Khaolo 9
Ho Tšoara Lebitso la Jesu ka Tieo
PERGAME
1. Ke phutheho efe e ileng ea fumana molaetsa oa Jesu o latelang, hona Bakreste bao ba ne ba phela motseng oa mofuta ofe?
HA RE tsamaea lik’hilomithara tse 80 re nyolosa ka tsela e lebōpong la leoatle ho tloha Smyrna ’me re kenella hare ho naha ka lik’hilomithara tse 24 ho tšela phula ea Nōka ea Caicus, re fihla Pergame, e bitsoang Bergama hona joale. Motse ona o ne o tsebahala ka tempele ea oona ea Zeuse, kapa Jupitere. Ka bo-1800, baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba tlosa aletare ea tempele eo ba e isa Jeremane, Musiamong oa Pergame o Berlin, moo e ntseng e ka bonoa teng hammoho le liemahale tse ngata le litšoantšo tse ngata tsa melimo ea bohetene. Morena Jesu o ne a tla romela molaetsa ofe phuthehong e phelang har’a borapeli bo joalo ba litšoantšo?
2. Jesu o itsebahatsa joang, hona ho boleloa’ng ha ho thoe o na le ‘sabole e sehang ka nģa tse peli’?
2 Pele, Jesu oa itsebahatsa, o re: “Ngolla lengeloi la phutheho e Pergame u re: Tsena ke lintho tse boleloang ke ea nang le sabole e bohale, e telele e sehang ka nģa tse peli.” (Tšenolo 2:12) Mona Jesu o pheta mantsoe ao a hlalositsoeng ka ’ona ho Tšenolo 1:16. E le Moahloli le Mophethahatsi oa Kahlolo, o tla timetsa ba hlorisang barutuoa ba hae. Khothatso eo e tšelisa hakaakang! Leha ho le joalo, mabapi le kahlolo, ba ka hare ho phutheho le bona ba lokela ho hlokomela hore Jehova, a sebelisa ‘lenģosa lena la selekane,’ Jesu Kreste, ‘e tla ba paki e potlakang’ khahlanong le bohle ba ipolelang hore ke Bakreste ba rapelang litšoantšo, ba etsang boitšoaro bo bobe, ba leshano, le ba sa tšepahaleng hammoho le ba hlōlehang ho hlokomela ba hlokang. (Malakia 3:1, 5; Baheberu 13:1-3) Keletso le khalemelo tseo Molimo a reng Jesu a fane ka tsona li tlameha ho mameloa!
3. Ke borapeli bofe ba bohata bo neng bo le teng Pergame, ’me ho ka boleloa joang hore “terone ea Satane” e ne e le hona moo?
3 Joale Jesu o re ho phutheho: “Ke tseba moo u lulang teng, ke hore, moo terone ea Satane e leng teng.” (Tšenolo 2:13a) Ruri Bakreste bao ba ne ba pota-potiloe ke borapeli ba bosatane. Ntle ho tempele ea Zeuse, ho ne ho e-na le tempelana ea Aesculapius, e leng molimo oa pholiso. Pergame e ne e boetse e tsebahala e le setsi sa sehlotšoana sa bokhelohi se rapelang moemphera. Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “Satane” le bolela “Mohanyetsi,” ’me “terone” ea hae e emela puso ea hae ea lefatšeng joalokaha Molimo a e lumeletse ka nako e itseng. (Jobo 1:6, NW, botlaaseng ba leqephe) Ho ata ha borapeli ba litšoantšo Pergame ho ne ho bontša hore “terone” ea Satane e ne e tiile motseng oo. E tlameha ebe Satane o ile a halefa hakaakang ha Bakreste ba moo ba sa mo khumamele ka borapeli ba bochaba!
4. (a) Jesu o babatsa Bakreste ba Pergame ka eng? (b) Lenģosa la Moroma Pliny le ile la re’ng ha le ne le ngolla Moemphera Trajan le mo tsebisa kamoo le neng le tšoere Bakreste kateng? (c) Ho sa tsotellehe kotsi, Bakreste ba Pergame ba ile ba etsa joang?
4 E, “terone ea Satane” e hona moo Pergame. Jesu o tsoela pele ho re: “Leha ho le joalo u ntse u tšoere lebitso la ka ka tieo, ’me ha ua ka ua latola tumelo ea hao ho ’na esita le matsatsing a Antipase, paki ea ka, ea tšepahalang, ea ileng a bolaoa haufi le lōna, moo Satane a lulang teng.” (Tšenolo 2:13b) Ke pabatso e susumetsang hakaakang! Ha ho pelaelo hore ho bolaoa ha Antipase ho bakiloe ke hore ebe o ile a hana ho sebelisa mekhoa ea bodemona le ho rapela moemphera oa Roma. Hoba Johanne a fumane boprofeta bona, Pliny e Monyenyane, eo e neng e le lenģosa la Moemphera Trajan oa Roma, o ile a ngolla Trajan ’me a hlalosa mokhoa oo ka oona a tšoarang batho ba qosoang ka hore ke Bakreste—e leng mokhoa oo moemphera a neng a o amohela. Kamoo Pliny a bolelang kateng, ba neng ba latola hore ke Bakreste ba ne ba lokolloa ha “ba ne ba phetile thapeli e eang ho melimo ka mor’a hore ke e phete, ba etselitse setšoantšo sa hao [Trajan] libano ba bile ba se file veine . . . ’me, ho phaella moo, ba rohakile Kreste.” Bohle ba neng ba fumanoa e le Bakreste ba ne ba bolaoa. Le hoja ba ne ba tobane le kotsi e joalo, Bakreste ba Pergame ha baa ka ba latola tumelo ea bona. Ba ile ‘ba tšoara lebitso la Jesu ka tieo’ ka hore ba ’nile ba tsoela pele ho hlompha boemo ba hae bo phahameng e le Motlosi e Moholo oa Qoso ho Jehova le Moahloli ea khethiloeng. Ka botšepehi, ba ile ba latela mehato ea Jesu e le lipaki tsa ’Muso.
5. (a) Ke eng e tšoanang le ho rapela baemphera e baketseng Bakreste liteko tse tšabehang mehleng ea kajeno? (b) Molula-Qhooa o ’nile oa thusa Bakreste joang?
5 Liketsahalong tse sa tšoaneng, Jesu o ne a ile a tsebahatsa hore Satane o busa lefatše lena la hona joale le khopo, empa ka lebaka la botšepehi ba Jesu, ho ne ho se moo Satane a ka mo tšoarang teng. (Matheu 4:8-11; Johanne 14:30) Mehleng ea rōna lichaba tse matla, haholo-holo “morena oa leboea” le “morena oa boroa,” li loanetse ho busa lefatše. (Daniele 11:40) Ho ’nile ha hlohlelletsoa moea oa ho rata naha, ’me kajeno moea oa bochaba o atileng haholo lefatšeng o tšoana le ho rapela baemphera. Lihlooho tsa Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa November 1, 1939, le Molula-Qhooa oa June 1, 1980, le oa September 1, 1986, tse neng li bua ka ho se nke lehlakore, li ile tsa bontša ka ho hlaka seo Bibele e se rutang tabeng ena, tsa tataisa Bakreste ba ratang ho tsamaea ka lebitso la Jehova le ho hlōla lefatše, joalokaha Jesu a ile a etsa joalo ka sebete.—Mikea 4:1, 3, 5; Johanne 16:33; 17:4, 6, 26; 18:36, 37; Liketso 5:29.
6. Joaloka Antipase, Lipaki Tsa Jehova li eme li tiile joang mehleng ea kajeno?
6 Keletso e joalo e ’nile ea hlokahala ka potlako. Ha Lipaki Tsa Jehova, e leng batlotsuoa le metsoalle ea bona, li tobane le moea oa ho rata naha ka mokhoa o sa utloahaleng, li ’nile tsa tlameha ho ema li tiile tumelong. United States, bana le matichere ba makholo-kholo ba ile ba lelekoa likolong hobane ba ne ba sa lumelise folakha ea naha, ha Jeremane Lipaki li ile tsa hlorisoa ka sehlōhō ka lebaka la ho hana ho lumelisa swastika. Joalokaha re boletse, Manazi a Hitler a ile a bolaea bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba likete kahobane ba ne ba hana ho kopanela borapeling bo joalo ba litšoantšo ba bochaba. Ka bo-1930, nakong ea ha ho ne ho rapeloa baemphera ba Shinto ka matla Japane, basebeletsi ba babeli ba bo-pula-maliboho ba ile ba jala peō e ngata ea ’Muso sebakeng se busoang ke Majapane sa Taiwan. Babusi ba sesole ba ile ba ba kenya teronkong, moo e mong oa bona a ileng a shoela teng ka lebaka la tšoaro e mpe. E mong o ile a lokolloa hamorao, empa o ile a thunngoa ka mokokotlong—ea e-ba Antipase oa kajeno. Ho tla fihlela lena le holimo, ho na le linaha tseo ho tsona ho laeloang hore batho ba rapele matšoao a bochaba ba be ba inehele ka ho khethehileng ho Naha. Bacha ba bangata ba Lipaki ba ’nile ba kenngoa literonkong, ’me ba bangata ba bolaoa, ka lebaka la ho ema ha bona ka sebete e le Bakreste ba sa nkeng lehlakore. Haeba u mocha ea tobaneng le litaba tse joalo, ithute Lentsoe la Molimo letsatsi le leng le le leng e le hore u ka ba le “tumelo hore moea o bolokoe o phela,” u lebeletse bophelo bo sa feleng.—Baheberu 10:39–11:1; Matheu 10:28-31.
7. Bacha ba ile ba tobana le taba ea borapeli ba bochaba joang India, hona e le ka phello efe?
7 Sekolong bacha ba ’nile ba tobana le litseko tse tšoanang. Ka 1985, seterekeng sa Kerala, India, bana ba bararo ba banyenyane ba Lipaki Tsa Jehova ba ile ba hana ho sekisetsa tumelo ea bona e thehiloeng Bibeleng, ka hore ba hane ho bina pina ea sechaba. Ba ile ba ema ka tlhompho ha ba bang ba bina, empa leha ho le joalo ba ile ba lelekoa sekolong. Ntat’a bona o ile a ipiletsa ka ketso ena ho ea fihla Lekhotleng le ka Holimo-limo la India, moo baahloli ba babeli ba ileng ba etsa qeto ea ho ema le bana bao, ka sebete ba re: “Moetlo oa rōna o ruta hore re hlomphe litumelo tse ling; filosofi ea rōna e ruta hore re hlomphe litumelo tse ling; molao oa rōna oa motheo o hlompha litumelo tse ling; a re se keng ra senya lintho tseo.” Likoranta le lihlooho tsa baphatlalatsi tse re emelang tse ileng tsa ngoloa ka mor’a nyeoe ena li ile tsa tsebisa sechaba sohle, seo ka nako eo se neng se akarelletsa batho ba ka etsang karolo ea bohlano ea baahi ba lefatše, hore ho na le Bakreste naheng eo, ba rapelang Molimo oa ’nete Jehova le hore ka botšepehi ba tšehetsa melao-motheo ea Bibele.
Litšusumetso Tse Senyang
8. Jesu o fumana ho hlokahala hore a nyatse Bakreste ba Pergame ka lebaka lefe?
8 Ka sebele, Bakreste ba Pergame ba lula ba tšepahala. “Leha ho le joalo,” Jesu o re, “ke na le lintho tse seng kae khahlanong le uena.” Ba entse’ng hoo ba lokelang ho nyatsuoa? Jesu o re: “Moo u na le ba tšoereng ka tieo thuto ea Balame, ea ileng a qala ho ruta Balake ho beha khopiso ka pel’a bara ba Iseraele, hore ba je lintho tse hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang le ho etsa bohlola.”—Tšenolo 2:14.
9. Balame e ne e le mang, ’me keletso ea hae e ile ea beha “khopiso ka pel’a bara ba Iseraele” joang?
9 Mehleng ea Moshe, Morena Balake oa Moabe o ile a hira Balame, e leng moprofeta eo e neng e se Moiseraele, ea neng a tseba ho hong ka litsela tsa Jehova, hore a rohake Iseraele. Jehova o ile a thibela Balame, a mo susumelletsa hore a hlohonolofatse Baiseraele le hore a phatlalatse bomalimabe ho lira tsa bona. Balake o ile a halefisoa ke sena eaba Balame o mo kokobetsa bohale ka ho etsa tlhahiso ea hore ba ba hlasele ka tsela e ’ngoe e bolotsana haholoanyane: Ba re basali ba Moabe ba eke banna ba Iseraele hore ba oele boitšoarong bo nyonyehang ba ho kopanela liphate le hore ba kopanele borapeling ba litšoantšo ba molimo oa bohata Baale oa Peore! Leqheka lena le ile la atleha. Khalefo e lokileng ea Jehova e ile ea tuka, eaba o romela lefu la seoa le ileng la bolaea ba 24 000 ba lihlola tseo tsa Baiseraele—e leng lefu le ileng la emisa feela ha moprista Finease a nka bohato ba ho tlosa bobe Iseraele.—Numere 24:10, 11; 25:1-3, 6-9; 31:16.
10. Ke likhopiso life tse khukhunetseng ka phuthehong ea Pergame, ’me ke hobane’ng ha e ka ’na eaba Bakreste bao ba ne ba nahana hore Molimo o tla hlokomoloha litšito tsa bona?
10 Joale, na ho na le likhopiso tse tšoanang Pergame mehleng ea Johanne? E, li teng! Boitšoaro bo bobe le borapeli ba litšoantšo li khukhunetse ka phuthehong. Bakreste bao ha baa ka ba ela hloko temoso eo Molimo a faneng ka eona ka moapostola Pauluse. (1 Bakorinthe 10:6-11) Kaha ba ile ba mamella ha ba hlorisoa, mohlomong ba nahana hore Jehova o tla hlokomoloha litšito tsa bona tsa ho kopanela liphate. Kahoo Jesu o ba hlakisetsa hore ba tlameha ho koekoetla bokhopo bo joalo.
11. (a) Bakreste ba lokela ho itebela hore ba se ke ba etsa eng, ’me ba tlameha ho qoba monahano oa mofuta ofe? (b) Ho theosa le lilemo, ho khaotsoe ba bangata hakae phuthehong ea Bokreste, ’me boholo ba bona e ne e le ka mabaka afe?
11 Le kajeno, Bakreste ba tlameha ho itebela hore ba se ke ba “[fetola] mosa o sa tšoanelang oa Molimo oa rōna boikemelo bakeng sa boitšoaro bo hlephileng.” (Juda 4) Re tlameha ho hloea se sebe le ho ‘teteka ’mele ea rōna’ e le hore re ka phehella tsela ea bokhabane ba Bokreste. (1 Bakorinthe 9:27; Pesaleme ea 97:10; Baroma 8:6) Le ka mohla ha rea lokela ho nahana hore ho cheseha tšebeletsong ea Molimo le ho tšepahala ha re hlorisoa li re lumella ho etsa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. Ho theosa le lilemo, bafosi ba mashome a likete ba ’nile ba khaoloa phuthehong ea Bokreste lefatšeng ka bophara, boholo ba bona e le ka mabaka a boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. Lilemong tse ling ho ’nile ha e-ba le ba bangata ho feta ba ileng ba oa Iseraeleng ea boholo-holo ka lebaka la Baale oa Peore. E se eka re ka lula re itebetse e le hore le ka mohla re se ke ra oela sehlopheng seo!—Baroma 11:20; 1 Bakorinthe 10:12.
12. Joaloka bahlanka ba Molimo ba mehleng ea pele, ke melao-motheo efe e sebetsang ho Bakreste kajeno?
12 Jesu o boetse a khalemela Bakreste ba Pergame ka lebaka la ‘ho ja lintho tse hlabetsoeng litšoantšo tse rapeloang.’ Li ne li akarelletsa eng? Ha ho talingoa mantsoe a Pauluse a eang ho Bakorinthe, mohlomong ba bang ba ne ba sebelisa tokoloho eo ba nang le eona joaloka Bakreste hampe ’me ka boomo ba khopisa matsoalo a ba bang. Empa ho ka etsahala hore ebe ka litsela tse itseng, ba ne ba hlile ba kenella litšebeletsong tsa ho rapela litšoantšo. (1 Bakorinthe 8:4-13; 10:25-30) Kajeno Bakreste ba tšepahalang ba tlameha ho bontša lerato le hlokang boithati ha ba sebelisa tokoloho eo ba nang le eona joaloka Bakreste, ba be hlokolosi hore ba se ke ba khopisa ba bang. Ka sebele, ba tlameha ho qoba mekhoa ea kajeno ea borapeli ba litšoantšo, e kang ho rapela likhalala tsa TV, tsa libaesekopo le tsa lipapali, kapa ho etsa chelete molimo, kapa esita le ho etsa limpa tsa bona melimo!—Matheu 6:24; Bafilipi 1:9, 10; 3:17-19.
Qoba Lihlopha Tsa Bokhelohi!
13. Jesu o tsoela pele ho khalemela Bakreste ba Pergame ka mantsoe afe, hona ke hobane’ng ha phutheho e ne e a hloka?
13 Jesu o tsoela pele ho khalemela Bakreste ba Pergame, o re: “Kahoo le uena, u na le ba tšoereng ka tieo thuto ea sehlopha sa bokhelohi sa Nikolase ka ho tšoanang.” (Tšenolo 2:15) Pele, Jesu o ne a ile a babatsa Baefese ka lebaka la hore ba ne ba hloile liketso tsa sehlopha sena sa bokhelohi. Empa Bakreste ba Pergame ba hloka keletso ea hore ba etse hore phutheho e lule e se na lihlopha tsa bokhelohi. Ho hlokahala hore e tiee haholoanyane tabeng ea ho khomarela melao-motheo ea Bokreste e le hore ho bolokoe bonngoe boo Jesu a ileng a bo rapella ho Johanne 17:20-23. Ho hlokahala hore Bakreste bana ba ‘khone ho eletsa ka thuto e phelisang hantle hammoho le ho khalemela ba hanyetsang.’—Tite 1:9.
14. (a) Ho tloha mehleng ea pele, phutheho ea Bokreste e ne e tlameha ho tobana le bo-mang, ’me moapostola Pauluse o ile a ba hlalosa joang? (b) Ke mantsoe afe a Jesu ao mang kapa mang ea ka ’nang a rata ho latela sehlopha se ikarotseng a lokelang ho a ela hloko?
14 Ho tloha mehleng ea pele, phutheho ea Bokreste e ’nile ea lokela ho tobana le bakoenehi ba ikhohomosang, bao ka lipuo tse qhekellang, tse thetsang “ba bakang likarohano le maemo a bakang ho khoptjoa khahlanong le thuto” e fanoang ka mocha oo Jehova a o sebelisang. (Baroma 16:17, 18) Moapostola Pauluse o ile a lemosa ka tšokelo ena hoo e ka bang mangolong ’ohle a hae.a Mehleng ea kajeno, ha Jesu a tsosoloselitse phutheho ea ’nete bohloeking le bonngoeng ba eona ba Bokreste, kotsi ea lihlopha tsa bokhelohi e ntse e le teng. Kahoo, mang kapa mang eo e ka ’nang eaba o rata ho latela sehlopha se ikarotseng, se ikentseng sehlopha sa bokhelohi, o lokela ho ela hloko mantsoe a latelang a Jesu: “Ka hona baka. Haeba u sa bake, ke tla ho uena kapele, ’me ke tla loana le bona ka sabole e telele ea molomo oa ka.”—Tšenolo 2:16.
15. Lihlopha tsa bokhelohi li qala joang?
15 Lihlopha tsa bokhelohi li qala joang? Mohlomong motho ea ikentseng mosuoe a ka ’na a jala lipelaelo, a belaella linnete tse ling tsa Bibele (tse kang ea hore re matsatsing a ho qetela), joale ebe sehlotšoana sea ikarola ’me sea mo latela. (2 Timothea 3:1; 2 Petrose 3:3, 4) Kapa motho e mong a ka nyatsa tsela eo Jehova a tsamaisang mosebetsi oa hae ka eona ’me a buella moea oa ho iqenehela ka ho bolela hore ho ea ka ntlo le ntlo ka molaetsa oa ’Muso ho khahlanong le Mangolo ebile ha ho hlokahale. Ho kopanela tšebeletsong e joalo ka ho latela mohlala oa Jesu le baapostola ba hae ho ne ho tla etsa hore batho bana ba lule ba ikokobelitse; leha ho le joalo, ba ikhethela ho ikarola le ho raha qhebelele, mohlomong ba bala Bibele ka seoelo feela e le sehlopha seo se ka thōko. (Matheu 10:7, 11-13; Liketso 5:42; 20:20, 21) Ba joalo ba iqapela likhopolo tsa bona ka Sehopotso sa lefu la Jesu, ka taelo ea Mangolo ea hore re ile mali, ka ho keteka matsatsi a phomolo le ho tsuba koae. Ho feta moo, ba tlosa lebitso la Jehova seriti; kapele ba khutlela litseleng tsa Babylona e Moholo tsa ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ho hobe le ho feta ke hore Satane o susumelletsa ba bang ba bona hore ba ‘otle makhoba-’moho le bona,’ bao e kileng ea e-ba barab’abo bona.—Matheu 24:49; Liketso 15:29; Tšenolo 17:5.
16. (a) Ke hobane’ng ha ba qeaqeang ka lebaka la tšusumetso ea bokoenehi ba lokela ho potlakela ho baka? (b) Ho tla etsahala joang ka ba hanang ho baka?
16 Mang le mang ea qeaqeang ka lebaka la tšusumetso ea bokoenehi o lokela ho potlakela ho ela hloko mantsoe a Jesu a reng a bake! Mashano a phatlalatsoang ke bakoenehi a tlameha ho qheloa kaha ke chefo! A thehiloe mohonong le lehloeong, ho fapana le linnete tse lokileng, tse hloekileng le tse ratehang tseo Jesu a li fepang phutheho ea hae. (Luka 12:42; Bafilipi 1:15, 16; 4:8, 9) Ha e le ba hanang ho baka, ka sebele Morena Jesu o “loana le bona ka sabole e telele ea molomo oa [hae].” O hlokola batho ba hae e le hore a ka boloka bonngoe boo a ileng a bo rapella bosiung ba hae ba ho qetela a e-na le barutuoa ba hae lefatšeng. (Johanne 17:20-23, 26) Kaha bakoenehi ba hana keletso e lerato le thuso tse fanoang ke linaleli tse ka letsohong la hae le letona, Jesu oa ba ahlola ebile o ba otla ka “kotlo e matla ka ho fetisisa,” o ba lahlela “lefifing ka ntle.” Baa khaoloa, e le hore ba se ke ba ba joaloka tomoso har’a batho ba Molimo.—Matheu 24:48-51; 25:30; 1 Bakorinthe 5:6, 9, 13; Tšenolo 1:16.
‘Manna a Patiloeng le Lejoana le Chitja le Lesoeu’
17. Bakreste ba tlotsitsoeng ba “hlōlang” ba tla fumana moputso ofe, ’me ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba Pergame ba hlōle eng?
17 Bohle ba elang keletso ea Jesu hloko, e fanoeng ka tataiso ea moea o halalelang oa Jehova, ba tla fumana moputso o moholo. Mamela! “Ea nang le tsebe a ke a utloe seo moea o se bolellang liphutheho: Ea hlōlang ke tla mo fa a mang a manna a patiloeng, ’me ke tla mo fa lejoana le chitja le lesoeu, ’me holim’a lejoana leo le chitja lebitso le lecha le ngotsoeng leo ho seng ea le tsebang haese ea le amohelang.” (Tšenolo 2:17) Kahoo, joaloka Bakreste ba Smyrna, Bakreste ba Pergame ba khothaletsoa ho ‘hlōla.’ Hore ba tle ba atlehe, ba leng Pergame, moo terone ea Satane e leng hona teng, ba tlameha ho qoba borapeli ba litšoantšo. Ba tlameha ho hlōla boitšoaro bo bobe, lihlopha tsa bokhelohi le bokoenehi bo amanang le Balake, Balame le sehlopha sa bokhelohi sa Nikolase. Ka ho etsa joalo, Bakreste bao ba tlotsitsoeng ba tla memeloa hore ba e’o ja a mang a “manna a patiloeng.” Seo se bolela’ng?
18, 19. (a) Manna ao Jehova a neng a a fa Baiseraele e ne e le eng? (b) Manna a neng a patiloe e ne e le eng? (c) Ho ja manna a patiloeng ho tšoantšetsa eng?
18 Mehleng ea Moshe, Jehova o ile a fana ka manna bakeng sa ho fepa Baiseraele nakong ea leeto la bona lefeelleng. Manna ao a ne a sa patoa, hobane hoseng ho hong le ho hong—ntle le ka Sabatha—a ne a hlaha ka mohlolo, a tšoana le serame se letseng se kang makhekhebu a koahetseng lefatše. E ne e le tokisetso ea Molimo ea ho etsa hore Baiseraele ba lule ba ntse ba phela. E le ho ikhopotsa sena, Jehova o ile a laela Moshe hore a boloke bo bong ba “bohobe” bona ka nkhong ea khauta ka hare ho areka e halalelang ea selekane “melokong eohle ea [Baiseraele].”—Exoda 16:14, 15, 23, 26, 33; Baheberu 9:3, 4.
19 Ke tšoantšetso e loketseng hakaakang! Manna ana a ne a patiloe ka Sehalalelisisong sa tabernakele, moo lebone la mohlolo le neng le tšoantšetsa boteng ba Jehova le neng le khantšitse holim’a sekoahelo sa Areka. (Exoda 26:34) Ho ne ho se na motho ea lumeletsoeng ho fetela ka sebakeng seo se halalelang e le hore a ka ja manna ao a patiloeng. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re balateli ba hae ba tlotsitsoeng ba hlōlang ba ne ba tla ja “manna a patiloeng.” Joaloka Kreste pele ho bona, ha baa “kena sebakeng se halalelang se entsoeng ka matsoho, seo e leng setšoantšo sa ntho ea sebele, empa [ba] kene leholimong.” (Baheberu 9:12, 24) Ha ba tsoha, ba apara ho se bole le ho se shoe—e leng tokisetso e babatsehang e tsoang ho Jehova, e tšoantšetsoang ke hore ba fuoa “manna a patiloeng” a sa boleng. Sehlopha seo se senyenyane sa bahlōli se fuoa tlotla e kaakang!—1 Bakorinthe 15:53-57.
20, 21. (a) Ho fa Bakreste ba tlotsitsoeng lejoana le chitja le lesoeu ho tšoantšetsa eng? (b) Kaha ho na le majoana a chitja a masoeu a 144 000 feela, bongata bo boholo bo na le tšepo efe?
20 Bana le bona ba amohela “lejoana le chitja le lesoeu.” Makhotleng a Roma, majoana ana a chitja a ne a sebelisetsoa ho phatlalatsa kahlolo.b Lejoana le chitja le lesoeu le ne le bolela ho hloka molato, ha lejoana le chitja le letšo le ne le bolela ho nyatsuoa, hangata ho ahloleloa lefu. Ha Jesu a fa Bakreste ba Pergame “lejoana le chitja le lesoeu” hoo ho ne ho tla bontša hore o phatlalatsa hore ha ba na molato, ha ba na sekoli ebile ba hloekile. Empa mantsoe a Jesu a ka ’na a e-ba le moelelo o mong hape. Mehleng ea Baroma, majoana ana a chitja a ne a boetse a sebelisoa joaloka litekete tsa ho kena liketsahalong tsa bohlokoa. Kahoo lejoana le chitja le lesoeu le ne le ka bolela ntho e ’ngoe e khethehileng haholo ho Mokreste ea tlotsitsoeng ea hlōlang—e leng ho amoheloa ha hae sebakeng se hlomphehang leholimong lenyalong la Konyana. Ho fanoa ka majoana a joalo a chitja a 144 000 feela.—Tšenolo 14:1; 19:7-9.
21 Na hoo ho bolela hore u lahliloe kherehloa haeba u e mong oa bongata bo boholo ba barapeli bao e leng metsoalle ea bona? Le hanyenyane! Le hoja u sa fumane lejoana le chitja le lesoeu la ho amoheloa leholimong, haeba u mamella, u ka pholoha matšoenyeho a maholo ’me ua ba le karolo mosebetsing o thabisang oa ho tsosolosa Paradeise lefatšeng. Ba tla kopanela le uena ho sena ke ba tšepahalang ba tla tsosoa ba akarelletsang batho ba mehleng ea pele ho Bokreste le ba linku tse ling bao e ka ’nang eaba ba sa tsoa shoa. Qetellong, bafu ba bang bohle ba lopolotsoeng ba tla hauheloa ka hore ba tsohele bophelong lefatšeng la paradeise.—Pesaleme ea 45:16; Johanne 10:16; Tšenolo 7:9, 14.
22, 23. Lebitso le ngotsoeng holim’a lejoana le chitja le fuoang Bakreste ba tlotsitsoeng le bolela’ng, ’me hoo ho lokela ho fana ka khothatso efe?
22 Lebitso le lecha le ngotsoeng lejoaneng lee le chitja ke lefe? Lebitso le khetholla motho ebile le mo qolla ho ba bang. Bakreste bana ba tlotsitsoeng ba amohela lejoana lena le chitja ka mor’a hore ba qete bophelo ba bona ba lefatšeng e le bahlōli. Joale, ka ho hlakileng lebitso leo le lejoaneng le chitja le amana le tlotla ea bona ea ho kopanngoa le Jesu leholimong—e leng boemo bo khethehileng ka ho fetisisa ba tšebeletso ea borena bo lokelang ho ananeloa ka botlalo le ho thabeloa feela ke ba ruang ’Muso oa leholimo. Kahoo, ke lebitso, kapa boemo ba mosebetsi, “leo ho seng ea le tsebang haese ea le amohelang.”—Bapisa le Tšenolo 3:12.
23 Ke khothatso e kaakang ho sehlopha sa Johanne hore se utloe “seo moea o se bolellang liphutheho” se be se se sebelise! Hape hoo ho khothatsa metsoalle ea sona ea bongata bo boholo hakaakang hore e sebetse le sona ka botšepehi ha e sa ntse e ka thabela botsoalle ba sona moo lefatšeng le ho kopanela le sona ho tsebahatseng ’Muso oa Jehova!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona le 1 Bakorinthe 3:3, 4, 18, 19; 2 Bakorinthe 11:13; Bagalata 4:9; Baefese 4:14, 15; Bafilipi 3:18, 19; Bakolose 2:8; 1 Bathesalonika 3:5; 2 Bathesalonika 2:1-3; 1 Timothea 6:3-5; 2 Timothea 2:17; 4:3, 4; Tite 1:13, 14; 3:10; Baheberu 10:26, 27.
b Bona Liketso 26:10 le mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW.
[Litšoantšo tse leqepheng la 43]
Bopaki bona ba borapeli ba bohetene bo neng bo atile bo bontšitsoe Musiamong oa Pergame, Berlin
[Litšoantšo tse leqepheng la 45]
Karolo e ’ngoe ea manna e ne e patiloe ka arekeng ea selekane. Ha batlotsuoa bao ba hlōlang ba fuoa manna a patiloeng a tšoantšetso hoo ho bolela hore ba amohela ho se shoe
Lejoana le chitja le lesoeu ke la ba amohetsoeng lenyalong la Konyana