Mekhoa e Meng ea Phekolo ea Boleng bo Botle ka Ntle ho Tšelo ea Mali
U ka ’na ua ipotsa, ‘Litšelo tsa mali li kotsi, empa na ho na le mekhoa leha e le efe e meng ea phekolo ea boleng bo phahameng?’ Eo ke potso e ntle, hape hlokomela polelo “boleng bo phahameng.”
Motho e mong le e mong, ho akarelletsa Lipaki tsa Jehova, o batla tlhokomelo ea meriana e atlehang ea boleng bo phahameng. Dr. Grant E. Steffen o ile a hlokomela likarolo tsa eona tse peli tsa motheo: “Tlhokomelo ea boleng bo botle ea meriana ke matla a likarolo tseo tsa motheo a ho finyella lipakane tse loketseng tsa phekolo ea meriana le lipakane tseo e seng tsa phekolo ea meriana.” (The Journal of the American Medical Association, July 1, 1988) “Lipakane tseo e seng tsa phekolo ea meriana” li ne li tla akarelletsa ho se tlōle litekanyetso tse amoheloang tsa boitšoaro kapa letsoalo la mokuli le theiloeng Bibeleng.—Liketso 15:28, 29.
Na ho na le litsela tse loketseng le tse atlehang tsa ho rarolla mathata a tebileng a phekolo ea meriana ka ntle le ho sebelisa mali? Ka thabo, karabelo ke e.
Le hoja boholo ba lingaka tse buoang batho li ’nile tsa bolela hore li fana ka mali feela haeba a hlokahala ka tieo, ka mor’a hore ho qhome seoa sa AIDS ho sebelisa mali ha tsona ho ile ha theoha ka potlako. Taba e ngotsoeng ke mohlophisi koranteng ea Mayo Clinic Proceedings (September 1988) e ile ea bolela hore “o mong oa melemo e seng mekae ea seoa seo” ke hore se ile sa “fella ka hore bakuli le lingaka ba etse matsapa a fapa-fapaneng a ho qoba tšelo ea mali.” Ofisiri e ’ngoe e sebetsang bankeng ea mali ea hlalosa: “Se hlileng se fetohileng ke matla a molaetsa, ho itokisetsa ha litsebi tsa phekolo ea meriana ho amohela molaetsa oo (ka lebaka la kutloisiso e eketsehileng ea likotsi), le mohoo oa hore ho hlahlobjoe mekhoa e meng ea phekolo.”—Transfusion Medicine Reviews, October 1989.
Hlokomela, ho na le mekhoa e meng ea phekolo! Re utloisisa sena ha re hlahloba hore na ke hobane’ng ha motho a tšeloa mali.
Hemoglobin e liseleng tse khubelu e tsamaisa moea o hloekileng (oxygen) o hlokahalang bakeng sa bophelo bo botle le hore motho a tsoele pele a ntse a phela. Kahoo haeba motho a lahlehetsoe ke mali a mangata, ho ka bonahala e le ho utloahalang hore mali ao a nkeloe sebaka. Ka tloaelo u na le ligramo tse 14 kapa tse 15 tsa hemoglobin karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea mali a etsang tekanyo ea 100 cubic centimeters. (Tekanyo e ’ngoe ea hore na hemoglobin e ngata hakae maling ke hematocrit, eo ka tloaelo e bang karolo ea 45 lekholong.) “Molao” o amoheloang e ne e le hore mokuli a tšeloe mali pele a buuoa haeba hemoglobin ea hae e le ka tlaase ho 10 (kapa karolo ea 30 lekholong ea hematocrit). Koranta ea Switzerland Vox Sanguinis (March 1987) e ile ea tlaleha hore “karolo ea 65 lekholong ea [litsebi tsa ho robatsa bakuli ka lithethefatsi (anesthesiologists)] li ne li hloka hore pele bakuli ba buuoa ba be le hemoglobin ea 10 grams per deciliter bakeng sa tšebetso ea ho buuoa e lokisetsoang hantle nako e sa le teng.”
Empa sebokeng sa 1988 sa tšelo ea mali, Moprofesa Howard L. Zauder o ile a botsa, “Re Fumane ‘Palo ea Mohlolo’ Joang?” O ile a bolela ka ho hlaka: “Tlhokahalo ea hore mokuli a be le ligramo tse 10 tsa hemoglobin (Hgb) pele a robatsoa ka lithethefatsi e simolohile neanong, e sa ntsane e le lefifing, ’me ha e tšehetsoe ke bopaki ba thuto ea phekolo ea meriana kapa liteko tse entsoeng.” Nahana ka bakuli ba likete-kete ba tšetsoeng mali ka lebaka la tlhokahalo ‘e sa ntsaneng e le lefifing, e se nang bopaki bo e tšehetsang’!
Ba bang ba ka ’na ba ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha bophahamo ba hemoglobin ba 14 e le bona ba tlhaho bo tloaelehileng haeba u khona ho phela leha e le ka tlaase ho moo?’ Ka tsela eo, u ka khona ho ba le matla a ntseng a bolokiloe a ho tsamaisa moea o hloekileng e le hore u lule u loketse ho ikoetlisa ’meleng kapa mosebetsi o boima. Liphuputso tse entsoeng ho bakuli ba fokolloang ke lisele tse khubelu tsa mali li bile li senotse hore “ho thata ho fumana khaello ea matla a ho sebetsa haeba bongata ba hemoglobin maling bo le tlaase hoo bo etsang 7 grams per deciliter. Ba bang ba fumane bopaki ba ho fokolloa ho honyenyane feela ke matla a ho sebetsa.”—Contemporary Transfusion Practice, 1987.
Le hoja batho ba baholo ba khona ho mamella bophahamo bo tlaase ba hemoglobin, ho thoe’ng ka bana? Dr. James A. Stockman III o re: “Ntle le mekhelo e seng mekae, masea a hlahileng pele ho nako a tla feta nakong ea ho theoha ha hemoglobin khoeling ea pele ho isa likhoeling tse tharo . . . Matšoao a hore tšelo ea mali ea hlokahala tikolohong ea kalafo ea masea ha a bonahale ka ho hlaka. Ha e le hantle, ho bonahala eka masea a mangata a khona ho mamella bophahamo ba hemoglobin bo tlaase ka mokhoa o makatsang ho sa bonahale a e-na le mathata leha e le afe a phekolo ea meriana.”—Pediatric Clinics of North America, February 1986.
Boitsebiso bo joalo ha bo bolele hore ha ho hlokahale hore ho etsoe letho ha motho a lahleheloa ke mali a mangata kotsing kapa nakong ea ho buuoa. Haeba tahlehelo e bile e potlakileng le e khōlō, matla a motho a phallo ea mali aa theoha, ’me motho eo a ka ’na a ba le shock. Ntho ea sehlooho e hlokahalang ke ho etsa hore mali a khaotse ho tsoa le hore mokeli-keli o tsamaisong ea mali a hae o khutlisetsoe tekanyong e tloaelehileng. Hoo ho tla thibela shock ’me ho tla etsa hore lisele tse khubelu tse setseng le metsoako e meng e ’ne e tsoele pele ho phalla.
Ho khutlisetsoa ha mokeli-keli oo tekanyong e tloaelehileng ho ka finyelloa ka ntle le ho sebelisa mali a felletseng kapa lero la mali (blood plasma) le se nang ’mala.a Maro a fapa-fapaneng a sa etsoang ka mali a khona ho eketsa mokeli-keli oo ka katleho. Motsoako o bonolo ka ho fetisisa ke oa saline (letsoai), o seng theko e boima o bileng o lumellanang le mali a rōna. Hape ho na le maro a nang le litšobotsi tse khethehileng, a kang dextran, Haemaccel, le motsoako oa Ringer o kang lebese. Hetastarch (HES) ke motsoako o mocha o eketsang mokeli-keli, ’me “o ka buelloa ka ntle ho kotsi ea letho bakeng sa bakuli [ba tsoileng kotsi letlalong] ba hanang lihlahisoa tsa mali.” (Journal of Burn Care & Rehabilitation, January/February 1989) Maro a joalo a na le melemo ea sebele. “Metsoako ea mofuta oa crystalloid [e kang saline e tloaelehileng le motsoako oa Ringer o kang lebese], Dextran le HES ha ho bapisoa ke e se nang chefu e bileng e seng theko e boima, e fumaneha habobebe, e ka bolokoa mochesong o tloaelehileng oa ntlo, ha ho hlokahale hore e hlahlobjoe ho bona hore na e lumellana le mali ebile ha e na kotsi ea mafu a fetisoang ke tšelo ea mali.”—Blood Transfusion Therapy—A Physician’s Handbook, 1989.
Leha ho le joalo, u ka ’na ua botsa, ‘Ke hobane’ng ha maro a nkelang mali a lahlehileng sebaka a sebetsa hantle, athe ke hloka lisele tse khubelu bakeng sa ho tsamaisa moea o hloekileng ho pholletsa le ’mele oa ka kaofela?’ Joalokaha ho se ho boletsoe, u na le matla a bolokiloeng a ho tsamaisa moea o hloekileng. Haeba u lahleheloa ke mali, ho qaleha mekhoa e tsotehang ea tšebetso e u buseletsang mali ao u lahlehetsoeng ke ’ona. Pelo ea hao e pompa mali a eketsehileng lekhetlo le leng le le leng ha e otla. Kaha mali a lahlehileng a nketsoe sebaka ke lero le loketseng, joale mali a hlapollotsoeng a phalla habobebe haholoanyane, esita le methapong e menyenyane. Ka lebaka la liphetoho tsa lik’hemik’hale, ho fanoa ka moea o eketsehileng o hloekileng linameng. Liphetoho tsena li atleha hoo haeba ho setse halofo feela ea lisele tsa hao tse khubelu, ho tsamaisoa ha moea o hloekileng ho ka ’nang ha fihla karolong ea 75 lekholong ea tekanyo e tloaelehileng. Mokuli ea phomotseng o sebelisa karolo ea 25 lekholong feela ea moea o hloekileng o teng maling a hae. ’Me litsebi tse ngata tsa ho robatsa batho ka lithethefatsi li theola tlhokahalo ea moea o mongata haholo o hloekileng ’meleng.
LINGAKA LI KA THUSA JOANG?
Lingaka tsa litsebi li ka thusa motho ea lahlehetsoeng ke mali eo ka lebaka leo a nang le lisele tse fokolang tse khubelu. Hang ha mokeli-keli oa mali o khutliselitsoe tekanyong ea oona e tloaelehileng, lingaka li ka fana ka moea o mongata haholo o hloekileng. Sena se etsa hore ’mele o fumane moea o hloekileng o eketsehileng ’me hangata se ’nile sa ba le liphello tse tsotehang. Lingaka tsa Brithani li ile tsa sebelisa sena ho mosali ea neng a lahlehetsoe ke mali a mangata hoo “haemoglobin ea hae e ileng ea theohela ho 1,8 grams per decilitre. O ile a phekoloa ka katleho . . . [ka] moea o hloekileng o bululeloang o le mongata haholo le ka ho tšeloa mokeli-keli o mongata oa motsoako oa gelatin [Haemaccel].” (Anaesthesia, January 1987) Tlaleho eo e boetse e bolela hore ba bang ba ileng ba lahleheloa ke mali ka tšohanyetso ba ’nile ba phekoloa ka katleho ka likamoreng tse nang le moea o hloekileng o bululeloang ka bongata.
Lingaka li ka boela tsa thusa bakuli ba tsona ho hlahisa lisele tse khubelu tse eketsehileng. Joang? Ka ho ba fa meriana e nang le tšepe (eo ba entoang ka eona linameng kapa methapong), e ka thusang ’mele ho etsa lisele tse khubelu ka tsela e potlakileng ho feta ea tlhaho ka makhetlo a mararo ho isa ho a mane. Morao tjena thuso e ’ngoe e se e fumaneha. Liphio tsa hao li hlahisa motsoako oa lik’hemik’hale o bitsoang erythropoietin (EPO), o susumelletsang moko ho bōpa lisele tse khubelu. Hona joale EPO ea maiketsetso (recombinant) e se e fumaneha. Lingaka li ka ’na tsa fa bakuli ba bang ba fokolloang ke lisele tse khubelu motsoako ona, ka hona tsa ba thusa ho hlahisa lisele tse khubelu tse nkelang tse lahlehileng sebaka ka tsela e potlakileng haholo.
Esita le nakong ea ho buuoa, lingaka tsa litsebi tse buoang batho le litsebi tsa ho robatsa batho ka lithethefatsi tse hlokolosi li ka thusa ka ho sebelisa mekhoa e tsoetseng pele ea ho baballa mali. Ho hatelloa haholo hore ho sebelisoe mahlale a hloahloa a ho buoa, a kang ho chesa linama ka tšepe ea motlakase ho fokotsa ho tsoa ha mali. Ka linako tse ling mali a phallelang leqebeng a ka huloa, a hloekisoa, ’me a khutlisetsoa phallong ea mali.b
Bakuli ba kentsoeng mochineng oa pelo le matšoafo o qaliloeng ka lero le se nang mali ba ka rua molemo ho hlapolloeng hoo ha mali, kaha ho lahleha lisele tse fokolang tse khubelu.
Hape ho na le litsela tse ling tse thusang. Ho theola mocheso oa mokuli ho etsa hore a se ke a hloka moea o mongata o hloekileng nakong ea ho buuoa. Ho robatsa motho ka lithethefatsi ka mokhoa o theolang matla a phallo ea mali. Phekolo e ntlafatsang ho ipōpa ha mali ho etsa mahloele. Desmopressin (DDAVP) ho etsa hore mali a se ke a tsoa nako e telele. ‘Mahlaseli a matla a sebelisoang ho buoa motho’ a laser. U tla bona lethathamo lena le ntse le hōla ha lingaka le bakuli ba tšoenyehileng ba leka ho qoba litšelo tsa mali. Re tšepa hore ha ho mohla u tla lahleheloa ke mali a mangata. Empa haeba u ne u ka lahleheloa ke ’ona, hoa utloahala hore lingaka li ne li ka khona ho u hlokomela ka ntle le ho u tšela mali, a nang le likotsi tse ngata hakana.
HO BUUOA, E—EMPA KA NTLE HO LITŠELO TSA MALI
Kajeno batho ba bangata ba ke ke ba amohela mali. Ka mabaka a bophelo bo botle, ba kōpa seo Lipaki li se batlang haholo-holo ka mabaka a bolumeli: tlhokomelo ea meriana ea boleng bo botle e sebelisang botsebi ba ho phekola ka mekhoa e meng ka ntle ho mali. Joalokaha re se re hlokometse, ho ntse ho khoneha ho etsa tšebetso e khōlō ea ho buoa ka ntle ho mali. Haeba u sa ntsane u e-na le lipelaelo leha e le life, bopaki bo bong bo tsoang ho lingoliloeng tsa phekolo ea meriana bo tla li felisa.
Taba e reng “Ho Kenya Makapa Manonyeletsong a Mane a Maholo a e Mong oa Lipaki tsa Jehova” (Orthopaedic Review, August 1986) e ile ea bolela ka mokuli ea neng a fokolloa ke lisele tse khubelu tsa mali “eo manonyeletso a hae a mangole le a noka a neng a se a senyehile hampe.” Ho ile ha sebelisoa dextran e nang le tšepe pele ho tšebetso eo ea ho buoa e ileng ea etsoa mohato ka mohato esita le ka morao ho eona, ’me e ile ea atleha. British Journal of Anaesthesia (1982) e ile ea tlaleha ka mosali e mong oa Paki ea neng a le lilemo li 52 eo bophahamo ba hemoglobin ea hae bo neng bo se bo le ka tlaase ho 10. Ka ho mo robatsa ka lithethefatsi ka mokhoa o theolang matla a phallo ea mali bakeng sa ho fokotsa tahlehelo ea mali, o ile a kenngoa lihloohoana tsa maiketsetso masapong a manonyeletso a noka le a mahetla. Sehlopha sa lingaka tse buoang batho sa Univesithi ea Arkansas (U.S.A.) le sona se ile sa sebelisa mokhoa ona ho kenyeng makapa manonyeletsong a Lipaki, ’me bakuli bohle ba ile ba fola. Moprofesa ea etelletseng lefapha leo pele oa hlalosa: “Seo re ithutileng sona ho bakuli (ba Lipaki) bao, joale re se sebelisa ho bakuli ba rōna kaofela bao re ba kenyang lihloohoana tsa maiketsetso masapong a manonyeletso a noka.”
Matsoalo a Lipaki tse ling a li lumella ho amohela litho tse tsoang ho batho ba bang haeba hoo ho etsoa ka ntle ho mali. Tlaleho ea litšebetso tse 13 tseo ho tsona bakuli ba ileng ba kenngoa liphio tsa batho ba bang e ile ea qetella ka hore: “Ka kakaretso liphello li bontša hore ho kenya motho phio ea motho e mong ho ka etsoa ka tsela e sireletsehileng le e atlehileng ho Lipaki tsa Jehova tse ngata.” (Transplantation, June 1988) Ka ho tšoanang, esita le litšebetso tse atlehileng tsa ho kenya motho pelo ea motho e mong ha lia ka tsa sitisoa ke ho hana mali.
U ka ’na ua ipotsa, ‘Ho thoe’ng ka mefuta e meng ea tšebetso ea ho buoa e etsoang ka ntle ho mali?’ Medical Hotline (April/May 1983) e ile ea bolela ka ho buuoa ha “Lipaki tsa Jehova tse ileng tsa etsoa tšebetso e khōlō ea ho buuoa ka lebaka la mafu a basali le ho ima le pelehi [Univesithing ea Naha ea Wayne, U.S.A.] ka ntle ho litšelo tsa mali.” Koranta eo e ile ea tlaleha: “Ha hoa ka ha ba le ba shoang le mathata a mangata ho tsona ho feta ho basali ba neng ba entsoe litšebetso tse tšoanang tsa ho buuoa ba ileng ba tšeloa mali.” Joale koranta eo e ile ea hlalosa: “Liphello tsa phuputso ena li ka ’na tsa fana ka lebaka le utloahalang la ho ba le pono e ncha ka tšebeliso ea mali ho basali bohle ba etsoang tšebetso ea ho buuoa ka lebaka la ho ima le pelehi le mafu a basali.”
Sepetleleng sa Univesithi ea Göttingen (Jeremane), bakuli ba 30 ba ileng ba hana mali ba ile ba etsoa tšebetso e akaretsang ea ho buuoa. “Ha hoa ka ha hlaha mathata a neng a ke ke a hlaha ho bakuli ba amohelang litšelo tsa mali. . . . Taba ea hore ho ke ke ha sebelisoa tšelo ea mali ha ea lokela ho fetelletsoa, ka hona hoo ha hoa lokela ho etsa hore ho qojoe tšebetso ea ho buuoa e hlokahalang le eo ho nang le lebaka le utloahalang la ho e etsa ho latela pono ea lingaka tse buoang batho.”—Risiko in der Chirurgie, 1987.
Esita le tšebetso ea ho buuoa boko ka ntle le ho sebelisa mali e ’nile ea etsoa ho batho ba baholo le bana ba bangata, joaloka Setsing sa Phekolo ea Meriana sa Univesithi ea New York. Ka 1989 Dr. Joseph Ransohoff, mookameli oa lefapha la tšebetso ea ho buoa boko le methapo, o ile a ngola: “Ho hlakile haholo hore maemong a mangata lihlahisoa tsa mali li ka qojoa ’me ha ba le kotsi e fokolang feela ho bakuli ba khahlanong le tšebeliso ea lihlahisoa tsena ka baka la litumelo tsa bona tsa bolumeli, haholo-holo haeba tšebetso ea ho buuoa e ka etsoa ka potlako ’me ea nka nako e khutšoanyane. Ho thahasellisang haholo ke ’nete ea hore hangata kea lebala hore mokuli ke Paki ho fihlela nakong ea ha a lokolloa sepetlele ha a nteboha bakeng sa ho hlompha litumelo tsa hae tsa bolumeli.”
Qetellong, na tšebetso e rarahaneng ea ho buoa pelo le methapo e ka etsoa ho batho ba baholo le bana ka ntle ho mali? Dr. Denton A. Cooley e ile ea e-ba eena oa pele oa ho etsa seo. Joalokaha u ka bona tabeng e buang ka phekolo ea meriana e kopilelitsoeng Sehlomathisong, maqepheng a 27-9, e theiloeng tlhahlobisisong ea pejana, qeto ea Dr. Cooley e ile ea e-ba “hore kotsi ea ho buoa bakuli ba sehlopha sa Lipaki tsa Jehova ha ea ka ea e-ba khōlō haholo ho feta ho bakuli ba bang.” Hona joale, ka mor’a hore a etse litšebetso tsena tsa ho buoa tse 1 106, oa ngola: “Boemong bo bong le bo bong ke boloka tumellano kapa konteraka ea ka le mokuli,” e leng ea ho se sebelise mali.
Lingaka tse buoang batho li ’nile tsa hlokomela hore boikutlo bo botle ke ntlha e ’ngoe e amehang ho Lipaki tsa Jehova. Ka October 1989 Dr. Cooley o ile a ngola: “Boikutlo ba bakuli bana e bile bo behang mohlala o motle. Ha ba na tšabo ea mathata a ka hlahang kapa esita le eona tšabo ea lefu eo bakuli ba bang ba nang le eona. Ba na le tumelo e tebileng le e sa sisinyeheng ho seo ba se lumelang le ho Molimo oa bona.”
Sena ha se bolele hore ba tsitlallela hore ba na le tokelo ea ho shoa. Ka mafolo-folo ba phehella ho fumana tlhokomelo ea boleng bo botle hobane ba batla ho fola. Ba kholisehile hore ho utloa molao oa Molimo ka mali ho bohlale, e leng pono e nang le tšusumetso e molemo tšebetsong ea ho buuoa e etsoang ka ntle ho mali.
Moprofesa Dr. V. Schlosser, oa sepetlele se etsang tšebetso ea ho buoa Univesithing ea Freiburg (Jeremane), o boletse: “Har’a sehlopha sena sa bakuli, ho tsoa mali nakong e likolohileng tšebetso ea ho buuoa ho ne ho sa etsahale ka mokhoa o phahameng ho feta ho ba bang; ho e-na le hoo, mathata a ileng a hlaha a ne a fokola ho feta a ba bang. Pono e khethehileng ka ho kula, e khethollang Lipaki tsa Jehova, e ile ea ba le tšusumetso e molemo ho se ileng sa etsahala nakong e likolohileng tšebetso ea ho buuoa.”—Herz Kreislauf, August 1987.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lipaki ha li amohele litšelo tsa mali a felletseng, lisele tse khubelu, lisele tse tšoeu, platelets, kapa lero la mali le se nang ’mala. Mabapi le likaroloana tse nyenyane, tse kang globulin e thusang ’mele ho itšireletsa mafung, bona Molula-Qhooa oa June 1, 1990, maqephe 30-1.
b Molula-Qhooa oa March 1, 1989, maqephe 30-1, o tšohla melao-motheo ea Bibele e amanang le mekhoa ea ho sebelisa mali a lahlehileng le mochine (o sebetsang o le ka ntle ho ’mele) o bolokang mali a ntse a phalla.
[Lebokose le leqepheng la 13]
“Re tlameha ho etsa qeto ea hore hona joale ho na le bakuli ba bangata ba amohelang metsoako ea mali ba se nang monyetla oa ho rua molemo tšelong ea mali (mali ha a hlokahale) empa ba ntse ba le kotsing e khōlō ea ho fumana phello e sa lakatseheng. Ha ho ngaka eo ka morero e neng e ka phekola mokuli ka mofuta oa phekolo e ke keng ea thusa empa e le e ka ’nang ea mo ntša kotsi, empa seo ke sona hantle se etsahalang ha motho a tšeloa mali ho sa hlokahale.”—“Transfusion-Transmitted Viral Diseases,” 1987.
[Lebokose le leqepheng la 14]
“Bangoli ba bang ba ’nile ba bolela hore litekanyo tsa “hemoglobin” tse tlaase hoo li fihlang ho 2 ho ea ho 2,5 “grams per 100 milliliters” li ka ’na tsa amoheloa. . . . Motho ea phelang hantle a ka mamella ho lahleheloa ke lisele tse khubelu tsa mali tse etsang karolo ea 50 lekholong ’me ho hang ha se ke ha e-ba le matšoao a bontšang seo haeba tahlehelo ea mali e etsahala butle ka nako e telele.”—“Techniques of Blood Transfusion,” 1982.
[Lebokose le leqepheng la 15]
“Likhopolo tsa nakong e fetileng tse mabapi le ho isoa ha moea o hloekileng linameng tsa ’mele, ho fola ha leqeba, le hore mali a na le ‘molemo oa ho matlafatsa ’mele’ li ntse li lahloa. Phihlelo ea bakuli ba Lipaki tsa Jehova e bontša hore motho a ka khona ho mamella lefu le matla la ho fokolloa ke lisele tse khubelu.”—“The Annals of Thoracic Surgery,” March 1989.
[Lebokose le leqepheng la 16]
Na hoo ho ka etsoa esita le baneng ba banyenyane? “Litšebetso tse mashome a mane a metso e robeli tsa ho buoa bana lipelo li ile tsa etsoa ka mahlale a ho se sebelise mali ho sa tsotellehe hore na ho buuoa hoo ho ne ho rarahane hakae.” Bana bao ba ne ba le banyenyane hoo ba neng ba ka ba boima ba liponto tse 10,3 (lik’hilogramo tse 4,7). “Ka lebaka la katleho e atisang ho ba teng ho Lipaki tsa Jehova le ’nete ea hore tšelo ea mali e tsamaea le kotsi ea mathata a tebileng, hona joale re etsa karolo e khōlō ea litšebetso tsa ho buoa bana lipelo ka ntle ho tšelo ea mali.”—“Circulation,” September 1984.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Mochine oa pelo le matšoafo e ’nile ea e-ba thuso e khōlō tšebetsong ea ho buoa lipelo tsa bakuli ba sa batleng mali