NA BATHO BA TLA SENYA LEFATŠE KA HO FELETSENG?
MOEA
HA RE hloke moea bakeng sa ho hema feela. Moea o sireletsa lefatše mahlaseling a kotsi a letsatsi. Ha ho ne ho se na moea, ho ne ho tla bata haholo hoo ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e tla ba leqhoa.
Moea o Silafetseng o Kotsi
Ha moea o silafala lintho tse phelang li ba kotsing. Ho latela litekanyetso tsa World Health Organization tsa tšireletseho, ke batho ba fokolang ka palo ba hemang moea o hloekileng.
Moea o silafetseng o ka baka mafu a etsang hore motho a thatafalloe ke ho hema, kankere ea matšoafo le lefu la pelo. Batho ba ka bang limilione tse supileng ba shoa pele ho nako selemo le selemo ka lebaka la ho hema moea o silafetseng.
Lefatše le Etselitsoe ho Lula le le Teng
Lefatše le ne le etselitsoe hore le fane ka moea o lekaneng ebile o hloekile bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang. Sena se ne se tla etsahala hafeela batho ba ne ba ka leka ho qoba ho silafatsa lefatše. Nahana ka mehlala e latelang:
Hangata ha ho buua ka lifate tse monyang carbon dioxide moeeng, ho buua ka meru e tloaelehileng feela empa ha se hangata ho buuoang ka meru e melang lebopong la leoatle ea lifate tsa mangrove. Leha ho le joalo, lifate tsena li khona ho monya carbon dioxide moeeng oo re o hemang ho feta lifate tse merung e fumanehang libakeng tse chesang moo pula e nang haholo, ka makhetlo a fetang a mahlano.
Lipatlisiso tsa morao-rao li bontša hore ho na le semela sa ka metsing se bitsoang kelp se khonang ho tlosa carbon dioxide moeeng ebe se e tebisetsa tlase leoatleng. Makhasi a kelp a na le mekotla e menyenyane e nang le moea e e thusang hore e phaphamale ebe e nkuoa ke metsi ho ea libakeng tse hole. Ha e fihla hole har’a leoatle, mekotla ena ea phatloha ebe semela sena se nang le carbon dioxide se tebela tlase ka leoatleng. Ho bonahala hore semela seo se lula moo botebong ba leoatle ka lilemo tse makholo.
Nakong ea lockdown ka COVID-19 ho ile ha bonahala hore sepakapaka se khona ho itlhoekisa. Ka 2020, ha likoloi le lifeme tse silafatsang moea li ne li sa sebelisoe, moea o ile oa hloeka kapele. Bukana e bitsoang 2020 World Air Quality Report, e ile ea bontša hore linaheng tse ngata tseo ho ileng ha etsoa lipatlisiso ho tsona, ho bonahala moea o ile oa hloeka hang-hang feela ka mor’a lockdown.
Ho Etsoa’ng Hore ho Lule ho E-na le Moea o Hloekileng?
Mebuso e ntse e tsoela-pele ho laela bo-rakhoebo hore ba batle litsela tse ka ba thusang ho sebetsa ntle le hore lifeme tsa bona li silafatse moea. Bo-rasaense ba boetse ba ntse ba batla litsela tse ncha tsa ho hloekisa moea. Ka mohlala, ba sebelisa likokoana ho fetola lintho tse silafatsang moea hore li se ke tsa e-ba kotsi. Litsebi li boetse li fana ka keletso ea hore batho ba tsamaee ka maoto kapa ba palame libaesekele ho e-na le ho khanna likoloi hape ba batle litsela tsa ho fokotsa tšebeliso ea motlakase.
Leha ho le joalo, ho sa ntse ho e-na le ho hongata ho lokeloang ho etsoa joalokaha tlaleho e ileng ea etsoa ka 2022 ke mekhatlo e kang World Health Organization le World Bank e bontša.
Tlaleho eo e ile ea bontša hore ka 2020, hoo e ka bang halofo ea batho lefatšeng ba sebelisa mekhoa ea ho pheha e silafatsang moea. Ke batho ba ’maloa feela ba nang le bokhoni ba ho reka litofo tse ncha tse as silafatseng moea le ho sebelisa mekhoa e meng ea ho pheha ea morao-rao.
Bibele e Fana ka Tšepo
“Ana ke mantsoe a Molimo oa ’nete, Jehova, ’Mopi oa maholimo. . . . Ea alileng lefatše le ea bopileng lintho tsohle tse ho lona, ea fang baahi ba lona moea o ba phelisang.”—Esaia 42:5.
Molimo o entse moea oo re o hemang le tsela eo o ka itlhoekisang ka eona ea tlhaho. O na le matla a sa feleng ebile o re rata haholo. Kahoo, ke taba e utloahalang ho lumela hore o tla hloekisa moea oo re o hemang. Sheba sehlooho se reng: “Molimo o Tšepisa Hore Lefatše le Tla Lula le le Teng.”