Part 8—Mokoloko o Molelele oa Mebuso ea Lefatše o Atamela Qetello ea Oona
Bibele e bolela ka mebuso ea lefatše e meholo e supileng—mebuso e matla e ’nileng ea hlahlamana ho theosa le likete tsa lilemo tsa histori ea lefatše. Lihlooho tse fetileng letotong lena li bontšitse hore re phela nakong ea oa ho qetela oa eona—’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika oa mehleng ea rōna.a—Tšenolo 17:9, 10.
’Muso oona ona oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o hlalositsoe pejana bukeng ea Tšenolo e le sebata se “nang le linaka tse peli.” ’Muso ona oa lefatše o likarolo li peli o “bolella ba ahileng lefatšeng hore ba etsetse” sebata sa bopolotiki se emelang mebuso eohle e supileng ea lefatše “setšoantšo.”—Tšenolo 13:11, 14.
Boprofeta boo bo ile ba phethahatsoa joang, ’me bo bolela eng ho rōna kajeno? Karabelo e thahasellisang ea potso eo ke taba e tla tšohloa sehloohong sena.
HA MASISA-PELO a Ntoa ea I ea Lefatše a nkileng lilemo tse ’nè a ea bofelong, mopresidente oa Amerika Woodrow Wilson le tona-khōlō ea Brithani David Lloyd George ba ile ba etsa tlhahiso ea hore ho etsoe Selekane sa Lichaba. Sepheo sa sona e ne e le ho “finyella khotso ea machaba le tšireletseho,” e le hore ho se be mohla masisa-pelo a ntoa e joalo a ka hlolang a e-ba teng hape.
Hoa thahasellisa ho hlokomela ba ileng ba nka bohato bona. Baeta-pele bana ba babeli e ne e le lihlooho tsa ’Muso oa Lefatše, oa bosupa historing ea Bibele oa Manyesemane le Maamerika o buang Senyesemane. Sena ’moho le linnete tse ling mabapi le mokhatlo oa khotso ea machaba le tšireletseho li nyalana, ka tsela e hlollang, le seo buka ea Bibele ea Tšenolo e neng e se boletse ka “morena oa boroba meno e le ’meli” ea neng a tla phela ka nako e khutšoanyane, ea neng a tla phahama le ho oa mehleng ea rōna. Tse ling tsa lintho tsee tse nyalanang ke life?—Tšenolo 17:11.
Boprofeta ba Tšenolo bo ile ba senola hore “sebata” se nang le “linaka tse peli tse joale ka tsa konyana” se ne se tla bolella ‘ba ahileng lefatšeng hore ba etsetse sebata setšoantšo,’ se neng se etelloa pele ke mebuso ea lefatše e meholo e supileng ea histori ea Bibele.
Sena ke sona hantle seo ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika o ileng oa se etsa. O ile oa phehella “ba ahileng lefatšeng” hore ba etse Selekane se neng se bonahala se bile se sebetsa joaloka mebuso e matla. Empa ha e le hantle e ne e mpa e le ‘setšoantšo sa sebata.’ Se ne se se na matla ao e leng a sona, se ne se e-na le ao se a neiloeng ke lichaba tseo e leng litho tsa sona feela. Ha se hlalosoe se fumana matla ka tlhōlo e ’ngoe e khōlō ea sesole, joalokaha mebuso ea pejana e ne e entse joalo. Ho e-na le hoo, se phahama kapa se hlaha mebusong ea lefatše ea pejana e supileng. Ha sea khona ho ba teng feela ka baka la oa bosupa ho eona empa hape ka baka la lichaba tseo e leng litho tsa sona tse akarelletsang masalla a e tšeletseng e neng e ile ea tla pele. Na setšoantšo see sa bopolotiki se ne se tla finyella lipheo tse phahameng tseo bathehi ba sona ba neng ba tšepile hore se tla li finyella?—Tšenolo 17:11, 14.
Ho Hlōleha ha Selekane
Selekane sa Lichaba se ile sa finyella ho hoholo mabaleng a kahisano. Leha ho le joalo, sepheo sa sona sa sebele, joalokaha se ne se boletsoe ‘Tumellanong ea sona ea Selekane sa Lichaba,’ e ne e le “ho phahamisa tšebelisano-’moho ea machaba le ho finyella khotso ea machaba le tšireletseho.” Se ile sa hlōleha ntlheng ena.
Selekane seo ha sea ka sa atleha ho thibela Japane ho hapa Manchuria ka 1931. Ha sea ka sa thibela Bolivia le Paraguay ho kena ntoeng ka 1933. Se ile sa sitoa ho thibela Mussolini ho hapa Ethiopia ka 1936. Leha ho le joalo, kotlo ea ho qetela e ileng ea liha Selekane e bile ea la 1 Loetse, 1939, ka ho qhōma ha Ntoa ea II ea Lefatše—pherekano e mabifi le eo e neng e le thipitlo ea batho ka bongata le mesarelo tseo Selekane seo se neng se thehetsoe ho li thibela. Ntoa eo ea baka tšenyo e kae? Bophelo ba masole a limillione tse 16 le batho ba sa loaneng ba limillione tse 39, kakaretso ea bafu ba limillione tse 55 kapa hoo e batlang e le tšenyo e menang ea Ntoa ea I ea Lefatše ka makhetlo a mane.
Leha ho le joalo, morao koo ka 1919, pele Tumellano ea Selekane e qala ho sebetsa, Lipaki tsa Jehova (tseo ka nako eo li neng li tsebjoa e le Liithuti tsa Bibele) li ile tsa phatlalatsa hore Selekane se tlameha ho hlōleha, kahobane khotso e ne e ke ke ea tla ka boiteko bo joalo ba batho. Hamorao, kopanong ea tsona ea 1926 e neng e le London, Engelane, ho ile ha bontšoa hore ho ea ka Tšenolo 17, “morena oa boroba meno e le ’meli” o bonahala e le oa ho qetela letotong la mebuso ea lefatše. Joaloka ha sebui se totobalitse, ‘Morena o ne a boletse tsoalo ea oona esale pele, ho ba teng ha oona ka nako e khutšoanyane, le bofelo ba oona ba ka ho sa feleng.’
Sea Khutla!
Mabapi le morena enoa oa borobeli, boprofeta bo bululetsoeng bo re: “Sebata seo u se boneng se ne se le teng, ’me ha se eo; se se se tla nyoloha sekoting, se ntoo ea tahlehong.”—Tšenolo 17:8.
Ho tloha selemong sa bohareng ba ntoa sa 1942, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlokomela hore mokhatlo oa khotso le tšireletseho o neng o khaolitse ho sebetsa ka nako eo o ne o tla nyoloha sekoting sa oona sa ho se sebetse letho. Selemong seo mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower o ile a bolella bamameli ba neng ba le metseng e meholo e 52: “Le hoja litho tse mashome a mane li ntse li ipolela hore li khomaretse Selekane seo, ha e le hantle Selekane seo se boemong ba ho fanyehoa lefung . . . Ha ‘se eo.’” Empa na se ne se tla “nyoloha sekoting”? A theile mantsoe a hae boprofeteng bona ba Bibele, a phatlalatsa: “Mokhatlo oa lichaba tsa lefatše o tla phahama hape.”
Joalokaha boprofeta bo ne bo boletse, morena enoa oa borobeli ‘o ne a le teng’ ho tloha ka 1920 ho fihlela ka 1939. O ‘bile sieo’ ho tloha ka 1939 ho fihlela ha Ntoa ea II ea Lefatše e lala ka 1945. Joale a nyoloha “sekoting,” a tsositsoe e le mohlahlami oa Selekane, Machaba a Kopaneng.
Litebello tse Phahameng ha li Phethahatsoe
Baemeli ba tsoang lichabeng tse 50 ba ile ba tekenela Molao oa Motheo oa Machaba a Kopaneng San Francisco ka la 26 Phuptjane, 1945. Polelo ea oona ea selelekela e ne e qala ka hore: “Rōna batho ba Machaba a Kopaneng ba ikemiselitseng ho pholosa meloko e hlahlamang masetla-libeteng a ntoa, eo ka makhetlo a mabeli bophelong ba rōna e tliselitseng batho mesarelo e ke keng ea boleloa . . . ”
Litebello tse neng li hahiloe bakeng sa Machaba a Kopaneng li ne li phahametse ’nete eohle. Eo e kileng ea e-ba mongoli oa naha oa U.S., Cordell Hull o ile a re a ne a tšoere senotlolo sa “pholoho ea tsoelo-pele ea rōna ka boeona.” Mopresidente oa U.S. Harry Truman o ile a a bitsa “monyetla o phahameng ka ho fetisisa oa ho . . . bōpa khotso e tšoarellang tlas’a tataiso ea Molimo.” Molao oa Motheo oa Machaba a Kopaneng o ne o boleloa e le “hoo e ka ’nang eaba ke tokomane ea bohlokoa ka ho fetisisa e kileng ea hlahisoa ke motho” le “phetoho e khōlō historing ea tsoelo-pele.” Lilemo tse mashome a mane hamorao, Gregory J. Newell oa Lekala la Naha la U.S. o itse: “Ho ne ho behiloe sepheo se phahameng haholo: ho hlōleha ho ne ho se ho ntse ho totobetse.”
Joaloka Selekane, Machaba a Kopaneng a finyelletse ho hoholo mabaleng a kahisano. Empa ha aa fana ka tiiso ea khotso kapa hona ho thibela ntoa. Eo e kileng ea e-ba tona-khōlō ea Brithani Harold Macmillan o ile a bolella Paramente e Katlaasana ea Brithani ka 1962 hore “motheo oohle oo Machaba a Kopaneng a hahiloeng ho ’ona o ne o lihiloe.”
Qalehong batho ba bangata ba ne ba talima mokhatlo ona ka hlompho e kang ea bolumeli. Ba ne ba lumela hore “setšoantšo” sena se ne se tla etsa seo Bibele e reng se tla etsoa ke ’Muso oa Molimo feela: ho thea khotso e tšoarellang, tōka, le lefatše le kopaneng kannete. Ba ne ba hanyetsa ka matla boprofeta ba Bibele bo neng bo bontša hore boiteko ba batho e ne e ke ke ea e-ba mohloli oa ’nete oa khotso. Leha ho le joalo, ha Machaba a Kopaneng a qeta lilemo tse 40, rahistori Thomas M. Franck o boletse hore “a . . . hlōleha ho sebetsa ho feta kamoo re neng re tšepile kateng ka 1945.” Joalokaha Mongoli oa Naha oa U.S. George P. Shultz a hlalositse: “Ka sebele ho tsoaloa ha Machaba a Kopaneng ha hoa ka ha fetola lefatše paradeise.”
Machaba a Kopaneng ha aa atleha hobane mebuso ea batho ha ea felisa liqaka tsa ’nete tsa khotso: bochaba, meharo ea leruo, bofuma, bomorabe, bompōli, le tšusumetso ea Satane lefatšeng. Batho ba khomarela mebuso ena, e seng hobane tebello ea kamoso e le e khanyang, empa hobane ba se na tšepo e ’ngoe e molemonyana.—Tšenolo 12:12.
Ho ba teng ha Machaba a Kopaneng, le boiteko boo batho ba bangata haholo ba bo entseng bakeng sa oona, li bontša kamoo batho ba lefatše ba bonang ka ho teba hore ho hlokahala phetoho. Phetoho eo e tla tla empa ka tsela e fapaneng le e sebetsang haholoanyane. Ka tsela efe?
Bobusi ba ka ho sa Feleng
Hopola hore Bibele e boletse hore ho ne ho tla ba le “marena” a supileng feela a hlahlamanang, kapa mebuso ea lefatše. Ha ho ’muso o mong o moholo oa lefatše o boleloang kamor’a moo. Bibele e bile e bolela hore ‘morena oa boroba meno e le ’meli oa nakoana o ea tahlehong.’—Tšenolo 17:10, 11.
Empa Bibele e boetse e bolela hore ho na le tšepo e molemonyana. E tšepisa hore ntho e ’ngoe e tla tlisa khotso, tōka, le lefatše le kopaneng e leng tseo batho ba li batlang ka tsieleho e kana. E re: “Empa mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae. . . . O tla robaka o felise mebuso eo [ea batho e hlōlehang] kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.
Bona ke bobusi boo Jesu a buileng ka bona, le boo balateli ba hae ba ’nileng ba bo rapella ha ba re: “Ho tle ’muso oa hao.” (Mattheu 6:10) ’Muso ona hase feela tšusumetso e ’ngoe ea ho molemo e ka lipelong tsa batho. Ho fapana le hoo, ke puso ea sebele ea leholimo, ho busoa ha lefatše ho tsoa sebakeng sa moea. E tla fetola tsela eo re phelang ka eona lefatšeng.—Tšenolo 21:1-4.
Seo Bibele e se bolelang ka puso eo e ncha e thabisang, kamoo e tla sebetsa kateng, le khotso, tōka, le lefatše le kopaneng tseo e tla li hlahisa ke taba e tla tšohloa sehloohong se tlang e bile e le sa ho qetela letotong lena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mebuso ena ea lefatše e ile ea tšohloa litokollong tse fetileng tsa makasine ona: (1) Egepeta, February 1; (2) Assyria, February 15; (3) Babylona, March 1; (4) Medo-Persia, March 15; (5) Greece, April 15; (6) Roma, May 1; (7) ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika, May 15.
[Lebokose le leqepheng la 28]
Bohōle Boo Ntoa e Fihlileng ho Bona
Ntoa ea II ea Lefatše, e ileng ea tšoaea ho timela ha Selekane sa Lichaba, e ile ea tlisa tšenyehelo e khōlō ea bophelo. Encyclopædia Britannica (khatiso ea 1954) e ile ea bontša hore na tšenyehelo ea lefu e ne e fihlile bohōleng bofe ka ho fana ka lenane la batho ba bolailoeng sesoleng nakong ea ntoa ha ba bapisoa le baahi ba linaha tse fapaneng ba neng ba le teng ka 1940. Har’a lipalo tseo tse ling ke tsena: United States e ile ea lahleheloa ke lesole le le leng ntoeng bakeng sa baahi ba bang le ba bang ba eona ba 500 ka 1940; Chaena, le le leng ho ba 200; United Kingdom, le le leng ho ba 150; Fora, le le leng ho ba 200; Japane, le le leng ho ba 46; Jeremane, le le leng ho ba 25; le U.S.S.R. le le leng ho ba bang le ba bang ba 22. Ha re nahana hore hangata batho ba sa loaneng ba tsoa kotsi ho feta bao sesole se lahleheloang ke bona, re ka bona hang-hang kamoo ka sebele boiteko ba batho bo hlōlehileng ho tlisa khotso ea ’nete le tšireletseho.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
‘Ho tloha ha Machaba a Kopaneng a theoa, batho ba limillione tse mashome a mabeli ba shoele lintoeng, ’nete e bohloko e pakang tšenyehelo ea ho hlōleha hoo.’—“Nation Against Nation,” ea Thomas M. Franck