ata.’” Morero e ne e le ofe? E ne e le ho laola sechaba sa Baiseraele ka ho ba etsa “makhoba tlas’a khatello” le ka ho laela babelehisi ba Baheberu hore ba bolaee masea a bashanyana a hlahang. (Exoda 1:8-10, 13, 14) Ka lebaka la sebete sa babelehisi ba bona, ba ileng ba hana ho mamela taelo eo, Baiseraele ba ile ba ata ho ntse ho le joalo. Ka hona, morena oa Egepeta o ile a ntša taelo: “Mora e mong le e mong ea sa tsoa tsoaloa le mo lahlele nōkeng ea Nile.”—Exoda 1:22.
Banyalani ba bang ba Baiseraele, Amrame le Jokebede, “ha baa ka ba tšaba taelo ea morena.” (Baheberu 11:23) Jokebede o ile a tsoala mora—eo hamorao a neng a tla hlalosoa a le “motle ho Molimo.”a (Liketso 7:20) Mohlomong ba ile ba elelloa ka tsela e itseng hore ngoana enoa o ne a ratoa ke Molimo. Ho sa tsotellehe boemo, ba ile ba hana ho fana ka ngoana hore a bolaoe. Ba beha bophelo ba bona kotsing, ba ile ba etsa qeto ea ho mo pata.
Ka mor’a likhoeli tse tharo, batsoali ba Moshe ba ne ba se ba sitoa ho mo pata. Ba se ba se na boikhethelo, ba ile ba nka khato. Jokebede o ile a beha lesea ka har’a sethotoana sa loli ’me a se beha hore se phaphamale Nōkeng ea Nile. E se ka boikemisetso, ka ho etsa joalo o ne a etsa hore e qetelle e le motho ea hlahelletseng historing!—Exoda 2:3, 4.
Na ke Liketsahalo Tse ka Tšeptjoang?
Kajeno litsebi tse ngata li qhela liketsahalo tsena e le tšōmo. Christianity Today e re: “Taba ke hore ha ho moneketsela le o mong oa bopaki bo tobileng ba lintho tse epolotsoeng ba hore bana ba Iseraele ba kile ba jaka [ka lilemo] Egepeta.” Le hoja ho ka ’na ha se be le bopaki bo tobileng bo bonahalang, ho na le bopaki bo bongata bo sa tobang ba hore tlaleho ea Bibele eka tšeptjoa. Bukeng ea hae ea Israel in Egypt, Setsebi sa lintho tsa boholo-holo tsa Egepeta, James K. Hoffmeier o re: “Boitsebiso ba lintho tsa khale tse epolotsoeng bo bontša hore Egepeta e ne e atisa ho eteloa ke batho ba Levant [linaha tse moeling ka bochabela ho Mediterranean], haholo-holo ka lebaka la mathata a boemo ba leholimo bo ileng ba qetella bo bakile komello . . . Ka hona, hoo e ka bang ka 1800 ho ea ho 1530 B.C., Egepeta e ne e le sebaka se ratehang seo ho ka falleloang ho sona ke batho ba buang lipuo tsa Sesema ba Asia ka bophirimela.”
Ho feta moo, ke khale ho ne ho lumeloe hore tlhaloso ea Bibele ea bokhoba Egepeta e nepahetse. Buka ea Moses—A Life, ea tlaleha: “Tlaleho ea Bibele ea ho tujoa ha Baiseraele ho bonahala e tiisoa ke setšoantšo se takiloeng lebitleng la Egepeta ea boholo-holo se hlahisoang hangata, seo ho sona sehlopha sa makhoba se bontšoang ka ho hlaka se etsa litene tsa mobu.”
Tlhaloso ea Bibele ea areka e nyenyane eo Jokebede a ileng a e sebelisa le eona e utloahala e le ’nete. Bibele e re e ne e entsoe ka loli, eo ho latela Cook’s Commentary, “e neng e tloaetse ho sebelisoa ke Baegepeta bakeng sa liketsoana tse bobebe le tse lebelo.”
Leha ho le joalo, na ho bonolo ho lumela hore moeta-pele oa sechaba o ne a ka laela hore masea a bolaoe ka sehlōhō? Setsebi George Rawlinson oa re hopotsa: “Polao ea masea . . . e ’nile ea ata haholo linakong tse fapaneng le libakeng tse sa tšoaneng, ’me e ’nile ea nkoa e le tabanyana feela e sa reng letho.” Ka sebele, ha ho hlokahale hore motho a ee hōle hore a fumane mehlala e tšosang ea ho bolaoa ha batho ka bongata mehleng ena. Tlaleho ea Bibele e ka ’na ea e-ba e tšoenyang maikutlo, empa ke e ka tšeptjoang.
Ho Nkeloa Lapeng la Faro
Lesea la Jokebede le ne le sa tloheloa hore se le jang se le je. O ile a “beha [areka] har’a lehlaka lebōpong la nōka ea Nile.” Sena e ne e le sebaka seo a neng a e-na le tšepo ea hore areka e ka ’na ea bonoa ha e le ho sona. Mona ke moo morali oa Faro a neng a tolla teng, mohlomong kamehla.b—Exoda 2:2-4.
Areka eo e nyenyane e ile ea bonoa kapele. “Ha [morali oa Faro] a e bula a bona ngoana, ’me bonang! moshanyana eo o ne a lla. Eaba oa mo qenehela, le hoja a ile a re: ‘Enoa ke e mong oa bana ba Baheberu.’” Ka hona, khosatsana eo ea Moegepeta e ile ea etsa qeto ea ho ikhōlisetsa eena. Lebitso leha e le lefe leo batsoali ba hae ba neng ba mo rehile lona ke khale le lebetsoe. Kajeno o tsebahala lefatšeng lohle ka lebitso leo ’mè ea mo hōlisitseng a ileng a mo reha lona—e leng la Moshe.c—Exoda 2:5-10.
Empa na hase ntho eo ho leng thata ho e kholoa hore khosatsana ea Egepeta e ne e ka nka ngoana ea joalo? Che, kaha bolumeli ba Baegepeta bo ne bo ruta hore liketso tse mosa ke tekete ea ho kena leholimong. Ha e le tabeng ea ho ikhōlisetsa ngoana teng, setsebi sa lintho tsa khale tse epolotsoeng, Joyce Tyldesley o re: “Basali ba Baegepeta ba ne ba behoa boemong bo lekanang le ba banna ba Baegepeta. Ba ne ba e-na le litokelo tsa molao le tsa lichelete tse tšoanang, bonyane ha ho buuoa, ’me . . . basali ba ne ba ka ikhōlisetsa bana bao e seng ba bona.” Tlaleho ea boholo-holo ea ho ikhōlisetsa bana e ngotsoeng loling ha e le hantle e na le tlaleho ea mosali e mong ea ileng a amohela makhoba a hae, a a nka joaloka bana ba hae. Ha e le tabeng ea ho hira ’mè oa Moshe hore e be moanyesi, The Anchor Bible Dictionary e re: “Ho lefshoa ha ’mè oa tlhaho oa Moshe hore e be mohōlisi . . . ho tšoana le litokisetso tsa Mesopotamia tsa likonteraka tsa ho hōlisetsoa bana.”
Kaha joale o ne a hōlisoa ke ’mè eo e seng oa hae oa tlhaho, na tokelo ea tsoalo ea ho ba Moheberu e ne e tla pateloa Moshe? Lifilimi tse ling tsa Hollywood li entse hore ho hlahe ho le joalo. Mangolo a bontša ho fapaneng le hoo. Ausi oa hae, Miriame, ka masene o ile a lokisetsa hore Moshe a hlokomeloe ke ’mè oa hae, Jokebede. Ka sebele, mosali enoa ea tšabang Molimo o ne a ke ke a patela mora oa hae ’nete! ’Me kaha bana ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba anyesoa lilemo tse ’maloa, Jokebede o ile a ba le monyetla o lekaneng oa ho ruta Moshe ka ‘Molimo oa Abrahama, oa Isaka le oa Jakobo.’ (Exoda 3:6) Motheo o joalo oa moea o ile oa thusa Moshe, kaha ka mor’a hore a isoe ho morali oa Faro, ‘Moshe o ile a rupeloa ka bohlale bohle ba Baegepeta.’ Se boleloang ke rahistori Josephus sa hore Moshe o ile a phahamisetsoa boemong ba molaoli oa mabotho ntoeng le Ethiopia hase ntho e ka netefatsoang. Leha ho le joalo, Bibele ea bolela hore Moshe “o ne a le matla mantsoeng le liketsong tsa hae.”d—Liketso 7:22.
E ka ’na eaba Moshe ha a le lilemo li 40 o ne a le boemong ba ho ba moeta-pele ea hlahelletseng Egepeta. Matla le leruo e ne e tla ba tsa hae haeba a ne a ka lula lapeng la Faro. Empa joale ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e ileng ea fetola bophelo ba hae.
Palehong Midiane
Ka letsatsi le leng Moshe o ile “a re heli! a bona Moegepeta ea itseng a otla Moheberu ea itseng oa barab’abo.” Ka lilemo, Moshe o ne a ile a thabela ho ja ka mehlahare e ’meli ea ho ba Moheberu le Moegepeta. Empa ha a bona Moiseraele oa habo a otloa—mohlomong ka tsela e behang bophelo ba hae kotsing—Moshe o ile a susumelletseha hore a etse khetho ea bohlokoahali. (Exoda 2:11) O “ile a hana ho bitsoa mora oa morali oa Faro, a khetha ho tšoaroa hampe hammoho le sechaba sa Molimo.”—Baheberu 11:24, 25.
Moshe o ile a nka khato ka potlako ’me e le e ke keng ea etsolloa: “A bolaea Moegepeta ’me a mo pata lehlabatheng.” (Exoda 2:12) Joalokaha e mong ea tšoaea-tšoaeang liphoso a bolela, ena e ne e se ketso ea motho ea “tlerohang ke bohale ka lebaka la ho nkoa ke pelo.” Mohlomong e ne e le ketso ea tumelo—le hoja e ne e se ka tsela e tobileng—tšepisong ea Molimo ea hore Iseraele e ne e tla lopolloa Egepeta. (Genese 15:13, 14) Mohlomong ka ho hloka tsebo Moshe o ne a lumela hore liketso tsa hae li tla susumetsa batho ba habo hore e be bafetoheli. (Liketso 7:25) Leha ho le joalo, o ile a soaba kaha Baiseraele ba habo ba ile ba hana ho amohela boeta-pele ba hae. Ha litaba tsa ho bolaoa ha Moegepeta li fihla litsebeng tsa Faro, Moshe o ile a tlameha ho balehela naheng e ’ngoe. O ile a lula Midiane, a nyala mosali ea bitsoang Zipora, morali oa Jethro, morenana oa sechaba sa bo-hloma-u-hlomole.
Ka lilemo tse 40 Moshe o ile a phela bophelo bo tlaase e le molisana, tšepo eohle ea hae ea hore e tla ba molopolli e felile. Leha ho le joalo, ka letsatsi le leng o ile a khanna mohlape oa Jethro ho o isa haufi le Thaba ea Horebe. Ha a le moo, lengeloi la Jehova le ile la itlhahisa ho Moshe sehlahleng se tukang. Ak’u nahane sena: Molimo o fana ka taelo: ‘Ntša sechaba sa ka sa bara ba Iseraele Egepeta.’ Empa Moshe ea arabelang oa qeaqea, oa ikhalala ebile ha a itšepe. Oa itela: “’Na ke mang hore ke ee ho Faro le hore ke ntše bara ba Iseraele Egepeta?” O bile o senola bofokoli ba hae boo baetsi ba lifilimi ba sa bo hlahiseng: Ho totobetse hore o na le bothata ba lehoelea. Moshe o fapane hakaakang le bahale ba boholo-holo ba litšōmong! Lilemo tse 40 tseo monna enoa a li qetileng a lisa, li mo kokobelitse le ho mo thapisa. Le hoja Moshe a sa itšepe, Molimo o kholisehile hore oa tšoaneleha bakeng sa boeta-pele!—Exoda 3:1–4:20.
Topollo Egepeta
Moshe o tloha Midiane ’me o hlaha ka pel’a Faro, o batla hore batho ba Molimo ba lokolloe. Ha morena eo ea hlooho e thata a hana, ho hlaha likotlo tse leshome tse senyang. Kotlo ea boleshome e fella ka hore matsibolo a Egepeta a shoe, ’me qetellong Faro ea saretsoeng o lokolla Baiseraele.—Exoda khaolo ea 5-13.
Liketsahalo tsena li tsebahala haholo ho babali ba bangata. Empa na leha e le efe ea tsona e na le bopaki ba hore e kile ea etsahala historing? Ba bang ba pheha khang ea hore kaha Faro ha aa boleloa ka lebitso, e tlameha ebe tlaleho ena ke tšōmo.e Leha ho le joalo, Hoffmeier ea qotsitsoeng pejana o re bangoli ba Baegepeta hangata ba ne ba siea ka boomo mabitso a lira tsa Faro. O beha lebaka: “Ka sebele bo-rahistori ba ne ba ke ke ba qhelela ka thōko bonnete ba histori ea phutuhelo ea Megido ea Thutmose III hobane feela mabitso a morena oa Kadeshe le oa Megido a sa tlalehoa.” Hoffmeier o fana ka maikutlo a hore Faro ha aa boleloa ka lebitso “ka mabaka a utloahalang a bolumeli.” Har’a mabaka a mang, ka ho se bolele Faro ka lebitso, tlaleho ena e lebisa tlhokomelo ho Molimo, eseng ho Faro.
Leha ho le joalo, ba tšoaea-tšoaeang liphoso ba hana taba ea hore Bajuda ba ile ba falla ka bongata Egepeta. Setsebi Homer W. Smith o pheha khang ea hore phallo e khōlō joalo “e ka be e tsebahetse hohle historing ea Baegepeta kapa ea Basyria . . . Ho ka ’na ha etsahala hore tšōmo eo ke tlaleho e sothiloeng le e iqapetsoeng ea ho baleha ha batho ba seng bakae Egepeta ho ea Palestina.”
Ke ’nete hore ha ho tlaleho ea Egepeta ea ketsahalo ena e fumanoeng. Empa Baegepeta ba ne ba sa tsoafe ho fetola tlaleho ea histori haeba ’nete ea eona e ne e soabisa kapa e ba khahlanong le lithahasello tsa bona tsa lipolotiki. Ha Thutmose III a lula setulong sa borena, o ile a leka ho hlakola tlaleho eohle e ka hopoloang ka Hatshepsut, ea neng a busitse pele ho eena. Setsebi sa lintho tsa boholo-holo tsa Egepeta, John Ray, o re: “Mengolo eohle ea hae e ile ea hlakoloa, lifika tsa hae tsa haheletsoa ka mabota ’me ha lebaloa ka liemahale tsa hae. Lebitso la hae ha le hlahe litlalehong tsa morao tsa histori.” Boiteko bo tšoanang ba ho fetola kapa ho pata linnete tse soabisang bo ’nile ba etsoa le mehleng ea kajeno.
Ha e le tabeng ea ho haella ha bopaki ba lintho tse epolotsoeng ba hore Bajuda ba kile ba e-ba lehoatateng, re lokela ho hopola hore e ne e le bo-hloma-u-hlomole. Ba ne ba sa hahe metse; ba ne ba sa leme lijalo. Mohlomong ba ile ba siea mohlala oa maoto feela oa hore ba ile ba feta moo. Leha ho le joalo, bopaki bo kholisang ba hore ba ile ba lula moo ka nakoana bo ka fumanoa ka Bibeleng ka boeona. Ho buuoa ka hona hangata bukeng eo e halalelang. (1 Samuele 4:8; Pesaleme ea 78; Pesaleme ea 95; Pesaleme ea 106; 1 Bakorinthe 10:1-5) Habohlokoa ka ho fetisisa, Jesu Kreste le eena o ile a fana ka bopaki ba hore liketsahalo tsa lefelleng li ile tsa etsahala.—Johanne 3:14.
Ka hona, ha ho pelaelo hore tlaleho ea Bibele ea Moshe e ka tšeptjoa, ke ea ’nete. Leha ho le joalo, o phetse mehleng ea khale. Moshe a ka ama bophelo ba hao joang kajeno?
a Ha e le hantle e bolela “o botle ba bomolimo.” Ho latela The Expositor’s Bible Commentary, polelo eo e ka ’na ea se buelle feela litšobotsi tse sa tloaelehang tsa ’mele tsa ngoana eo, empa e ka boetse ea buella “litšoaneleho tsa hae tsa pelo.”
b Cook’s Commentary e re ho tolla Nōkeng ea Nile “e ne e le tloaelo Egepeta. Nile e ne e rapeloa joaloka e tsoang ho . . . Osiris, ’me metsi a eona a ne a nkoa a e-na le matla a ikhethang a fanang ka bophelo le pelehi.”
c Litsebi li phehisana khang ka tšimoloho ea lebitso lena. Ka Seheberu, Moshe e bolela “Ea Inotsoeng; Ea Pholositsoeng Metsing.” Rahistori Flavius Josephus o pheha khang ea hore Moshe e ne e le motsoako oa mantsoe a mabeli a Seegepeta a bolelang “metsi” le “pholositsoe.” Kajeno, litsebi tse ling le tsona li lumela hore lebitso la Moshe le simoloha Seegepeteng empa ba nka hore le tlameha le bolela “Mora.” Leha ho le joalo, khang ena e thehiloe tabeng ea hore lentsoe “Moshe” le bitseha joaloka mabitso a mang a Seegepeta. Kaha ha ho motho ea tsebang hantle hore na Seheberu kapa Seegepeta sa boholo-holo se ne se bitsoa joang, likhopolo tseo ke tse inahaneloang.
d Buka ea Israel in Egypt, e re: “Khopolo eohle ea hore Moshe o ile a hōlisetsoa lapeng la borena la Egepeta e utloahala e le tšōmo. Empa ha ho hlahlobeloa lelapa la borena haufi nakong ea Puso e Ncha, ha ho be joalo. Thutmose III . . . o ile a qala mokhoa oa ho tlisa Egepeta likhosana tsa marena a hapiloeng Asia ka bophirimela e le hore a tl’o koetlisoa ka mekhoa ea Baegepeta . . . Ka hona, likhosana le likhosatsana tsa basele li ne li tloaelehile lapeng la borena Egepeta.”
e Bo-rahistori ba bang ba bolela hore Faro ea neng a busa ha Baiseraele ba falla e ne e le Thutmose III. Ba bang ba pheha khang ea hore e ne e le Amenhotep II, Ramses II le ba bang. Ka lebaka la pherekano e teng litlalehong tsa tatellano ea liketsahalo tsa Egepeta, ha ho bonolo ho fumana ka kholiseho hore na Faro enoa e ne e le mang.
[Setšoantšo]
Ka boikokobetso Moshe o ile a tlaleha ho hlōleha ha hae ho tlotlisa Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Motako o lebitleng la Baegepeta oa makhoba a etsang litene
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Erich Lessing/Art Resource, NY