Buka ea Bibele ea 16—Nehemia
Mongoli: Nehemia
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Jerusalema
Ho Ngoloa ho Phethiloe: Ka mor’a 443 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: 456 ho fihlela ka morao ho 443 B.C.E.
1. Nehemia o ne a le boemong bofe ba ho tšeptjoa, ’me ke eng e neng e le ka pele-pele kelellong ea hae?
NEHEMIA, eo lebitso la hae le bolelang “Jah oa Tšelisa,” e ne e le mohlanka oa Mojode oa morena Artaxerxese (Longimanus) oa Persia. E ne e le moqhatsetsi oa morena. Bona e ne e le boemo ba ho tšeptjoa le bo hlomphehang haholo, bo ka laba-labeloang hobane bo ne bo fana ka monyetla oa ho ea ho morena linakong tsa ha a ikutloa a thabile ’me ho le bobebe hore a fane ka melemo e khethehileng. Leha ho le joalo, Nehemia e ne e le e mong oa batlamuoa ba tšepahalang ba neng ba rata Jerusalema ho feta ‘lebaka lefe kapa lefe la nyakallo ea botho.’ (Pes. 137:5, 6, NW) E ne e se boemo kapa leruo la lintho tse bonahalang le neng le le ka pele-pele mehopolong ea Nehemia empa, ho e-na le hoo, e ne e le ho tsosolosoa ha borapeli ba Jehova.
2. Ke boemo bofe bo soabisang bo ileng ba etsa hore Nehemia a sareloe, empa ke nako efe e khethiloeng e neng e ntse e atamela?
2 Ka 456 B.C.E. “masala a setseng a kholeho,” masala a Bajode a neng a khutletse Jerusalema, a ne a sa atlehe. A ne a le boemong bo hlomolang. (Neh. 1:3) Lerako la motse e ne e le lithako, ’me sechaba e ne e le sekhobo mahlong a lira tsa sona tse neng li lula li le teng ka linako tsohle. Nehemia o ne a saretsoe. Leha ho le joalo, e ne e le nako ea Jehova e khethiloeng ea hore ho nkoe khato ka lerako la Jerusalema. Ho sa tsotellehe hore na lira li teng kapa ha li eo, Jerusalema le lerako la eona la tšireletso e tlameha ho hahoa e le ho tšoaea nako malebana le boprofeta boo Jehova a neng a bo file Daniele mabapi le ho tla ha Messia. (Dan. 9:24-27) Tumellanong le hoo, Jehova o ile a laola liketsahalo, a sebelisa Nehemia ea tšepahalang ea bileng a chesehang ho phethahatsa thato ea Molimo.
3. (a) Ke eng e pakang hore Nehemia ke eena mongoli, ’me ho tlile joang hore buka ee e bitsoe Nehemia? (b) Ke khefu efe ea nako e arolang buka ee bukeng ea Esdrase, ’me buka ea Nehemia e akaretsa lilemo life?
3 Ha ho pelaelo hore Nehemia ke eena mongoli oa buka e bitsoang ka eena. Polelo e qalang, “Mantsoe a Nehemia, mor’a Hakalia,” le ho sebelisoa ha mantsoe a emelang motho ea buang ho se ngotsoeng li paka sena ka ho hlaka. (Neh. 1:1) Qalong libuka tsa Esdrase le Nehemia e ne e le buka e le ’ngoe, e bitsoang Esdrase. Hamorao, Bajode ba ile ba arola buka eo ho ba Esdrase oa Pele le oa Bobeli, ’me hamorao hape Esdrase oa Bobeli e ile ea tsejoa e le Nehemia. Ho bile le khefu ea lilemo tse ka bang 12 pakeng tsa liketsahalo tse qetellang tsa Esdrase le liketsahalo tse qalang tsa Nehemia, eo histori ea eona e akaretsang nako ea ho tloha qetellong ea 456 B.C.E. ho fihlela ka morao ho 443 B.C.E.—1:1; 5:14; 13:6.
4. Buka ea Nehemia e lumellana le likarolo tse ling kaofela tsa Mangolo joang?
4 Buka ea Nehemia e lumellana le likarolo tse ling kaofela tsa Lengolo le bululetsoeng, leo ka nepo e leng karolo ea lona. E bua hangata ka Molao, e supa litaba tse kang ho etsa lilekane tsa lenyalo le balichaba (Deut. 7:3; Neh. 10:30), likalimo (Lev. 25:35-38; Deut. 15:7-11; Neh. 5:2-11), le Mokete oa Metlotloane (Deut. 31:10-13; Neh. 8:14-18). Ho feta moo, buka eo e tšoaea qaleho ea phethahatso ea boprofeta ba Daniele ba hore Jerusalema e ne e tla tsosolosoa le hoja ho ne ho tla ba le khanyetso ho seo, “ka matsatsi a mahlomola.”—Dan. 9:25.
5. (a) Ke bopaki bo tsoang mehloling efe bo supang 475 B.C.E. e le selemo sa ho hloella ha Artaxerxese boreneng? (b) Ke nako efe e tšoaeang selemo sa hae sa bo20 pusong? (c) Libuka tsa Nehemia le Luka li nyalana le phethahatso ea boprofeta ba Daniele mabapi le Messia joang?
5 Ho thoe’ng ka selemo sa 455 B.C.E. bakeng sa leeto la Nehemia la ho ea Jerusalema ho ea tsosolosa lerako la motse? Bopaki ba histori bo ka tšeptjoang bo tsoang mehloling ea Bagerike, Bapersia, le Bababylona bo supa selemo sa 475 B.C.E. e le selemo sa ho hloella ha Artaxerxese boreneng ’me 474 B.C.E. e le selemo sa hae sa ho qala sa puso.a Sena se ne se tla etsa hore selemo sa hae sa bo20 sa puso e be 455 B.C.E. Nehemia 2:1-8 e bontša hore e ne e le nakong ea selemo hona selemong seo, ka khoeli ea Nisane ea Bajode, ha Nehemia, moqhatsetsi oa morena, a amohela tumello ea morena ea ho tsosolosa le ho haha Jerusalema, lerako la eona, le liheke tsa eona. Boprofeta ba Daniele bo ile ba bolela hore libeke tse 69 tsa lilemo, kapa lilemo tse 483, li ne li tla qala “ho tloha taelong e bolelang hore Jerusalema o tla tsosoa, o hahuoe, ha e tsoile, ho fihlisa ho motlotsuoa Morena”—e leng boprofeta bo ileng ba phethahatsoa ka ho tsotehang ha Jesu a tlotsoa ka 29 C.E., e leng selemo seo ho ka bontšoang hore se lumellana le histori ea lefatše le ea Bibele.b (Dan. 9:24-27; Luka 3:1-3, 23) Ha e le hantle, libuka tsa Nehemia le Luka li nyalana ka ho tsotehang le boprofeta ba Daniele ho bontšeng hore Jehova Molimo ke Moqapi le Mophethahatsi oa boprofeta ba ’nete! Ruri Nehemia ke karolo ea Mangolo a bululetsoeng.
LITABA TSE KA HARE TSA NEHEMIA
6. (a) Ke tlaleho efe e etsang hore Nehemia a rapele Jehova, ’me morena o amohela kōpo efe? (b) Bajode ba arabela joang morerong oa Nehemia?
6 Nehemia o romeloa Jerusalema (1:1–2:20). Nehemia o tšoenngoa haholo ke tlaleho e tsoang ho Hanani, ea khutletseng Susane a e-tsoa Jerusalema a tlisa litaba tsa tsieleho e khōlō ea Bajode moo le boemo ba ho heleha ha lerako le liheke. O itima lijo ’me o rapela Jehova “Molimo oa maholimo, Molimo o moholo, o tšabehang, o bolokelang ba u ratang, ba bolokang melao ea hao, selekane le mohau!” (1:5) Oa lumela hore Iseraele e entse libe ’me o kōpa Jehova ka tieo hore a hopole sechaba sa Hae ka lebaka la lebitso la Hae, joalokaha A ile a tšepisa Moshe. (Deut. 30:1-10) Ha morena a botsa Nehemia hore na ke ka lebaka la’ng ha sefahleho sa hae se bontša ho sareloa, Nehemia o ’molella ka boemo ba Jerusalema ’me o kōpa tumello ea ho khutla ho ea tsosolosa motse le lerako la oona. Kōpo ea hae ea amoheloa, ’me hang-hang o kena leetong la ho ea Jerusalema. Ka mor’a hore a hlahlobe lerako la motse bosiu e le hore a tsebe mosebetsi o larileng ka pele, o senolela Bajode morero oa hae, o hatella ho kenya ha Molimo letsoho tabeng eo. Ha ba utloa sena ba re: “A re tloheng, re hahe.” (Neh. 2:18) Ha Basamaria le ba bang ba ahisaneng le bona ba utloa hore mosebetsi o qalile, ba qala ho ba tloka le ho ba soma.
7. Mosebetsi o tsoela pele joang, ’me ke boemo bofe bo hlokang tlhophiso e ncha?
7 Lerako lea tsosolosoa (3:1–6:19). Mosebetsi oa lerako o qaleha ka letsatsi la boraro khoeling ea bohlano, ’me baprista, mahosana, le sechaba ba kopanela mosebetsing oo hammoho. Liheke tsa motse le marako a lipakeng tsa tsona li lokisoa ka potlako. Sanballate Mohorone oa nyelisa: “Ba-Jode bano ba fokolang ba etsa eng? . . . Na ba tla phetha joale na?” Tobia Moammone o phaella nyeliso ea hae ho sena: “’Me seo ba se hahang, leha phokojoe e ka hloella teng, e ka heletsa lerako la bona la majoe!” (4:2, 3) Ha lerako le fihla halofong ea bophahamo ba lona, lira tse ikopantseng lia halefa ’me li etsa ’momori oa ho futuha le ho loantša Jerusalema. Empa Nehemia o phehella Bajode ka matla hore ba hopole “Jehova e moholo Ea tšosang” le ho loanela malapa a bona le matlo a bona. (4:14, NW) Mosebetsi o hlophisoa bocha e le hore ho hlōloe boemo boo bo thata; ba bang ba ema joaloka balebeli ba nkile marumo ha ba bang ba sebetsa ba ntse ba hakile lisabole tsa bona mathekeng a bona.
8. Nehemia o rarolla mathata a har’a Bajode ka bobona joang?
8 Leha ho le joalo, ho boetse ho na le mathata har’a Bajode ka bobona. Ba bang ba bona ba batla phaello e hanyapetsang ho ba bang bao e leng barapeli ba Jehova ’moho le bona, e leng se khahlanong le molao oa hae. (Ex. 22:25) Nehemia o lokisa boemo, o fana ka taeo e khalemelang lerato la lintho tse bonahalang, ’me ka boithaopo sechaba se lumellana le hoo. Nehemia ka boeena, lilemong tsohle tse 12 tseo e leng ’musisi ka tsona, ho tloha ka 455 B.C.E. ho ea ho 443 B.C.E., ha ho mohla a laelang hore a fuoe bohobe bo lokelang ho fuoa ’musisi ka lebaka la tšebeletso e boima e holim’a sechaba.
9. (a) Nehemia o hlōla maqiti a bolotsana a ho emisa kaho joang? (b) Lerako le phethoa ka nako e kae?
9 Joale lira li leka maqiti a bolotsana haholoanyane a ho emisa kaho. Li memela Nehemia hore a theohe a tle sebokeng, empa o arabela ka hore a ke ke a nka nako ea mosebetsi oo o boima oo a o etsang bakeng sa ho ea moo. Joale Sanballate o nģosa Nehemia ka bofetoheli le ho rera ho iketsa morena Juda, ’me ka sekhukhu o hira Mojode e mong hore a tšose Nehemia e le hore a tle a ipate ka tempeleng ka tsela e khahlanong le molao. Nehemia o hana ho tšosoa, ’me ka sebete le ka kutlo o tsoela pele ka mosebetsi oa hae oo a o abetsoeng ke Molimo. Lerako le phethoa “ka matsatsi a mashome a mahlano a metso e ’meli.”—Neh. 6:15.
10. (a) Batho ba lula hokae, ’me ke ho ngolisoa hofe ho etsoang? (b) Joale ho bitsoa kopano efe, ’me lenaneo la letsatsi la pele ke lefe?
10 Ho rupela sechaba (7:1–12:26). Ho na le batho le matlo a seng makae feela motseng, hobane Baiseraele ba bangata ba lula ka ntle ho oona ho latela mafa a meloko ea habo bona. Molimo o laela Nehemia hore a phuthe marenana le sechaba sohle ho tla ba ngolisa ho latela maloko a bona. Ha a etsa sena, o hlahloba tlaleho ea ba khutlileng Babylona. Ka mor’a moo ho etsoa pitso bakeng sa kopano ea matsatsi a robeli lebaleng la motse pel’a Heke ea Metsi. Esdrase o qala lenaneo a eme sethaleng sa lepolanka. O boka Jehova ’me ka mor’a moo o bala mantsoe a buka ea Molao oa Moshe ho tloha ha letsatsi le chaba ho fihlela motšehare. O thusoa haholo ke Balevi ba bang, ba hlalosetsang sechaba Molao ’me ba tsoela pele ho ‘bala bukeng ea molao oa Molimo ka ho qaqisa, ba hlalosa, ’me ba hlahlisa se baloang.’ (8:8) Nehemia o phehella batho hore ba keteke ’me ba nyakalle le ho ananela se boleloang ke mantsoe: “Thabo ea Jehova ke matla a lōna.”—8:10.
11. Ho tšoaroa seboka sefe se khethehileng letsatsing la bobeli, ’me kopano eo e tsoela pele ka thabo joang?
11 Letsatsing la bobeli la kopano, lihlooho tsa sechaba li tšoara seboka se khethehileng le Esdrase ho fumana temoho Molaong. Li ithuta ka Mokete oa Metlotloane o lokelang ho ketekoa khoeling eona ena ea bosupa, ’me hang-hang li lokisetsa ho haha metlotloane bakeng sa mokete ona oa Jehova. Ho ba le “nyakallo e kholo haholo” ha ba ntse ba lula metlotloaneng ka matsatsi a supileng, letsatsi le letsatsi ba utloa ha ho baloa Molao. Ka letsatsi la bosupa, ba tšoara kopano e khōlō, “ho latela molao.”—Neh. 8:17, 18, NW; Lev. 23:33-36.
12. (a) Ke kopano efe e tšoaroang hamorao khoeling eona eo, hona e na le sehlooho sefe? (b) Ho amoheloa qeto efe? (c) Ho etsoa tokisetso efe bakeng sa ho tlisa baahi Jerusalema?
12 Ka letsatsi la bo24 la khoeli eona eo, bara ba Iseraele ba phutheha hape ’me ba tsoela pele ho ikarola ho balichaba bohle. Ba mamela ’malo o khethehileng oa Molao le khopotso e hlahlobisisang lipelo ea ho sebelisana ha Molimo le Iseraele, e etsoang ke sehlopha sa Balevi. Sehlooho sa ’malo ona e ba: “Emang, le boke Jehova, Molimo oa lōna, ka ho sa feleng le ka ho sa feleng! Ho bokoe lebitso la hao le khanyang, ’me le phahamisoe ho feta lipoko tsohle le lithoko tsohle!” (Neh. 9:5) Ba tsoela pele ho bolela libe tsa bo-ntat’a bona moholo ’me ka boikokobetso ba kōpa tlhohonolofatso ea Jehova ka tieo. Sena se etsoa ka mokhoa oa qeto e pakoang ke tiiso ea baemeli ba sechaba. Sehlopha seo kaofela se lumellana hore ha se na ho nyallana le lichaba tsa naha eo, hore se tla boloka Lisabbatha, le ho hlokomela tšebeletso ea tempele le basebetsi. Ho khethoa motho a le mong ho batho ba bang le ba bang ba leshome ka lotho hore a lule Jerusalema joaloka moahi, ka har’a lerako.
13. Ke lenaneo lefe la kopano le tšoaeang ho neheloa ha lerako, ’me phello e ba litokisetso life?
13 Lerako lea neheloa (12:27–13:3). Ho neheloa ha lerako le sa tsoa hahoa ke nako ea pina le thabo. Ke nako ea kopano e ’ngoe. Nehemia o lokisetsa lihlopha tse peli tse khōlō tsa ’mino tse fanang ka liteboho le mekoloko hore e tsamaee lerakong ’me e fihla e fapana tseleng, qetellong e kopana mahlabelong tlung ea Jehova. Ho etsoa litokisetso bakeng sa menehelo ea lintho tse bonahalang ho tšehetsa baprista le Balevi tempeleng. ’Malo oa Bibele o tsoelang pele o senola hore Baammone le Bamoabe ha baa lokela ho lumelloa ho kena phuthehong, ka baka leo ba qala ho arola letšoele lohle le kopaneng ho le tlosa ho Iseraele.
14. Hlalosa bobe bo hlahang ha Nehemia a ntse a le sieo, le mehato eo a e nkang ho bo tlosa.
14 Ho tlosa litšila (13:4-31). Ka mor’a ho qeta nako e itseng Babylona, Nehemia o khutlela Jerusalema ’me o fumana hore bobe bo bocha bo kenelletse har’a Bajode. Lintho li fetohile ka potlako hakaakang! Moprista e moholo Eliashibe o bile o entse holo ea lijo lebaleng la tempele e sebelisoang ke Tobia, Moammone, e mong oa lira tsa Molimo. Nehemia ha a senye nako. O lahlela thepa ea Tobia ka ntle ’me o laela hore liholo tsohle tsa lijo li hloekisoe. O boetse o fumana hore menehelo ea lintho tse bonahalang ea Balevi e khaolitse, kahoo ba tsoela ka ntle ho Jerusalema ho ea batla seo ba phelang ka sona. Lerato la khoebo le atile motseng. Sabbatha ha e bolokoe. Nehemia oa ba bolella: “Le ea ekeletsa ba-Iseraele bohale ka ho hlompholla sabbatha!” (13:18) O koala liheke tsa motse ka Sabbatha ho thibela bahoebi ho kena, ’me o laela hore ba tlohe lerakong la motse. Empa ho na le bokhopo bo bobe ho feta bona, ntho e ’ngoe eo ba neng ba lumellane ka tieo hore ha ba na ho e etsa. Ba kentse basali ba balichaba, ba bahetene ka har’a motse. Ebile bana ba hlahang manyalong ana ha ba sa bua puo ea Sejode. Nehemia o ba hopotsa hore Salomone o ile a oela sebeng ka lebaka la basali ba balichaba. Ka lebaka la sebe sena, Nehemia o leleka setloholo sa moprista e moholo Eliashibe.c Joale o hlophisa boprista le mosebetsi oa Balevi.
15. Nehemia o etsa kōpo efe ea boikokobetso?
15 Nehemia o qetella buka ea hae ka kōpo e bonolo ea boikokobetso: “Oho, Molimo oa ka, u nkhopole u tle u nketse hantle!”—13:31.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
16. Ke ka litsela life Nehemia e leng mohlala o babatsehang bakeng sa bohle ba ratang borapeli bo nepahetseng?
16 Boinehelo ba bomolimo ba Nehemia e lokela ho ba tšusumetso ho bohle ba ratang borapeli bo nepahetseng. O ile a siea boemo bo phahameng e le hore a fetohe molebeli ea ikokobelitseng har’a batho ba Jehova. O ile a ba a hana monehelo oa lintho tse bonahalang oo e neng e le tokelo e mo loketseng, ’me a nyatsa lerato la lintho tse bonahalang pepenene e le leraba. Ho phehella borapeli ba Jehova le ho bo boloka ka cheseho ke sona seo Nehemia a ileng a se khothalletsa sechaba sohle. (5:14, 15; 13:10-13) Nehemia e bile mohlala o babatsehang ho rōna ka ho hloka boithati ka ho felletseng le ho ba masene, ho ba monna ea nkang khato, ea sa tšabeng ho emela ho loka ha a talimane le kotsi. (4:14, 19, 20; 6:3, 15) O ne a e-na le tšabo e loketseng ea Molimo ’me o ne a thahasella ho matlafatsa bahlanka-’moho le eena tumelong. (13:14; 8:9) O ne a sebelisa molao oa Jehova ka matla, haholo-holo moo o neng o amana le borapeli ba ’nete le ho tlosoa ha tšusumetso ea balichaba, joaloka ho nyallana le bahetene.—13:8, 23-29.
17. Ke joang Nehemia e leng mohlala hape tsebong le tšebelisong ea molao oa Molimo?
17 Ho pholletsa le buka eo kaofela hoa hlaka hore Nehemia o ne a tseba molao oa Jehova hantle, ’me o ile a sebelisa tsebo ena hamolemo. O ile a kōpa tlhohonolofatso ea Molimo ka lebaka la tšepiso ea Jehova e ho Deuteronoma 30:1-4, a e-na le tumelo e felletseng ea hore Jehova o ne a tla mo etsa ka botšepehi. (Neh. 1:8, 9) O ile a lokisetsa likopano tse ngata, lebaka le leholo e le ho etsa hore Bajode ba tsebe hantle lintho tse ngoliloeng pele. Ha Nehemia le Esdrase ba bala Molao, ba ne ba le mafolo-folo ho hlakisetsa sechaba Lentsoe la Molimo le ho le phetha ka ho le sebelisa.—8:8, 13-16; 13:1-3.
18. Ketello-pele ea Nehemia e etsoang ka thapelo e lokela ho hatisa lithuto life ho balebeli bohle?
18 Ho itšetleha ha Nehemia ka Jehova ka ho felletseng le likōpo tsa hae tse tiileng tsa boikokobetso ho lokela ho re khothalletsa ho hlaolela boikutlo bo tšoanang ba hore ka thapelo re itšetlehe ka Molimo. Hlokomela kamoo lithapelo tsa hae li neng li tlotlisa Molimo, li bontša ho elelloa libe tsa sechaba sa oona, ebile e le likōpo tse tiileng tsa hore lebitso la Jehova le halaletsoe. (1:4-11; 4:14; 6:14; 13:14, 29, 31) Hore molebeli enoa ea chesehang e ne e le tšusumetso e fanang ka matla har’a batho ba Molimo ho ile ha bontšoa ke tsela eo ka eona ba neng ba potlakela ho latela tataiso ea hae e bohlale hammoho le thabo eo ba neng ba e fumana ha ba etsa thato ea Molimo hammoho le eena. Ka sebele ke mohlala o susumetsang! Leha ho le joalo, ha molebeli ea bohlale a le sieo, lerato la lintho tse bonahalang, tšenyeho, le bokoenehi bo pepenene li ile tsa kenella ka potlako hakaakang! Ka sebele sena se lokela ho hatisa ho balebeli bohle har’a batho ba Molimo kajeno bohlokoa ba ho falimeha, ho ba seli, ho chesehela lithahasello tsa baena ba bona ba Bakreste, le ho ba ba utloisisang le ba tiileng ha ba ba tataisa litseleng tsa borapeli ba ’nete.
19. (a) Nehemia o ile a sebelisa Lentsoe la Molimo joang ho matlafatsa kholiseho litšepisong tsa ’Muso? (b) Tšepo ea ’Muso e susumetsa bahlanka ba Molimo joang kajeno?
19 Nehemia o ile a bontša ho itšetleha ho matla ka Lentsoe la Molimo. E ne e se tichere e chesehang ea Mangolo feela empa hape o ile a a sebelisa ho hlophisa mafa a maloko le tšebeletso ea baprista le Balevi har’a batho ba Molimo ba khutlisitsoeng. (Neh. 1:8; 11:1–12:26; Josh. 14:1–21:45) E tlameha e be ena e ile ea e-ba khothatso e khōlō ho masala a Bajode. E ile ea matlafatsa kholiseho ea ’ona litšepisong tse hlollang tseo pele li neng li ile tsa fanoa mabapi le Peō le tsosoloso e khōloanyane e neng e tla tla tlas’a ’Muso oa Eona. Ke ho tšepa ho tsosolosoa ha ’Muso oo ho susumelletsang bahlanka ba Molimo ho loanela lithahasello tsa ’Muso ka sebete le ho lula ba tšoarehile ho haheng borapeli ba ’nete lefatšeng lohle.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Insight on the Scriptures, Moq. 2, maqephe 613-16.
b Insight on the Scriptures, Moq. 2, maqephe 899-901.
c Bo-rahistori ba bang ba Bajode ba bolela hore lebitso la setloholo sena sa Eliashibe e ne e le Manasse le hore, sona hammoho le mohoe oa sona, Sanballate, se ile sa haha tempele Thabeng ea Gerizime, e ileng ea fetoha setsi sa borapeli ba Basamaria seo hape a neng a sebeletsa ho sona e le moprista ha a sa ntsane a phela. Gerizime ke thaba eo Jesu a neng a bua ka eona ho Johanne 4:21.—The Second Temple in Jerusalem, 1908, W. Shaw Caldecott, maqephe 252-5; bona The Watchtower, July 15, 1960, maqephe 425-6.