Pono ea Bibele
Na Likarolo Tsohle Tsa Bibele Lia Sebetsa Mehleng ea Rōna?
“Bibele ha e thuse batho ba mehleng ea kajeno ka letho, ha e se feela ho ba fa likarabo ha ba bapala lipapali tsa mantsoe kapa tse bapaloang thelevisheneng.”
“Lintho tseo Bibele e li buang ka maloko, baroetsana le bahlankana hammoho le ho tšaba Molimo li ne li sebetsa bathong ba mehleng ea Bibele, empa ha li sebetse hakaalo Lekholong lena la Bo-mashome a Mabeli a Motso o Mong la Lilemo.”
“Bibele e ne e siiloe ke nako le pele e hatisoa ka lekhetlo la pele.”
LINTLHA tsena li sa tsoa nkoa mocheng oa boitsebiso oa Inthanete, o neng o tšohla sehlooho se reng: “Na Bibele e siiloe ke nako ebile ha e sa sebetsa mehleng ee?” U nahana’ng ka maikutlo aa? Na u lumellana le ’ona?
U ka ’na ua hanyetsana le maikutlo ao a akaretsang a ba hanang Bibele ka ho feletseng, empa u ka ’na ua ipotsa hore na ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka Bibeleng e ntse e sebetsa le kajeno. Etsoe Libibele tse sebelisoang likerekeng tse ngata li arotsoe ka seo ka tloaelo ho thoeng ke Testamente ea Khale le Testamente e Ncha, e leng ho fanang ka maikutlo a hore karolo e ka holimo ho 75 lekholong ea Bibele ke ea khale ’me e siiloe ke nako.
Ha ho na motho ea ntseng a etsa mahlabelo a liphoofolo a neng a laetsoe Molaong oa Moshe. Kahoo, ho thusa’ng ho boloka boitsebiso boo bohle bo mabapi le mahlabelo bo bukeng ea Levitike? (Levitike 1:1–7:38) Hona ho thoe’ng ka likhaolo tse qalang tsa 1 Likronike, tse thathamisitseng maloko? (1 Likronike 1:1–9:44) Haeba ha ho le ea mong oa batho ba phelang kajeno ea ka latelang leloko la habo ka ho toba ho a boletsoeng likhaolong tseo, joale li na le molemo ofe?
A re re u khola apole sefateng. Na ka mor’a hore u e khole, sefate se e hlahisitseng ha se sa na thuso? Eseng haeba u ntse u batla liapole tse ling! Ka litsela tse itseng, Bibele e tšoana le sefate seo sa liapole. Likarolo tse ling tsa Bibele, joaloka Lipesaleme kapa Thuto ea Thabeng li ka ’na tsa bonahala li ntse li le nakong li bile li thahasellisa. Haeba re nka likarolo tseo e le tsa bohlokoa—joaloka tholoana eo re e ratang—na re lokela ho hlokomoloha litholoana tse ling kaofela? Bibele e re’ng eona tabeng ee?
Hoo e ka bang ka selemo sa 65 C.E., ha moapostola Pauluse a ne a ngolla Timothea lengolo la bobeli, o ile a mo hopotsa a re: “Ho tloha boseeng u tsebile lingoliloeng tse halalelang, tse khonang ho u hlalefisetsa poloko ka tumelo mabapi le Kreste Jesu.” Pauluse o ile a tsoela pele ho re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho khalemela, bakeng sa ho otlolla lintho, bakeng sa ho laea ka ho loka.” (2 Timothea 3:15, 16) Na ha Pauluse a ne a re “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo” o ne a bua ka Testamente e Ncha feela?
Hlokomela hore Pauluse o re Timothea o tsebile “lingoliloeng tse halalelang” ho tloha “boseeng.” Haeba joalokaha ba bang ba lumela, Timothea o ne a e-na le lilemo tse fetang 30 ha lengolo leo le ngoloa, e tlameha ebe e ne e le lesea nakong ea lefu la Jesu. Ka nako eo ho ne ho e-s’o ngoloe karolo leha e le efe ea Testamente e Ncha kapa Mangolo a Segerike. Kaha ’mè oa Timothea e ne e le Mojuda, e tlameha ebe lingoliloeng tse halalelang tseo a neng a mo ruta tsona ha e sa le ngoana, ke Testamente ea Khale kapa Mangolo a Seheberu. (Liketso 16:1) Ha Pauluse a ne a bua ka “Lengolo lohle” ha ho pelaelo hore o ne a bua ka likarolo tsohle tsa Testamente ea Khale, e nang le litaelo tse mabapi le mahlabelo esita le lethathamo la maloko.
Esita le ka mor’a lilemo tse fetang 1 900, re ntse re rua molemo likarolong tseo tsa Bibele ka litsela tse ngata. Ntlha ea pele, re ne re ke ke ra ba le Bibele haeba Molimo a ne a sa ka a etsa hore e ngoloe le ho bolokoa ke batho bao a ba khethileng. (Baroma 3:1, 2) Iseraeleng ea boholo-holo, Molao oa Moshe e ne e se litaelo feela tse halalelang, tse neng li lokela ho bolokeloa meloko e tlang, empa ha e le hantle, e ne e le molao oa motheo oa sechaba. Litaelo tsa Molao tseo ho ka ’nang ha bonahala eka hase tsa bohlokoa kajeno, li ne li hlokahala e le hore sechaba sa Iseraele ea boholo-holo se bolokehe ’me lintho li se tsamaele hantle. Ho feta moo, ho ne ho hlokahala litlaleho tsa maloko tse ka Bibeleng ho khetholla Mesia, eo ho neng ho boletsoe esale pele hore o ne a tla hlaha lelokong la Morena Davida.—2 Samuele 7:12, 13; Luka 1:32; 3:23-31.
Le hoja Bakreste ba se tlas’a Molao oa Moshe, ho hlokahala hore ba bontše tumelo ho Mesia ea boletsoeng esale pele, Jesu Kreste. Litlaleho tsa maloko tse bolokiloeng ka Bibeleng li paka hore ka sebele Jesu e ne e le ‘mora ea tšepisitsoeng oa Davida.’ Lintlha tse mabapi le mahlabelo li etsa hore re ananele sehlabelo sa Jesu ka ho teba, e leng sa bohlokoa haholo ’me re lumele ho eena.—Baheberu 9:11, 12.
Ha a ngolla phutheho ea Bokreste ea Roma lekholong la pele la lilemo, Pauluse o ile a re: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” (Baroma 15:4) Temana ena e re hopotsa hore Bibele ha ea ngoloa molemong oa rōna feela. Ka lilemo tse ka holimo ho 3 500, mantsoe a eona a bululetsoeng a ’nile a tataisa, a laea le ho khalemela batho ba Molimo—ha ba le lefeelleng la Sinai, Naheng e Tšepisitsoeng, botlamuoeng Babylona, ’Musong oa Roma le lefatšeng ka bophara kajeno. Ha ho na buka leha e le efe e ’ngoe eo ho ka buuoang joalo ka eona. Qalong motho a ka ’na a thatafalloa ho bona bohlokoa ba likarolo tse itseng tsa Bibele, joalokaha ho le thata ho bona metso ea sefate sa apole. Ho ka ’na ha hlokahala hore a fate ho se hokae e le hore a bone bohlokoa ba tsona ’me boiteko boo bo tla putsoa ka ho enneng!
NA U KILE UA IPOTSA?
● Timothea o tsebile “lingoliloeng tse halalelang” ho tloha neng?—2 Timothea 3:15.
● Ke likarolo life tsa Bibele tse bululetsoeng le tse molemo?—2 Timothea 3:16.
● Re ka rua molemo joang ‘linthong tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng’?—Baroma 15:4.
[Litšoantšo tse leqepheng la 29]
Boitsebiso bo ka Bibeleng bo etsa hore re ananele sehlabelo sa Jesu ka ho teba