U ’Ne u Ikokobeletse ‘Moea o Phelisang’
“Moea ke oona o phelisang; nama ha e thuse letho.”—JOHANNE 6:63.
1. (a) Jehova o thusa batho ba hae joang ho hana tšusumetso ea “moea” oa lefatše lee? (b) Ho hlaolela litholoana tsa moea oa Molimo ho tla re thusa joang hore re be le tšekamelo e nepahetseng ea kelello?
MOEA o halalelang oa Jehova Molimo o hlokahala ka ho fetisisa hore re tle re hanele tšusumetso ea “moea” oa lefatše lena, kapa boikutlo ba lona. (Ba-Efese 2:1, 2) Hape re hloka Bibele, e nang le mehopolo ea Molimo e ngotsoeng tlas’a tataiso ea moea o halalelang. ’Me ho hlokahala hore re be le boikutlo ba boikokobetso ba Bokreste, bo hlahisoang ke ho hlaolela litholoana tsa moea oa Molimo—‘lerato, thabo, khotso, sebete, mosa, molemo, tumelo, bonolo le boitšoaro.’ Moapostola Pauluse o ile a phehella: “Tsamaeang ka Moea, ’me le se ke la kholisa litakatso tsa nama. Hobane nama e na le litakatso tse loantšang Moea, ’me le oona Moea o na le litakatso tse loantšang nama; ’me ntho tseo li emellane ho loantšana, hore le tle le se ke la etsa tseo le li ratang.”—Ba-Galata 5:16, 17, 22, 23.
2. Se hlahisoang ke moea oa Molimo se fapana joang le liphello tsa ho nka “moea oa lefatše”?
2 Pauluse o boetse a ngola: “Ha e le rōna, ha rea ka ra amohela moea oa lefatše, empa re amohetse Moea o tsoang ho Molimo, re tle re tsebe tseo re li filoeng feela ke Molimo.” (1 Ba-Korinthe 2:12) “Moea” oa lefatše lena kapa boikutlo ba kelello, oa bolaea, empa seo Molimo o fanang ka sona ka moea o halalelang se tlisetsa ba se amohelang bophelo bo sa feleng. Jesu o itse: “Moea ke oona o phelisang; nama ha e thuse letho. Taba tseo ke le bolellang tsona ke moea, e bile ke bophelo.” (Johanne 6:63) Kaha “nama ha e thuse letho,” re hloka thuso ea bomolimo ho hapa sebe le ho hanela moea oa lefatše lena.
3, 4. (a) Ho rata leruo ke eng, hona ‘’musi oa moea’ o bapalla takatsong ea nama ea lintho tse bonahalang joang? (b) Motho ea ratang leruo ke morapeli oa molimo oa bohata joang?
3 Sehloohong se fetileng, re buisane ka litšobotsi tse peli tse kotsi tsa “moea” oa lefatše lena—ho bapala ka lintho tsa boitšoaro bo bobe le mekhoa e sa lokelang ea moaporo le boitlhopho. Empa ho na le litšobotsi tse ling tse ngata. Ka mohlala, tikoloho ea lefatše lena e imetsoe ke lerato la leruo, ke takatso e matla ea boikhabi bakeng sa melemo ea lintho tse bonahalang kapa lintho tsa nama. ‘’Musi oa moea’ o ile a hlokomela hore mashano a lefatše lena le liphatlalatso li u etse hore u ikutloe u sa fella haeba u se na matlotlo a mangata. Tšobotsi ena ea “moea” oa lefatše e ka u taha ka maikutlo a hore tsena ke lintho tsa bohlokoa bophelong. Na u hahlametsoe ke “moea” ona oa lintho tse bonahalang?
4 Bibele e re: “Mofebi, leha a le mong, le ea litšila, le ea ratang leruo, e leng motho ea sebeletsang melimo ea bohata, ha ba na kabelo ’musong oa Kreste le Molimo.” (Ba-Efese 5:5) Hlokomela hore motho ea ratang leruo hantle-ntle ke morapeli oa molimo oa bohata. U ka ’na ua nahana hore ‘Ka sebele, nke ke ka fetella hakaalo, ka fetoha morapeli oa molimo oa bohata.’ Empa ha e le hantle ho rapela molimo oa bohata ke eng? Na hase ho bea ho hong sebakeng sa Jehova le borapeli ba hae, u fana ka tlhokomelo e sa hlokahaleng ho eona ho e-na le ho Molimo le tšebeletso ea oona? Ho rata leruo ho ka ’na ha ama ho rapela chelete le matla a eona le tšusumetso ea eona. Haeba ho uena ho tlang pele ke ho fumana koloi e ncha, sebapala-likasete sa video, kapa ntho leha e le efe e ’ngoe e bonahalang ho e-na le ho eketsa menyetla ea hao ea ho sebeletsa Jehova, na hoo hase bopaki ba hore “moea” oa lefatše lee o u hahlametse ka mokhoa o kotsi? Na ho uena lintho tse bonahalang ha lia fetoha ntho e kang litšoantšo tse rapeloang?
5. Ke ka litsela life “moea” oa lefatše lee o tletseng takatso ea boikhabi bakeng sa maruo?
5 Haeba u batla thuto e tsoetseng pele kapa mosebetsi o phahameng, na u etsa joalo e le hore u ka rua ’me ua ba le melemo e bonahalang e mengatanyana ho feta kamoo u hlokang? Na u haptjoa ke maano a ho rua kapele, u batla ho ameha ho oona? “Moea” oa lefatše lena o tletse takatso ea boikhabi bakeng sa leruo le ho qhekella ha ho lefuoa makhetho a beiloeng ke ’muso. Tikolohong ena papali ea chelete le mesebetsi e tšoanang le oo ea atleha. U se ke ua kena molekong. Ba qobang tšusumetso ea “moea” oa lefatše lena o tletseng meharo ba fumana hore thabo ea ’nete e hlahisoa ke ho khotsofalla lintho tse hlokahalang le ho etelletsa pele lithahasello tsa ’Muso.—Mattheu 6:25-34; 1 Johanne 2:15-17.
Tšebeliso e Nepahetseng ea Leleme
6. Mekhoa ea puo ea lefatše lena e ka ba le phello efe ho rōna joaloka Bakreste?
6 Ho thoe’ng ka mekhoa ea rōna ea ho bua? Puo e lihlong, mahlapa le leshano—“moea” oa lefatše lena o silafalitsoe kahohle ke puo e litšila joalo. Empa, le eona puo ea ba ’maloa ba kopanelang le phutheho ea Bokreste ka linako tse ling e na le ho hlohlontša litsebe. Morutuoa Jakobo o re bolella ka matla: “Molomong o le mong ho tsoa poko le thohako! Banab’eso, taba ha lia tšoanela ho lula joalo. Na seliba se ka kolla ka mothapo o le mong metsi a monate le a babang na?” (Jakobo 3:10, 11) Na u etsisa puo e ’ngoe e sa hloekang kapa ea “setsotsi” ea lefatše lee? Na u na le mekhoa e ’meli ea tšebeliso ea mantsoe, o mong o u sebelisa ha u le har’a Bakreste, o mong o u sebelisa kae-kae? Pauluse o ile a ngola: “Polelo e lihlong, leha e le ’ngoe, e se ke ea tsoa melomong ea lōna; empa ho tsoe e ntle, e lokelang khahiso, e tle e hlahisetse ba e utloang molemo.” (Ba-Efese 4:29) Ke habohlokoa hakaakang ho sebelisa puo e loketseng le e hloekileng ka linako tsohle!
7. Ho ‘tela leshano le ho bua ’nete’ li akarellelitse eng?
7 Hape ho hlokahala hore re be hlokolosi ka linako tsohle hore re bue ’nete. Ho ba mano kapa ho thetsa ba bang ka boomo e le hore re ka qoba boikarabelo, ka sebele ho tšoana le ho qala leshano. Ka hona u tiise hore u ela hloko keletso ea Pauluse: “Le ke le tele leshano, ’me e mong le e mong a bolele ’nete ho oa habo; hobane re litho ba bang tsa ba bang.”—Ba-Efese 4:25; Liproverbia 3:32.
8. (a) Batho ba bangata ba lefatše ba itšoara joang ha ba halefisitsoe? (b) Haeba re halefisitsoe, re lokela ho etsa eng?
8 Pontšo e sa laoloeng ea bohale le eona ke tšobotsi e ’ngoe ea moea ona oa lefatše. Batho ba bangata ba lefatše ba felloa ke boitšoaro habonolo. Baa befa, e be joale ba ikemela ka ho re ba ne ba mpa ba bohla bohale feela. Empa Pauluse haa eletsa joalo, hobane o ile a ngola: “Tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itšena, le komang, le ho seba, le lonya lohle, li falatsoe ho lōna.” (Ba-Efese 4:31) Empa ho thoe’ng haeba motho a tlala bohale ho sa tsotellehe ho hlaolela ha rōna boitšoaro le litholoana tse ling tsa moea oa Molimo? Pauluse o ile a ngola, “Ha le halefa, le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la phirimela bohale ba lōna; ’me le se ke la nea Diabolose sebaka.” (Ba-Efese 4:26, 27) Kahoo haeba re halefisitsoe, re lokela ho lokisa taba kapele, pele letsatsi le likela. Ho seng joalo, bohale le ho hlonama li qala ho mela pelong, ’me joale ho thata ho li fothola. U se ke ua itlohella hore u phefumolohe “moea” oa bohale le oa boiphetetso oa lefatše lena.—Pesaleme ea 37:8.
9. Bo bong ba boikutlo bo tloaelehileng ba basebetsi ke bofe, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho hlahloba mekhoa ea rōna ea ho sebetsa?
9 Ho thoe’ng ka mekhoa ea hao ea mosebetsi? Ho se be teng mosebetsing ntle ho lebaka le ho utsoetsa mong a mosebetsi li tloaelehile kajeno. Na u montse o mong oa “moea” oo? Na boikutlo ba hore ‘bohle baa ho etsa’ bo u amme? Le kamohla u se ke ua lebala hore tsela eo re etsang mosebetsi oa rōna ka eona joaloka Bakreste e bontša ho hong ka Jehova le borapeli ba hae bo hloekileng. Na u tla rata ha motho e mong a hana ’nete e buuoang ke e mong oa Lipaki tsa Jehova monyakong oa hae ka lebaka la tsela eo u itšoarang ka eona mosebetsing? Pauluse o itse, “Ea neng a utsoa, a se ke a hlola a utsoa, a mpe a ineele ho sebetsa . . . a tle a tsebe ho nea ea hlokang.”—Ba-Efese 4:28.
10. Ha re sebetsa mosebetsi oa lefatše, re ka bontša joang hore ha re hahlameloe ke “moea” oa boikhabi oa lefatše lee?
10 Le hoja kamano ea monghali le lekhoba e neng e le teng lekholong la pele la lilemo e fumaneha seoelo kajeno, basebetsi ba Bakreste ba ka ithuta ho seo Pauluse a ileng a se ngolla makhoba a Bakreste ho Ba-Efese 6:5-8. Mono basebetsi ba ile ba bolelloa hore ‘ba utloe bao ba ba sebeletsang, e seng feela ka lebaka la ho khahlisa batho, empa joaloka makhoba a Kreste.’ Ka hona Mokreste ha aa lokela ho tsoelipana ha a lokela ho etsa mosebetsi o feletseng oa letsatsi kapa ho fana ka thepa kapa tšebeletso kamoo ho tšepisitsoeng. Haeba re etsa lintho ‘joale ka ha re etsetsa Jehova,’ re tla ba le boikutlo bo nepahetseng ’me re ke ke ra angoa ke “moea” oa boikhabi le oa botsoa oa lefatše lena.
Lijo, Lino le Boikhathollo
11. Boikutlo ba lefatše ka lijo le lino bo ile ba ama batho ba bang ba Jehova ba mehleng ea Bibele joang?
11 Na u anngoe ke tšebeliso e feteletseng ea lijo le lino ea lefatše? Boikutlo ba lona ke hore ‘a re jeng, re noeng, re thabe, hobane hosasane re ka ’na ra shoa.’ (1 Ba-Korinthe 15:32) ’Me moea ona o hahlametse ba bang ho bahlanka ba Molimo, le ho tloha mehleng e fetileng. Hopola ketsahalo ea ha Baiseraele lefeelleng “[ba] lula fatše ho ja le ho noa, [ba] ntoo ema [ba] hobela.” (Exoda 32:6) Ho “hobela” hoo ha khannela boitšoarong bo hlephileng bo se nang moeli le borapeling ba melimo ea bohata, hoo bohale ba Molimo bo ileng ba ba tukela. Le kamohla re se ke ra latela tsela eo.—1 Petrose 4:3-6.
12. Haeba mekhoa ea rōna ea ho ja le ho noa ho hlokahala hore e hlokomeloe ka mokhoa o mong o itseng, re lokela ho etsa joang?
12 Jehova o re neile lijo le lino tse ngata haholo tse sa tšoaneng ka tatso, mebala le tse hahang ’mele, empa o batla hore re sebelise lintho tsena ka ho itekanela. Bibele e nyatsa bonyollo le botahoa. (Liproverbia 23:20, 21) Kahoo tšepahala ’me u ipotse: Na ho na le moo ho hlokahalang hore ke ntlafatse mekhoeng ea ka ea ho ja le ho noa? Haeba ho hlokahala hore u bontše boitšoaro haholoanyane, hlokomela sena ’me u sebetse tumellanong le lithapelo tsa hao bakeng sa moea oa Molimo ho u thusa hore u hlōle bothata bona. Pauluse o itse, “Le se ke la tahoa ke veine, hobane bohlola bo teng ho eona; le mpe le tlale Moea.” (Ba-Efese 5:18) E, tlala moea oa Molimo, ’me u se ke ua ineela moeeng o sa thijoeng oa lefatše lena! “Leha le e-ja, leha le e-noa, leha le etsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Molimo ka tsona.” (1 Ba-Korinthe 10:31) Leha ho le joalo, haeba u e-na le mathata a phehellang lintlheng tsena, batla thuso ea banna ba hōlileng moeeng ka phuthehong.—Ba-Galata 6:1; Jakobo 5:14, 15.
13. (a) Ho totobala joang hore Diabolose o silafalitse boholo ba boikhathollo bo teng kajeno? (b) Re ka qoba boikutlo boo ba lefatše mabapi le boikhathollo joang?
13 Lefatše lena le thophothetsoe ke lipapali, ’mino, le mefuta e sa tšoaneng ea boikhathollo. Ho thabela lintho tse joalo ha ho hlile ha ho phoso, ntle leha li hanana le melao-motheo ea Bibele. Empa bothata ke hore Satane, “morena ea busang moea,” o bolisitse boholo ba boikhathollo bo fumanehang kajeno. (Ba-Efese 2:2, The Jerusalem Bible) Hangata, ho hōlisoa boitšoaro bo bobe, ho emeloa pefo ’me ho bontšoa katleho e fumanoang ka mano, bolotsana le polao. Ha re shebella boikhathollo bo joalo, re phefumoloha boikutlo bona ka matla hore bo kene ’meleng ea rōna, ’me liphello tse tahang tsa bona li tlameha ho re ntša kotsi. Ho feta moo, le moo mefuta e meng e itseng ea boikhathollo e sa hanoeng ke Mangolo, ho na le kotsi ea hore e u thophothele, hoo ho salang nako e nyenyane bakeng sa lintho tsa moea. Kahoo, ho hlokahala hore re khethe. Iphe nako ea ho thabela ka mokhoa o lekaneng boikhathollo bo bong bo molemo le bo hlasimollang ’mele, empa qoba ho etsisa ho fetella ha lefatše. Hore na “moea” ona oa lefatše o na le monkho o monate kapa o bohloko, o silafetse ’me oa bolaea!—Liproverbia 11:19.
Boikhantšo ba Morabe—Moea o Mobe
14. Mabapi le mathata a kahisano, re ka angoa joang ke “moea” oa lefatše lee?
14 Tšobotsi e batlang e le bolotsana ea “moea” oa lefatše lena ke boikhantšo ba morabe le bochaba. Ba bang ba hōlisa maikutlo a fosahetseng a hore merabe e itseng e phahame ’me e meng e tlaase. Bochaba bo khothaletsa batho ho talima linaha tsa habo bona li phahametse tse ling tsohle. Ha e le hantle, ba bangata ba utloa bohloko ntle ho lebaka ’me ba amohuoa litokelo tsa bohlokoa tsa botho le lintho tse hlokahalang ka lebaka la boikhabi ba ba bang le khethollo ea ba bang. Ho felle ka lehloeo, le eona pefo. Ba bangata ba kubuloha ka phetohelo, ba inkela molao matsohong, ba tšepile hore ba tla rarolla mathata a kahisano ka tsela ea bona. Le rōna, hape, re ka haptjoa ke maikutlo ana. Ha re hlokomela leeme kapa re etsoa ka lona ’me joale re utloa ba hatellang hore ho etsoe liphetoho tsa kahisano, re ka ’na ra susumeletseha haeba re se seli. Re ka qala ho tlohela boemo ba rōna ba ho se jele paate eaba re jela paate. (Johanne 15:19) Ho bileng ho tebileng haholoanyane, re ka ’na ra ikutloa re kene molekong oa ho ba limpimpi, ho khothalletsa batho ho jela paate, kapa ho kenella pefong e le hore re ka qobella liphetoho.
15. Bibele e buella tsela efe ha re ikutloa re sekametse hore re ‘iphetetse’?
15 Le moea oa phutheho o ka ameha hampe ke boikutlo ba morabe kapa ba bochaba. (Bapisa Liketso 6:1-7.) Empa re tla ba le moea o nepahetseng haeba re ela hloko keletso ena: “Ha ho ka etsoa, ’me ha e le ka lōna, le lule ka khotso le batho bohle. Baratuoa, le se ke la iphetetsa e le lōna, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngoliloe, ho thoe: Phetetso ke ea ka; ke ’na ea tlang ho busetsa, ho rialo Morena [Jehova].” (Ba-Roma 12:18, 19) Kaha merabe eohle e tsoa ho batho ba babeli ba pele, ’me Molimo ha o ee ka tšobotsi, ha ho na sebaka sa boikhantšo ba morabe kapa ba bochaba ka phuthehong ea Bokreste.—Liketso 10:34, 35; 17:26; Ba-Roma 10:12; Ba-Efese 4:1-3.
Tsoela Pele ho Phefumoloha “Moea” o Phelisang
16. Ke eng e tla re thusa ho hanela hore re hahlameloe ke moea oa lefatše lee?
16 Re buisane ka litšobotsi tse khōlō tsa “moea,” kapa moea o bolaeang oa lefatše lena. O re pota-potile ’me o khothometsa ka matla hoo haeba re ka lumella sebaka se feela hore se be teng boemong ba rōna ba moea, “moea” ona o litšila o tla potlakela ho se koala. Katleho ea ho o hanela e itšetlehile haholo ka hore na re rata se hloekileng, se setle le se lokileng hakae, ’me re hloile se litšila, se sebe le se khopo hakae. Re tla ’ne re phefumolohe “moea” o nepahetseng haeba re tsoela pele ho hlaolela boikutlo bo nepahetseng ba kelello karabelong ea rōna boeta-peleng ba moea o halalelang oa Jehova.—Ba-Roma 12:9; 2 Timothea 1:7; Ba-Galata 6:7, 8.
17. Ke eng e lokelang ho etsoa ka potlako haeba re utloa “moea” o mong oa lefatše lena o fokelang ka tseleng ea rōna?
17 Ka mekhoa eohle, u se ke ua lumella “moea” leha e le ofe o litšila oa lefatše lena hore o qale ho nkha hamonate ho uena. ’Musi oa “moea” ona o tsebisisa hore na ho hlokahala eng ho ipiletsa kelellong le ho fehla takatso e atisang ho isa sebeng. (Jakobo 1:14, 15) Lula karolong ea “ba sa tsubeng,” paradeise ea moea ea Jehova. Ha u utloa monkho oa “moea” ona oa lefatše o fapohela ka tseleng ea hao, o qobe. O furalle joalokaha u ne u tla qoba chefu e bolaeang. “Iponeleng hore le tsamaee ka kelello, e seng joale ka maoatla, e mpe e be joale ka ba bohlale. Lopollang linako, hobane mehla e se e le mebe. Ka baka leo, le se ke la etsa ka booatla, le mpe le tsebisise hantle ho ratoang ke Morena [Jehova].”—Ba-Efese 5:15-17.
18. Moea oa ba filoeng tokelo ea ho phela lefatšeng le hloekisitsoeng e tla ba ofe?
18 Ke thato ea Molimo hore re o sebeletse joaloka ka ba tšepahalang. Ho etsa joalo ho tla bolela bophelo tsamaisong ea oona e ncha, e haufi hona joale. Etlare ha re phefumoloha moea ka nako eo, e tla ba o khathollang hakaakang! Ho se lintho tse silafatsang tse bolaeang, e le moea o phelisang feela. Hoo e tla ba ’nete ka moea oa sebele ’me, habohlokoa haholoanyane, ka moea oa ba filoeng tokelo ea ho phela lefatšeng le hloekisitsoeng. Ba tla ba le boikutlo ba ho utloa, ba boikokobetso le ba ho arabela hantle. “Moea” oa lefatše lena la khale, o tletseng litšusumetso tsa bofetoheli, tšenyeho le bokhopo, o tla be o ile.—Tšenolo 21:5-8.
19. Ke bafe ba tla pholohela tsamaisong e ncha ea Jehova?
19 Ka sebele, ha re batle ho ba har’a ba phefumolohang “moea” oa tsamaiso ena ha Jehova a felisa tšilafalo le basilafatsi ka Harmagedone. E tla ba topollo e kaakang ha lefatše la khale le se le ile ’me ‘’musi oa moea’ a se a kentsoe sekoting! E mong le e mong ea ratang Jehova ’me a tsoela pele ho rata se hloekileng, se hlomphehang le se lokileng o tla ba teng moo. Jehova o ba batla moo ’me o tla ba thusa ka moea oa hae. O tla ba nea bophelo bo sa feleng tsamaisong e ncha e hloekileng le e tletseng bophelo. A re se keng ra fosoa ke tokelo eo ka lebaka la ho phefumoloha “moea” o bolaeang oa tsamaiso ena ea lintho ea khale!
U ne u Tla Arabela Joang?
◻ Ke ka tsela efe motho ea ratang leruo a fetohang morapeli oa molimo oa bohata?
◻ “Moea” oa lefatše lee o ka ’na oa ama mekhoa ea hao ea puo joang?
◻ Basebetsi ba Bakreste ba lokela ho bontša moea ofe ha ba etsa mosebetsi oa lefatše?
◻ U ka qoba joang hore u se ke ua angoa ke boikutlo ba lefatše lee mabapi le lijo, lino le boikhathollo?
◻ Ke moea ofe tabeng ea morabe le bochaba o tlamehang hore o se ke oa kena ka phuthehong ea Bokreste?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Na lelapa la hao le matla ka ho lekaneng moeeng hore le ka hanela “moea” oa lefatše lee?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Haeba re etsa lintho ‘joale ka ha re etsetsa Jehova’ re ke ke ra angoa ke “moea” oa lefatše lena oa boikhabi le botsoa