Khaolo 34
Sephiri se Hlollang Sea Rarolloa
1. (a) Johanne o etsa joang ha a bona seotsoa se seholo le ho palama ha sona ho tšabehang, hona hobane’ng? (b) Sehlopha sa Johanne kajeno se etsa joang ha liketsahalo li senoleha ho phethahatsa pono eo ea boprofeta?
JOHANNE o etsa joang ha a bona seotsoa se seholo le ho palama ha sona ho tšabehang? Eena ka boeena o arabela ka hore: “Joale, ha ke re heli! ’me ke mo bona ka makala ka makalo e khōlō.” (Tšenolo 17:6b) Monahano oa motho feela o ne o ke ke oa nahana pono e joalo. Empa, ke moo—hōle koana lefeelleng—letekatse le hlephileng boitšoarong le tsetsebane holim’a sebata se tšabehang se ’mala o sekareleta! (Tšenolo 17:3) Kajeno sehlopha sa Johanne le sona se makala ka makalo e khōlō ha liketsahalo li senoleha ho phethahatsa pono eo ea boprofeta. Haeba batho ba lefatše ba ne ba ka se bona, ba ne ba ka re, ‘Mohlolo!’ ’me babusi ba lefatše ba ne ba tla re, ‘Ha re kholoe!’ Empa pono ena e phethahala ka tsela ea sebele e makatsang mehleng ea rōna. Batho ba Molimo ba se ba kopanetse ka mokhoa o hlokomelehang phethahatsong ea pono ena, ’me hona ho ba kholisa hore boprofeta bo tla tsoela pele ho fihlela tlhōrōng ea bona e hlollang.
2. (a) Lengeloi le re’ng ho Johanne ha le bona ho makala ha hae? (b) Sehlopha sa Johanne se senoletsoe eng, ’me see se entsoe joang?
2 Lengeloi le hlokomela ho makala ha Johanne. Johanne o tsoela pele ho re: “Lengeloi la re ho ’na: ‘U makaletse’ng? Ke tla u bolella sephiri sa mosali eo le sa sebata se mo jereng le se nang le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome.’” (Tšenolo 17:7) Joale lengeloi le tla utolla sephiri! Le hlalosetsa Johanne ea tonneng mahlo ke ho makala litšobotsi tse sa tšoaneng tsa pono ena le liketsahalo tse sa lebelloang tse tla tloha li senoleha. Ka ho tšoanang, joalokaha se sebeletsa tlas’a tataiso ea mangeloi kajeno, sehlopha sa Johanne se lutseng se falimehile se senoletsoe kutloisiso ea boprofeta. “Na litlhaloso hase tsa Molimo?” Joaloka Josefa ea tšepahalang, re lumela hore ho joalo. (Genese 40:8; bapisa le Daniele 2:29, 30.) Ho joalokaha eka batho ba Molimo ba behiloe moo ba bonoang ke bohle ha Jehova a ba hlalosetsa se boleloang ke pono ena le tšusumetso ea eona bophelong ba bona. (Pesaleme ea 25:14) Ka nako e nepahetseng hantle, o entse hore ba utloisise sephiri sa mosali le sebata.—Pesaleme ea 32:8.
3, 4. (a) Ke puo efe ea phatlalatsa eo N. H. Knorr a ileng a fana ka eona ka 1942, ’me e ile ea bontša joang hore na sebata se ’mala o sekareleta ke mang? (b) Ke mantsoe afe ao lengeloi le a buileng ho Johanne ao N. H. Knorr a ileng a a hlalosa?
3 Ho tloha ka la 18 ho ea ho la 20 September, 1942, ha Ntoa ea II ea Lefatše e ne e hlile e kupa, Lipaki Tsa Jehova United States li ile tsa tšoara Kopano ea tsona ea Puso ea Molimo ea Lefatše le Lecha. Motse o moholo, Cleveland, Ohio, o ne o hokahantsoe ka thelefono le metse e meng ea likopano e fetang 50, ’me tlhōrō ea ba bileng teng e ne e le batho ba 129 699. Moo maemo a ntoa a neng a lumela, lenaneo leo le ile la phetoa likopanong tse ling lefatšeng ka bophara. Ka nako eo, batho ba bangata ba Jehova ba ne ba lebeletse hore ntoa eo e ne e tla tsoela pele ho fihlela ntoeng ea Molimo ea Armagedone; ka lebaka leo sehlooho sa puo ea phatlalatsa se reng, “Khotso—Na e ka Tšoarella?,” se ile sa tsosa thahasello e khōlō. Mopresidente e mocha oa Mokhatlo oa Watch Tower, N. H. Knorr, o ne a ka bua ka khotso joang ha ho ne ho bonahala hore lichaba li tla tsoela pele li loana?a Lebaka ke hobane sehlopha sa Johanne se ne se ‘ela hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng’ Lentsoe la Molimo la boprofeta.—Baheberu 2:1; 2 Petrose 1:19.
4 Puo ee e reng “Khotso—Na e ka Tšoarella?” e ile ea chabisa leseli lefe boprofeteng boo? Ha a bontša ka ho hlaka hore sebata se ’mala o sekareleta se boletsoeng ho Tšenolo 17:3 ke Selekane sa Lichaba, N. H. Knorr o ile a tsoela pele ho hlalosa mosebetsi oa sona o ferekaneng a itšetlehile ka mantsoe a latelang ao lengeloi le ileng la a bua ho Johanne: “Sebata seo u se boneng se ne se le teng, empa ha se eo, leha ho le joalo se haufi le ho nyoloha ka mohohlong, ’me se tla ea timetsong.”—Tšenolo 17:8a.
5. (a) Ho tlile joang hore ebe “sebata . . . se ne se le teng” ’me ka mor’a moo ‘sa e-ba sieo’? (b) N. H. Knorr o ile a re’ng ha a arabela potso e reng, “Na Selekane se tla lula se ntse se le ka sekoting?”
5 “Sebata . . . se ne se le teng.” E, se bile teng e le Selekane sa Lichaba ho tloha ka la 10 January, 1920, ho ea pele, ’me ho ne ho e-na le lichaba tse 63 tse kentseng letsoho ho sona ka linako tse fapaneng. Empa, hamorao, Japane, Jeremane le Italy li ile tsa ikhula, ’me linaha tseo pele e neng e le Soviet Union tsa ntšoa Selekaneng seo. Ka September 1939 mohatelli oa Bonazi oa Jeremane o ile a qala Ntoa ea II ea Lefatše.b Kaha se ne se hlōlehile ho boloka khotso lefatšeng, ho bonahala hore Selekane sa Lichaba se ile sa oela mohohlong oa ho se sebetse. Ka 1942 selekane seo e ne e se e le maobane. Hantle feela ka eona nako eo ea makhaola-khang—eseng pele ho eona kapa ka mor’a eona—Jehova o ile a hlalosetsa batho ba hae sohle se boleloang ke pono ena! Kopanong eo ea Puso ea Molimo ea Lefatše le Lecha, N. H. Knorr o ne a ka bolela hore “sebata . . . ha se eo” tumellanong le boprofeta. Eaba o botsa potso e reng, “Na Selekane se tla lula se ntse se le ka sekoting?” Ha a qotsa Tšenolo 17:8, a arabela ka hore: “Mokhatlo oa lichaba tsa lefatše o tla hlaha hape.” ’Me ke sona se hlileng sa etsahala—e leng ho ileng ha paka hore Lentsoe la Jehova la boprofeta le nepile!
Ho Nyoloha ka Mohohlong
6. (a) Sebata se ’mala o sekareleta se ile sa nyoloha ka mohohlong neng, hona e le ka lebitso lefe le lecha? (b) Ke hobane’ng ha Machaba a Kopaneng ehlile e le ho tsosolosoa ha sebata se ’mala o sekareleta?
6 Sebata se ’mala o sekareleta se ile sa fela sa nyoloha ka mohohlong. Ka la 26 June, 1945, ho ile ha hlajoa mokhosi o moholo San Francisco, U.S.A., ha lichaba tse 50 li voutela ho amohela Molao-motheo oa mokhatlo oa Machaba a Kopaneng. Morero oa mokhatlo ona e ne e le “ho boloka khotso le tšireletseho ea machaba.” Selekane se ne se tšoana le Machaba a Kopaneng ka litšobotsi tse ngata. The World Book Encyclopedia e re: “Ka litsela tse ling, Machaba a Kopaneng a tšoana le Selekane sa Lichaba, se ileng sa hlophisoa ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše . . . Lichaba tse ngata tse ileng tsa theha Machaba a Kopaneng e ne e le tsona hape tse ileng tsa theha Selekane. Joaloka Selekane, Machaba a Kopaneng a ile a theheloa hore a thuse ho boloka khotso pakeng tsa lichaba. Likarolo tse ka sehloohong tsa Machaba a Kopaneng li tšoana haholo le tsa Selekane seo.” Joale, ha e le hantle Machaba a Kopaneng ke ho tsosolosoa ha sebata se ’mala o sekareleta. Lichaba tse ka bang 190 tseo e leng litho tsa ’ona li feta hōle tse 63 tseo e neng e le litho tsa Selekane; a boetse a na le boikarabelo bo eketsehileng ho feta ba Selekane.
7. (a) Ke ka tsela efe baahi ba lefatše ba ileng ba makala ka ho hlolloa ha sebata se ’mala o sekareleta se tsosolosoa? (b) Machaba a Kopaneng a hlōlehile ho finyella pakane efe, ’me mongoli-kakaretso oa ’ona o ile a re’ng mabapi le see?
7 Qalong, Machaba a Kopaneng a ne a tšepiloe haholo. Hona ho ne ho phethahatsa mantsoe a lengeloi a reng: “Ha ba bona kamoo sebata se neng se le teng, empa se se se le sieo, leha ho le joalo se tla ba teng, ba lulang lefatšeng ba tla makala ka ho hlolloa, empa mabitso a bona ha aa ngoloa moqolong oa bophelo ho tloha ho thehoeng ha lefatše.” (Tšenolo 17:8b) Baahi ba lefatše ba ’nile ba tsota mokhatlo ona o moholohali o mocha, o sebetsang o le ntlo-khōlō ea oona ea tonanahali East River, New York. Empa Machaba a Kopaneng a hlōlehile ho tlisa khotso ea ’nete le tšireletseho. Lekholong la bo20 la lilemo, boholo ba nako khotso ea lefatše e ne e bolokiloe feela ke tšoso ea “ho timetsana ntle le khoao [mutual assured destruction]”—MAD, ha e khutsufalitsoe—’me tlhōlisano ea ho bokella libetsa e ’nile ea tsoela pele ho hōla ka mokhoa o ke keng oa lekanngoa. Ka mor’a lilemo tse ka bang 40 tsa boiteko ba Machaba a Kopaneng, eo ka nako eo e neng e le mongoli-kakaretso oa ’ona, Javier Pérez de Cuéllar, o ile a tletleba tjena ka 1985: “Re phela mehleng e meng ea batho ba fetelletsang lintho, ’me ha re tsebe seo re ka se etsang ka hona.”
8, 9. (a) Ke hobane’ng ha Machaba a Kopaneng a se na tharollo mathateng a lefatše, hona ke eng se tla etsahala haufinyane ho latela taelo ea Molimo? (b) Ke hobane’ng ha mabitso a bathehi ba Machaba a Kopaneng le a batšehetsi ba ’ona a sa ngoloa “moqolong oa bophelo” oa Molimo? (c) ’Muso oa Jehova o tla atleha ho finyella eng?
8 Machaba a Kopaneng ha a na tharollo. Hobane’ng? Hobane Ea Fileng batho bohle bophelo hase eena ea fileng Machaba a Kopaneng bophelo. Bophelo ba ’ona e tla ba ba nakoana, hobane ho latela taelo ea Molimo, a “tla ea timetsong.” Mabitso a bathehi ba Machaba a Kopaneng le a batšehetsi ba ’ona ha aa tlalehoa moqolong oa bophelo oa Molimo. Ke joang batho ba baetsalibe, ba shoang, bao ba bangata ba bona ba somang lebitso la Molimo, ba ka khonang ho sebelisa Machaba a Kopaneng ho finyella seo Jehova Molimo a boletseng hore a ke ke a se finyella ka mekhoa ea batho, empa o tla se finyella ka ’Muso oa Kreste oa hae?—Daniele 7:27; Tšenolo 11:15.
9 Ha e le hantle Machaba a Kopaneng ke monyefoli ea ikhakanyang ka sebōpeho sa ’Muso oa Bomesia oa Molimo ka Khosana ea hae ea Khotso, e leng Jesu Kreste—eo puso ea hae ea bohosana e ke keng ea e-ba le bofelo. (Esaia 9:6, 7) Esita le haeba Machaba a Kopaneng a ne a ka tlisa khotso e itseng ea nakoana, kapele-pele lintoa li ne li tla qhoma hape. Sena ke sebōpeho sa batho ba baetsalibe. “Mabitso a bona ha aa ngoloa moqolong oa bophelo ho tloha ho thehoeng ha lefatše.” Hase feela hore ’Muso oa Jehova ka Kreste o tla hloma khotso e sa feleng lefatšeng empa hape, motheong oa sehlabelo sa thekollo sa Jesu, o tla tsosa bafu, ba lokileng le ba sa lokang ba mohopolong oa Molimo. (Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15) Sena se akarelletsa e mong le e mong ea ileng a lula a tiile ho sa tsotellehe litlhaselo tsa Satane le peō ea hae, le ba bang bao ho sa ntsaneng ho hlokahala hore ba bontše hore baa mamela. Ho hlakile hore ha ho mohla moqolo oa bophelo oa Molimo o tla ba le mabitso a lingangele tse khomaretseng Babylona e Moholo kapa a batho leha e le bafe ba ’nileng ba tsoela pele ho rapela sebata.—Exoda 32:33; Pesaleme ea 86:8-10; Johanne 17:3; Tšenolo 16:2; 17:5.
Khotso le Tšireletseho—Tšepo ea Lefeela
10, 11. (a) Machaba a Kopaneng a ile a phatlalatsa eng ka 1986, ’me ho ile ha etsahala joang? (b) Ke “lihlopha tsa malumeli” tse kae tse ileng tsa bokana Assisi, Italy, ho ea rapella khotso, hona na Molimo o araba lithapelo tse joalo? Hlalosa.
10 E le ka boiteko ba ho matlafatsa tšepo ea batho, Machaba a Kopaneng a ile a phatlalatsa 1986 e le “Selemo sa Khotso sa Machaba,” ka sehlooho se reng: “Ho Sireletsa Khotso le Bokamoso ba Batho.” Ho ile ha ipiletsoa ho lichaba tse loanang hore li behe libetsa fatše, bonyane selemo. Li ile tsa etsa joang? Ho latela tlaleho e entsoeng ke Setsi sa Machaba sa Phuputso ea Khotso, batho ba ka bang limilione tse hlano ba ile ba bolaoa ke lintoa ka 1986 feela! Le hoja ho ile ha etsoa lichelete tsa tšepe tse khethehileng le litempe ho ikhopotsa hoo, lichaba tse ngata ha lia ka tsa etsa boiteko bo bokaalo ba ho finyella khotso selemong seo. Leha ho le joalo, malumeli a lefatše—ao kamehla a ntseng a labalabela ho ba le likamano tse ntle le Machaba a Kopaneng—a ile a qala ho phatlalatsa selemo seo ka litsela tse sa tšoaneng. Ka la 1 January, 1986, Mopapa John Paul II o ile a rorisa mosebetsi oa Machaba a Kopaneng ’me a nehela selemo seo se secha hore e be sa khotso. Ka la 27 October, o ile a bokella baeta-pele ba malumeli a mangata a lefatše Assisi, Italy, hore ba tl’o rapella khotso.
11 Na Molimo o arabela lithapelo tse joalo tsa khotso? Ha e le hantle, baeta-pele bao ba malumeli ba ne ba rapela Molimo ofe? Haeba u ne u ka ba botsa, sehlopha se seng le se seng se ne se tla fana ka karabo e fapaneng. Na ho na le sehlopha sa melimo e limilione se ka utloang lithapeli tse etsoang ka litsela tse ngata tse sa tšoaneng sa ba sa li araba? Ba bangata ba neng ba e-na le seabo ba ne ba rapela Boraro-bo-bong ba Bokreste-’mōtoana.c Mabuddha, Mahindu, le ba bang ba ne ba bina lithapelo tse eang ho melimo e se nang palo. Ka kakaretso, ho ne ho bokane “lihlopha tsa malumeli” tse 12, li emetsoe ke baemeli ba tsebahalang ba kang Moarekabishopo oa Chache oa Canterbury, Dalai Lama oa Buddha, moarekabishopo oa Orthodox ea Russia, mookameli oa Mokhatlo oa Tempele ea Shinto ea Tokyo, batho ba tumelo ea Maafrika ea hore moea ha o shoe, le Maindia a Amerika a mabeli a neng a roetse mekhabiso ea masiba a matle hloohong. Seo re ka se bolelang feela ke hore e ne e le sehlopha se mebala-bala, se bohehang thelevisheneng. Ka nako e ’ngoe sehlopha se seng se ile sa rapela se sa khaotse ka lihora tse 12. (Bapisa le Luka 20:45-47.) Empa na ebe ho na le thapelo le e ’ngoe feela lithapelong tseo e ileng ea fetela ka nģ’ela ho maru a pula a neng a okametse seboka seo? Che, ka mabaka ana a latelang:
12. Ke ka mabaka afe Molimo a sa kang a araba lithapelo tsa khotso tsa baeta-pele ba lefatše ba bolumeli?
12 Ho fapana le ba ‘tsamaeang ka lebitso la Jehova,’ ha ho le ea mong oa balumeli bao ea neng a rapela Jehova, Molimo ea phelang, eo lebitso la hae le hlahang ka makhetlo a ka bang 7 000 litemaneng tsa pele tsa Bibele. (Mikea 4:5; Esaia 42:8, 12)d E le sehlopha, ha baa ka ba atamela Molimo ka lebitso la Jesu, ba bangata ba bona ba ne ba bile ba sa lumele ho Jesu Kreste. (Johanne 14:13; 15:16) Ha ho le ea mong oa bona ea etsang thato ea Molimo mehleng ea rōna, e leng ho phatlalatsa ’Muso oa Molimo o tlang lefatšeng ka bophara—eseng Machaba a Kopaneng—e le eona tšepo feela ea batho. (Matheu 7:21-23; 24:14; Mareka 13:10) Ka kakaretso, mekhatlo ea bona ea bolumeli e ’nile ea kenella lintoeng tse tletseng tšollo ea mali tse bileng teng, tse akarelletsang lintoa tse peli tsa lefatše tsa lekholong la bo20 la lilemo. Ho ba joalo, Molimo o re: “Esita le hoja le etsa lithapelo tse ngata, ha kea mamela; matsoho a lōna a tletse tšollo ea mali.”—Esaia 1:15; 59:1-3.
13. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho hlokomoloha taba ea hore ebe baeta-pele ba lefatše ba bolumeli ba kopantse matsoho le Machaba a Kopaneng ho hoeletsa khotso? (b) Mehoo ea khotso e tla fihla sehlohlolong ka tlhōrō efe e boletsoeng esale pele ke Molimo?
13 Ho feta moo, ha rea lokela ho hlokomoloha taba ea hore ebe baeta-pele ba lefatše ba bolumeli ba kopantse matsoho le Machaba a Kopaneng mohoong oa khotso nakong ena. Ba ne ba ka rata ho susumelletsa Machaba a Kopaneng hore a etse seo ba se batlang, haholo-holo mehleng ena ea kajeno ha batho ba bona ba bangata hakana ba lahla bolumeli. Joaloka baeta-pele ba sa tšepahaleng Iseraeleng ea boholo-holo, baa hoeletsa ba re, “‘Khotso e teng! Khotso e teng!’ le hoja khotso e le sieo.” (Jeremia 6:14) Ha ho pelaelo hore mohoo oa bona oa khotso o tla tsoela pele, o tla phahama ho tšehetsa tlhōrō eo moapostola Pauluse a profetileng tjena ka eona: “Letsatsi la Jehova le tla hantle feela joaloka lesholu bosiu. Neng kapa neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ joale timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang feela joaloka bohloko ba mahlomola ho mosali oa moimana; ’me ho hang ba ke ke ba phonyoha.”—1 Bathesalonika 5:2, 3.
14. Mohoo o reng “Khotso le tšireletseho!” o ka ’na oa nka sebōpeho sefe, ’me motho a ka qoba ho isoa le khongoana holimo ke oona joang?
14 Lilemong tsa morao tjena, bo-ralipolotiki ba sebelisitse poleloana e reng “khotso le tšireletseho” ha ba hlalosa maano a fapaneng a batho. Na boiteko bo joalo ba baeta-pele ba lefatše ke eona qalo ea ho phethahala ha lengolo la 1 Bathesalonika 5:3? Kapa na Pauluse o ne a bua feela ka ketsahalo e itseng e khōlōhali e tla hle e hlokomeloe lefatšeng? Kaha hangata boprofeta ba Bibele bo utloisisoa ka ho feletseng feela ka mor’a hore bo phethahale kapa nakong eo bo ntseng bo phethahala ka eona, re tla lokela ho leta e le hore re bone hore na ho tla etsahala’ng. Ka nako e tšoanang, Bakreste baa tseba hore ho sa tsotellehe khotso le tšireletseho leha e le efe eo ho ka ’nang ha bonahala eka lichaba li e finyeletse, ha e le hantle ho tla be ho se na letho le fetohileng. Boithati, lehloeo, tlōlo ea molao, ho qhalana ha malapa, boitšoaro bo bobe, ho kula, masoabi, le lefu li tla be li ntse li le teng. Ke ka lebaka leo u sa lokelang ho isoa le khongoana holimo ke mohoo oa “khotso le tšireletseho,” haeba u lula u falimehetse se boleloang ke liketsahalo tsa lefatše u bile u ela hloko litemoso tsa boprofeta tse Lentsoeng la Molimo.—Mareka 13:32-37; Luka 21:34-36.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a J. F. Rutherford o ile a shoa ka la 8 January, 1942, ’me N. H. Knorr a mo hlahlama e le mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower.
b Ka la 20 November, 1940, Jeremane, Italy, Japane le Hungary li ile tsa saena “Selekane se secha sa Lichaba,” eaba matsatsi a mane hamorao Vatican e phatlalatsa ’Misa e bile e rapella khotso ea bolumeli le taolo e ncha ea lintho. Ha ho mohla ‘Selekane seo se secha’ se kileng sa sebetsa.
c Maikutlo a Boraro-bo-bong a hlahile Babylona ea boholo-holo, moo molimo oa letsatsi Shamash, molimo oa khoeli Sin, le molimo oa linaleli Ishtar e neng e rapeloa e le melimo e meraro. Egepeta e ile ea latela mohlala o tšoanang, ea rapela Osiris, Isis le Horus. Molimo ea ka sehloohong oa Assyria, Asshur, o tšoantšitsoe a e-na le lihlooho tse tharo. Kaha li latela mohlala o tšoanang, likerekeng tsa K’hatholike ho ka fumanoa litšoantšo tse tšoantšang Molimo e le ea nang le lihlooho tse tharo.
d Webster’s Third New International Dictionary ea 1993 e hlalosa Jehova Molimo e le “molimo eo Lipaki Tsa Jehova li mo elang hloko e le ea phahameng ka ho fetisisa eo e bileng e leng eena feela molimo eo li mo rapelang.”
[Lebokose le leqepheng la 250]
“Khotso” e Ikhanyetsang
Le hoja 1986 e le selemo seo Machaba a Kopaneng a ileng a se phatlalatsa e le Selemo sa Khotso sa Machaba, tlhōlisano ea libetsa tsa ho ipolaea e ile ea phahama. World Military and Social Expenditures 1986 e fana ka lintlha tsena tse qaqileng tse tebileng:
Ka 1986 litšenyehelo tsa sesole lefatšeng ka bophara li ile tsa fihla ho liranta tse likete tse limilione tse 1 800.
Ka hora e le ’ngoe feela, chelete e sentsoeng sesoleng lefatšeng ka bophara e ka be e lekane ho thibela ho kula ha batho ba limilione tse 3,5 ba shoeleng selemo le selemo ba bolaoa ke mafu a tšoaetsanoang a ka thibeloang.
Lefatšeng ka bophara, motho a le mong ho ba bahlano o ne a phela bofumeng ba boja-likata. Batho bana bohle ba lapang ba ka be ba fepiloe selemo kaofela ka chelete eo lefatše le e sentseng libetseng ka matsatsi a mabeli.
Matla a ho phatloha ha libomo pokellong ea lefatše ea libetsa tsa nyutlelie a ne a feta ho phatloha ha Chernobyl ka makhetlo a 160 000 000.
Ho ne ho ka ntšoa bomo ea nyutlelie e nang le matla a ho phatloha a menang ka makhetlo a 500 matla a bomo e ileng ea liheloa Hiroshima ka 1945.
Libetsa tsa nyutlelie li ne li e-na le matla a lekanang le a libomo tsa Hiroshima tse fetang milione. Matla a ho phatloha ha tsona a ne a feta ka makhetlo a 2 700 matla a tsoileng ka Ntoa ea II ea Lefatše, ha batho ba limilione tse 38 ba e-shoa.
Lintoa li ne li atile haholo ebile li se li bolaea haholo. Ka kakaretso batho ba bolailoeng ke ntoa lekholong la bo18 la lilemo e bile ba limilione tse 4,4, ba limilione tse 8,3 lekholong la bo19 la lilemo, ba limilione tse 98,8 ka lilemo tse qalang tse 86 tsa lekholo la bo20 la lilemo. Ho tloha lekholong la bo18 la lilemo, batho ba bolailoeng ke ntoa ba eketsehile ka makhetlo a fetang a tšeletseng ho feta palo ea baahi ba lefatše. Palo ea batho ba ileng ba shoa ntoeng ka ’ngoe lekholong la bo20 la lilemo e ne e mena ka makhetlo a leshome palo ea ba ileng ba shoa lekholong la bo19 la lilemo.
[Setšoantšo se leqepheng la 247]
Joalokaha ho profetiloe ka sebata se ’mala o sekareleta, Selekane sa Lichaba se ile sa kena ka mohohlong nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše empa se ile sa tsosolosoa e se e le Machaba a Kopaneng
[Litšoantšo tse leqepheng la 249]
E le ho tšehetsa “Selemo sa Khotso” sa Machaba a Kopaneng, baemeli ba malumeli a lefatše ba ile ba etsa motsoebere oa lithapelo Assisi, Italy, empa ha ho le ea mong oa bona ea neng a rapela Molimo ea phelang, Jehova